Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/15 maq. 3-4
  • Mopapa Machabeng a Kopaneng—Lenqosa la Tšepo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mopapa Machabeng a Kopaneng—Lenqosa la Tšepo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’MUELLI OA MACHABA A KOPANENG
  • HO TSEBAHATSA SE HLOKOANG KE BATHO
  • Na Kereke e Tla Etsa se Boletsoeng ke Mopapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ketelo ea mopapa ho Machaba a Kopaneng—e Finyelletse Eng?
    Tsoha!—1996
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
    Tsoha!—1987
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/15 maq. 3-4

Mopapa Machabeng a Kopaneng—Lenqosa la Tšepo?

KARABELONG ea memo ea Mongoli-Kakaretso Kurt Waldheim, Mopapa John Paul II o ile a etela Machaba a Kopaneng ka la 2 Mphalane ngohola. Le hoja a hlotse matsatsi a supileng Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, a emisa Boston, New York, Philadelphia, Des Moines, Chicago le Washington, D.C. Ha mokoloko oa makoloi a tsamaeang le eena a feta, Mak’hatholike hammoho le bao e seng Mak’hatholike ba tsoelipana hore ba fumane libaka ’me ba thamola melala hore ba bone ka ntlha feela mopapa ea matla ea lilemo li 59.

Le hona Machabeng a Kopaneng, moo boeti ba batho ba phahameng bo tloaelehileng, ho hlaha ha mopapa ho ile ha tsosa khahleho e khethehileng. Puo ea hae Lekhotleng le Akaretsang e bile tšobotsi e ka sehloohong ea leeto la hae la Amerika. Ka puo eo, taba ea mohlophisi ho New York Post ea re: “O ne a etsa thapeli ea hore ho qalisoe bocha, pono e ncha le ho tsosolosoa ha tšepo.”

Na molaetsa oa hae o ile oa fana ka motheo oa tšepo e nchafalitsoeng? O ile a lebisa tlhokomelo mohloling ofe bakeng sa mathata a batho hore a phekoloe?

’MUELLI OA MACHABA A KOPANENG

E bile ho Machaba a Kopaneng. Mopapa a re: “Ke na le tšepo ea hore Machaba a Kopaneng a tla lula e le qhobosheane e phahameng ea khotso le toka, setulo sa ’nete sa tokoloho ea batho le batho ka bomong ha ba laba-labela bokamoso bo molemo.”

Leha ho le joalo leha e le hang feela puong ea hae ea metsotso e 62 ha ho moo mopapa a kileng a bolela Jesu Kreste kapa ’Muso. Kaha o nkile tlotla “Moemeli oa Kreste,” na hona ha ho makatse? Ho se bue letho hoo ho hlile hoa makatsa ha ho talingoa ’nete ea hore Bibele e khetholla ’muso oa Kreste Jesu, e seng Machaba a Kopaneng, e le oona mokhoa oo Molimo o tlang ho tlisetsa lefatše khotso ka oona. Na u ikutloa hore takatso ea ho qoba ho khopisa bao e seng Bakreste le ba sa lumeleng boteng ba Molimo ba Machabeng a Kopaneng ho lokafalitse ho se bue letho hona?

HO TSEBAHATSA SE HLOKOANG KE BATHO

Mopapa, leha ho le joalo, o fetse a supa lintho tsa ’nete tse hlokoang ke lelapa la motho tse sa khotsofatsoeng hona joale. Ka mohlala, o buile ka “phapang e sisimosang e teng pakeng tsa batho ba ruileng haholo . . . [le] bongata bo entsoeng ka bafumanehi, mekōpa-kōpa kannete, e haelloang ke lijo le menyetla ea mosebetsi le thuto, ’me ka bongata bo boholo ba ahloletsoe tlala le maloetse.”

Ho hlokahala hore boemo bona bo lokisoe, kamoo mopapa a ileng a hatisa. A re, “Hase lekunutu, hore selomo se arotseng sehlotšoana sa ba ruileng haholo ho letšoele la mekōpa-kōpa ke pontšo e tebileng haholo bophelong ba tsamaiso leha e le efe.” Leha ho le joalo na Kereke ea mopapa ka boeona e bontšitse mohlala leha e le ofe oa hore na ho lekanngoa ho loketseng ha lintho tse fumanehang ho ka finyelloa joang?

Hape, Mopapa John Paul II a supa bohlokoa ba ho sireletsa “bolokolohi ba bolumeli le bolokolohi ba letsoalo.” Ruri barati bohle ba toka ba ka lumellana le mopapa ha a re: “Ke taba ea bohlokoa haholo hore . . . batho bohle sechabeng se seng le se seng le naheng e ’ngoe le e ’ngoe ba khone ho thabela hamolemo litokelo tsa bona tse feletseng tlas’a ’muso kapa tsamaiso leha e le efe ea bopolotiki.” Empa na Kereke ka boeona e beile mohlala oa ho buella bolokolohi ba bolumeli bakeng sa bohle?

A phahamisa tlhokahalo e ’ngoe e matla ea batho, John Paul II a pheta mantsoe a Mopapa Paul VI, a ileng a boleloa Machabeng a Kopaneng ka Lekhotleng le Akaretsang lilemong tse fetileng tse 14: “Ntoa e fele. Ntoa e se hlole e e-ba teng.” Ruri hoa hlokahala hore ho felisoe ntoa le litokisetso tsa ntoa! Hape, ke mohlala oa mofuta ofe o beiloeng ke Kereke e K’hatholike ntlheng ee?

Matsatsi a seng makae pele mopapa a buisana le Machaba a Kopaneng, ha a le leetong la hae Ireland, a bolella Mak’hatholike: “Ke oele ka mangole fatše ke le kōpa hore le furalle litsela tsa qhoebeshano ’me le khutlele litseleng tsa khotso. . . . Qhoebeshano e tsoelang pele Ireland e tla sebeletsa feela ho lelefatsa ho senyeha ha naha eo le ipolelang hore lea e rata le melemo eo le bolelang hore lea e thabela.”

Na boeti ba John Paul Ireland le Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika ho ka lebelloa hore bo thuse ho rarolla mathata a tebileng a tobaneng le batho? Na Kereke eo a e emelang e beile mohlala oa ho khotsofatsa se hlokoang ke batho seo mopapa a se boletseng? Ha ho ahloloa ka tsela eo ba limillione ba ileng ba tsoela ho tla mo bona le ho mo mamela, ka ho totobetseng ba bangata ba mo talima e le lenqosa la tšepo. Empa na ke lona? Linnete ha li tlohelloe hore li arabele.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela