Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 5/1 maq. 14-19
  • Tiea ‘Litabeng Tse Molemo’!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tiea ‘Litabeng Tse Molemo’!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠEPO EA TSOHO
  • TSOHO EA LEHOLIMONG
  • “E MONG LE E MONG O TLA TSOHA NAKONG EO E LENG EA HAE”
  • SEHLOPHA SE RATILOENG
  • HABOHLOKOA HAHOLO
  • Tsoho—Thuto e U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ’Musa le Tšepo ea Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 5/1 maq. 14-19

Tiea ‘Litabeng Tse Molemo’!

“Ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng eona kateng, ha eba le sa ka la lumela feela.”—1 Ba-Kor. 15:2.

1. Ke hobane’ng ha Pauluse a phehile khang e matla lebitsong la tsoho?

MOAPOSTOLA Pauluse o phahamisa lengolo la hae la pele le eang ho Ba-Korinthe ka puo e matla ea tsoho. Ke hobane’ng ha a ile a buella tsoho ka matla hakana? E ne e le ka morero o nakong. Bakreste bao ba Korinthe ba ne ba likiloe ke lefatše le meharo, la boitšoaro bo bobe, ’me ba bang ba se ba bile ba oetse marabeng a Satane. Pauluse o ne a sa batle ha bana babo bao a ba ratang e ba ‘ba lumelang lefeela,’ hobane hoo ho ne ho tla bolela hore ba tla timetsoa. Ho e-na le hoo o ne a batla ha ba ema ba tiile ‘litabeng tse molemo’ tseo a neng a ba boleletse tsona.

2. (a) Ke hobane’ng ha rōna kajeno re lokela ho sebetsa ka matla lebitsong la ‘litaba tse molemo’? (b) Tsoho e tlamahana joang le ‘litaba tse molemo’?

2 Ho joalo le kajeno, re phela lefatšeng le sa tsebeng Molimo, ka baka leo, rona ‘ba lumelang ho Molimo o phelang’ re tlameha ho sebetsa ka thata le ho etsa ka matla lebitsong la ‘litaba tse molemo.’ (1 Tim. 4:10) ‘Litaba tse molemo’ joale li bua ka ‘’muso o hlomiloeng oa Morena oa rona [Jehova] le oa Kreste oa hae.’ Ke ka tsoho Kreste Jesu le marena a nang le eena a 144 000 ba fumanang ’Muso oo, Thaba ea Sione ea leholimo. Hape, ke ka tsoho bongata bo boholo ba batho bo tla fumana sebaka sa lefatšeng sa ’Muso. (Tšen. 11:15; 14:1; 20:12) Kahoo, tsoho e fetoha tšobotsi e khōlō ea ‘litaba tse molemo.’

TŠEPO EA TSOHO

3. Ke ka tsela efe thuto ea tsoho e hananang le thuto ea hore moea ha o shoe?

3 Hantle-ntle tšepo ee ea tsoho ke eng? Hase tšepo e theiloeng ho seo ho nahanoang hore ke moea o sa shoeng, joalokaha ho ruta ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ka ntle le ka hare ho Bojakane. Che, ke tšepo ea meea e shoang! Lentsoe “tsoho” (a·naʹsta·sis ka Segerike) le hlaha ka makhetlo a ka bang 40 ka Mangolong a Bakreste a Segerike. Le bolela ho ema hape, ho tsohela bophelong. Motho hore a tle a tsohele bophelong o tlameha ho shoa, hobane bophelo bo fapana le lefu.—Deut. 30:19, 20; Esa. 38:17-19.

4. Ke eng e bontšang hore Bajode ba pele ba ne ba sa lumele hore moea oa motho ha o shoe ba mpa ba lumela tsoho ea lefatšeng?

4 Ka Mangolong a Seheberu, thuto ea moea o sa shoeng ha e eo. Ho hang Bajode ba ne ba sa tsebane le maikutlo ana. Leha ho le joalo, lipontšo li ngata tsa hore ba ne ba lumela tsohong ea lefatšeng. Mohlomong ke ka lebaka leo ba bileng le maikutlo a hore Jesu e ka ’na eaba ke ‘Johanne Mokolobetsi, Elia, Jeremia kapa e mong oa baprofeta ba tsohileng!—Matt. 16:14.

5. Tumellanong le morero oa Molimo, Abrahama le bahlanka ba bang ba boholo-holo ba Molimo ba ne ba lebelletse eng?

5 Hoba a hlalose tsela e tšepahalang ea Abele, Henoke, Noe le lelapa la Abrahama, moapostola Pauluse o re bolella hore: “Bao bohle ba shoele ka tumelo, ba e-so ho neoe tseo ba li baletsoeng, ba mpa ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng.” Ba ne ba lebelletse tsoho, e neng e tla ba lefatšeng tlas’a puso ea ‘motse o nang le motheo’—’Muso oa Molimo oa Messia. Ha a lekoa ka ho nyehela Isaaka, Abrahama ea tšepahalang a ‘lekanya hoba Molimo o ka tseba ho tsosa mora oa hae bafung.’ Hape, Abrahama a lumela tšepiso ea Molimo ho eena hore ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa peong ea hae.’ Ka ho utloahalang, batho ba bangata haholo ho lichaba tseo ho tla hlokahala hore ba tsosoe hore ba tle ba thabele mahlohonolo a joalo ka “peo” eo.—Gen. 22:18; Ba-Heb. 11:4-9.

6. Mantsoe a Jobo le bara ba Kore a bontša eng ka tsoho?

6 Hamorao, Jobo ea tšepahalang a botsa potso: ‘Ha motho ea phelang hantle a shoa na a ka phela hape’? Jobo o ne a lumela hore motho a ka ho etsa. ’Me a bontša ho lumela ha hae ka ho kōpa Molimo hore o mo pate Sheol (lebitla le tloaelehileng la batho bohle) ’me o mo hopole ka nako ea teng. (Jobo 14:13-15) Ho Pesaleme ea 45:16 bara ba Kore ba profeta hore Messia o tla ba le “bara” bao a tla ba khethela ‘bohosana lefatšeng lohle’ nakong ea puso ea hae ea lilemo tse sekete. “Bara” bana ba ne ba tla akarelletsa ‘bo-ntate moholo’ ba hae ba tšoanelehang bao e neng e tla ba ntat’a bona ka ho ba tsosa bafung.—Matt. 1:1-16; Luka 3:23-28.

7. (a) Mangolo a baprofeta a tšehetsa tšepo ea tsoho ea lefatšeng joang? (b) Ke hobane’ng ha tsoho ea Daniele le ba bang e tla ba ‘tsoho e molemo’?

7 Le bona baprofeta ba bululetsoeng ba buile ka tsoho, eo ba neng ba utloisisa hore ke ea lefatšeng. (Esa. 25:8; 26:19; Hos. 13:14) Ha a le lintšing tsa lefu, Daniele ea tsofetseng a tšepisoa: “U tla phomola, ’me u tla tsohela lefa la hao qetellong ea matsatsi.” (Dan. 12:13) Daniele, eo ‘ka tumelo a thibileng melomo ea litau,’ o ne a lebelletse tsoho e molemo.’ Ena ha e bapisoa le se finyelletsoeng ke Elia, Elisha, Jesu le baapostola ka ho tsosa batho ba ileng ba shoa hape, ke ho tsohela bophelo tlas’a ’Muso o hlomiloeng oa Molimo.—Ba-Heb. 11:33, 35.

8. Manqosa a Johanne le Maretha ba bile le pono efe ka tsoho?

8 Hoba Jesu a qalise tšebeletso ea hae, Johanne Mokolobetsi ea teronkong, a rōmela manqosa ho botsa hore na Jesu e hlile ke eena Messia na. Hoba a phekole hape ka mohlolo, Jesu a re ho oona: “E-eang, le tsebise Johanne tseo le li boneng, le tseo le li utloileng: lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa, bafu ba tsoha, Evangeli e bolelloa mafutsana.” (Luka 7:19-23) Kahoo, Jesu o ne a sa tiise feela hore ke Messia empa hape o ne a haha tumelo ka seo a neng a tla se finyella ka muso oa hae, le hona ho tsosa bafu. Batho bao ba ne ba utloisisa hore ena ke tsoho e tla ba lefatšeng. Ho joalo le ka Maretha, ha hamorao a re ho Jesu ka Lazaro ea shoeleng: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.”—Joh. 11:24.

TSOHO EA LEHOLIMONG

9. Lazaro o bile le hona ho fumana tšepo ea tsoho ea leholimo joang?

9 Hoja Jesu a se ke a tsosa Lazaro ka nako eo, o ne a tla ba le tšepo ea lefatšeng. Empa Jesu a etsa mohlolo oo, ka hore ka nakoana a tsosetse Lazaro bophelong. Ntle ho pelaelo, Lazaro o phetse ho fihlela kamorao ho letsatsi la Pentekonta la 33 C.E., ’me hona ho tla bolela hore o tla fumana mohau o eketsehileng o tsoang ho Morena oa hae. Hoba ka letsatsi leo la Pentekonta o ne a tla tsoaloa ka moea oa Molimo ho kena tšepong ea bophelo ba leholimo, ka tebello ea ho tsohela leholimong. Monyetla ona o ile oa phethoa joang?

10. Ke maikutlo afe a fosahetseng a bileng teng mehleng ea Pauluse, empa a a hanyetsa joang?

10 Lengolong la hae la pele le eang ho Bakreste ba Korinthe, moapostola Pauluse o bua ka tsoho. Ba bang phuthehong eo ba ne ba phea khang hore “tsoho ea bafu e sieo” ho bonahala ba ne ba nkile maikutlo a hore Bakreste ba phelang ba se ba fetile ‘tsohong’ ea mofuta o itseng ea moea, ’me mohlomong ba bang ba ne ba tsoaka ena le khopolo ea Plato ea hore moea ha o shoe. Ho sa tsotellehe hore na lintlha tsa bona tsa maikutlo a fosahetseng e ne e le life, Pauluse a bona ho lokile ho ‘ba kenya tseleng’ ka ho ba tekela khang e matla lebitsong la thuto ea ’nete ea tsoho, a hatisa ‘litaba tse molemo tseo ba neng ba boetse ba pholosoa ka tsona.’—1 Ba-Kor. 15:1, 2, 12.

11. ‘Litaba tse molemo’ li tlamahana joang le tšepo ea tsoho?

11 ‘Litaba tse molemo’ tsena ke eng? Li likoloha ho Kreste. Har’a ‘lintho tsa pele Pauluse o akarelletsa ’nete ea hore Kreste o shoele, a epeloa, a tsosoa, le hore o ile a bonahala ka lekhetlo la pele ho Kefase (Petrose), joale ka ho iponahatsa ka makhetlo a fapaneng ho ba 500 le ho batho ba bang ba fetang moo, ’me qetellong ho Pauluse ka boeena. Kannete, Kreste o tsositsoe moeeng! (1 Pet. 3:18) Jolokaha Pauluse a ile a hatisa ka makhetlo a mabeli, liketsahalo tseo tse susumetsang li etsahetse ho ‘latela Mangolo,’ li tiisa sohle seo Lentsoe la Jehova le neng le se profetile ka Messia. Tumelo ea rōna e ne e tla ba lefeela hoja e ne e sa tiisoa ’neteng ea tsoho ea Jesu Kreste.—1 Ba-Kor. 15:3-8, 17.

“E MONG LE E MONG O TLA TSOHA NAKONG EO E LENG EA HAE”

12. Ke ka tsela efe Kreste e bang “letsibolo”?

12 Ho ea pele, moapostola o tlamahanya tsoho le merero ea Jehova ea ’Muso. Ka kholiseho Pauluse o re: “Kreste o fela a tsohile bafung, ke eena letsibolo la ba shoeleng.” Haeba Kreste ke “letsibolo” ho tlameha hore hape ho be le ba tsosoang, ‘empa e mong le e mong . . . nakong eo e leng ea hae.’ Ba bang ba tlameha ho leta ho fihlela ha ‘Kreste a ba teng’ ka matla a ’Muso, leha Molopolli, Jesu Kreste, a qala ho ‘phelisa’ ba ‘shoang’ kapa ba shoeleng ka baka la sebe se futsitsoeng ho Adama.—1 Ba-Kor. 15:20-23, phet. e ncha.

13. Tsoho e tsoela pele joang ka ‘nako ea teng’?

13 Kamorao ho Kreste, ba tla ‘tsosoa nakong ea bona’ ke majalefa a ’Muso a tlotsitsoeng a 144 000 a latetseng moo Jesu a hatileng ho isa lefung. Tsoho ena e qala ‘ha a le teng [parousia ka Segerike],’ e leng ho qalileng ka selemo sa lietsahala sa 1914. Methoaela ea “baena” ba Kreste e sa ntsane e sebetsa lefatšeng, ’me ka ho tšoanang e tla tsosoa ka ho latellana,’ “ka ho panya ha leihlo” ho shoeng ha bona ha botho. “Kahoo, ‘Iseraele eohle ea [moea] ea Molimo’ e tla bokelloa musong oa Molimo.—1 Ba-Kor. 15:22, 23, 50-52; Ba-Heb. 2:10-13; Tšen. 7:4-8; Ba-Gal. 6:16.

14. Pauluse o bontša tsoho ea leholimong joang?

14 Ka bokhabane moapostola o bontša ka papiso lefu le tsoho tsa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea. Hona o ho etsa ka ho bapisa ka qoapi e hlobotseng ea koro kapa e ’ngoe ho tsona, eo ho eona ho melang lehlomela le lecha. E, “’mele o jalloa ho boleng,” o tsosoa ‘e le o sa boleng’ e le ’mele o khanyang oa moea o ‘tšoanang le oa Adama oa morao’—Morena Jesu Kreste.—1 Ba-Kor. 15:35-49.

15. ‘Tsoho e molemo’ e etsahala hokae, ’me ho akarelletsoa bo-mang?

15 Leha ho le joalo, na ba 144 001 ho akarelletsa le Kreste, ke bona feela ba tla tsosoa ka ho latellana ho tšoanelehang? Le hanyenyane! Hobane Ba-Heberu 11:40 e re bolella hore ba tsosetsoa ‘ho hong ho fetisang,’ lefa la leholimo la moea. Lee le molemo ho feta eng? Le molemo ho feta lefa le fumanoang tsohong e latelang! Tsoho ena e tlameha ho akarelletsa bao e tla ba “mahosana lefatšeng lohle,’ le bao ka ho utloahalang e leng ba pele ba tla tsosoa lefatšeng kamorao ho ntoa ea tlhōlo ea makhaola khang ea Jehova ea Harmagedone. Kahoo ba tla ba le hona ho nka likabelo tseo ba li abetsoeng ‘lefatšeng le lecha’—tsamaiso ea puso ea leholimo ea batho ba Molimo lefatšeng le hloekisitsoeng. Ea bona ke tsoho e ‘molemo’ hobane e etsahala tlas’a ’Muso oa Molimo, ka tebello ea bophelo bo sa feleng bakeng sa ba tsositsoeng. Sehlopheng sena re lebelletse ho fumana Bakreste ba tšepahalang ba ineetseng bao kajeno ba nang le tšepo ea lefatšeng le ba bolaoang ke mabaka a sa tšoaneng pele ho tla “lefatše le lecha.”—Esa. 32:1; Tšen. 16:14, 16; 21:1, 3, 4.

SEHLOPHA SE RATILOENG

16. Ke sehlopha sefe hape se thabelang mohau o khethehileng, ’me bana ba kopanela litokelong life?

16 Leha ho le joalo, ho na le sehlopha se seng se hlileng se ratiloeng. Ekaba ke sefe? Ke “bongata bo boholo” boo moapostola Johanne a bo hlalosang ka ho qaqileng ho Tšenolo 7:9-17. Tšepo ea bona ke bophelo bo sa feleng ‘lefatšeng le lecha.’ Ba feta ‘mahlomola a maholo’ le sehlopha ba sa shoa. Ke tokelo ea bohlokoa hakaakang eo bana ba e thabelang ka baka la ho hlatsoa liaparo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana!’ Karolong ena e qetellang ea bohlokoa haholo ea ‘mehla ea bofelo’ nako eo ka eona ho lokelang hore ho fanoe ka bopaki bo utloahalang ho lichaba tsa lefatše, “bongata bo boholo” bona boo palo ea bona e fetang 2 300 000 hona joale, bo bonoa bo etsa ‘tšebeletso e halalelang’ joalo mabaleng a lefatše a tokisetso ea Jehova ea borapeli. “Bongata bo boholo” bona ha bo utloe lebatama la kahlolo ea Molimo. Hobane’ng? Hobane ‘Konyana [Jesu Kreste] e har’a terone [ea leholimo] e tla ba alosa ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.’

17. (a) Ke thabo efe e emetseng “bongata bo boholo”? (b) Mohlolo oa tsoho o tla fihla qetellong ea oona joang?

17 Ntle ho pelaelo “bongata bo boholo” bo tla thaba ha bo kena ka lefatšeng le hloekisitsoeng le ho amohela ba tšepahalang ba tsositsoeng. Joale, hape, ka nako ea Molimo le ka tatelano e hlophisitsoeng ba libillione ba “mabitleng” a khopotso ba tla tsoa ba tle lefatšeng ka tsoho e akaretsang. (Joh. 5:28, 29; Tšen. 20:12) Ha tsamaiso ea “lefatše le lecha” e qala ho sebetsa, leha Kreste le bao a busang le bona ba sebelisa melemo ea sehlabelo sa hae se lopollang ho phekola batho le ho ba isa phethehong ea kelello le ’mele, thabo e tla ba kaakang har’a malapa a ba thabileng le ba kopaneng!—Esa. 65:17, 18; 2 Pet. 3:13.

18. Morero o moholo oa Molimo ka lefatše la rōna o tla fihla phethehong joang?

18 Bonyane ponong ea Jehova, lilemo tse sekete se le seng li tla feta joaloka letsatsi le le leng. (2 Pet. 3:8) Lefatše le tla tlatsoa ka batho ba phethahetseng, joalokaha Jehova a ne a rerile ha a qala ho bōpa motho, hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 7 000 pelenyana. “Letsatsi” la hae la lilemo tse 7 000 la phomolo le tla be le fella, ’me e tla be e sa ba la lefeela, hobane morero o moholo oa hae ka lefatše la rōna o tla be o phethahetse. Ebe joale?

19. Ho tla etsahala joang ha ‘sera sa ho qetela’ se felisitsoe?

19 Moapostola Pauluse o-oa re bolella: “Hamorao ho tla tla bofelo mohla [Kreste] a busetsang ’Muso ho Molimo Ntate, ’me a felisang borena bohle le mebuso eohle [e hananang le Molimo], le matla ohle. Hobane e ka khona a buse, a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae. Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu. . . . Ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.” (1 Ba-Kor. 15:24-28) Joale Satane o tla lokolloa” joalokaha ho hlalosoa ho Tšenolo 20:7-10, ho leka ka bonngoe batho ba phethahetseng hore na baa tšepahala. Joale eena, leha e le bafe ba tla mo latela, ba tla akheloa ‘letšeng la mollo’ la tšoantšetso, le bolelang timetso ea ka ho sa feleng.

20. Ke tebello efe e khanyang e tla talimana le batho ha letsatsi la Molimo la phomolo le fela?

20 Ka letsatsi la Molimo la ho ‘phomola mosebetsing ‘ohle oa oona’ mabapi le ho bōpa lefatšeng joale le felile, ntle ho pelaelo o tla tsoela pele ka mesebetsi e meng eo a tla e senolela bokahohleng bohle. Ha ho mohla baahi ba thabileng ba lefatšeng ba tla hlora. Ba thabile ka linako tsohle ka matla a bocha ba bona, ba kopanela mosebetsing leha e le ofe oo Molimo o rerileng ho ba abela oona hore ba o etse.—Gen. 2:3; Esa. 66:22.

HABOHLOKOA HAHOLO

21. Re ka fumana molemo ka khang ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 15 joang?

21 Re tlameha ho ‘tiea litabeng tse molemo,’ ho akarelletsa tšepo ea tsona ea tsoho, hobane tsoho ke ea bohlokoa haholo ho bahlanka bohle ba Molimo. Banna le basali ba tšepahalang ba boholo-holo ba ne ba lumela tsoho ea lefatšeng, ’me ba e lebelletse. (Ba-Heb. 11:13-16) Kreste Jesu o tsositsoe e le “letsibolo” tsohong, joalokaha ho pakile lipaki tse boneng ka mahlo tse makholo. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea ba ‘boletse ho pōpo eohle e tlasa leholimo,’ mehleng ea baapostola le mehleng ea kajeno, e le hore ‘litaba tse molemo’ tse amanang le tsoho li ka pota lefatše lohle. (Ba-Kol. 1:23) ’Me ha masala a tlotsitsoeng a phetha tsela ea oona ea lefatšeng ho fumana moputso oa oona oa leholimo, “bongata bo boholo,” le bona bo e-na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng, bo amohetse ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’ tsa ’Muso.—Matt. 24:14.

22. Ke keletso efe e qetellang e fanoang ke Pauluse lengolong la hae, ’me ke hobaneng ha re e-na le mabaka kaofela a ho e latela?

22 Lihlopha tsena kaofela li na le tokelo e kaakang ha li finyella sepheo sa tsona se seng le se seng sebakeng sa sona! Kannete, rōna kajeno re na le lebaka la ho latela keletso e tsoelang pele ea Pauluse: “Falimehang, le tiee tumelong; le etse ka senna, le matlafale. Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” (1 Ba-Kor. 16:13, 14) Kahoo re tla ba balumeli ka morero o molemo.

Na u ka arabela tse latelang?

◼ Ke eng e bontšang hore banna le basali ba tumelo mehleng ea pele ba ne ba lebelletse tsoho ea lefatšeng?

◼ Kamorao ho Kreste “letsibolo,” ke ba bakae ba kopanelang, ‘e mong le e mong nakong ea hae, tsohong ea leholimo?

◼ Ke neng hona ka lihlopha life tsoho e etsahalang lefatšeng?

◼ Sehlopha se seng se hlile se ratiloe haholo joang ka ho fumana bophelo lefatšeng ntle ho tsoho?

◼ Bohle re lokela ho etsa joang e le hore ‘re se lumele lefeela’?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 14]

’MUSO OA LEFATŠE OA BOLUMELI BA BOHATA O THEILE TŠEPO EA OONA THUTONG EA PLATO EA HORE MOEA HA O SHOE

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 15]

BOKRESTE BA ’NETE BO LUMELA TŠEPO E THEILOENG BIBELENG MABAPI LE TSOHO EA MEEA EOHLE E SA IKUTLOENG E LENG MABITLENG

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

‘Litaba tse molemo’ li bua ka ’Muso oa Molimo ka Kreste, tšepo ea ho khutlisetsa paradeise lefatšeng la rōna

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela