Ke Eng ho Etsahalang ka Boithabiso?
Ke hobane’ng na liphetoho tsa joale li tšoenya? Li u ama joang?
“Ka mehla batho ba ’nile ba hlokomela hore boithabiso ke ba bohlokoa le molemo oa bona ho haha ’mele le moea oa batho. Empa ka mehla ba hlokometse hore boithabiso e ka ’na ea e-ba ntho e THUSANG kapa e KOTSI molokong oa motho.”—“Code of Production” ea Motion Picture Industry
KE MANG har’a rōna eo ho seng mohla a kileng a khatholloa ke boithabiso ba mofuta o mong o itseng? Empa na ka linako tse ling ha u ke u fumana boithabiso ba hao e le bo soabisang ka mokhoa o itseng? Le oona molao o laolang khoebo ea libaesekopo tse etsoang o ile oa lemosa ka boithabiso bo “kotsi” bo sekamelang “ho theoleng batho, kapa ho theola melao eo ba phelang ka eona le ea bophelo ba bona.”
Ba bangata ba ’nile ba nyatsa phello ‘e nyelisang’ ea libaesekopo tse ling tsa kajeno, lipontšo tsa thelevishene le bophelo ba boithabiso. Ka mohlala, ha u ntse u batla ho ithabisa, na ha ho mohla u kileng ua fumana melao ea hao ea boitšoaro e phephetsoa ke bo bong ba boithabiso bo joalo?
Ntlha e ka suptjoang, sebaka se seng se bontšang libaesekopo, se tletse bao ka tloaelo ba eang libaesekopong, se ile sa luma ke litšeho, ’me qetellong mehoo ea thabo ea bamameli. Ho ne ho bontšoa eng? Pono e mpe eo ho eona banna ba babeli ba neng ba hlasela le ho beta mosali eo ho seng mokhoa oa hore a ithuse pel’a monna oa hae ea sitoang ho mo sireletsa. Ke bohloko bo bokaakang! Bongata ba rōna rea sisimoha ke ho nahana ka ketso e joalo. Leha ho le joalo, ka ho totobetseng, batho bao ba ile ba ho nka e le boithabiso—bopaki ba ho theoha ho keneng melaong eo ba phelang ka eona.
Boemo bo tebile haholo hoo ba bangata kajeno ba botsang: “Ke eng ho etsahalang ka boithabiso?” Libaesekopo tse bontšang pefo e tšosang le likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng ke tsona tse kenyang chelete ka ho fetisisa. Ke tsona setsi sa libaesekopo tsa kajeno. Ka selemo se le seng Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika feela, ho ile ha rekisoa litekete tsa libaesekopo tse fetang billione e le ’ngoe.
PEFO LE BOTONA LE BOTŠEHALI
Pefo e bontšoang libaesekopong e hlahisoa ka mefuta e batsi haholo lilemong tsa morao tjena. Mongolli e mong oa likoranta o ile a re:
‘Ho bolaea e seng ka morero e bile e ’ngoe ea lithetso tse bolotsana haholo libaesekopong le e ’ngoe ea litsela tse bonolo ho feta tsohle ho eka bamameli. Hona ke keko ea mofuta o bonolo ka ho fetisisa.
‘Bamameli ha ba ho rate feela empa ba bile ba kopanela ho hona ka thabo, haesita le ho ho lebella. Ho theosa le lilemo, re tseba pele ho nako ha re kena kamoo ho bontšoang libaesekopo hore re tla llela mali a e mong. Ha re nepisise hore na a mang, leha e le hore na lebaka la hona e tla ba lefe.
‘Ebe joale hona hohle ho bolela eng ka ba eang libaesekopong? Ebe ke litloholo tse nyoretsoeng mali tsa Maroma a boholo-holo, ba lapetse bohobe le lebala la lipapali?
‘Ka lihora tse telele libaesekopong tse latellanang, ka linako tse ling re bo-paki-motšoaeli ba nang le cheseho le ba thabileng.’
Liphello tsa tse ling tsa libaesekopo tsena tse sisimosang e bile tse itlhalosang. Batho ba baloang ka mashome-shome, ho e-na le ho khatholoha, ba ’nile ba ilibana kapa ba hlatsa kamoo ho bontšoang libaesekopo. Bonyane mohlaleng o mong, moshebelli o ile a shoa a bolaoa ke pelo ponong e ’ngoe eo ho hlabanoang ho eona. Bana ba bang ba ’nile ba ntšuoa kamoo ho bontšoang libaesekopo ba lla habohloko.
Na hona ho bonahala ho nepahetse ho uena? Na mahlomola le bobatana bo pepenene tse etsetsoang ba bang bo lokela ho nkuoa e le boithabiso? Na ho loketse bakeng sa Bakreste bao Bibele e ba eletsang hore: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau”?—Ba-Kol. 3:12; bona hape Liproverbia 17:5.
Ho kopane le pefo ena, liketso tse feteletseng tsa likamano tsa botona le botšehali lia bontšoa libaesekopong. Linaha ka ho latellana ha tsona li lemohile ho rateha ha libaesekopo tse bontšang lintho tse mpe. Leha ho le joalo, batho ba bang ba nyahame haholo ke se bontšoang libaesekopong tsa kajeno hoo ba etsisitseng malapa a likete a Australia, a “tlositseng libaesekopo letotong la lintho tseo malapa a bona a ka ea li bo nang.”
Letlapana le lenyenyane le bontšang lintho, thelevishene, le saletse morao hanyenyane feela ka mehato ho likamano tsa botona le botšehali le ho ntšana likotsi ho etsoang libaesekopong. Se bontšoang morao tjena ho TV se akarellelitse lihlooho tse phahamisang bosodoma ba banna le ba basali, bootsoa ba batho ba batona le ba batšehali, ho nyalana ha batho ba tsoalanang haufi ka mali, peto, likamano tsa botona le botšehali pele le ka ntle ho lenyalo. Ke ka makhetlo a makae u ileng ua bulela TV u sa hlokomela hore feela u iphumane u shebelletse pono ea likamano tsa botona le botšehali kapa pefo e phahameng?
HO THABISA BA BOKANENG BOITHABISONG?
Se ratoang boithabisong ha se tšoane. Patlisiso e ’ngoe e ile ea fumana hore mokhoa o ka sehloohong oa boithabiso Amerika ke ho nka karolo ‘liketsong tsa boithabiso tse kang motjeko le ho etsa kapa ho ea liphathing.’
Leha ho le joalo, maemo a atisang ho ba teng linakong tse joalo a etsa hore ba bang ba boele ba hlomohe: “Ke eng ho etsahalang ka boithabiso?” Ba bangata ba lakatsang ho thabela botsoalle bo itseng bo khathollong ba iphumane ba le maemong ao ho oona ba ileng ba thulana le meleko ea ho sekisetsa kapa ho theola melao ea bona ea boitšoaro.
Tlaleho e tsoang South Afrika e bontša hore kameho e phahame ka liphathi tseo ho tsona ho boleloang hore ho bontšoa “likamano tsa papali tsa botona le botšehali.” Ba teng liphathing ba kopanela ka bolokolohi boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali e le karolo ea “papali” e hlophisitsoeng. Ngaka e ’ngoe ea mafu a hloho ea moo e ile ea tiisa polelo, e re: “Ke ntse ke sebetsa basali ba bangata ba sa ikutloeng hantle kamor’a hore ba kopanele likamanong tsa botona le botšehali tse kopanetsoeng ke bongata liphathing.” Ba bang ba ba ileng ba kopanela boitšoarong bo bobe ka ho se khotsofale ba lumela hore ke “ho itšilafatsa mekhoeng eo u phelang ka eona.”
Ho bokana hammoho ka boithabiso ka mokhoa o eketsehileng ho ntse ho fifatsoa ke ho noa ho tlōla lino tse tahang, hoo ba ho etsang ba leng molato oa seo Bibele e se hlalosang e le ho tšoareha ‘botahoeng, le meharong ea lijo le ea lino.’ (1 Pet. 4:3) Boithabiso ba mofuta ona bo tlatselitse ho saballeng ha botahoa bo se nang boitaolo linaheng ka ho fapakana ha tsona. Ho bile le bophahamo bo joalo ka ho totobetseng har’a bacha ba kajeno. Patlisiso e ’ngoe e ile ea fumana hore:
“Bacha ba noang . . . ke bana bao likelello tsa bona li sekametseng lihlopheng le boithabisong ba sa rateng ho ba bang ’me ba batla ho ba le metsoalle liketsong tsa bona tsa boithabiso, ’me ho bona, ho noa ke ketso ea boithabiso haholo.”
Na u iphumane u nyahame ke seo u famanang se etsahala libokeng tsa boikhathollo? Na u se u bile u ile ua fumana boikutlo bo bolotsana ba khatello ea ho “itšilafatsa mekhoeng eo u phelang ka eona”? Ka masoabi batho ba bangata ba arabela ka hore “e.”
Ka sebele libaesekopoo tsohle, se bontšoang thelevisheneng le libokeng tsa boithabiso hase hore li ka tsela ena. Empa ’nete eona e sala hore tse ngata li joalo. U ka etsa joang ho thibela khoholeho ea metheo eo u e nkang e le eo u e ratang? Boikutlo ba Mokreste e lokela hore e be bofe ka boithabiso boo bo theolang boitšoaro? Ke lintho life tse emang sebakeng bakeng sa ba batlang ho khahlisa Molimo? Tšepo e teng ea hore u tla bala lihlooho tse latelang ka thahasello.