Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/1 maq. 4-6
  • Khotso eo Kopano ea Lefatše e Itšoarelletseng ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso eo Kopano ea Lefatše e Itšoarelletseng ka Eona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLIMO O IPILETSA HO BABUSI
  • HO ETSA KHOTSO LE MOLIMO
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tsela eo Khotso e ka Tlang ka Eona Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Khotso ea Molimo bakeng sa ba Rutoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/1 maq. 4-6

Khotso eo Kopano ea Lefatše e Itšoarelletseng ka Eona

TAKATSO ea hore ntoa e felisoe ke e babatsehang haholo. Ho finyelloa ha ntho e joalo ruri e ka ba khatholoho e khōlō. Empa na ho ka tšoarella? Haufinyane Iseraele le Egepeta li thabetse likamano tse ntlafetseng ka tumellano ea tsona. Leha ho le joalo, na lehloeo le pakeng tsa Maarabe le Baiseraele le felile? Kapa, ha e le hantle, ba ikhokile feela? Ka ho tšoanang, linaheng tse ling—ka mohlala, Ireland, Lebanone le Zimbabwe—na ho teng boikutlo bo matla bo lutseng ka ho teba ba morabe, bolumeli, bochaba bo ntseng bo felisoa?

Potso e ’ngoe e ka nahanoang ha ho lekanyetsoa litokisetso tsa khotso ke e reng, tekanyetso ea motho bakeng sa khotso ke efe? Hangata litumellanong tsa lichaba naha e ’ngoe le e ’ngoe e amehang e batla melemo eohle kapa litokelo tseo e ka li fumanang. Mabakeng a mangata, ha ho etsoa tumellano, ke feela taba ea “tlenela pele,” ho mamellana ka boikaketsi, empa kutloano ea sebele e se teng. Ka kakaretso, lichaba ka bobeli ka nako eona eo li ntse li bokella libetsa, ho itšireletsa ho linaha tse ling kapa tsona pakeng tsa tsona. Ho feta moo, ha ho etsoa tumellano pakeng tsa linaha tse peli kapa ho feta, lichaba tse ling li khopisoa ke kopano, li nahana hore puso ea tsona ea sitisoa. Lia belaela kapa li tšohe phetohelo kapa hona ho hla li hlaseloa.

Ke eng, he, e hlileng e haeIlang boitekong bo joalo ba khotso? Ke sena: Ho sa tsotellehe hore na boiteko ba lichaba ba ho etsa khotso ke bo tiileng hakae, haeba li sa talima ka Bibeleng, li ke ke tsa tseba hore na thato ea Molimo ke eng litabeng tsena, kapa hore na o rerile eng e le motheo oa khotso. Ka ho hlokomoloha ho lemoha sena, li sitoa ho etsa khotso, eo pele ho tsohle e etsoang le Molimo. Ka baka leo, ha hoa raloa motheo o loketseng. Haeba li se tumellanong le Morena oa bokahohle, li ka lebella ho qoba ho hanana le thato ea hae joang? Lichaba li ka lebella ho kena boemong ba khotso joang ntle le hore li be khotsong le Morena oa Bokahohle?

MOLIMO O IPILETSA HO BABUSI

Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho thata hore mang kapa mang kapa sechaba leha e le sefe ho khahlisa Molimo—ho ba khotsong le oona. Empa hona ke leshano. Molimo o amohela motho e mong le e mong ea batlang likamano tsa khotso le oona. (Lik. 17:26, 27) A ka nolofalletsa eo hore a tsebe hore na khotso e joalo e ka finyelloa joang. Na hase ho utloahalang ho fumana thato ea Eo, Bibele e reng ke Morena ’musong oa motho?—Dan. 4:25.

Molimo o bile o ipiletsa ho babusi ba lichaba, a re: “Joale, he, marena, hlalefang; le lōna, baahloli ba lefatše, le eletsoe! Sebeletsang Jehova ka tšabo, ’me le thabe le ntse le thothomela! Akang Mora, a se tl’o halefa, ’me la timela tseleng ea lōna.”—Pes. 2:10-12.

Polelong e pesalemeng ena le mangolong a mang a mangata, re ka bona hore, hore lichaba li tle li fumane khotso ea lefatše, li tlameha ho qala ka ho etsa khotso le Molimo. Bakeng sa khotso, tlhokahalo ea bohlokoa ke tumellano ea pelo le kopano le ’Mōpi le Morena. O tseba se hlokahallang ho khotsofala le thabo ea bao a ba bōpileng. Hona ho totobetse haholo mehleng ea hona joale ea rona ha ho bonahala hore boiteko ba motho mabapi le tulisano ea tse phelang hangata bo fella ka liphoso tsa booatla kapa tse meharo ’me bo fetohile ntho e nyarosang le hona ho phela ka mofuthu lefatšeng.

Boipiletso pesalemeng ea bobeli, ho marena le baahloli ba lefatše, bo nea babusi ba lichaba tsa lipolotiki monyetla oa ho etsa khotso le Molimo le Mora oa oona. Empa histori e bontša hore ha ho sechaba se feletseng se seng se entse joalo, ’me boprofeta bo bontša hore ha ho sechaba sa bopolotiki se tla ke se etse joalo. (Pes. 2:2, 3; Tšen. 16:13-16) Ka baka leo, lichaba ka botsona ha ho mohla li tla ba khotsong le Molimo kapa tsona har’a tsona. Kaha li nkile boemo bona, “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona.”—1 Joh. 2:17.

HO ETSA KHOTSO LE MOLIMO

Molimo o na le matla, ho sa tsotellehe boitšoaro ba lichaba, hore a hatise thato ea hae le hore a tlise khotso. Empa ha a tšepise khotso e qobelloang. Sena ke se bonoang ke batho ba bang e le eona tšepo feela ea sebele. Mohlomong lichaba, kamoo ba nahanang, li tla itlhomella ka lihlomo tsa athomiki ho isa ntlheng eo ho eona bohle ba tla tšaba ho qala ntoa, ba tseba hore ha ho ea tla hlōla, empa hore ke tšenyo ea lefatše feela e tla hlaha. Ba bang ba na le maikutlo a hore ’muso o phahameng, ’muso oa lefatše kapa bonyane kopano ea mebuso ea lichaba bakeng sa khotso o tla finyella sepheo se habiloeng.

Leha ho le joalo, khotso ea lefatše e tlisoang ke Molimo e tla ba ea mofuta o fapaneng. O re bolella hore ke batho ba sebopeho sa khotso feela—ba batlang khotso kannete—ba tla e thabela. “Ba bonolo ba tla rua lefatše,” kamoo ho bolelang mopesaleme, “ba iketle khotsong e kholo.” (Pes. 37:11) Tšepiso ena e ile ea phetoa ke Jesu Kreste Thutong ea hae ea Thabeng. (Matt. 5:5) A ruta balateli ba hae hore ba rapele: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:9, 10.

Ke ’muso ofe o tla busa holim’a lefatše leo la khotso? E seng o nang le motse oa moreneng o lefatšeng. Sehlopha sa oona sa puso se tla ba leholimong. Jesu o o bitsitse “’muso oa maholimo.” (Matt. 4:17) Ona ke ’muso oa Mora oa Molimo, eo moprofeta oa Molimo a itseng ke “Morena oa khotso.” Ka puso ea hae, moprofeta o itse: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng.”—Esa. 9:6, 7.

Joalokaha boprofeta ba Esaia bo bolela khotso e sa le pele tlas’a puso ea leholimo ea Jesu Kreste, mopesaleme Davida o bapisa puso ea Kreste le puso ea khotso ea Morena Salomone, ha Salomone a ne a busa holim’a Lefatše la Pallo ho isa meeling ea lona e neng e fanoe ke Molimo. Mopesaleme o hlalosa khotso ea mofuta o batloang ke Molimo, a re: “O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi. . . . Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng [ho bolelang ho isa ka ho sa feleng]. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, . . . Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng . . . Ho rorisoe Jehova Molimo, Molimo oa Iseraele, ea etsang lintho tse makatsang a inotši! Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ka ho sa feleng; lefatše lohle le ke le tlale khanya ea hae.”—Pes. 72:4-19.

Mehato ke efe ea ho etsa khotso le Molimo, ’me, ka baka leo, khotso le ba bang? Na hona ho ka etsoa lefatšeng lohle, hoo e leng hore khotso ea ’nete ea lefatše e ka hlaha? Potso ena, ea bohlokoa ho bohle, ke eona eo ho tla buisanoa ka eona sehlohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bibele e bontša hore khotso ea lefatše e lokela ho theoa khotsong le Molimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela