Jehova o Tšehetsa Lebotho la Hae la Bahlanka ba Kamehla
“Mohau oa hao Jehova, o tlile ho ntšehetsa.”—Pesaleme ea 94:18.
1. Ke eng se ileng sa atametsa Morena Davida ho Jehova?
“KE TLA u boka ka matsatsi ’ohle, ke rorise lebitso la hao ka mehla le mehla, le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 145:2) Na u ka nahana kamoo Morena Davida ea ileng a ngola mantsoe ao a neng a ikutloa a le haufi le Molimo kateng? U ka utloa kananelo ea hae, botebo ba boineelo ba hae. Ho feta moo, o ne a bolela tšabo le hlompho tseo a neng a e-na le tsona ho ’Mōpi oa hae, Ea neng a mo etselitse tse kholo joalo.
2. Davida a bontša kananelo ea hae bakeng sa molemo oa Molimo joang?
2 Joalokaha Pesaleme ea 145:2 e bontša, ka linako tse ling kananelo ea Davida bakeng sa molemo oa Molimo e ne e tšoloha ka mantsoe le lipina tsa thoriso. Empa mantsoe ana le lipina hape li ne li tsoaloa ke tsela eo a neng a phela ka eona. Nahana ka bopaki bo bong. O ne a ratile ho hahela Molimo tempele, empa ha a haneloa tokelo ena Davida a fana ka chelete e ngata haholo le tokisetso e bonahalang bakeng sa eona. Ha a ka a khotsofala ho fihlela a lelekile lira tsohle tsa Molimo Lefatšeng la Pallo. Ka nako eitseng a mamella bothata le ho hloka, le oona mahloriso, ho e-na le ho soabisa Molimo ka ho iphetetsa ka motlotsuoa oa Molimo, Morena Saule. Davida o ne a hopola nako eo ka eona a neng a loantša Goliatha leha a bolaea tau le bere. E, Molimo o ile oa tšehetsa Davida.
3. U ikutloa joang ka molemo oa Molimo, ’me hona ho ka bontšoa joang?
3 Na u kile ua ikutloa joaloka Davida, ua tlala kananelo bakeng sa molemo oa Molimo ho uena? Mohlomong u bile ua ikutloa u tsielehile hobane u batla ho bontša kananelo ea hao ka tekanyo e khōlō ho feta kamoo u etsang. Ka linako tse joalo hoa tšelisa ho hopola hore Jehova o khahlisoa ke tšebeletso ea moea ’ohle ho sa tsotellehe hore na tšebeletso eo ke e lekanyelitsoeng hakae ka baka la litlameho tse ling tsa hao tsa Mangolo. (Bapisa Ba-Kolosse 3:23.) Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba ’nile ba lokolisa ka thapelo bophelo ba bona ho bona hore na ba ka bula sebaka hokae ho etsa haholoanyane ho bontša lerato la bona le boineelo ho Molimo. Ba likete ba tsebile ho lokisetsa ho kena mosebetsing oa boboleli le ho ruta Bibele ka mehla, tšebeletso ea bopula-maliboho.
Bacha ba Atamela ho Jehova
4. (a) Bacha ba bangata ba hlokometse eng, ho ba khannela ho etsa joang? (b) Buka ea Phutheho e etsa tlhahiso ea eng ka see?
4 Ba bangata ba atametseng ho Jehova lilemong tsa morao tjena ke bacha. Ba bone boikaketsi ba bolumeli ba bohata le ho hlōleha ha bona ho felisa leqhubu la bokhopo le haolang lefatše. Ba hlokometse ho hlōleha ho feletseng ha motho hore a ipuse ka katleho ’me ba tšositsoe ke ho senngoa ha lefatše la rōna la bohlokoa ke bahoebi ba meharo. Ha ba ithuta ka pheko e khotsofatsang ea Bibele mathateng ana, ba nkile keletso ea mongoli ea bohlale, ea itseng: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” (Moeklesia 12:1) Hangata ho felella ka ho sebeletsa joaloka mosebeletsi oa pula-maliboho. Hobane’ng? Buka “Phutheho Bakeng sa Ho Bolela ka ’Muso le ho Etsa Barutuoa e hlalosa ka sena: “Motho ka mong ea mocha o lokela ho nahana ka ho teba ka lefapha lena la tšebeletso [la bopula-maliboho]. Ha a qeta lilemo tsa hae tsa thuto e hlokoang ea boipheliso o tla etsa joang ka bophelo ba hae? Na ka ’nete o rata Jehova ’me o utloa bohloko bakeng sa batho bao ka ho se rate ba leng tlas’a tlamo ea tsamaiso ena ea khale ea lintho? Haeba o le mororisi oa Jehova ea ineetseng le ho kolobetsoa, ho ke ke ha e-ba le pelaelo. Pelo ea hae e tla mo qhoba hore a sebeletse Jehova ka moea ’ohle.”—Leqephe 132.
5. Bacha ba babeli ba ile ba talima boemo ba bona joang?
5 Mocha e mong oa Japane o ile a susumetsoa ke ’nete ea Mangolo eo a neng a ithutile eona hoo a ileng a bula maliboho a thusa ka makhetlo a 19 hoba a kolobetsoe ka 1978. Joale ka Tšitoe 1980, ha a le lilemo li 18, likhoeli tse tharo pele a qeta sekolong, ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Ha ’mè oa hae eo le eena e leng pula-maliboho a mo botsa hore na o rera ho etsa joang kamoso, a arabela kapele ka ho bolela hore hona joale ha ho letho la bohlokoa ho feta ho phetha mosebetsi oa ho bolela le ho pholoha ‘mahlomola a maholo.’ (Mattheu 24:21) Kananelo e joalo e ile ea bontšoa ke pulamaliboho ea Netherlands, ea qalisitseng lilemong tse fetileng tse robong ha a le lilemo li 19. Ha a botsoa lebaka la ho kenela tšebeletso ea kamehla, a arabela hore: “Letsoalo la ka le ne le ntšoenya hobane ho hang ke ne ke koentsoe ke mosebetsi oa ka ’me Jehova eena ke mo nea feela nako e saletseng.”
Kamoo Jehova a ba Tšehelitseng
6. U ka tiisa matla a tšehetsang a Molimo joang?
6 Ho atamella haufi le Molimo joalo ho etsa hore o arabele. Morutuoa Jakobo o re bolella hore: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jakobo 4:8) Ho nahane! Morena ea matla ’ohle oa bokahohle o hlile o atamella haufi le motho ea tlang haufi le eena ka liketso tsa boineelo bo tebileng. Hoo Molimo o ho etsa joang? Karolong e ’ngoe o ho etsa ka ho tšehetsa motho moeeng le nameng ha ho hlokahala. (Pesaleme ea 34:10; 146:7) Khaitseli oa pula-maliboho ea lilemo li 71 oa Philippines, eo ka lilemo tse 31 e bileng pulamaliboho ea beang haholo, o-oa ngola: “Ka cheletana e nyenyane re fumana seo re se hlokang le bakeng sa mosebetsi oa ka oa bopula-maliboho. Ha ho mohla nkileng ka ikutloa ke fokola moeeng.”
7. (a) Thabo le matla a moea li amana joang? (b) Ke ka tsela efe hona ho ipakileng e le ’nete ka bo-khaitseli ba babeli?
7 Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a tšehetsang lebotho la hae la bahlanka ba kamehla ke ka ho ba nea THABO, tholoana ea moea oa hae. (Ba-Galata 5:22, 23) Moapostola Pauluse o e thathamisa e le eona ea bobeli ho lerato ha a kolokisa tholoana ea moea, ’me hoo hoa tšoaneleha. Thabo e fana ka matla, ’me ntle ho eona ha ho “lesole” le ka mamellang. Nehemia 8:10 e re: “Thabo ea Jehova ke matla a rōna [kapa, “e tla u matlafatsa,” Today’s English Version].” Bonnete ba sena bo pakoa ke tlhaloso ea khaitseli oa Mokreste oa Los Angeles, California:
“Ke rata ha le ka tseba kamoo ke thabileng kateng. Ka fumana kōpo ea ka ea bopula-maliboho ho molebeli oa potoloho . . . ’me ka lokisetsa ho qala ka Pherekhong 1, 1981. Ha Pherekhong e fihla ke ne ke thothomela haholo, empa ka rapela Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba ka le hore a nthuse hore ke fumane motho e mong eo ka sebele a batlang ho ithuta a bile a batla le ’nete. ‘Mohope oa ka oa khaphatseha.’ Ho phaella hore ke fumane batho ba bangata ba thahasellang tlaleho ea ka bakeng sa Pherekhong 1981 e bile lihora tse 102 mosebetsing oa boboleli, limakasine tse 135, libuka tse 23, maeto a ho boela a 47, libukana tse 2, lipeeletso tse 3 le lithuto tsa Bibele tse 9. Likhoro tsa leholimo tsa buleha ’me mahlohonolo a tsoang ho Jehova a ntlatsa hoo ke utloang pelo ea ka e ntse e tlōla-tlōla ka hare ho ’na.”
Thabo ena e matlafatsang e boetse e boleloa ke khaitseli ea lilemo li 14 oa Brazil ea ileng a sebelisa nako ea phomolo ea hae ea sekolo ho thusa ho bula-maliboho le ’mè oa hae. O-oa hlalosa:
“Nako le nako ha ke ea tšebeletsong ea tšimo, ke ikutloa ke khothetse, ’me ha ke tsoela pele ho bolela ke hlokomela hore ho bonolo haholoanyane ho ’na ho kopana le batho. Ke tšebeletso e nthabisang haholo, ke tseba hore ke khahlisa Jehova le hore ke tsela e molemo haholo ea ho ipha monyetla ka bocha ba ka.”
8. Bopula-maliboho bo ka ba le phello efe boboleling ba hao ba pontšeng?
8 Na u hlokomela seo khaitseli e monyenyane a se boletseng ka ho nolofalloa ke ho kopana le batho ha a ‘tsoela pele ho bolela’? Na u na le tsebo ea seo? Bo-pula-maliboho ba bangata ba ’nile ba hlakisa ’nete ena, ba bolela hore ruri ba qalile ho thabela tšebeletso ea tšimo haholo ha ba qala ho e etsa motheong oa letsatsi le letsatsi. Hobane’ng? Bakreste ba bangata ba kopanelang ho eona ka linako tse itseng feela ba iphumana ba tsila-tsila ka linako tse ling ha ba qala ho bolela ka ntlo-le-ntlo. Hang ha ba se ba fetile matlo a seng makae ba ho thabela haholo. Bopula-maliboho, leha ho le joalo, ba kopanela boboleling ba pontšeng le ho ruta tsatsi le leng le le leng, ’me ba se ba ho hlalefetse haholo, kahoo ho bonolo ho bile ho thabisa haholoanyane.
9. Molebeli e mong ea tsamaeang o bile le tlhahiso efe ka bopula-maliboho?
9 Molebeli ea tsamaeang oa United States o ile a hlokomela hore ba bangata ntle ho pelaelo e ka ba bo-pula-maliboho ba batle haeba ba ka latsoa thabo feela le matla tse fanoang ke bopula-maliboho le hore ba be le kholiseho ea hore ba ka tsoela pele e le bo-pula-maliboho. O hlalosa khothalletso eo a ileng a e etsa:
“Ho bonahala eka ba bangata ba nang le moea oa bopula-maliboho ba ipatile, ba tšohile hore ba ke ke ba tsoela pele karolong ena ea tšebeletso. Ka etsa tlhahiso ea hore e be bo-pula-maliboho selemo se le seng; joale ba ka bona hore na bophelo ba bona, kemiso, le tse joalo li tsoella joang. Haeba, qetellong ea selemo ba ikutloa hore ba ke ke ba tsoela pele, ba tla be ba kile ba e-ba le selemo se setle sa ho bula maliboho seo ba ke keng ba se lebala. Leha ho le joalo, ba bangata ba ee ba tsoelepele hang ha ba latsoitse thabo ea bona.”
Tokisetso ea bopula-maliboho bo thusang, eo ho eona Mokreste a ka sebeletsang bonyane ka khoeli e le ’ngoe kapa ka likhoeli tse ngata kamoo a ikhethelang, hangata e bile mohato oa pele o lebisang bopulamalibohong ba ka mehla.
10. Ka nepo bo-pula-maliboho ba ikutloa joang ka ho tšehetsoa nameng?
10 Bo-pula-maliboho ba ka sehloohong ntoeng ea moea ’me ba etsa mosebetsi o khabane. Leha ho le joalo, ha ba nahane hore ba lokela ho tšoaroa ka mokhoa o khethehileng ka lebaka la sena. Ba hlokomela hore ke feela ‘masole a mang’ har’a a limillione a bao e leng bahlanka ba tšepahalang ba Molimo empa ba se boemong ba ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho. Ka lebaka la maemo a bona, ho bula maliboho ho ba thusa ho etsa tšebeletso ea moea ’ohle e hlokoang ho bohle ba amohelehang ho Molimo. Ha baa lebella hore ba bang ba ba fepe, ba ba apese kapa ba ba tšehetse ka mokhoa o mong o itseng ka tsela ea nama. Ba ikutloa joaloka Pauluse, ea itseng: “Re mpa re sebelitse motšehare le bosiu ka thata le ka khathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho har’a lōna.”—2 Ba-Thessalonika 3:8.
11. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata ba thabela ho thusa ba tšebeletsong ea kamehla?
11 Le hoja Pauluse a ne a sa batle ho ba moroalo holim’a mang kapa mang, Bakreste ba bang ba pele ba ne ba bontša kananelo ea bona bakeng sa tšebeletso ea hae ka ho mo thusa ka lintho tse bonahalang. Kahoo ba mo thusa ho tsoela pele a etsa seo ba neng ba sitoa ho se etsa. (Ba-Filippi 4:14-19; 2 Ba-Korinthe 11:8) Ka ho tšoanang, ho na le Bakreste ba bangata kajeno bao kannete ba sebeletsang sepheo sa bopula-maliboho, empa bao hona joale maemo a bona a ba thatafalletsang hona. Hangata bana ba ithaopela ho arolelana lintho tse bonahalang le bo-pula-maliboho, ’me mosa ona, le hoja o sa lebelloa, bo-pula-maliboho ba o ananela haholo.
12. Ho ntse ho hlokahala bo-pula-maliboho ba tšepe eng, joalokaha ho bontšoa ke khaitseli e mong?
12 Le ka mosa oa ho fana oa metsoalle e mengata ea Bakreste, bo-pula-maliboho ba lokela ho tšepa matla a Jehova a ho ba thusa. Pula-maliboho o sa tsoa ngola se latelang:
“Ke nyakalletse ho bula-maliboho ka mehla ka lilemo tse tharo hantle. E bile lilemo tse molemo haholo bophelong ba ka. Ke leboha Jehova haholo ka ho ntumella hore ke mo sebeletse boemong bona. E bile tšobotsi e tiisang tumelo haholo bophelong ba ka ’neteng, kaha ka makhetlo a mangata ke bone litokisetso tsa Jehova lebitsong la ka. Tšebeletso ea kamehla e nthusitse ho ananela ka botebo mantsoe a Jesu ho Mattheu 6:25-33. Ke tlameha ho lumela hore ka linako tse ling ke ’nile ka belaela; empa ho ee ho be ka nakoana, ha ke hopola kamoo Jehova a ’nileng a boloka tšepiso ea hae nakong e fetileng. E be joale nka mo belaela hobane’ng hona joale? Tsatsi le leng le le leng ke leka ho lekanya boemo ba ka ’me ke fumana hore ke na le lijo, liaparo le marulelo holim’a hlooho ea ka, joalokaha Jesu a itse ho tla ba joalo. Ha u sebetsa mosebetsi oa ho iphelisa ka masiu a mabeli feela ka beke, ua tseba hore ke Jehova ea u hlokometseng. Ke boikutlo bo sireletsehileng hakaakang!”
Bopula-maliboho—Pontšo ea Tumelo
13. Ke lithuto life tsa tumelo e bonahalitsoeng tseo re li fumanang ka Bibeleng?
13 Bibele e tletse ka lipontšo tsa tumelo. Ho hahuoa ha areka e bile pontšo e tsotehang ea hlompho ea tumelo ea Noe le lelapa la hae. Leha e le hore re ka lebala tumelo e bontšitsoeng ke Abrahama, Sara, Josefa, Moshe, le Rahaba. Empa, joalokaha Pauluse a bolela: “Nka felloa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baprofeta.” (Ba-Heberu 11:32) Mesebetsi ea bona ea tumelo e bile e sa tloaelehang. Leha ho le joalo, ba ne ba sa khannoe feela ke ho phetha tšoanelo. Lerato la bona ho Molimo le tumelo ea bona ho oona, ho akarelletsa ’nete ea hore Molimo o ne o ba hopoletse ‘lehae le fetisang ka molemo,’ la ba susumelletsa ‘ho bolela pontšeng’ tumelo ea bona. Jehova a ikutloa joang ka liketso tsa bona tsa tumelo? Lentsoe la hae lea arabela: “Ke ka baka leo Molimo o se nang lihlong tsa ho ipitsa Molimo oa bona; hobane o ba lokiselitse motse.”—Ba-Heberu 11:13-16.
14. Ho bula maliboho e ka ba mosebetsi oa tumelo ho uena joang kajeno?
14 Ke mesebetsi efe ea tumelo e sa tloaelehang e ka etsoang kajeno? Ho ba bangata karabelo e akarelletsa tšebeletso ea ka mehla ea bopula-maliboho, mosebetsi oa ho bula maliboho. Ka ho utloahalang, hase bohle har’a ‘baena bohle’ lefatšeng ba ka bulang maliboho kapa leha e le hona ho thusa ho bula maliboho ka mehla. (1 Petrose 2:17) Empa le bakeng sa bao maemo a bona a ba lumellang, ho hlokahala tumelo. Moena oa Europe o-oa ngola: “Ba bangata ba nkeletsa hore ke se be pula-maliboho, kaha ke ba batho ba matla. Ha ke matla ’meleng, ke na le kuru ka mahetleng. Ka qalisa ho ntse ho le joalo ’me ka thuso ea Jehova ke butse maliboho ka lilemo tse 30 joale.” O phaella ka hore ‘ke fumane khotsofalo haholo ka ho ba le kemiso e tletseng e nthusang ho ba haufi le Jehova.’ Ka sebele Jehova o tšehelitse moena enoa tšebeletsong ea bopula-maliboho.
15. Moena oa Japane o bontšitse tumelo ea hae ka tsela efe?
15 Leha e le hore ho bontša tumelo tšebeletsong ea bopula-maliboho ho boloketsoe ba lilemong tse itseng feela. Moena oa Japane a ithuta ’nete ea Bokreste hoba a phomole mosebetsing oa botichere, a phakisa a kolobetsoa a le lilemo li 60, ’me a hla a toba mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang. E e-ba pula-maliboho oa kamehla ha a le lilemo li 61, a nahana ka motse o lithabeng moo a hōletseng teng moo ho neng ho se Lipaki tsa Jehova. Eena le mosali oa hae eo le eena e leng pula-maliboho, ba rekisa ntlo ea bona motseng o moholo ’me ba fallela motsaneng oo. Lelapa la haha Holo ea ’Muso ka chelete eo le neng le e fumane ha le rekisa ntlo, ’me le bone lehlohonolo la hore ho theoe phutheho.
16, 17. Ke hobane’ng ha hona joale e le nako e loketseng ho uena hore u nahane ka botebo ka ho ba pula-maliboho?
16 Tsamaiso ea hona joale ea lintho e felloa ke nako ka potlako. Joalokaha Baiseraele ba ile ba eketsa matla a ho pota motse o khopo oa Jeriko pelenyana o timetsoa, hona joale, pelenyana Jehova a timetsa tsamaiso ea hona joale o mema batho hore ba tlerole ka matla. (Joshua 6:20) Na u boemong ba ho tlerola tlhōlo haholoanyane ka ho ba pula-maliboho? Haeba u ka lokisa maemo a hao bakeng sa hoo, na u na le tumelo ea ho etsa joalo? Tiisa hore Jehova o tla phetha karolo ea hae, a u tšehetse le ho eketsa thabo ea hao. O tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Mohlomong u tla tšoana le khaitseli ea butseng maliboho ka lilemo tse 10 Netherlands, ea itseng: “Letsoalo la ka la qala ho mpuela kaha ke ne ke e-na le nako. Ka qala ho bula maliboho ke khutsisa letsoalo la ka le tšoenyehileng le ho ipontša hore ho kula ho ke ke ha ntumella ho tsoela pele ke bula maliboho. Ke sa ntsane ke bula maliboho le joale.”
17 E, Jehova o finyella lintho tse khōlō “mehleng ea qetello’ ea tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho. Hona joale ke nako ea ho atamela haufi le eena le ho roka lebitso la hae letsatsi lohle, joaloka Davida. Lumela tšepiso ea Molimo ea hore o tla u tšehetsa. Davida o ngolile: “Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka lea thella, mohau oa hao, Jehova, o tlile ho ntšehetsa.”—Pesaleme ea 94:18.
NA U KA HLALOSA . . .
◻ Hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore bacha ba Bakreste ba nahane ka bopula-maliboho?
◻ Hore na Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ba kamehla joang?
◻ Hore na ke hobane’ng ha bopula-maliboho e le pontšo e khethehileng ea tumelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bo-pula-maliboho ba fumana mosebetsi oa boboleli ba pontšeng o thabisa haholo ’me hangata o sebetsa haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba bangata ba sitoang ho bula-maliboho hona joale ba tseba ho kopanela lintho tse bonahalang le ba tšebeletsong ea kamehla