PINA EA 139
Ipone u le Teng Lefatšeng le Lecha
1. Ipone moo ’me u mpone.
Bona bohle lefatšeng le lecha.
Nahana hle,
ho tla ba joang
Re se re phela re thabile.
Le ba khopo ba le sieo.
Puso ea Jah e tla atleha.
O tla etsa hore tsohle li be ncha.
Re tla bina ka thabo le ka nyakallo:
(K’HORASE)
“Jehova Ntate, rea u leboha.
Lipelo tsa rona li thabile.
Re ananela tsohle tseo u li entseng.
Jehova, u tšoaneloa ke ho rorisoa.”
2. Ipone moo
’me u mpone,
U lebelle lefatše le lecha.
Ha re sa tla bona tse mpe
Tse tla re tšosa re nyarohe.
’Mopi o tla phethahatsa
Tsohle tseo a li tšepisitseng.
O tla tsosa le bafu ba mabitleng.
Re tla bina le bona re nyakaletse:
(K’HORASE)
“Jehova Ntate, rea u leboha.
Lipelo tsa rona li thabile.
Re ananela tsohle tseo u li entseng.
Jehova, u tšoaneloa ke ho rorisoa.”
(Sheba le Pes. 37:10, 11; Esa. 65:17; Joh. 5:28; 2 Pet. 3:13.)