PINA EA 5
Mesebetsi ea Molimo e Hlollang
E Hatisitsoeng
1. U Molimo ea Matla ’Ohle,
Uena ea ntsebang ka ho feletseng.
U bona tsohle tseo ke li nahanang,
Ntho tseo ke li buang
le tseo ke li etsang.
U bone ha ke ne ke etsoa,
Oa ba oa bona masapo a ka.
Hape oa bona sebopeho sa ka.
Mesebetsi ea hao
e metle haholo.
Tsebo ea hao Molimo ea makatsa.
Mesebetsi ea hao ke e hlollang.
Leha nka ba har’a fifi le letšo,
Kea tseba hore u tla mphumana.
Nka ipatela uena hokae,
Ka baleha sefahleho sa hao?
Leholimong esita le lebitleng,
Le leoatleng ha ho na
moo nka ipatang.
(Sheba le Pes. 66:3; 94:19; Jer. 17:10.)