Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 12/15 maq. 14-20
  • Tsoalo ea Sechaba sa Borena Naheng e Tsoetsoeng Bocha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoalo ea Sechaba sa Borena Naheng e Tsoetsoeng Bocha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoalo e Potlakisitsoeng, e sa Thibeleheng
  • Seo ho Tsoaloa ha Sechaba ho se Boletseng ho Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Jehova o Hlohonolofatsa Borapeli bo Hloekileng
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • “Lebitso le Lecha”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 12/15 maq. 14-20

Tsoalo ea Sechaba sa Borena Naheng e Tsoetsoeng Bocha

“Na naha e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na, ha e le mona Sione a tsoala bana ba hae kapele a sa qala ho utloa bohloko na?”—Esaia 66:8.

1. Ka la 26 Phupu, 1931, ke bohato bafe bo ileng ba nkuoa ke Liithuti tsa Bibele tsa Machaba kopanong ea tsona Columbus, Ohio, ’me ke bohato bofe bo tšoanang bo latetsoeng lefatšeng ka bophara?

LILEMONG tse fetileng tse mashome a mahlano a motso o le mong—ka Sontaha thapama, ka la 26 Phupu, 1931—batho ba hlahella mahlong a lefatše, ba phahamisa lebitso. Letsatsing leo le sa lebaleheng likete tsa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, joale kaha li ne li bokane hammoho kopanong e akaretsang Columbus, Ohio, USA, li le ntsoe leng tsa etsa qeto ho tloha ka nako eo ho ea pele hore li tla ipitsa ka lebitso le theiloeng Bibeleng la “lipaki tsa Jehova.” (Esaia 43:10-12) Hang kamorao ho moo, liphutheho tsohle tsa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba lefatšeng lohle tsa etsa joalo ’me tsa inkela ka molao lebitso le khethehileng. Lebitso le lecha le khomaretse!

2. (a) Bajari ba lebitso leo le theiloeng Bibeleng ba mameletse eng ha esale? (b) Ho Esaia 66:5 ba fumana mantsoe afe a ba khothatsang?

2 Ka baka la lebitso leo le hlomphehang Lipaki tseno tsa Molimo o Holimolimo li jere lehloeo la lefatše, esita le la Bojakane, boo litho tsa bona li ipolelang hore ke baena ka tumelo le bohle ba bolelang hore ke barutuoa ba Jesu Kreste. Lehloeo lena la bolumeli le ile boholeng boo lona le iponahatsang ka mahloriso a sehlōhō, a fellang ka lefu ho ba bangata. Ho khothatsa bajari bao ba lebitso ba phelelang tlhompheho ea lebitso leo, ka lilemo tse fetang 2 500 ho ’nile ha hoasa mantsoe ana a khothatsang joalokaha re a boloketsoe ke e mong oa baprofeta ba Bibele ba khethollehileng: “Mamelang lentsoe la Jehova, lōna ba thothometsoang ke lentsoe la hae. Banab’abo lōna ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise khanya ea hae, re tle re bone thabo ea lōna! Empa ba tla soaba.”—Esaia 66:5.

3. Lipaki tsa Jehova li bontša joang hore li thothometsoa ke Lentsoe la hae, ’me, ntle le ho ba bautloi ba lona, ke eng hape?

3 Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ke “bona ba thothometsoang ke lentsoe la hae.” Li tšaba ho sebetsa khahlanong le Lentsoe la hae le ngotsoeng. Ke ka baka leo li tsoelang pele ho ithuta Mangolo a bululetsoeng. Li hlokomela mongoli oa Bibele e le Molimo le Ntate oa Morena le Mopholosi oa tsona Jesu Kreste. Li amohela libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu tse mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong le libuka tsohle tsa Mangolo a Bakreste a Segerike tse mashome a mabeli a metso e supileng, tseo ba tlamehang ho li utloa le ho etsa ka tsona.

4. (a) Lebaka la Bojakane la motheo ke lefe ka ho hloea le ho khesa banab’abo bona? (b) Ba fane ka tšusumetso efe ea ho etsa joalo?

4 Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hloiloe ke Bojakane, ke batho ba ipolelang hore ke ba boeneng le Jesu Kreste? Ke hobane’ng ha Bojakane bo sa ba akarelletse har’a ba hlokomeloang e le Bakreste, ’me bo sa rate ho ba le kamano ea eng kapa eng le tsona hobane ha li tšoane le bona ka eng kapa eng? Jehova ka boeena o fana ka lebaka la sena, o re: “Ka baka la lebitso la ka.” Empa ba hloeang le ba khesang ba fana ka mabaka a phahameng a ho itšoara ka tsela eo ba re: “Jehova a ke a hlahise khanya ea hae.” Kapa ka ho sebelisa liphetolelo tsa Bibele tse qobang ho sebelisa lebitso la Molimo, ba re: “Morena a ke a hlahise khanya ea hae.” Leha ho le joalo, Morena Molimo ha a shebe lehloeo la bona le ho ikarola ha bona ho Lipaki tsa hae joaloka ntho e mo halaletsang.

5. (a) Ha Jehova a iponahatsa ka ho itšenola ho itseng, ke bo-mang ba thabang? (b) Ho soabisoa ha bang ho bolela’ng ho bona?

5 Ha a iponahatsa ka tšenolo eitseng hore o ananela ba bang ba itseng le hore ha a ananele ba itseng, ke bo-mang ba thabisoang ke ponahalo e joalo? Ke bo-mang ba soabang joale? Ho ba hloiloeng le ho khesoa ka baka la ho hlompha ka sebele lebitso la hae, Jehova o re: “Re tle re bone thabo ea lōna! Empa ba tla soaba.” Hoo ho ile ha bolela khathatso e tšabehang ho ba ikarolang ka lehloeo le ka ho khesa. Khathatso ea boholo-holo holim’a bona e ne e tšoantšetsa khathatso e kholohali e tla tla haufinyane e tla oela ba hloileng le ba khesang Lipaki tsa Jehova ‘mehleng ena ea qetello.’ (Daniele 12:4) Mantsoeng a hae a tsoelang pele moprofeta Esaia o supa sena hape ka hore: “Lentsoe le lerata le tsoa motseng, lentsoe le tsoa tempeleng, ke lentsoe la Jehova ea busetsang ho lira tsa hae ka liketso tsa tsona.”—Esaia 66:6.

6. ‘Lentsoe le lerata’ le ne le e-tsoa motseng ofe, ’me lebaka la lerata le joalo e ne e le lefe?

6 Motse o sa reoang lebitso oo ho oona ho neng ho tla tsoa “lentsoe le lerata,” ha e le hantle, ke Jerusalema, hobane moo ke moo tempele ea borapeli ba Jehova e neng e eme teng. Mona sepheo ke hore Jehova oa tla tempeleng ea borapeli ba hae ho tla hlahloba, ’me ha a rate tsela eo a fumanang borapeli ba hae bo ntšetsoa pele ka eona. Borapeli empa e le bo tsoileng tseleng, bo khelohileng, ba boikaketsi. Hona ha fella ka ho rohakoa ha lebitso la hae le halalelang. Ho neng ho tla bontša hore Jehova ha a amohele sena e ne e tla ba “lerata” le bakoang ke phutuhelo ea Bababylona ba hapileng lefatše, bao Jehova a neng a tla ba sebelisa e le likofuto tsa hae ho ‘busetsa ho lira tsa hae ka liketso tsa tsona,’ e leng basebelise ba borapeli ba boikaketsi ba nyefotseng tempele ea hae. Bana e ne e le lira tsa Jehova ka baka la hore e ne e le batho ba se nang botsoalle ba hloileng bao ka sebele ba “thothometsoang ke lentsoe la hae” ’me ba ba khesa, joalokaha a itse ke “ka baka la lebitso la ka.”—Esaia 66:2, 5.

7. Boprofeta ba Esaia bo phethahalitsoe neng, ha etsahala’ng ka Jeremia, ’me ke bo-mang ba ileng ba bona hore Lentsoe la Jehova e ne e le ’nete?

7 Ka hona, lekholong la lilemo le latelang, mehleng ea baprofeta Jeremia, Ezekiele le Daniele, Jehova a sebelisa makhotla a Babylonia e le likofuto tsa hae ho ‘busetsa ho lira tsa hae ka liketso tsa tsona’ ho Baiseraele ba robileng selekane. Ebile “lerata” le lekaakang le ileng la hlahela Jerusalema ka 607 BCE ha motse ’ohle o timetsoa, ha ho sa ka ha lesoa le tempele e majaba-jaba e hahiloeng ke Morena Salomone ea bohlale! Bajode ba pholohileng ba isoa Babylona. Qetellong Bajode ba seng bakae ba ileng ba sala naheng eo, ba balehela Egepeta ba hulanya moprofeta Jeremia. Ka tsela ena boprofeta ba hae bo ne bo phethahetse ka thipitlo e feletseng ea naha. Kahoo, hape, sebaka se kileng sa ahoa ke sechaba sa emisa ho ba lehae la sechaba se phelang le Jehova Molimo e le Morena oa sona oa leholimo. Bajode ba tšepahalang ba neng ba ‘thothometsoa ke lentsoe la Molimo’ ba bone hore lentsoe la oona ke ’nete.

8, 9. (a) Ke efe Jerusalema e neng e tšoantšetsoa ea kajeno? (b) Ho ea ka boprofeta ba Jesu, e tla etsahalloa ke eng, hona hobane’ng?

8 Liketsahalo tse nyarosang tse fetang hole tseo tsa 607 BCE li boloketsoe ba hloileng le ba nyatsang Lipaki tsa Jehova, tseo kajeno li thothometsoang ke Lentsoe la Jehova. Lintho tseo tsohle tse tšabehang tse etsahetseng morao koo mehleng ea Jeremia, Ezekiele le Daniele “li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” (1 Ba-Korinthe 10:11) Ka hona, ka sebele ho tla hlaha “lentsoe le lerata le tsoang motseng,” Bojakaneng bo tlas’a tsuo ea bomolimo bo ileng ba tšoantsetšoa ka Jerusalema. Ho tšoana le Iseraele ea boholo-holo, le bona bo ipolela hore bo selekaneng le Molimo, “selekaneng se secha” ka Jesu Kreste e le ’muelli oa sona. (Ba-Heberu 8:7-9) Empa ha boa phelela boipolelo ba bona ba hore bo kamanong ea selekane le Molimo. Ka hona ‘mahlomola a maholo’ a ileng a tšoantšetsoa ka a ileng a oela Jerusalema eloa oa boholo-holo, a letetse Bojakane, ho ea ka boprofeta ba Jesu:

9 “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Mattheu 24:21, 22; Mareka 13:19, 20.

10. Ke mang, ntle ho Bojakane ea tla kopeloa ke mahlomola ao, ’me ‘batho’ ba tla pholoha ke bafe?

10 Mahlomola ana a maholo ao ho seng a lekanang le oona a haufi haholo le ho etsahala. A tsoa letsohong la Molimo oa “bakhethoa,” Jehova. A ke ke a akarelletsa feela Bojakane bo neng bo tšoantšetsoa ka Jerusalema, empa hape le tsamaiso eohle ea lintho eo e bileng motsoalle e motle oa Bojakane. (Jakobo 4:4) Bakreste ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba kajeno ba thothometsoang ke Lentsoe la Jehova ke ‘batho’ ba tla pholoha.

Tsoalo e Potlakisitsoeng, e sa Thibeleheng

11. (a) Tsoalo ea batho e etelloa pele ke nako efe, empa na ntho e joalo e ne e tlameha ho hlaha tabeng ea ho tsoaloa hape ha Jerusalema? (b) Ke ka taelo ea mang Jerusalema e ’ngoe e neng e lokela ho hahuoa hona moo? (c) Na Esaia o kile a bolela e sale pele hore sebaka sa Jerusalema e tla ba lesupi ka nako e kae?

11 Joale, re khutlela morao boprofeteng bo hlollang ba Esaia! Joale ka kimollo tebellong e lefifi eo a sa tsoa fana ka eona tlas’a pululelo, joale o bolela e sa le pele ketsahalo e thabisang. Tsoalo ea ngoana eo e seng oa bonyatsi eo batsoali ba chatileng hantle ba e lebeletseng ka thahasello e khōlō le ka tšepo e phahameng haholo. Ka libopuoa tsa batho tsoalo e lokela ho etelloa pele ke nako ea teng ea bomolimo bakeng sa khōlo e phethahetseng ea ngoana ea batloang. Empa tabeng ena Moqapi e Moholo oa tsoelopele ea tsoalo o boletse e sa le pele ntho e ’ngoe e sa tloaelehang ho ea ka tokisetso ea hae. Moprofeta oa hae Esaia o boletse e sa le pele ka tšenyeho ea motse o litšila oa Jerusalema, le hore motse oa mathomo o neng o hahiloe holim’a Thaba ea Sione o tla lesa ho ba teng. Empa motse o mong o ne o lokela ho ba teng hona holim’a Thaba ea Sione ka taelo ea mohapi oa Persia, Cyruse e Moholo, Mohlanka oa Jehova ea neng a tla ketola ’Muso oa Babylona. (Esaia 44:28; 45:1) Empa Esaia ha a ka a profeta hore na Jerusalema oa boholo-holo o tla lesa ho ba teng ka nako e kae ’me kahoo a hloke “bana” kapa baahi. Kapa hona hore Esaia o profetile hore Thaba ea Sione le linaha tsohle tse ikopantseng le eona li ne li tla ba lesupi le se nang letho le le khesoang ka nako e kae.

12. Naha e ncha e ne e lokela ho bontšoa joang ’mapeng oa lefatše la boholo-holo, ’me e tlameha ho ba ’m’a eng?

12 Empa leha ho le joalo, mehleng ea Cyruse e Moholo, Jerusalema e ’ngoe e ne e lokela ho tsoha ’me e be ’m’a “bana” ba bangata, ke hore, baahi le bafo ba bangata, ba phelang sekhutlong seo a se abetsoeng. Na hoo ho ne ho bolela hore “naha” e ne e tla hlaha ’mapeng oa lefatše oa boholo-holo e neng e tla sebeletsa e le ’m’a batho bao ka nako e ’ngoe e neng e se “sechaba”? Karabo ea boprofeta ea Jehova Molimo potsong ena e ne e le E!

13, 14. (a) Ha selemo sa Jubile ea kamehla e hlahlamang se e-tla kamor’a ho tsamaea ha bona, na batlamuoa ba Bajode ba ne ba tla khutlisetsoa naheng ea bona? (b) Na Jerusalema e ne e tla ba ’m’a “bana” ka boiteko bo fetisisang ka lehlakoreng la batlamuoa ba Bajode, ’me Esaia 66:7, 8 e ile ea profeta eng ka see?

13 Ka hona potso e ne e le hore, Neng hona joang? Ka moprofeta oa hae Jeremia, Jehova a bolela e sa le pele hore naha eo ka nako e ’ngoe e neng e le ea sechaba e tla lula e le lesupi ka lilemo tse mashome a supileng, nako e fetang nako ea Jubile ea lilemo tse mashome a mahlano ka lilemo tse mashome a mabeli. Ka hona, ha selemo sa Jubile ea ka mehla sa 573 BCE se fihla, ho ne ho ke ke ha e-ba le mokete oa Jubile lehaeng la naha ea pele, ’me ho ne ho ke ke ha e-ba le Jerusalema kapa Sione e tla ba teng ho ba ’m’a sehlopha sa baahi joale ka ‘bara’ kapa “bana” ba hae. Pele selemong sa 537 BCE Bajode bafe kapa bafe ba neng ba le kholehong ba pholohileng ba ne ba tlameha ho khutlela naheng ea habo bona. Ntho e joalo e ne e sa tlo hloka boikitlaetso ba letho ba batšoaruoa ba Bajode ba Babylona. E ne e tlameha ho ba bohato ba Molimo, tumellanong le litšepiso tsa boprofeta ba hae. Le hoja e ne e le ntho e bonahalang e ke ke ea etsahala, “sechaba” se tsoang kholehong se ne se tla ba teng naheng eo Jehova Molimo a e boloketseng “sechaba” seo. A shebela pele kamorao ho tlokotsi ea sechaba ea 607 BCE, Jehova a kenyeletsa ketsahalo ea ntho e joalo, ha hape a susumeletsa Esaia hore a re:

14 “[Ka Jerusalema e mong] a e-so ho utloe bohloko, o setse a belehile; a e-so ho be matsoalo, o setse a hlahisitse mora. Ke mang ea utloileng taba e joalo? Ke mang ea boneng e tšoanang le eona? Na naha e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na? ha e le mona Sione a tsoala bana ba hae kapele a sa qala ho utloa bohloko na?”—Esaia 66:7, 8.

15. Nako ea phihlelo ea tsoalo e bapisoa joang le e hlalositsoeng ho Tšenolo 12:1-17?

15 Tsoalo e sa tloaelehang joalo ke feela se fapaneng le tlhaloso eane ea tsoalo ea ngoana e motona e fanoeng bukeng ea ho qetela ea Bibele e Halalelang. Moo, ho Tšenolo 12:1-17, rea bala: “Eaba mohlolo o moholo oa hlaha leholimong, e le oa mosali ea apereng letsatsi, khoeli e le tlas’a maoto a hae, a roetse hlohong mofapahloho oa linaleli tse leshome le metso e ’meli. E ne e le moimana, ’me a hoa a setse a le pelehing, a utloa bohloko ba ho beleha. Mohlolo o mong hape oa hlaha leholimong, e le oa drakone e kholo, e khubelu, e nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome, le meqhaka e supileng lihlohong tsa eona. Mohatla oa eona o no o hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo, ’me o no o li lahlela lefatšeng. Drakone ea ema pel’a mosali ea belehang, hore e tle e je ngoan’a hae ha a se a ’melehile. A beleha mora, ngoana e motona, ea tla alosa lichaba tsohle ka lere la tšepe; ’me ngoan’a hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea oona. . . . ’Me drakone ea halefela mosali ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”

16. Re tlameha ho khetholla mosali eo oa “mohlolo” le “mora, ngoana e motona” oa hae, joaloka eng kapa mang?

16 Kaha ha ho mosali lefatšeng ea nang le khoeli tlas’a maoto a hae le linaleli tse leshome le metso e ’meli ho potoloha hlooho ea hae joaloka mofapahloho, “mohlolo” oa mosali ea hlalosoang ka holimo e tlameha hore e be ke oa tšoantšetso. Joalokaha ngoana oa hae a ile a amoheloa le ho tsejoa ke Molimo, e tlameha e be e le Oona o ileng oa mo emolisa. Ka hona, kamoo ho leng kateng, o nyetsoe ke Oona. Lintho tsohle li hlokomelehile, mosali oa “mohlolo” leholimong o tlameha ho tšoantšetsa phutheho ea seka-mosali ea Molimo ea libopuoa tsa moea tsa leholimo, tseo har’a tsona mor’a hae ea ’notši, Jesu Kreste, e leng Morena. Ngoana oa mosali “e motona,” ka ho tšoanang le eena ke oa tšoantšetso, ’me o tšoantšetsa ’muso oa Molimo, kaha ngoana e motona a ile a nkeloa teroneng ea Molimo. E le hore ’muso e be ntho e phelang le ea sebele haholoanyane, ntho ea puso ea leholimo, ho tlameha hore ho be teng motho ea phelang ea sebeletsang joaloka ’musi oa leloko la borena. Motho eo oa sebele e tlameha ho ba eo Jehova Molimo a entseng selekane sa ’muso le eena.

17. Ka hona Mora a le mong oa Molimo e bile ea tšoanelehang ho lula teroneng lehlakoreng la Ntat’ae joang?

17 E, eo e ne e le Mora oa hae a le mong, Jesu Kreste, eo ka tsoalo ea hae ea mohlolo ea botho Bethlehema le lelapeng la Morena Davida oa Iseraele, e neng e le mojalefa oa ’muso ka tlhaho. (Esaia 9:6, 7; Luka 22:29, 30; Mattheu 1:17-25) Ka nepo, kamanong le “mosali” oa leholimo ho ile ha hatisoa hore ngoana oa hae e ne e le e “motona” hobane ofisi ea borena e ne e boloketsoe ngoana e motona lelokong la borena la Davida.

18. Ka hona maemo a potolohileng ho hlaha ha ngoana e motona oa tšoantšetso a lumellana joang le ao a builoeng ho Esaia 66:7, 8, joalokaha ho bontšitsoe ke American Standard Version?

18 Maemo ana kaofela a potolohileng tsoalo ea ngoana e motona, oa “mosali” oa leholimo a fapana le a boletsoeng boprofeteng ba Esaia, haholo-holo malebana le taba ea boimana le bohloko ba ho beleha le matsoalo a pelehi. Ka baka leo, ho na le mabaka a bohlokoa bakeng sa ho etsa qeto ea hore “ngoana e motona” oa Esaia 66:7 ka boprofeta o bolela boemo bo fapaneng le ba “ngoana e motona” ho Tšenolo 12:5. Ka ho totobetseng “mora” o bolela “sechaba” se hlahileng ‘naheng’ boprofeteng ba Esaia. Ho feta moo, tabeng ea Baiseraele borena kapa puso, e ne e se taba-taba ea ho boela ba theoa bocha Jerusalema ka 537 BCE. Morena lelokong la Davida ha a ka a beoa teroneng hape. Judea e le naha ea Persia, ba ne ba le tlas’a puso ea Morena Cyruse ea ntšitseng taelo ea ho boela ba haha tempele le ho tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema. Leha ho le joalo, tsosoloso ea tla ka tšohanyetso e sa lebelloa. Ho ea ka American Standard Version, Esaia 66:7, 8 e baleha tjena: “Pele a utloa bohloko, a beleha; pele a tleloa ke mahlaba, o setse a belehile ngoana e motona. Ke mang ea utloileng ka ntho e joalo? ke mang ea boneng lintho tse joalo? Na naha e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng? sechaba se ka tsoaloa hang? Hobane Sione o tsoetse bana ba hae kapele a sa qala ho utloa bohloko.”

19. (a) Ke ho mang ho ileng ha bonahala eka tsoalo ea sechaba se neng se ile kholehong sa Iseraele e ile ea potlakisoa, ’me e le ka lebaka lefe? (b) Ho tlile joang hore moloko o mocha ho hang o hahe naheng ea bo-ntat’a bona moholo, ’me ke ka kutloisiso efe e neng e le naha e tsoetsoeng bocha?

19 Bonneteng ba se profetiloeng, tsoalo ea sechaba sa Iseraele se neng se ile sa ea botlamuoeng, ka mantsoe a mang ea potlakisoa. E ile ea tlela lefatše la boholoholo ka 537 BCE ka tšohanyetso e makatsang. Lefatše la bohetene ha lea ka la lebella sechaba se shoeleng ka nako e telele sa Iseraele ho boela se phela hape, holim’a naha ea sona eo se e filoeng ke Molimo. Ka sebele e ne e le Sione e ncha e ileng ea ba teng, e tsoetseng sechaba se secha. Re hopola hore Baiseraele ba ile ba isoa Babylona ka linako tse fapaneng, tlaleho ea Bibele e bontša hore ba 10 000 ba ile ba isoa botlamuoeng ka khetlo la pele ka 617 BCE. Ba makholo ba ile ba isoa hamorao. (2 Marena 24:14; Jeremia 52:28-30) Leha ho le joalo, ba ileng ba lokolloa naheng eo ea bohetene ka 537 BCE le ba ileng ba haha naheng ea bo-ntat’a bona ba ne ba kopanyelletsa ba batona ba 42 360, ntle ho makhoba a mangata le libini tse khethehileng. Baiseraele ba kopanyelletsa palo ea banna ba hōlileng ba ileng ba bona tempele e hahiloeng ke Morena Salomone Jerusalema. (Esdrase 2:64, 65; 3:12) Ka hoo boholong ba taba, ke moloko o mocha ho hang o ileng oa haha naheng ka sepheo sa ho haha tempele e ncha. Sione e ncha ea hlaha naheng e tsoetsoeng bocha. Ea e-ba ’m’a sechaba se secha se neng se ile kholehong. E ne e le sebakeng se secha sa naha e ncha ea Persia ea Judea.

20. Ho tšoanang le hoo ha kajeno ho ile ha etsahala joang tabeng ea Liithuti tsa Bibele tsa Machaba selemong sa pele hoba ntoa e lale sa 1919?

20 Na ho na le “tsoalo” e tšoanang le eo ea Baiseraele ba tsosolositsoeng joaloka “sechaba” ka 537 BCE kajeno? E, hobane selemo kamorao ho ntoa ea pele ea lefatše ea 1914-1918, “sechaba” sa moea se ile sa tsoaloa tlas’a Cyruse e Moholoanyane, Morena ea beiloeng teroneng Jesu Kreste! Joang? Ha e le hantle, nakong ea ntoa ntlo-kholo ea Watch Tower Bible and Tract Society, lefapha la khatiso la Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, le ile la senngoa Brooklyn, New York, ’me la fallisetsoa ntloaneng e nyenyane Pittsburgh, Pennsylvania. Likotoana tsa eona tsa moraorao tsa libuka li ile tsa chesoa Canada le linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ’me mookameli oa Mokhatlo, mongoli-ramatlotlo, le litho tse ling tse tšeletseng tsa sehlopha sa basebetsi ba ntlo-kholo ba ile ba kenngoa teronkong ka 1918 ’me ba ahloleloa nako e telele litlamong. Boikemisetso ba lira kamor’a sena sohle e ne e le bo tšoanang le bo boletsoeng Pesalemeng ea 83:4: “Ba re: Tlong, re ba felise har’a lichaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le boleloa!” Empa mathoasong a selemo sa 1919, ho nyaroheng ho makatsang ha Bojakane, ba lokolloa! Hona selemong seo Liithuti tsa Bibele tsa Machaba tse hlorisitsoeng tsa tšoara kopano ea tsona ea pele kamorao ho ntoa, Cedar Point, Ohio. Ba tlileng Kopanong ba phatlalletsoa ho lokolloa ha makasine e ncha e tlatsanang le Molula-Qhooa, e bitsoang The Golden Age (Tsoha! hona joale).

21. Ka hona, lilemo tse hlano hoba ho fele Mehla ea lichaba, ho ile ha hlaha eng, ho sebeletsa tekanyong efe, ’me joalo joang ‘naheng’ e tsoetsoeng bocha?

21 Kahoo, kamor’a lilemo tse hlano hoba “mehla ea Balichaba” e fele ka 1914, le ho hlongoa ha ’muso oa Molimo matsohong a Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste, “sechaba” se secha, “sechaba” sa moea, sa e-ba teng. Litho tsa “sechaba” sena se secha li ne li tla sebeletsa e le baemeli ba ’muso oa Molimo o sa tsoa tsoaloa bocha maholimong ’me e le lipaki tse jereng lebitso la hae. O beile “sechaba” ‘naheng’ ea sona e loketseng, sebakeng sa sona sa lefatšeng sa tšebeletso, “naha” ea sona ea tsoantšetso, kaha joale mehla ea lichaba, ea ho hatakela phutheho ea hae e bonahalang e felile.—Luka 21:24.

22. Jehova o ile a botsa potso efe ka takatso ea hae ea ho ba Ntat’a “sechaba” ’me, karabelong, o ile a etsa joang tšoantšetsong ea boholo-holo le ka se neng se tšoantšetsoa sa kajeno?

22 Jehova Molimo o Matla ’ohle o ne a ikarabella bakeng sa tsoalo eo e tsotehang ’me o ne a ikemiselitse hore ha ho letho le tla e ema pele. Ho Esaia 66:9 o ne a itse: “’Na ke tsoalisang ba bang, nka lesa ho tsoalisa Sione na? ho botsa Jehova. ’Na ke neang ba bang bana, nka thibela Sione ho tsoala na? ho botsa Molimo oa hao.” Karabelo ea hae ea pele lipotsong tseno tse qholotsang e ne e le ka ho lokolla batho ba hae Babylona ka 537 BCE ’me joale a etsa hore Jerusalema e hahuoe ’me e phethesele ka baahi ba Bajode joaloka bana ba eona. Karabelo ea Molimo ea sebele ea mehla ea kajeno lipotsong tsa hae e ne e le ka ho etsa hore phutheho ea hae ea leholimo e ileng ea tšoantšetsoa ka Jerusalema e bee e le hore e ka hlahisa “sechaba” sa moea lefatšeng. Hona ho ne ho le tlas’a tsamaiso ea Cyruse e Moholoanyane, Morena ea beiloeng teroneng bocha leholimong. Tsoalo ena e etsahetse kamor’a ntoa selemong sa 1919, ’me ea hlahisa batho, “bana” ba Sione, ba neng ba inehetse ka ho feletseng lithahasellong tsa ’muso o hlomiloeng oa Molimo le ba fumaneng ho se nke lehlakore ka tieo mebusong ea lipolotiki ea lefatše lena. Molimo o Matla ’ohle ha o-oa lumella tšitiso ea letho mosebetsing o phethahetseng oa morero oa hae ho tloha ka 1914 ho tla fihlela hona joale!

Kamorao ho thuto ena ea Esaia 66:5-8, na u ka arabela lipotso tse latelang:

Isa 66 Temana ea 5: “Banab’abo lōna” ba hloea le ho khesa barapeli ba ’nete joang? ‘Bana baa babo Iona,’ ba soabisoa joang?

Isa 66 Temana ea 6: ‘Lentsoe le lerata le tsoang motseng’ mehleng ea boholo-holo le ne le le ka tsela efe? Mehleng ea Kajeno?

Isa 66 Temana ea 7: “Ngoana e motona” ea tsoetsoeng ke “mosali” “a e-so ho utloe bohloko” ba pelehi ke eng? Na hoo ho tšoana le “mora, ngoana e motona” ho Tšenolo 12:5?

Isa 66 Temana ea 8: “Sechaba” le “naha” li ile tsa hlaha ka tsela efe ka tšohanyetso ’me li sa lebelloa ka 537 BCE?

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

’Muso, joaloka ngoana ea tsoetsoeng bocha, o hlahisitsoe ke “mosali” oa Molimo ka 1914

Ka 1919, ho ile ha ‘tsoaloa’ Iseraele oa moea ka tšohanyetso ‘naheng’ ea eona

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela