PINA EA 25
Sechaba se Khethehileng
E Hatisitsoeng
1. Jah o khethile batho
Ho tsoa lichabeng tsohle.
Ba bohlokoa ho eena
’Me o ba tlotsitse.
(K’HORASE)
Sechaba sa ’Mopi
Se bohlokoa ho eena.
Se rata Jehova.
Se bolella ba bang ka eena.
2. Chaba se halalelang
Se bolela ka ’Muso.
’Mopi o se thusitse,
A se tlisa khanyeng.
(K’HORASE)
Sechaba sa ’Mopi
Se bohlokoa ho eena.
Se rata Jehova.
Se bolella ba bang ka eena.
3. Se mamela Morena,
Se etsa barutuoa.
Se tšepahalla Jesu.
Se phetha litaelo.
(K’HORASE)
Sechaba sa ’Mopi
Se bohlokoa ho eena.
Se rata Jehova.
Se bolella ba bang ka eena.
(Sheba le Esa. 43:20b, 21; Mal. 3:17; Bakol. 1:13.)