PINA EA 132
Joale re Nama e le ’Ngoe
E Hatisitsoeng
1. Ke fumane molekane,
Lesapo la masapo a ka.
Ke nama ea nama ea ka,
Ke mpho ea Jehova.
Re le ’moho, re tla thaba
Hoba re tla hlo’nolofatsoa.
Jehova o re kopantse,
Joale re lelapa.
Kamehla re tla lula ’moho.
Re tla mamela
Lithuto tsa Jehova.
Re tla lula re ratana
Joalokaha re entse kano.
A re tlotlise Jehova
Uena moratuoa oa ka.
(Sheba le Gen. 29:18; Moek. 4:9, 10; 1 Bakor. 13:8.)