Lentsoe Feela le Lekane
“MOTHO ea bohlale o lauoa ke lentsoe le le leng.” Ho rialo maele. Motho ea bohlale ke ea mamelang keletso kapa khalemelo ka kelello e bulehileng, a sa koetla lehloeo. O lekanya seo a se utloang ’me a lokise monahano oa hae. O nka bohato mothèong oa melao ea mothèo le linnete, kapa mabaka. Motho ea sebelisang mano a kang khatello kapa litšokelo ha a atlehe ho motho ea bohlale.
Bibele e hlalosa maikutlo ka mantsoe a batlang a fapane ho se hokae. E re: “Motho ea kelello o utloa khalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuoa halekholo.”—Liprov. 17:10.
Motho ea utloisisang ha a ka etsa phoso ’me a e hlokomelisoa, ka potlako o bona kotsi eo phoso ea hae e ka e etsang kapa e e etsang ’me, haholo-holo, boima boo e ka bo beang kamanong ea hae le Molimo. Ha a bontše ho teneha kapa ho halefa, kapa ho qhela ea mo khalemelang, a leka hore a bonahale e le eena ea nepileng tabeng. Motho ea utloisisang o angoa ka potlako ke letsoalo la hae ha a khalemeloa. Ka morao ho moo ho ke ke ha hlokahala hore ho etsoe ho hong, hobane letsoalo la hae le tla mo susumetsa hore a lokise taba haeba ho ka etsahala. Hape o tla batla hore a kōpe tšoarelo ho motho eo a mo foselitseng le ho Molimo.
Davida, ea neng a tlotselitsoe hore e be morena oa Iseraele ea boholo-holo, o ile a bontša, ka makhetlo a mangata, hore e ne e le motho ea utloisisang. Ha a ne a tsongoa ke sera sa hae se seholo, Morena Saule ea neng a busa, ka makhetlo a mabeli morena o kile a ba matleng a hae. Empa Davida a ithiba hore a ka bolaea Saule, a tlohella taba matsohong a Molimo. (1 Sam. 24:2-7; 26:5-11) Davida a bontša kutloisiso ka lekhetlo le leng. Nabale, monna ea mekhoa e mebe, o ne a sitetsoe Davida haholo. Eare ha Davida a le tseleng ho ea iphetetsa ho Nabale, o ile a khahlametsoa ke mosali oa Nabale Abigaile. A hlokomelisa Davida ’nete ea hore o ne a le kotsing e khōlō ka ho itjarisa molato oa mali ka ho inkela taba matsohong ’me a bolaea banna bohle ba ntlo ea Nabale. A mo kōpa hore, ‘emela Molimo hore o ahlole ka ho loka.’ Davida a utloisisa, a bontša kananelo ho Molimo le ho Abigaile ka ho mo pholosa tlokotsing ka baka la monahano oa hae o fosahetseng. (1 Sam. 25:20-35) Hape, Davida o ile a bontša kutloisiso ha a tšoara Mefiboshethe mora oa motsoalle oa hae Jonathane ka mosa, le hoja Mefiboshethe e ne e le setloholo sa sera sa hae Saule.—2 Sam. 9:1-7.
Hamorao, ho ile ha fihla nako ea hore Davida a khalemeloe. O ne a sitetsoe Molimo haholo le ho siteloa motho ea kang eena tabeng ea bofebe ea Bathe-Sheba. Eare ha Molimo o rōmela moprofeta Nathane, eo ka papiso a ileng a etsa hore Davida a utloisise molato oa hae, ka potlako Davida a lumela: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Sam. 12:13). Lipesaleme tsa mashome a mahlano a motso o mong le mashome a mararo a metso e ’meli li senola kamoo Davida a ileng a ameha ka mokhoa o tebileng ke khalemelo ea Nathane. Ho ne ho sa hlokahale hore Davida a shapuoe, ho ne ho hlokahala khalemelo feela hore a hlaphoheloe kelellong le hore a lumele phoso ea hae.
SETHOTO
Ka lehlakoreng le leng, motho ea thotofetseng (e seng feela motho ea se nang tsebo) ke ea sa utloisiseng kamano ea hae le motho e mong le Molimo. Mohlomong a ka ’na a ba le tsebo ka Lentsoe la Molimo, empa a se na kananelo kapa monahamo o leka-lekaneng. Mantsoe a keletso, leha e le ona a khalemelo, ha a mo ame ka letho. Ho ipiletsa letsoalong ha ho mo susumelletse hore a lumele le ho lokisa phoso ea hae. Le ho shapuoa ka lichapo tse lekholo ho ke ke ha mo fetola. A sa re letho ka Molimo kapa batho ba bang, o ikhopola boeena feela. Pelo ea hae e thatafala haholoanyane ’me letsoalo la hae le chesoa ke hore a hane likhalemelo le chapo. “Ea bohlale o na le tšabo, o sesefa bobe; empa ea thotofetseng o tlatselela feela, ’me oa itšepa,” ho bolela mongoli ea bohlale oa maele joalo.—Liprov. 14:16.
Faro oa Egepeta ke e mong oa lithoto tse joalo. Likotlo tseo a ileng a feta ho tsona li ile tsa sebeletsa feela hore a bonahatse manganga a pelo ea hae le ho tiisa boikemisetso ba hae, ho fihlela ha a qetella a timetse.—Ex. 11:9, 10; 14:5-9; Pes. 136:15.
PHAPANG
Moapostola Petrose le moeki Judase ba fana ka phapang e ntle pakeng tsa motho ea utloisisang le sethoto kapa leoatla. Jesu o ne a boleletse Petrose hore o tla latola Morena hararo. (Luka 22:31-34) Hamorao, ha Jesu a le nyeoeng ka pel’a moprista e moholo, Petrose o ile a fela a latola Morena, empa nakoana kamorao ho moo, ha a bona Jesu a mo sheba ka mokhoa o bolelang ho hong, Petrose a ea ka ntle ho ea lla habohloko. (Luka 22:54-62) Petrose, le hoja a ne a utloile bohloko haholo, o ile a fumana molemo ka se ileng sa fetisetsoa ho eena ka “leihlo” feela. Karabelo ea hae e neng e tloha botebong ba pelo ho sena e ile ea thusa Petrose hore hamorao e be tšiea ea matla ho baena ba hae hamorao.
Empa Judase, le hoja a ne a bile le Jesu le baapostola ba hae ka lilemo tse ka bang peli ’me a lauoe le ho khalemeloa ke Jesu ’me a bone le mesebetsi ea hae e babatsehang, ha a ka a susumeletseha. Pelo ea hae e ne e sa angoa ke lipheko tsohle tse neng li entsoe ke Jesu, le mosa oa thupelo ea Jesu le taeo. Ka ho fapaneng, o ne a ntse a ithatafatsa ho ea pele ka baka la hobane o ne a khotsofatsa takatso ea hae e meharo ka ho utsoa lichelete tseo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba li boloketse litšenyehelo tsa bona le ho thusa bafumanehi. (Joh. 12:6; 13:29) Judase o ne a haelloa ke kananelo hakaakang! Ha Jesu, bosiung bane ba ho qetela pele ho lefu la hae, a re ho eena: “Seo u se etsang, hlo u se etse ka pele,” Judase ha a ka a arabela joaloka Petrose ha Jesu a ne a mo sheba feela. (Joh. 13:27) A tsoela pele, a ikemiselitse ho phethahatsa morero oa hae o khopo. Leha sebe sa hae se se se itlhalosa ho eena, ha a ka a ea ho Molimo ka thapelo, leha e le ho baapostola, empa a khutlela ho linokoane tseo a neng a ekile Jesu ho tsona. Ka ho makala o ile a leka ho khutlisa likotoana tse 30 tsa silivera, joalokaha eka hoo ho ka bebofatsa molato o boima o neng o le holim’a hae. A lahluoe le ho hanoa ke metsoalle ea hae bonokoaneng, a tsamaea a ea iphanyeha.
Mehlala ena e phahamisa bohlokoa ba hore motho a batle hore kamehla a utloisise, a be le maikutlo a bulehileng, a mamela boipiletso, linyatso, haesita le “lentsoe” la khalemelo le tsoang ho ba bang ba lekang ho mo thusa. Hase feela hore ho hlōleha ho ameha ka mokhoa o tebileng le ho susumeletsehela ho nka bohato ka khalemelo ho senya kamano ea motho le Molimo le metsoalle ea hae, hape ho ka fella ka boemo bo bobe ho feta bohle: pelo e thatafetseng le ho se utloe ‘lichapo’ tsa khalemelo, kapa mathata a ka etsang hore motho a hlaphoheloe. Haeba ho sa nkoe bohato bo matla ho lokisa boemo, ho tla fella ka hore a senyehele ruri.