KHAOLO 15
Ho Loanela Bolokolohi ba Borapeli
NTLHA KHŌLŌ EA KHAOLO
Kamoo Kreste a ileng a thusa balateli ba hae ho loanela hore ba lumelloe ka molao le ho ba le tokelo ea ho mamela melao ea Molimo
1, 2. (a) Bopaki ba hore u moahi oa ’Muso oa Molimo ke bofe? (b) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tlameha ho loanela bolokolohi ba borapeli?
NA U moahi oa ’Muso oa Molimo? Ka sebele o eena, kaha o e mong oa Lipaki Tsa Jehova! Bopaki ba hore u moahi oa ’Muso ke bofe? U ke ke ua paka seo ka phasepoto kapa ka tokomane leha e le efe ea ’muso. Ho e-na le hoo, u paka hore u moahi oa ’Muso ka tsela eo u rapelang Jehova Molimo ka eona. Borapeli ba ’nete hase feela seo u se lumelang. Bo akaretsa seo u se etsang—hore na u mamela melao ea ’Muso oa Molimo kapa che. Ho rōna kaofela, borapeli ba rōna bo ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna, tsela eo re hōlisang bana ba rōna ka eona esita le tsela eo re sebetsanang le litaba tsa phekolo ka eona.
2 Leha ho le joalo, hase kamehla lefatše leo re phelang ho lona le hlomphang taba ea hore re baahi ba ’Muso oa Molimo le hore re lokela ho latela melao ea oona. Mebuso e meng e ’nile ea leka ho re sitisa ho rapela Jehova kapa hona ho re thibela ka ho feletseng. Ka linako tse ling balateli ba Kreste ba ’nile ba tlameha ho loana e le hore ba be le bolokolohi ba ho phela ka melao ea ’Muso oa Bomesia. Na seo sea makatsa? Che. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, hangata batho ba Jehova ba ne ba tlameha ho loana e le hore ba be le bolokolohi ba ho mo rapela.
3. Mehleng ea Mofumahali Esthere, batho ba Molimo ba ile ba tobana le bothata bofe?
3 Ka mohlala, matsatsing a Mofumahali Esthere, batho ba Molimo ba ile ba tlameha ho loanela ho lula ba phela. Hobane’ng? Tona-khōlō Hamane ea khopo, o ile a etsa tlhahiso ho Morena Assueruse oa Persia hore Bajuda bohle ba lulang libakeng tse busoang ke morena, ba bolaoe ka lebaka la hore “melao ea bona e fapane le ea batho ba bang bohle.” (Esth. 3:8, 9, 13) Na Jehova o ile a lahla bahlanka ba hae? Che, o ile a hlohonolofatsa Esthere le Mordekai ha ba ne ba ipiletsa ho morena oa Persia, hore batho ba Molimo ba se ke ba bolaoa.—Esth. 9:20-22.
4. Re tla buisana ka’ng khaolong ee?
4 Ho etsahala’ng mehleng ea rōna? Joalokaha re bone khaolong e fetileng, ka linako tse ling mebuso e ’nile ea hanyetsa Lipaki Tsa Jehova. Khaolong ena re tla buisana ka litsela tse ling tseo mebuso e ’nileng ea leka ho re sitisa ho rapela Jehova ka tsona. Re tla hlahloba likarolo tse tharo: (1) tokelo ea ho ngolisoa ka molao re le mokhatlo le ea ho rapela kamoo re batlang, (2) bolokolohi ba ho khetha phekolo e lumellanang le melao-motheo ea Bibele le (3) tokelo ea batsoali ea ho hōlisa bana ba bona ho latela melao ea Jehova. Karolong ka ’ngoe re tla bona kamoo baahi ba tšepahalang ba ’Muso oa Bomesia ba ’nileng ba loana ka sebete e le hore ba tsoele pele ba phela joaloka baahi ba ’Muso, le kamoo Molimo a ileng a ba hlohonolofatsa kateng.
Ho Loanela ho Lumelloa ka Molao le ho ba le Bolokolohi
5. Ho ngolisoa ka molao ho thusa Bakreste ba ’nete joang?
5 Na re hloka hore mebuso e re fe tumello ea hore re rapele Jehova? Che, empa ha re ngolisitsoe ka molao, seo se etsa hore ho be bonolo ho ntšetsa pele borapeli ba rōna—ka mohlala, ho kopanela ka bolokolohi Liholong Tsa ’Muso le Liholong Tsa Kopano, ho hatisa le ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele le ho bolella baahisani ba rōna litaba tse molemo ka bolokolohi. Linaheng tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao ’me li na le bolokolohi ba borapeli boo malumeli a mang a nang le bona. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ha mebuso e hana ho re ngolisa ka molao kapa e hana ho re fa bolokolohi?
6. Lipaki Tsa Jehova tsa Australia li ile tsa tobana le bothata bofe mathoasong a bo-1940?
6 Australia. Mathoasong a lilemo tsa bo-1940, ’musisi e moholo oa Australia o ile a re lithuto tsa rōna li “leeme” mabapi le ntoa. Mosebetsi oa rōna o ile oa thibeloa. Lipaki li ne li sa khone ho ea libokeng kapa hona ho bolela phatlalatsa, mahae a Bethele a ile a koala ’me Liholo Tsa ’Muso li ile tsa nkoa ka mahahapa. Esita le ho ba le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng feela e ne e le tlōlo ea molao. Ka mor’a ho sebetsa ka sekhukhu ka lilemo tse seng kae, qetellong Lipaki tsa Australia li ile tsa lokoloha. Ka la 14 June, 1943, Lekhotla le Phahameng la Australia le ile la felisa thibelo eo.
7, 8. Hlalosa kamoo barab’abo rōna ba Russia ba ’nileng ba loanela bolokolohi ba bolumeli kateng lilemong tse fetileng.
7 Russia. Ka lilemo tse mashome, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thibeloa tlas’a ’muso oa Makomonisi empa qetellong li ile tsa ngolisoa ka molao ka 1991. Ka mor’a hore linaha tsa Soviet Union li arohane, re ile ra lumelloa ka molao ’Musong oa Russia, ka 1992. Empa ho e-s’o ee kae, bahanyetsi ba bang, bao ka ho khetheha e neng e le litho tsa Kereke ea Orthodox ea Russia, ba ile ba teneha ha ba bona Lipaki li ntse li eketseha ka sekhahla. Bahanyetsi bao ba ile ba hlahlela linyeoe tsa tlōlo ea molao tse hlano khahlanong le Lipaki Tsa Jehova, pakeng tsa 1995 le 1998. Mochochisi ha aa ka a fumana bopaki ba hore Lipaki li molato. Bahanyetsi bao ba manganga ba ile ba hlahlela nyeoe e ’ngoe ka 1998. Qalong Lipaki li ile tsa hlōla, empa bahanyetsi bao ba ile ba hana qeto ea lekhotla ’me Lipaki li ile tsa hlōloa ha bahanyetsi bao ba ipiletsa ka May 2001. Ho ile ha e-ba le nyeoe e ’ngoe ka October selemong seo, e ileng ea etsa hore ka 2004 ho nkoe qeto ea ho felisa mokhatlo o molaong oa Lipaki oa Moscow le ho thibela mosebetsi oa tsona.
8 Ho ile ha latela mahloriso. (Bala 2 Timothea 3:12.) Lipaki li ile tsa hlekefetsoa le ho hlaseloa. Li ile tsa nkeloa lingoliloeng ’me ka sehlōhō tsa thibeloa ho hira kapa ho haha libaka tsa borapeli. U ka inahanela hore na bara le barali babo rōna ba ne ba ikutloa joang ha ba tobana le mathata ao! Ka 2001, Lipaki li ile tsa isa nyeoe Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) ’me ka 2004, li ile tsa fana ka boitsebiso bo eketsehileng Lekhotleng. Ka 2010 ECHR e ile ea liha kahlolo. Lekhotla le ile la hlokomela hore lebaka le neng le etsa hore Lipaki li thibeloe Russia, ke hore ’muso o ne o hloile bolumeli ba tsona, kahoo ha lea ka la lumellana le qeto ea makhotla a tlaasana kaha ho ne ho se na bopaki ba hore Lipaki li molato. Ho feta moo, Lekhotla le ile la hlokomela hore thibelo eo e ne e etselitsoe ho amoha Lipaki litokelo tsa tsona. Kahlolo eo e ile ea etsa hore Lipaki li be le bolokolohi ba bolumeli. Le hoja ’muso oa Russia o sa ka oa sebetsa tumellanong le qeto ea ECHR ka ho feletseng, batho ba Molimo naheng eo ba khothala haholo ha ba ntse ba hlōla linyeoe tse joalo.
9-11. Batho ba Jehova ba lulang Greece ba ile ba loanela bolokolohi ba hore ba kopanele hammoho borapeling joang, hona liphello e bile life?
9 Greece. Ka 1983, Titos Manoussakis, o ile a hira phaposi motseng oa Heraklion, o sehlekehlekeng sa Kreta, e le hore sehlopha se senyenyane sa Lipaki Tsa Jehova se ka kopanela moo. (Baheb. 10:24, 25) Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, moruti oa kereke ea Orthodox o ile a tletleba ho ba boholong ’musong, e le ha a tseka hore Lipaki li se ke tsa sebelisa phaposi eo. Hobane’ng? Hobane feela lithuto tsa Lipaki li sa tšoane le tsa Kereke ea Orthodox! Ba boholong ba ile ba hlahlela nyeoe khahlanong le Titos Manoussakis le barab’abo rōna ba bararo. Ba ile ba lefisoa chelete e itseng ’me ba ahloleloa likhoeli tse peli chankaneng. Joaloka baahi ba ’Muso oa Molimo, Lipaki li ile tsa nka hore qeto ea lekhotla e ne e hataketse tokelo ea tsona ea bolokolohi ba bolumeli, kahoo li ile tsa isa nyeoe makhotleng a naha ’me qetellong nyeoe e ile ea fihla ECHR.
10 Qetellong ka 1996, ECHR e ile ea liha kahlolo eo bahanyetsi ba borapeli bo hloekileng ba neng ba sa e lebella. Lekhotla le ile la hlokomela hore “Lipaki Tsa Jehova li oela har’a malumeli a lumeletsoeng ka molao ho latela se ngotsoeng molaong oa ’muso oa Greece” ’me kahlolo ea makhotla a tlaasana e ne e “amme ka ho toba bolokolohi ba bolumeli ba Lipaki.” Ho feta moo, Lekhotla le ile la fumana hore ’muso oa Greece ha oa lokela ho “bolela hore lithuto kapa litsela tse sebelisoang ho phatlalatsa lithuto tse joalo li molaong kapa che.” Likahlolo tse khahlanong le Lipaki li ile tsa hlakoloa ’me Lipaki li ile tsa fumana bolokolohi ba borapeli!
11 Na tlhōlo eo e ile ea etsa hore maemo a loke Greece? Ka masoabi, ha hoa ka ha e-ba joalo. Ka 2012, ka mor’a ho hlōla nyeoe e ileng ea nka lilemo tse ka bang 12, ho ile ha e-ba le nyeoe e tšoanang motseng oa Kassandreia, Greece. Nyeoe eo e ile ea fehloa ke mobishopo oa kereke ea Orthodox. Lekhotla la Naha, e leng lekhotla le ka holimo-limo la Greece, le ile la liha kahlolo e emelang batho ba Molimo. Lekhotla le ile la bua ka molao-motheo oa Greece o lumellang hore batho ba be le bolokolohi ba bolumeli ’me la hanyetsa qoso e neng e pheta-phetoa ea hore Lipaki Tsa Jehova hase bolumeli bo molaong. Lekhotla le ile la re: “ Lithuto tsa ‘Lipaki Tsa Jehova’ hase patuoe ’me bolumeli ba tsona bo molaong.” Litho tsa phutheho ea Kassandreia li ile tsa thaba hobane joale li ne li tla khona ho kopanela libokeng Holong ea ’Muso.
12, 13. Bahanyetsi ba ile ba leka joang ho “rera khathatso ka molao-taelo” naheng ea Fora, hona phello e bile efe?
12 Fora. Bahanyetsi ba bang ba batho ba Molimo ba ’nile ba sebelisa leqheka la ho “rera khathatso ka molao-taelo.” (Bala Pesaleme ea 94:20.) Ka mohlala bohareng ba lilemo tsa bo-1990, balaoli ba lekhetho Fora, ba ile ba qala ho etsa tlhahlobo ea libuka tsa khoebo tsa Association Les Témoins de Jéhovah (ATJ), e leng o mong oa mekhatlo ea molao ea Lipaki Tsa Jehova, Fora. Letona la tsa lichelete le ile la bolela morero oa tlhahlobo eo, la re: “Tlhahlobo ena e ka lebisa hore Lipaki li qosetsoe tlōlo ea molao kapa mehaho ea tsona e rekisoe . . . , e leng se neng se tla etsa hore mokhatlo ona o se ke oa tsoela pele o sebetsa naheng ea rōna.” Le hoja Lipaki li sa ka tsa fumanoa li le molato, balaoli ba lekhetho ba ile ba lefisa ATJ lekhetho le phahameng haholo. Haeba leqheka leo le ne le ka atleha, barab’abo rōna ba ne ba tla tlameha ho koala ofisi ea lekala le ho rekisa mehaho e le hore ba lefe lekhetho leo le phahameng. Seo se ile sa thefula barab’abo rōna haholo empa batho ba Molimo ha baa ka ba tela. Lipaki li ile tsa loana ea khumamela ho hanyetsa seo ’me qetellong nyeoe eo e ile ea isoa ECHR ka 2005.
13 Lekhotla le ile la liha kahlolo ka la 30 June, 2011. Le ile la bontša hore ka lebaka la hore batho ba na le bolokolohi ba bolumeli, ’Muso ha oa lokela ho hlahloba hore bolumeli bo itseng kapa tsela eo bolumeli boo bo etsang lintho ka eona e molaong kapa che, ntle le maemong a feteletseng. Ho feta moo, Lekhotla le ile la re: “Ho lefisa hoo ha lekhetho . . . ho ne ho ka etsa hore thepa ea mokhatlo e khaotse ho sebetsa ’me seo se ne se ka thibela basebetsi ba mokhatlo hore ba be le bolokolohi ba ho kopanela borapeling ba bona.” Lekhotla le ile la liha kahlolo e emelang Lipaki Tsa Jehova. Batho ba Jehova ba ile ba thaba ha qetellong ’muso oa Fora o khutlisa lekhetho leo o le lefisitseng ATJ le e-na le phaello ea lona ’me tumellanong le taelo ea Lekhotla, ’muso o ile oa khutlisetsa mehaho ea lekala ho Lipaki.
U ka rapella bara le barali babo rōna bao hona joale ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka ha makhotla a linaha tsa habo bona
14. Ke’ng seo u ka se etsang ho thusa barab’abo rōna ho loanela bolokolohi ba borapeli?
14 Joaloka Esthere le Mordekai ba mehleng ea khale, kajeno batho ba Jehova ba loanela hore ba lokolohe ho rapela Jehova ka tsela eo a e laetseng. (Esth. 4:13-16) Na ho na le seo u ka se etsa’ng? E. U ka rapella bara le barali babo rōna bao hona joale ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka ha makhotla a linaha tsa habo bona. Lithapelo tseo e ka ba thuso e matla ho bara le barali babo rōna ba tobaneng le mathata le mahloriso. (Bala Jakobo 5:16.) Na Jehova o tla araba lithapelo tseo? Taba ea hore re ntse re hlōla linyeoe e bontša hore ka sebele oa li araba.—Baheb. 13:18, 19.
Bolokolohi ba ho Khetha Phekolo e Lumellanang le Seo re se Lumelang
15. Batho ba Molimo ba lokela ho nahana ka lintlha life mabapi le ho sebelisa mali?
15 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 11, baahi ba ’Muso oa Molimo ba fumane tataiso e hlakileng ea Mangolo ea ho qoba ho sebelisa mali hampe, e leng se atileng kajeno. (Gen. 9:5, 6; Lev. 17:11; bala Liketso 15:28, 29.) Le hoja re sa amohele tšelo ea mali, re batla phekolo e molemo ka ho fetisisa, bakeng sa rōna le baratuoa ba rōna, hafeela phekolo eo e se khahlanong le melao ea Molimo. Linaheng tse ngata, makhotla a phahameng a hlokometse hore batho ba na le tokelo ea ho khetha kapa ho hana phekolo e itseng ho latela letsoalo la bona le bolumeli ba bona. Leha ho le joalo, linaheng tse ling batho ba Molimo ba ’nile ba e-ba le mathata a maholo tabeng ena. Hlokomela mehlala e latelang.
16, 17. Ke’ng seo lingaka li ileng tsa se etsa se ileng sa tšosa morali’abo rōna ea lulang Japane, hona Jehova o ile a araba lithapelo tsa hae joang?
16 Japane. Misae Takeda, ’mè ea lilemo li 63, ea lulang Japane, o ne a lokela ho etsoa opereishene e khōlō. Kaha ke moahi ea tšepahalang oa ’Muso oa Molimo, o ile a bolella lingaka ka ho hlaka hore ha a batle ho tšeloa mali. Leha ho le joalo, likhoeli hamorao, o ile a tšoha ha a bolelloa hore lingaka li ile tsa mo tšela mali nakong ea opereishene. Morali’abo rōna Takeda o ile a utloa litokelo tsa hae li hataketsoe a bile a thetsitsoe ’me ka June 1993, o ile a bula nyeoe khahlanong le lingaka le sepetlele seo. ’Mè enoa, ea neng a le bonolo a bile a ikokobelitse o ne a e-na le tumelo e matla. Ka sebete, o ile a fana ka bopaki lekhotleng, a eme lebokoseng la bopaki ka nako e fetang hora le hoja a ne a kula. Khoeli pele a hlokahala, o ile a hlaha ka pel’a lekhotla ka lekhetlo la ho qetela. Na ha re tsote kamoo a ileng a bontša sebete le tumelo kateng? Morali’abo rōna Takeda o re o ne a lula a rapela Jehova hore a mo hlohonolofatse ntoeng ena. O ne a kholisehile hore Jehova o tla araba lithapelo tsa hae. Na o ile a li araba?
17 Lilemo tse tharo ka mor’a hore Morali’abo rōna Takeda a hlokahale, Lekhotla le Phahameng la Japane le ile la liha kahlolo e mo emelang—la lumela hore ho ne ho fosahetse hore lingaka li mo tšele mali le hoja morali’abo rōna a ile a bolela ka ho toba hore a se ke a tšeloa mali. Ka la 29 February, 2000, qeto ea lekhotla e ile ea bontša hore maemong a joalo “tokelo ea motho ea ho etsa qeto e lokela ho hlomphuoa.” Ka lebaka la hore Morali’abo rōna Takeda o ile a ikemisetsa ho loanela bolokolohi ba ho khetha phekolo e lumellanang le letsoalo le koetlisitsoeng ke Bibele, kajeno Lipaki tsa Japane li amohela phekolo ntle le ho tšoha hore li tla qobelloa ho tšela mali.
18-20. (a) Lekhotla la maipiletso la Argentina le ile la tšehetsa joang tokelo ea hore motho a ka hana tšelo ea mali a sebelisa karete ea medical directive? (b) Re ka bontša joang hore re ikokobelletsa bobusi ba Kreste ka ho hana ho sebelisa mali hampe?
18 Argentina. Baahi ba ’Muso ba ka lokisetsa joang haeba ba tlameha ho etsa qeto mabapi le phekolo e itseng empa ba sa khone ho ipuella? Re ka lula re tšoere karete ea molao e tla re buella. Ke seo Pablo Albarracini a ileng a se etsa. Ka May 2012, masholu a ile a leka ho mo tšoara poho ’me a mo thunya ka makhetlo. O ile a kena sepetlele a sa khone ho bua kahoo o ne a sa khone ho hlalosa boemo ba hae mabapi le tšelo ea mali. Leha ho le joalo, o ne a tšoere karete e hlalosang hore na o tla amohela phekolo ea mofuta ofe, eo a ileng a e saena lilemo tse ’nè pele ho moo. Le hoja boemo ba hae bo ne bo le kotsi ’me lingaka tse ling li ne li batla ho mo tšela mali e le hore a se ke a shoa, li ile tsa hlompha maikutlo a hae. Leha ho le joalo, ntate oa Pablo, eo e neng e se Paki, o ile a batla taelo ea lekhotla hore a fetole seo mora oa hae a se batlang.
19 Hang-hang ’muelli ea neng a emela mosali oa Pablo o ile a ipiletsa lekhotleng. Ka mor’a lihora tse seng kae, lekhotla la maipiletso le ile la hanyetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ’me la liha kahlolo ea hore maikutlo a mokuli, joalokaha a hlalositsoe kareteng e hlalosang hore na o batla phekolo ea mofuta ofe, a lokela ho hlomphuoa. Ntate oa Pablo o ile a ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Argentina. Leha ho le joalo, Lekhotla le Phahameng ha lea ka la fumana “lebaka la ho belaela hore [karete ea Pablo e hlalosang hore ha a batle tšelo ea mali] e ngotsoe a hlaphohetsoe kelellong, ka morero a bile a sa hatelloe.” Lekhotla le ile la re: “Motho e mong le e mong ea hōlileng ea nang le bokhoni ba ho hlalosa esale pele hore na o batla phekolo ea mofuta ofe a ka amohela kapa a hana phekolo e itseng ea meriana . . . Ngaka e phekolang mokuli e lokela ho amohela seo karete ea mokuli e se bolelang.”
20 Mor’abo rōna Albarracini o ile a fola. Eena le mosali oa hae ba ile ba thaba haholo hore ebe o ile a tlatsa karete ea hae ea medical directive. Ka ho nka mohato ona o bonolo empa e le oa bohlokoa, o ile a bontša hore o ikokobelletsa bobusi ba Kreste. Na uena le ba lelapa la hao le se le tlatsitse likarete tsa lōna?
21-24. (a) Ho tlile joang hore Lekhotla le Phahameng la Canada le etse qeto ea bohlokoa mabapi le bana le ho sebelisa mali? (b) Nyeoe ena e ka khothatsa bacha ba sebeletsang Jehova joang?
21 Canada. Ka kakaretso, makhotla aa hlokomela hore batsoali ba na le tokelo ea ho etsa qeto ea hore ke phekolo efe e molemo bakeng sa bana ba bona. Ka linako tse ling, makhotla a ile a tšehetsa taba ea hore liqeto tsa bana ba hōlileng li lokela ho hlomphuoa litabeng tsa phekolo. Ke se ileng sa etsahalla April Cadoreth. Ha a le lilemo li 14, April o ile a kena sepetlele kaha mali a hae a ne a tsoela ka hare. Likhoeli tse ’maloa pejana, o ile a tlatsa karete ea Advance Medical Directive e nang le litaelo tsa hore ha a batle ho tšeloa mali esita le boemong ba tšohanyetso. Ngaka e neng e mo sebetsa e ile ea iphapanyetsa qeto ea April ’me e ile ea batla taelo ea lekhotla hore e mo tšele mali. O ile a tšeloa lipaente tse tharo tsa lisele tse khubelu ka nkane. April o re ho ne ho tšoana leha a betiloe.
22 April le batsoali ba hae ba ile ba ea makhotleng e le hore ba fumane toka. Ka mor’a lilemo tse peli, nyeoe e ile ea fihla Lekhotleng le Phahameng la Canada. Le hoja April a ile a hlōloa ke nyeoe, Lekhotla le ile la mo khutlisetsa chelete eo a e sebelisitseng nyeoeng eo ’me la liha kahlolo e emelang April le bana ba bang ba hōlileng ba batlang tokelo ea ho iketsetsa qeto mabapi le phekolo. Lekhotla le ile la re: “Tabeng ea phekolo, bacha ba ka tlaase ho lilemo li 16 ba lokela ho lumelloa ho ntša maikutlo a bona ka phekolo e itseng ’me seo se bontša hore bacha ba na le bolokolohi ba ho inahanela ebile ba hōlile ka ho lekaneng.”
23 Nyeoe ena e ne e le ea bohlokoa hobane Lekhotla le Phahameng le ile la phatlalatsa hore ho latela molao-motheo, bana ba hōlileng bana le litokelo. Pele ho qeto eo ea lekhotla, lekhotla la Canada le ne le ka lumella hore ngoana ea lilemo tse ka tlaase ho 16 a fuoe phekolo e itseng, hafeela lekhotla le ne le nka hore phekolo eo e tla mo tsoela molemo. Empa ka mor’a qeto ena, lekhotla le ke ke la fana ka phekolo leha e le efe ho bana ba lilemo tse ka tlaase ho 16 pele le ba fa monyetla oa ho bontša hore ba hōlile ka ho lekaneng ho iketsetsa liqeto.
“Ho tseba hore ke ile ka ba le karolo e nyenyane ho tlotliseng lebitso la Molimo le ho paka hore Satane o leshano ho nthabisa e le kannete”
24 Na ho ne ho hlokahala hore ho loanoe nyeoe eo e ileng ea nka lilemo tse tharo? Ho ea ka April, ho ne ho hlokahala. Hona joale ke pula-maliboho ea phetseng hantle ’me o re: “Ho tseba hore ke ile ka ba le karolo e nyenyane ho tlotliseng lebitso la Molimo le ho paka hore Satane o leshano ho nthabisa e le kannete.” Phihlelo ea April, e bontša hore bacha ba rōna ba ka khona ho ba sebete ’me ha ba etsa joalo ba paka hore ke baahi ba sebele ba ’Muso oa Molimo.—Mat. 21:16.
Bolokolohi ba ho Hōlisa Bana ho Latela Melao ea Jehova
25, 26. Ke boemo bofe bo ka hlahang ha batsoali ba hlalana?
25 Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho hōlisa bana ba bona ho latela melao ea hae. (Deut. 6:6-8; Baef. 6:4) Mosebetsi oo o boima, empa o ka ba boima le ho feta ha batsoali ba hlalana. Batsoali ba ka ba le maikutlo a fapaneng haholo tabeng ea hore bana ba lokela ho hōlisoa joang. Ka mohlala, motsoali oa Paki a ka ’na a ba le maikutlo a hore ngoana o lokela ho hōlisoa ho latela melao ea Bokreste ha motsoali eo eseng Paki a ka ’na a se ke a lumellana le seo. Ke ’nete hore motsoali oa Paki o lokela ho hlompha taba ea hore le hoja a hlalane le molekane oa hae, bana ba lokela ho lula ba e-na le kamano le motsoali oa bona.
26 Motsoali eo e seng Paki a ka ’na a ipiletsa lekhotleng e le hore a fumane tokelo ea molao ea ho hōlisa ngoana kapa bana ’me a etse qeto ea hore na bana ba hōlela bolumeling bofe. Ba bang ba lumela hore ho hōlisa ngoana joaloka Paki ea Jehova ho kotsi. Ba ka ’na ba bolela hore bana ba tla haneloa ho keteka matsatsi a tsoalo, matsatsi a phomolo hape maemong a tšohanyetso bana ba ke ke ba fumana ntho e ka “pholosang bophelo” ba bona, e leng tšelo ea mali. Se thabisang ke hore makhotla a mangata a hlahloba se molemong oa ngoana ho e-na le ho ahlola hore na bolumeli ba motsoali e mong bo kotsi kapa che. A re ke re hlahlobe mehlala e meng.
27, 28. Lekhotla le Phahameng la Ohio le ile la arabela joang qosong ea hore ho hōlisa ngoana joaloka Paki ea Jehova ho kotsi?
27 United States. Ka 1992, Lekhotla le Phahameng la Ohio le ile la hlahloba nyeoe eo ho eona ntate eo e neng e se Paki a neng a bolela hore ho ka ba kotsi hore ngoan’a hae oa moshanyana a hōlisoe joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Lekhotla le tlaasana le ile la mo fa tokelo ea hore a hōlise ngoan’a hae. ’Mè oa ngoana, e leng Jennifer Pater, o ne a lumeletsoe ho etela ngoan’a hae ka linako tse itseng, empa o ne a laetsoe hore a se ke a “ruta kapa ho bua le ngoana ka lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova ka mokhoa leha e le ofe.” Taelo ena ea lekhotla le tlaasana e ne e pharalletse hoo e neng e bolela hore Morali’abo rōna Pater o ne a sa lokela le hore a bue le mor’a hae, Bobby ka Bibele kapa melao ea boitšoaro e tsoang ka Bibeleng! U ka inahanela feela hore na o ne a ikutloa joang! Jennifer o ne a sithabetse, empa o re o ile a ithuta hore a be le mamello ’me a letele Jehova hore A nke khato. O re, “Ha ho mohla Jehova a ileng a ntlohela.” ’Muelli oa hae, ea neng a thusoa ke mokhatlo oa Jehova, o ile a ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Ohio.
28 Lekhotla le ile la hanyetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ’me la re “batsoali ba na le tokelo ea ho ruta bana ba bona, ho akaretsa le tokelo ea ho bua le bana ba bona ka melao ea boitšoaro le ea bolumeli.” Lekhotla le ile la bolela hore ntle leha ho ka bontšoa hore melao ea bolumeli e rutoang ke Lipaki Tsa Jehova e ka ntša ngoana kotsi ’meleng le kelellong, lekhotla le tlaasana ha le na tokelo ea ho thibela motsoali hore a hōlise ngoan’a hae hobane feela a le bolumeling bo itseng. Lekhotla ha lea ka la fumana bopaki ba hore lithuto tsa Lipaki li ka ntša ngoana kotsi kelellong kapa ’meleng.
29-31. Ke hobane’ng ha morali’abo rōna ea lulang Denmark a ile a haneloa ho hōlisa ngoan’a hae, hona Lekhotla le Phahameng la Denmark le ile la fihlela qeto efe?
29 Denmark. Anita Hansen o ile a tobana le bothata bo tšoanang, ha monna eo a hlalaneng le eena a ipiletsa lekhotleng, hore a fuoe tumello ea ho hōlisa Amanda ea lilemo li supileng. Le hoja lekhotla la motse le ile la lumella Morali’abo rōna Hansen hore a hōlise ngoan’a hae ka 2000, ntate oa Amanda o ile a ipiletsa lekhotleng le phahameng, le ileng la hanyetsa qeto ea lekhotla la motse ’me la mo lumella hore a nke ngoana. Lekhotla le phahameng le ile la bolela hore kaha batsoali ha ba latele lithuto tse tšoanang tsa bolumeli, ho molemo hore ntate ebe eena ea etsang qeto ea hore na bana ba hōlisetsoa bolumeling bofe. Se ileng sa etsa hore Morali’abo rōna Hansen a haneloe ho hōlisa Amanda, ke hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova!
30 Ha a ntse a le boemong bona, Morali’abo rōna Hansen o ne a tsieleha hoo a neng a sa tsebe hore na ha a rapela a re’ng. Empa o re: “Ho nahana ka mantsoe a ho Baroma 8:26 le 27 ho ne ho ntšelisa haholo. Kamehla ke ne ke ikutloa eka Jehova o utloisisa seo ke se buang. Leihlo la hae le ne le le holim’a ka ’me ha ho mohla a kileng a ntahla.”—Bala Pesaleme ea 32:8; Esaia 41:10.
31 Morali’abo rōna Hansen o ile a ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Denmark. Ha Lekhotla le liha kahlolo le ile la re: “Taba ea hore na ke mang ea lokelang ho hōlisa ngoana e lokela ho etsoa ho itšetlehiloe ka hore na se molemo bakeng sa ngoana ke sefe.” Ho feta moo, Lekhotla le ile la bolela hore qeto ea hore na ke mang ea hōlisang ngoana e lokela ho itšetleha ka tsela eo motsoali ka mong a hōlisang ngoana ka eona, eseng motheong oa “lithuto kapa boemo” ba Lipaki Tsa Jehova. Morali’abo rōna Hansen o ile a thaba ha Lekhotla le hlokomela hore oa tšoaneleha ho hōlisa ngoan’a hae, eaba o lumelloa hore e be eena ea hōlisang Amanda.
32. Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la sireletsa batsoali ba Lipaki khahlanong le khethollo joang?
32 Linaha tse ling tsa Europe. Maemong a mang, linyeoe tse ling tse amanang le ho hōlisa bana ha lia ka tsa fella feela makhotleng a ka holimo-limo a naha. Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le lona le ile la hlahloba linyeoe tseo. Linyeoeng tse peli, ECHR e ile ea hlokomela hore makhotla a naha a tlaasana a sebelisane le batsoali ba Lipaki le bao e seng Lipaki ka tsela e fapaneng hobane feela ba e-na le bolumeli bo sa tšoaneng. ECHR e ile ea bitsa ketso e joalo khethollo ’me ea liha kahlolo ea hore “hase ntho e amohelehang hore motho a tšoaroe ka tsela e fapaneng hobane feela a e-na le bolumeli bo sa tšoaneng le ba ba bang.” ’Mè e mong oa Paki ea ileng a rua molemo qetong ena ea ECHR, o ile a bolela kamoo a ileng a imoloha kateng ’me a re, “ke ile ka utloa bohloko haholo ha ke ne ke qosoa ka hore ke ntša bana ba ka kotsi, ha ke ne ke leka feela ho ba hōlisa ka tsela ea Bokreste, e leng ntho eo ke neng ke nahana hore e molemong oa bona.”
33. Motsoali oa Paki a ka sebelisa molao-motheo o ho Bafilipi 4:5 joang?
33 Ke ’nete hore batsoali ba Lipaki ba loanelang ho ruta bana ba bona melao ea Bibele ba leka kahohle ho bontša moea oa ho nahanela. (Bala Bafilipi 4:5.) Joalokaha ba thabela tokelo ea ho hōlisa bana ba bona ka tsela ea Molimo, baa hlokomela hore haeba motsoali eo eseng Paki a batla, ka bobeli ba ka jarisana boikarabelo ba ho hlokomela bana ba bona. Motsoali oa Paki o nka boikarabelo ba ho koetlisa ngoan’a hae ka botebo hakae?
34. Mohlala oa Bajuda ba mehleng ea Nehemia o ka thusa batsoali ba Bakreste joang kajeno?
34 Ho na le seo re ka ithutang sona mohlaleng oa mehleng ea Nehemia. Bajuda ba ne ba sebetsa ka thata ho lokisa le ho tsosolosa marako a Jerusalema. Ba ne ba tseba hore ha ba etsa joalo ba ne ba tla itšireletsa le ba malapa a bona lireng tsa bona. Ka lebaka leo, Nehemia o ile a ba phehella a re: “Le loanele barab’abo lōna, bara ba lōna le barali ba lōna, basali ba lōna le malapa a lōna.” (Neh. 4:14) Bajuda bao ba ile ba loana ea khumamela. Ka ho tšoanang, kajeno batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba sebetsa ka thata ho hōlisetsa bana ba bona tseleng ea ’nete. Baa tseba hore bana ba bona ba kopana le litšusumetso tse mpe sekolong le moo ba lulang. Litšusumetso tse joalo li ka kena esita le ka lapeng ka mecha ea phatlalatso. Batsoali, le lokela ho lula le loana ea khumamela ho sireletsa bana ba lōna ka ho etsa hore ba phele lapeng le sireletsehileng le leo kamano ea bona le Molimo e tla hōla ho lona.
Kholiseha Hore Jehova o Tla Tšehetsa Borapeli ba ’Nete
35, 36. Lipaki Tsa Jehova li fumane melemo efe ka lebaka la ho loanela litokelo tsa rōna, hona u ikemiselitse ho etsa’ng?
35 Ka sebele, Jehova o ’nile a hlohonolofatsa boiteko boo mokhatlo oa hae o bo etsang ba ho loanela bolokolohi ba borapeli mehleng ena. Ka ho loana linyeoe tseo, hangata batho ba Molimo ba ’nile ba fana ka bopaki bo matla makhotleng le lefatšeng lohle. (Bar. 1:8) Molemo o mong o fumanoeng ha re ntse re hlōla linyeoe tsena ke hore litokelo tsa batho ba bangata bao e seng Lipaki li ile tsa hlomphuoa. Leha ho le joalo, kaha re batho ba Molimo ha re batle ho fetola melao ea sechaba, kapa hona ho ipatlela thoriso. Ka holim’a tsohle, Lipaki Tsa Jehova li loanetse litokelo tsa tsona makhotleng e le hore li thehe le ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng.—Bala Bafilipi 1:7.
36 E se eka le ka mohla re ke ke ra khella fatše seo re ithutang sona ho batho ba nang le tumelo, ba loanetseng bolokolohi ba ho rapela Jehova! A re luleng re tšepahala, re kholisehile hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rōna ’me o tsoela pele ho re fa matla e le hore re etse thato ea hae.—Esa. 54:17.