PINA EA 56
Rata Jehova, u mo Mamele
E Hatisitsoeng
1. Ho mamela Jah ho molemo haholo.
Ke eona ntho e re thabisang.
Kahoo e-ba le tumelo ho Jehova.
Mamela keletso ea hae.
(K’HORASE)
Rata Jehova
Ka pelo eohle ea hao.
Mamela Lentsoe
La hae kamehla,
U tla phela ka khotso.
2. Boiteko ba hao ba ho thabisa ’Mopi
Bo tla etsa hore u thabe.
U tla fumana bophelo bo sa feleng,
U tla hlohonolofatsoa.
(K’HORASE)
Rata Jehova
Ka pelo eohle ea hao.
Mamela Lentsoe
La hae kamehla,
U tla phela ka khotso.
3. Ha re bapisoa le Molimo re bana.
Re hloka a re tataise.
Re mamele Jah, re tsamaee le eena.
O tla re hlo’nolofatsa.
(K’HORASE)
Rata Jehova
Ka pelo eohle ea hao.
Mamela Lentsoe
La hae kamehla,
U tla phela ka khotso.
(Sheba le Pes. 26:3; Liprov. 8:35; 15:31; Joh. 8:31, 32.)