Tšebeletso ea Litšoantšo—E Isitse ho Oeng ha Mebuso ea Iseraele
’MUSO oa meloko e leshome oa Iseraele o ile oa kena mokhoeng o mobe ha morena oa ’ona oa pele, Jeroboame a ne a hlahisa borapeli ba namane. Ha ba ka tseba ho itokolla tšebeletsong ena eo ba keneng ho eona ea litšoantšo ’me ka hona ka linako tsohle Jehova a lumella Baasyria ho timetsa ’muso o ka leboea. Ho e-na le ho rua molemo mohlaleng ona o lemosang, bahahi ba ’muso oa meloko e ’meli le bona ka ho tšoanang ba ile ba kena tšebeletsong ea litšoantšo. Ka hona, Jehova a thibela sechaba tlhohonolofatso ea hae. Qetellong, motse o moholo o ile oa timetsoa, hammoho le tempele ea ’ona e ntle e neng e hahuoe ke Morena Salomone. Buka ea Bibele e tsejoang e le Marena a Bobeli e tsoela pele ka tlaleho ea pele ho qala ho Marena a Pele ’me e totobatsa hore ho ne ho ka ’na ha etsahala hore Baiseraele ba pheme kotsi e joalo haeba ba ne ba ile ba nkela hlohong mantsoe a baprofeta.
Baprofeta ba bang ba neng ba tsebisahala ’musong o ka leboea e ne e le Elia le Elisha. Ha Elia a nkoa ka mohlolo, Elisha o ile a ntšetsa pele thomo ea Elia. E ’ngoe ea likarolo tse kholo tsa thomo ena e ne e le ho tlotsoa ha morena Jehu. Kamor’a hore Elisha a romele e mong oa bahlanka ba hae ho etsa sena, hona hoo Jehu o ile a sebelisa phetetso ea Jehova ntlong ea borapeli ba litšoantšo ea Akabe, ho kopanyelletsa le Jezebele ea khopo.
Ho latelang, Jehu a ikemisetsa ho etsa mosebetsi oa ho felisa borapeli ba Baale ’musong oa hae. A etsa polelo ea boikhakanyo e ka o tla holisa borapeli ba Baale haholo ho feta kamoo ho ileng ha etsa Akabe ’me a laela hore barapeli bohle ba melimo ea litšoantšo ba bokane ka tlung ea Baale. Kamor’a hore a tiise hore ha ho le ea mong oa barapeli ba Jehova ea leng har’a bongata bona, Jehu a laela banna ba hae hore ba bolaee barapeli bohle ba litšoantšo ba bokaneng. Ka baka la ho nka bohato bona bo tiileng, Jehu o ile a tiisetsoa hore meloko e menè ea bara ba hae e ne e tla mo hlahlama joale ka morena. Bana ea e-ba Joakaze, Joase, Jeroboame oa Bobeli le Zakaria.
Leha ho le joalo, Jehu o ile a hlōleha ho felisa namane ea borapeli. Tlaleho ea Bibele e beha tjena: “Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaea molaong oa Jehova, Molimo oa Iseraele, ka pelo ea hae eohle, a se ke a kheloha libe tsee Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.”—2 Mar. 10:31.
Ha ho le ea mong ho bana ba Jehu kapa leha e le marena a mang a ileng a latela a ’muso oa meloko e leshome a ileng a felisa borapeli ba namane. Tlaleho e ho Marena a Bobeli e fana ka tlhaloso ena ka boemo le phello: “Bana ba Iseraele ba tsamaea libeng tsohle tsee Jeroboame a li entseng; ba se ke ba li furalla. Jehova a ba a tlosa Iseraele pel’a mahlo a hae, joale ka ha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baprofeta. Ba-Iseraele ba tlosoa lefatšeng la bona, ba isoa Assyria kholehong, ho fihla tsatsi la kajeno.” (17:22, 23) Elia le Elisha e ne e se bona feela baprofeta ba ileng ba eletsa Baiseraele. Ho ba neng ba le teng ho ne ho le Mikea, Jonase, Obede, Hosea, Amose le Mikea. Leha ho le joalo, batho ha ba ka ba nkela hlohong litemoso tsa baprofeta hore ba sokolohe.
’Musong oa meloko e ’meli, lintho li ne li se molemo lehanyenyane. Ho sa tsotellehe boiteko bo botle ba marena a kang Josefate le Tsedekia, ka ngope-a-setšoha ba Iseraele ba ne ba tšoaseha tšebeletsong ea litšoantšo. Mora oa Tsedekia Manasse e ne e le morapeli oa litšoantšo. Nakong ea puso ea Manasse batho ba ile ba ineela ka ho tebileng borapeling ba litšoantšo hoo ha morao boiteko bo ileng ba etsoa ho khutlisetsa lintho malulong bo bileng le katleho e nyenyane haholo. Boitšoaro ba bona bo ile ba mpefala haholo ho feta boo ba Bakanana bao Baiserale ba neng ba nkile naha ea bona. Manasse o ne a etella pele borapeli ba bohata ba litšoantšo. O ile a fetisa mora oa hae mollong, a sebelisa borapeli ba bafu le bonohe. Ho phaella moo, a tšolla mali a mangata a se nang molato.
Esita le phutuho ea ho hloekisa litšoantšo tsohle e neng e etsoa nakong ea puso ea setloholo sa Manasse Josiase ha a ka a boloka ’muso oa meloko e ’meli ho timeleng. Josiase o ile a shoa ntoeng ha a ne a leka ho khutlisa mabotho a Egepeta Megiddo. Marena a ho qetela a mane a Judea—Joakaze, Jojakime, Jojakine le Tsedekia—ha a ka a etsisa morena Josiase ea tšepahalang. Kaofela ha bona ebile babusi ba babe le barapeli ba litšoantšo. Hobane babusi le bafo ba bona ba hanne ho mamela baprofeta le ho tlohela borapeli ba litšoantšo, qetellong Jerusalema e ile ea timetsoa ’me naha ea Juda ea tloheloa e le lesupi.
Pono ea Molimo ka borapeli ba litšoantšo ha e-so fetohe haesale ho tlohela nakong eo ho ngotsoeng buka ea Marena a Bobeli, eo ho ka etsahalang hore e ngotsoe ke moprofeta Jeremia. Barapeli ba litšoantšo ba ke ke ba tšepa ho phonyoha kahlolo e matla ea Molimo. Ka hona, he, etsa hantle ho ela keletso ea Bibele hloko: “Le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.”—1 Ba-Kor. 10:14.