Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/1 maq. 3-4
  • Le ʼne le Shebelle!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ʼne le Shebelle!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “EMISANG LIHLOOHO”
  • FALIMEHANG!
  • Lipontšo Tsa Mehla—Li u Lemosa Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/1 maq. 3-4

Le ʼne le Shebelle!

SEHLOOHO se neng se re “Ho Nahana Tse sa Nahanoeng” se ile sa hlaha ho New York Times ea Tlhakola 14, 1980. Moo Dr. Howard H. Hiatt, hlooho ea Sekolo sa Harvard sa Bophelo ba Sechaba, ho boletsoe litaba tsa hae ka phello ea seqhomane se le seng sa “nuclear,” “seo ho hang e tla beng e se sona se seholo ho tsohle polokelong ea lihlomo,” e neng e tla ba le eona tikolohong ea Boston. O itse:’

“Sehlomo seo se ka senya ntho e ʼngoe le e ʼngoe e tikolohong ea limaele tse ʼnè. Mokoti o tla chekoa ke seqhomane ka booona o be halofo ea maele bophara le bolelele ʼme o tebe ka maoto a baloang ka makholo. Sebaka se nkang tikoloho ea limaele tse ʼnè thoko ho moo ho ripitliloeng ka ho feletseng leqhubu la khatello, le felehetsoang ke meea e tsamaeang ka lebelo la limaele tse 1 000 ka hora, le tsose sefefo se seholo sa mollo. Limaele tse mashome a mane thoko ho moo hape, batho ba shebelletseng moo ho qhoma ho etsahetseng ba foufatsoe ke ho cha ha thaka ea mahlo. Ho batho ba limillione tse 3 ba phelang sebakeng sa borui sa Boston, limillione tse 2,2 li bolaoe hang ke ho qhoma kapa sefefo sa mollo.”

Ho joalo e ka ba feela phello ea pele ea seqhomane se le seng feela ho tse likete tse lipolokelong tsa lefatše haeba se ka otla “sera.”

Kannete, monyetla oa hore ‘li-sa-tsejoeng’ li ka etsahala o fana ka lebaka le letle la ho nahana ka boemo ba lefatše. ʼMe batho ba bangata ba hlile baa nahana. Tlaleho e khethehileng ho tokollo ea la 11 Tlhakola, 1980 ea U.S. News & World Report e aro-arotse matla a ntoa a lichaba tse etellang pele tsa lefatše, ka mantsoe ana a qalang: “Ho lefatše le tšohileng le shebelletseng, Soviet Union kajeno e bonahala joaloka morena-oa-marena ho tsa ntoa, e nkile ka sekaja ho ea pusong ea lefatše.” Lena ruri ke lefatše le shebelletseng ka tšabo, bakeng sa khohlano e tla tsamaea le ntoa ea libetsa tse chefu e sithabetsang maikutlo. ʼMe ha ho pelaelo ea hore puso ea lefatše e hlile ke khang e khōlō mehleng ea rōna.

Na ho na le pheko bakeng sa boemo ba letsatsi lee la kahlolo? Batho ba bangata ba shebelletse ka tsieleho. Ba bona lichaba li ntse li ipha matla tabeng ea libetsa le lihlomo tsa mefuta-futa tse kotsi. Ha ba shebelletse, ka mokhoa o bohloko likotsi tse sisimosang li sokela li tsoa maholimong le leoatleng, joalokaha Morena, Jesu, a hlile a bolela bakeng sa mehla ea qetello ea tsamaiso ea lintho e khopo e lefatšeng lena. Jesu o itse:

“Matšabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tsoang leholimong. Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le Iinaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.”—Luka 21:11, 25, 26.

“EMISANG LIHLOOHO”

Pono e ka ʼna ea e-ba e nyarosang kannete bakeng sa ba shebelletseng liphetoho ponong ea lefatše feela. Leha ho le joalo, Jesu a boela a re:

“Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ʼme le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Kahoo ha ho hlokahale tšabo ka lehlakoreng la ba shebelletseng liketsahalo tsa lefatše ponong ea tumelo ea Lentsoe la boprofeta la Jehova. Ho e-na le ho hoholeha tšabong ea se ka ʼnang sa etsahala khohlanong ea libetsa tse chefu, ba lebelletse ka tšepo tšepisong ea Molimo ea topollo.

Na u ea lebelletseng ka tšepo bakeng sa ho khutlela linakong tse molemo har’a batho? E ka khona u ele hloko tlhaloso ea Jesu ka se boleloang ke mehla ea rōna. Hoba ho qhome ntoa ea I ea Lefatše, ho tsieleha ha lichaba, tlōlo ea molao, bonokoane, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le mahlomola a mang a ʼnile a phahama lefatšeng, joalokaha Jesu a hlile a bolela hore ho tla ba joalo, ho tšoaea ‘pontšo ea boteng ba hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3-12; Luka 21:10, 11) Empa a eketsa mantsoe ana: “Ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ʼmuso oa Molimo o haufi. Ka ʼnete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe. Leholimo le tla feta le lona lefatše, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa ba tsa feta.”—Luka 21:31-33.

Bonyane ba bang molokong o boneng ho qaleha ha mehla ena ea ho hloka molao ka 1914 ba lebelletse hore ba be ba ntse ba le teng ha e felella. Hoo ho tla etsahala nakong ea ha ho phethahala Daniele 2:44, mabapi le “marena” kapa babusi bao hona joale ba loantšanang bakeng sa ho busa lefatše. “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ʼmuso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Lihlomo tsa “nuclear” tsa lichaba li tla pakahatsoa e le lefeela ha li thulana le matla a maholo a ʼmuso oa Molimo ka Kreste Jesu. “Morena oa marena” eo e leng Jesu, o tla ahlola lichaba ka ho loka, a senya ba khopo ʼme a boloka ba bonolo ba ʼnileng ba shebella. Tlhohonolofatso ea ʼMuso e tlang ho latela e tla ba e khōlō hakaakang! “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pes. 37:10, 11; Tšen. 19:11-21.

FALIMEHANG!

Ho ea qetellong ea boprofeta ba hae ka bofelo ba tsamaiso ea lintho, Jesu a fana ka temoso ena: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ʼme letsatsi leo la le tšoara sehlōhō, hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.” Letsatsing la liphetetso tsa Molimo holim’a lichaba tse khopo le batho ba se nang molao, batho feela ba tlang ho pholosoa ke ba tla fumana kahlolelo e mohau ea “Mor’a motho,” Kreste Jesu. Batho bohle ba tla pholoha ba tlameha ho utloa keletso ea Jesu: “Falimehang ke hona, ʼme le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:34-36.

Ha a phetha boprofeta bona boo, ho ea ka tlaleho ea Mareka, Jesu o itse: “Iponeleng, le falimehe, ʼme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako. . . . Lebelang ke hona; . . . e se re [Morena], ha a e-tla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle; Lebelang!” Ke se etsoang ke Lipaki tsa Jehova kajeno, ha ka matla li bolela ‘litaba tse molemo lichabeng tsohle,’ hore ʼmuso oa Molimo ka Kreste o haufi. (Mar. 13:10, NW, 33-37) Ho kopanetseng bopaking bona bo boholo bo etsoang lefatšeng lohle ke makasine ea Molula-Qhooa, oo hona joale o leng selemong sa oona sa 102 sa khatiso. Tšepo e teng ea hore maqephe ana a tla tsoela pele ho ba matšeliso ho babali ba rōna ba limillione, a khothalletsa bohle “HO LEBELA.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela