Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 maq. 16-18
  • Ho Koebetella Boikhantšo ho ka u Tsoela Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koebetella Boikhantšo ho ka u Tsoela Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Ikhantša ho Phoso?
    Tsoha!—1999
  • Liphello Tsa Boikhohomoso—Li Bohloko Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • U ka Loantša Satane—’me ua mo Hlōla!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Thoe’ng ka ho Ikutloa U le Motlotlo ka Morabe oa Heno?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 maq. 16-18

Ho Koebetella Boikhantšo ho ka u Tsoela Molemo

KA MABAKA a mangatanyana ho koebetella boikhantšo ho ka u tsoela molemo. Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore boikhantšo ba Bokreste bo ka kenngoa mona nako le nako. Hobane le hoja boikhantšo bo atisa ho hlahisoa ke ho iphahamisa le ho haelloa ke boikokobetso, ka nako e ’ngoe bo amana le ho itlhompha, ho finyella lintho tse ka rorisoang kapa kamano ea rōna le Molimo.

Ka mohlala, moapostola Pauluse o ngolla phutheho e Thessalonika, eo a bileng le tokelo ea ho e thea, ka mantsoe ana: “Re tšoanetse ho leboha Molimo ka mehla ka baka la lōna, banab’eso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ea lōna e ntse e hōla ka ho fetisisa, le lerato la lōna bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha. Ke hona re ithorisang ka lōna likerekeng tsa Molimo, ka baka la sebete sa lōna le la tumelo ea lōna lihlorisong le matšoenyehong ao le a mamellang.” Tumelo e joalo ea bona le lerato li ne li kenya boikhantšo bo tšoanelehang ho Pauluse.—2 Ba-Thess. 1:3, 4.

Moapostola Pauluse a boela a bua ka ba bang ba neng ba ikhantša ka Molimo. (Ba-Roma 2:17) ’Me, ka Bibeleng re bala hangata ka bahlanka ba Molimo ba ithorisa ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, kapa, re ka re ba ikutloa ba le motlōtlō ka bona.—Pes. 34:2; 1 Ba-Kor. 1:31; Ba-Fil. 3:3.

Ntle ho pelaelo ho ka boleloa hore ho na le linako tsa ha litho tsa lelapa li ka ikhantša ka litšoaneleho, lintle kapa lintho tseo ba li finyellang, joalokaha monna a ka ikhantša ka ho pheha ha mosali oa hae. Kapa batsoali ba ka ikhantša ka hore bana bao ba ba hōlisitseng ba ikhethela ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.

Leha ho le joalo, u ka ’na ua makala ho tseba hore, Lentsoeng la Molimo, boikhantšo bo boleloa ka mokhoa o bo nyatsang ka makhetlo a 20 ho feta kamoo bo boleloang ka tsela e ntle. Ho joalo hobane’ng? Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re eletsoe nako le nako ka boikhantšo? Hobane hangata ke sebopeho se metseng sa boithati se ka ’nang sa re kenya khathatsong habonolo ntle le haeba re se alosa ka mehla. E, “mehopolo ea motho e . . . mebe le bocheng ba hae.”—Gen. 8:21.

Ka sebele, ho joalokaha eka re lokela ho lulella thōko-thōko, ho hana eng kapa eng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nkhang boikhantšo kapa boikhohomoso. Ke ba bangata hakaakang ba ikentseng lithoto ka baka la boikhantšo! Ho hobe ho feta moo, ke ba bakae ba timetseng ka baka la boikhantšo ba bona! Ke ka nepo sengoli se seng sa Lenyesemane se ileng sa hlokomela: “Ka kakaretso, boikhantšo bo motsong oa liphoso tsohle tse khōlō.” Mohlala oa kajeno o tsebisihalang ke oa Adolf Hitler.

Ho hlileng ho loantšanang le boikhantšo haholo ke ’nete ea hore bo ka re etsa lira tsa Jehova Molimo, hobane rea bala: “Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.” (1 Pet. 5:5) E, ka kutloisiso ena “motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.” (Liprov. 16:5) Ha ho makatse hore ha re ea pele re bala hore “boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.”—Liprov. 16:18.

Mehlala ea Bibele e mengata e bontšang hore ke bohlale ho koebetella boikhantšo, joaloka nakong ea ha re eletsoa. Mohlala oo re ka o supang ke molaoli oa makhotla a Syria Naamane ea neng a hlasetsoe ke lepera. E ne e le ntho e mo theolang boemong hore mohlanka oa Elisha a mo bolelle hore a ikine ka makhetlo a supileng ka metsing a Jordane e le hore a ka fola. Naamane a ithorisa ka hore metsi a linōka tsa Damaseka a feta a Jordane. Leha ho le joalo, a koebetella boikhantšo ba hae ’me a tlohella tšusumetso ea bahlanka ba hae hore a sebetse ka molaetsa o rōmetsoeng ke Elisha. Ka ho etsa joalo, Naamane a phekoloa lepera. Ruri ho ile ha mo tsoela molemo ho koebetella boikhantšo ba hae. (2 Mar. 5:11-14) Ho joalo le ho rōna. Ha re neoa keletso e bohlale e hananang le litšekamelo tsa rōna, ke hantle ha re koebetella boikhantšo ba rōna.

Ntlheng ena, rea bala: “U laee mohlalefi, eena o tla u rata.” “Tsebe e mamelang taeo e pholosang, e tla lula har’a bahlalefi.” (Liprov. 9:8; 15:31) Ea ileng a hana taeo mehleng ea pele ke Kaine. Jehova Molimo a mo lemosa: “Sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” Ka baka la boikhantšo ba hae Kaine a hana ho mamela, ea e-ba ’molai ’me a lelekoa har’a batho. (Gen. 4:7) Mohlala o mong ke oa Morena Oziase. Katleho ea hae lintoeng ea mo mathela hloohong hoo a neng a batla ho ikhapela ka mahahapa litšebeletso tsa boprista. Ha a khalemeloa, ka manganga a hana ho koebetella boikhantšo ba hae ’me, ka baka leo, a shoa e le molepera.—2 Likron. 26:16-21.

Ka linako tse ling re ka ’na ra nyelisoa kapa ra theoloa ka tsela e ’ngoe. Re tla etsa joang? Re iphetetse? Re etse joalokaha re entsoe? Che, hobane ha rea tšoanela ho busetsa bobe ka bobe. (Ba-Roma 12:17-21) Mabakeng a joalo, mantsoe a Jesu aa sebetsa: “Ha motho a u jabela lerama le letona, u mo sekehele le lona le leng.” (Matt. 5:39) Ea ileng a hana ho nyelisoa, a hana ho koebetella boikhantšo ba hae, ke Hamane Moagage. Morena Assueruse o ne a laetse hore bohle ba khumamele Hamane, empa Mojode Mordekai, ka mabaka a utloahalang, a hana ho etsa joalo. Hona ha halefisa Hamane ea ikhantšang le oa lefeela hoo a ileng a ikemisetsa hore a ke ke a bolaea Mordekai feela empa le Bajode bohle. Qetellong Hamane a kokobetsoa pele ’me nakoana kamor’a moo a shoela sefateng seo a neng a se lokiselitse Mordekai. Hoja Hamane a koebetella boikhantšo ba hae ’me a hlokomoloha nyeliso ea Mordekai ho eena, mohlomong a ka be a sa oela bofelong bo sa rereloang le bo lihlong joalo. (Esthere, likhaoh. 3 ho ea ho 9) Ke hantle re balang: “Ea leoatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ea masene o pata tšito ea ea mo sitetsoeng.”—Liprov. 12:16.

Joale hape, ke molemo ho koebetella boikhantšo ba rōna le ho ikōpela tšoarelo ha re sitetsoe e mong ka mantsoe kapa ketso. Ruri ke botho ho rōna hore re lokise litaba le ba bang. Joalokaha Jesu a elelitse Thutong ea hae ea Thabeng: “Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.”—Matt. 5:23, 24.

Ntlha e ’ngoe eo re ka koebetellang boikhantšo ba rōna ho eona ke ho lumela phoso ha re e entse. Ha ho ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha ho ea phethahetseng. Kahoo ha re fumana hore re hlile ha re tsebe seo re neng re bua ka sona, kapa re ahlotse ka phoso, ’me kahoo ra etsa ka booatla, bohlale ke hore re lumele ho ba bang ba amehang. Hona ke habohlokoa haholo ho ba alositseng, le haeba ke batsoali, baokameli kapa baholo ba khethiloeng ka phuthehong.—Bapisa Jakobo 3:1, 2.

Hape, ho tla re tsoela molemo ha re koebetella boikhantšo ba rōna ka hore ka mehla re lebelle ho honyenyane ho feta kamoo re nahanang hore rea tšoaneleha. Ke kahoo Jesu a itseng ha re memetsoe moketeng re nke setulo se morao-rao, le hoja re ka ’na ra ikutloa hore re tšoaneloa ke se hlomphehang. Ho molemo haholo ho kōpuoa ho ea setulong se hlomphehang haholoanyane ho e-na le ho kōpuoa hore u tlohe u theohele ho se tlasenyana.—Luka 14:7-11.

Kannete, ho na le mabaka a mangata, na ha ho joalo, hore re koebetelle boikhantšo ba rōna? Ho ka re tsoela molemo ha re etsa joalo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela