PINA EA 134
Bana ke Letlotlo le Tsoang ho Molimo
E Hatisitsoeng
1. Ha batho e ba batsoali,
Ba fumana lefa la bohlokoa.
Kamehla ba hopole hore
Ba le filoe ke Jehova.
Ke eena ea ba tataisang
Hore ba lule ba mo mamela.
Hape o fane ka bophelo
’Me ke Molimo ea lerato.
(K’HORASE)
Ke letlotlo le halalelang,
Ke letlotlo la bohlokoa.
Le ba rute, ba tla atleha.
Ba tla hlohonolofatsoa.
2. Le boloke mantsoe ’ohle
A Jehova lipelong tsa lona.
Le a rute bana ba lona.
Le ba filoe, ke letlotlo.
Le ba rute ha le le tseleng,
Ha le tsoha le ha le robala.
E se eka ba ka mamela
’Me ba lule ba tšepahala.
(K’HORASE)
Ke letlotlo le halalelang,
Ke letlotlo la bohlokoa.
Le ba rute, ba tla atleha.
Ba tla hlohonolofatsoa.
(Sheba le Deut. 6:6, 7; Baef. 6:4; 1 Tim. 4:16.)