PINA EA 35
‘Lemohang Hore na Lintho Tsa Bohlokoa Haholo ke Life’
1. Re tšoanela ho ba le temoho,
Re tsebe ntho tsa ’nete.
Re tsebe ntho tsa bohlokoa tseo re
Lokelang ho li etsa.
(K’HORASE)
Hloeang lintho Tsohle tse mpe.
Thabisang Jah.
Le tla fumana thabo ea ’nete.
Le lemohe
Lintho tsa bohlokoa haholo.
2. Re bolele taba tse monate,
Re thuse batho bohle
Ba batlang ho tseba Jehova
Hore ba mo sebeletse.
(K’HORASE)
Hloeang lintho Tsohle tse mpe.
Thabisang Jah.
Le tla fumana thabo ea ’nete.
Le lemohe
Lintho tsa bohlokoa haholo.
3. Ha re etsa lintho tsa bohlokoa,
re tla thaba kamehla,
Re be le khotso e khaphatsehang
Ka lipelong tsa rona.
(K’HORASE)
Hloeang lintho Tsohle tse mpe.
Thabisang Jah.
Le tla fumana thabo ea ’nete.
Le lemohe
Lintho tsa bohlokoa haholo.
(Sheba le Pes. 97:10; Joh. 21:15-17; Bafil. 4:7.)