Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 10/1 leq. 25
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baphonyohi ba Lokisetsa “Harmagedone”
  • Liithuti le ‘Sekepe se Tebang’
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 10/1 leq. 25

Ho Nyarela ka Litabeng

Baphonyohi ba Lokisetsa “Harmagedone”

● “Baphonyohi ba Itokisetsa Harmagedone” ke sehlooho se sa tsoa hlaha ho Los Angeles “Times”. Sehlooho se ne se hlalosa ka mokhatlo o ntseng o hōla ka potlako oa Amerika o batlang ho lokisetsa tlokotsi e tlang. “Baphonyohi ba nahana ka mekhoa e fapaneng ea hore na Harmagedone e tla fihla joang,” kamoo ho hlalosang “Times.” “Mohlomong e tla bakoa ke litšisinyeho tsa lefatše, likotlo, litlala kapa liphutuhelano.” Taba ea ntoa ea libetsa tse chefu, ho oa moruong kapa lintoa tsa metseng le tsona li tšoenya baphonyohi. “Batho ba tla fetohela pusong ea mahoo-hoo,” kamoo ho bolelang buka e ʼngoe ea sehlopha, ʼme “tsoelopele e tla senngoa.”

Ho itokisetsa, baphonyohi ba bokella gauda, Iijo, lisebelisoa, meriana le lihlomo. Hang hape, litšireletso tsa lintho tse kotsi tse oang holimo le tsona li rekisoa ka matla. Likampo tsa koetliso bakeng sa mahlale a baphonyohi—haholo ho sebelisoa ha lithunya—lia phahama. “Le lokela ho ruta bana ba lōna ho tšoara lithunya,” kamoo ho boletseng morupeli e mong oa baphonyohi. “Oa ka oa ho fela o lilemo li 11, ʼme re mo ruta ho thunya.”

Na litokisetso tse joalo li tla sireletsa “baphonyohi” ho Harmagedone? Che. Harmagedone hase ntho e tla tlisoa ke liketso tsa batho kapa tlokotsi ea tlhaho—e seng ho ea ka Bibele, moo lentsoe le qalehang teng. Ho e-na le hoo, ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle, e loaneloang ho tlosa “ba senyang lefatše.” (Tšen. 11:18; 16:14, 16) Kahoo, ho phonyoha ho ke ke ha itšetleha ka ho re na ho bokelletsoe lijo tse kae, kapa ka hore na motho o nepa hakae ha a thunya, empa, ho e-na le hoo, ka ho utloa taelo: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, . . . batlang ho loka, le batle boikokobetso.” Ba etsang joalo, moprofeta o re, “ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sof. 2:3.

Liithuti le ‘Sekepe se Tebang’

● Ho latela karo-karolo ea lekhotla la thuto la Carnegie, ho bile le phetoho e khōlō lipakaneng tsa liithuti tsa likoleche United States. Ho e-na le ho etelletsa pele bohlokoa ba botho le lipakane, joalokaha liithuti ka kakaretso li ne li etsa lilemong tse fetileng tse leshome, ho bonahala khopolo ea kajeno e le “ithute ntho e nepahetseng ʼme u lefuoe chelete e ngata.” Hobane’ng? “Kajeno ho na le boikutlo har’a ba s’o qete sekolong hore ke baeti sekepeng se tebang, sekepe se majaba-jaba, se bitsoang United States kapa lefatše,” kamoo boithuto bo boletseng. “Ho teng tumelo e hōlang har’a liithuti tsa koleche hore, haeba ba ahloletsoe ho palama sekepe se majaba-jaba se tla teba, ba lokela hore bonyane ba etse hore leeto lena ebe le monate—ba le etse le tletseng menono hakaalo—kamoo ba ka khonang ʼme ba palame sehlopheng sa pele, kaha ba nka hore ha ho letho le molemo ho moo.”

Le moapostola Pauluse o lumetse hore maikutlo a joalo ka bophelo a ka lebelloa ha motho a se na tšepo: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.” Empa hona ho ne ho ka lebelloa, kamoo a boletseng hafeela “bafu ba sa tsohe.” Ka lehlakoreng le leng, kaha ba nang le tumelo ba hlokomela hore bophelo bo sa feleng thabong ke ntho e ka etsahalang ho ba phelang le ba shoeleng, ba nka tsela e bohlale e khothalletsoang ke Pauluse. O phehella ba ‘sebelisang tsa lefatše lena’ ho ‘tšoana le ba sa Ii sebeliseng.’—1 Ba-Kor. 7:29-31; 15:29-32; Joh. 17:3.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela