PINA EA 36
Re Sireletsa Lipelo Tsa Rona
E Hatisitsoeng
1. Molimo o bona lintho
Tsohle tse ka pelong.
Kahoo, re li sireletse
Ho feta ntho tsohle.
Re ka qala ho kheloha
Ha re li mamela.
A re lateleng Jehova,
Re mamele eena.
2. Ka lipelo tse lokileng
Re batla Jehova.
Tsatsi ka leng re rorisa
Molimo oa rona.
Ha a re ruta kamehla,
Re tla mo mamela.
Re lule re tšepahala
’Me re mo khahlise.
3. Ha re batle ho nahana
Ka lintho tse kotsi.
Re batla Ntsoe la Molimo
Le re ame pelo.
Molimo o rata bohle
Ba mo tšepahallang.
Re tla rapela Jehova
Ka lipelo tsohle.
(Sheba le Pes. 34:1; Bafil. 4:8; 1 Pet. 3:4.)