Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 27-30
  • Na U ne U le Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ne U le Teng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ne Ho Hloka Boikemisetso
  • ‘Li ne li Fihla Pelong’
  • Joale ke . . . “Bonngoe ba ’Muso”?
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 27-30

Na U ne U le Teng?

HAUFI LE SEBAKA se tsebisahalang sa Jonestown moo batho ba ileng ba ipolaea ka bongata Guyana ke sebaka se bitsoang Matthew’s Ridge. Ngohola sehlopha sa Bakreste ba supileng ba moo sa rera ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso” ea Lipaki tsa Jehova motse-moholo oa moo, Georgetown. Ho tloha Matthew’s Ridge ho ea Georgetown ke leeto la metsotso e 45 ka sefofane, empa sehlopha se ne se se na matla a ho tsamaea ka sefofane. Eaba se tsamaea ka sekepe. Leeto la ba nka matsatsi a supileng.

Na u ne u le teng ho e ’ngoe ea Likopano tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso” tse makholo-kholo tse neng li tšoeroe lefatšeng lohle ngohola? Haeba ho joalo, u ne u le e mong oa ba fetang limillione tse 4, bao bongata ba bona bo ileng ba kena khathatsong e khōlō hore bo be teng.

Ho Ne Ho Hloka Boikemisetso

Ho ba bang ho ne ho hloka boikemisetso ho ea. Ke seo Al, oa Maceió Brazil, a nang le sona. Al, o omeletse litho, ’me o ne a sitoa ho kena le setulo sa hae se mabili ka beseng e neng e ea kopanong. Eaba o tlameha ho phecha fatše, ’me kopanong o ne a lokela ho hulana hore a hloelle litulong. Empa o ne a ikemiselitse hore o tla ba teng.

Ho ba bang ho ne ho hloka hore ba ikopanye. Paki ea Japane e ne e lokisetsa ho ea kopanong ha sefefo se fihla se khola lipere lifateng tsa serapa sa litholoana tsa lelapa. Lipaki tsa phutheho ea moo le bana ba tsona tsa thusa ho phutha lipere le ho li rekisa. Tsa fela kaofela ka nako, hoo monna oa hae ea sa lumelang a ileng a thabela ho mo lumella ho ea.

’Me ho ba bang ho ne ho hlokahala kananelo. Monna oa Mokreste oa Brazil a shoelloa ke mosali matsatsi a mahlano pele ho kopano. Ho sa tsotellehe ho lahleheloa ho tšabehang, a ba teng le bana ba hae ba banyenyane ba bararo. Botsoalle le keletso tse ileng tsa thabeloa moo tsa mo thusa le lelapa la hae ho hlaphoheloa maikutlong a sisimohileng.

Ke hobane’ng ha bana, le ba bang ba limillione ba ne ba ikemiselitse hore ha ho letho le tla ba ema pele ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso” ngohola? Haeba u kile ua ba teng ho e ’ngoe ea likopano tsa Lipaki tsa Jehova, u tseba karabo. Ntlheng e ’ngoe, li fana ka monyetla o ikhethang oa botsoalle bo boholo ba Bokreste. (Pesaleme ea 133:1) Ea neng a ile kopanong ea New Caledonia, South Seas, o itse, “Bonngoe ba batho ba Molimo bo hlile ba boleloa ka Bibeleng, ’me u ka bo ananela haholo nakong ea likopano. Ho phaella moo, lenaneo le tletse ka lintho tse molemo tse mamelehang.

‘Li ne li Fihla Pelong’

Ho tloha ha molula-setulo a amohela ba teng ka letsatsi la pele ho fihlela ka puo e qetellang ka Sontaha, lenaneo le ne le tletse liphihlelo tse futhumatsang pelo, lipuisano tse tiisang tumelo le keletso e sebetsang.

Hoseng ka Labohlano ba teng ba thabela ho tsebisoa ba bang ba khale. Ba neng ba kopane Sydney, Australia, ba mamela Geordie Gibb ea lilemo li 85, ea kolobelitsoeng ka 1927 ’me a sebelelitse le basebeletsi ba ntlo-kholo ea Australia ho tloha ka 1929. Ho na le batho ba kang Geordie lefatšeng lohle, bao bophelo bohle ba bona ba bo phetseng tšebeletsong e tšepahalang. Likopano tsa setereke tsa 1982 li ile tsa fana ka monyetla o motle ho teana le ba bang ba bona.

Lipuo li ile tsa ananeloa haholo, haholo tse neng li senola maraba a patiloeng. Kamor’a ho mamela puo e neng e re “Hlokomela ’Mino o Nyonyehang,” Ana, oa Brazil, a re: “Ke ne ke e-na le lirekoto tse ngata tse nang le mantsoe a sa haheng ho hang. Empa ra li boloka hobane re ne re rata ’mino. Hoba re mamele puo eo ra fihlela qeto ea ho li senya kaofela ha tsona.”

Barbara, ea neng a le kopanong Hawaii, a lumellana ka botlalo le litemoso tseo a li utloileng puong e neng e re “Ho Senola Mano a Diabolose.” Har’a tse ling, puo e ne e lemosa ka mananeo a itseng a thelevishene. Barbara e ne e le lekhoba la lipale tse tsoelang pele ’me a fumana hore mananeo ana a senya kelello ea hae ea ho khetha botle ho bobe. A re, “Le bona ‘batho ba batle’ ba ne ba qala leshano ba etsa boitšoaro bo bobe, ’me ka qalisa ho talima bophelo joaloka bona.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Lelapa la Korea le ne le ntse le bokella chelete hore le reke thelevishene e bontšang lintho ka ’mala. Hoba ba utloe puo ena le tse ling kopanong, ba fetola maikutlo a bona. Ba ne ba sa batle ho sebelisa chelete ea bona ka ntho e ’ngoe e neng e ka kenya tšusumetso ea bosatane ka lapeng la bona.

Tlhōrō ea likopano tsohle tsa Lipaki tsa Jehova ke lipontšo tsa litšoantšiso, moo maemo a boholo-holo kapa a hona joale a bontšoang e le a hlileng a bolelang ho hong bakeng sa Bakreste kajeno. Ba neng ba le kopanong ba qenehela Jeremia, tšoantšisong ea “’Moleli ea Sebete oa Molaetsa o sa Rateheng.” ’Me lipelo tse ngata tsa ameha ke tšoantšiso ea “Ba tla Utloa Joang ha ’Moleli a le Sieo?” E ne e le taba e theiloeng liphihlelong tse ngata tsa bophelo, ea Lira Pitso. Tšoantšisong, Lira o ne a hanyetsa ha mora oa hae a bolela litaba tse molemo a bile a mo leleka lapeng. Joale, lilemo hamorao, a thusoa hore a fetohe pelong ha litloholo tsa hae tse nyenyane li mo hlokomelisa ka lebitso la Molimo, Jehova, ho Pesaleme ea 83:18 Bibeleng ea hae ea Morena James.

Lois oa Bahamas a re, “ho na le Lira Pitso lapeng la rōna,” ha ka thabo a hlalosa boikutlo bo fetohang ba monna oa hae. Tšoantšiso e ne e hlile e khothatsa Korea moo basali ba bangata ba Bakreste ba nang le banna ba hanyetsang.

Tlhōrō e ’ngoe ea likopano tsohle tsa Lipaki tsa Jehova ke kolobetso. Likopanong tsa “’Nete ea ’Muso”, batho ba mashome a likete ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova Molimo ka ho qoelisoa metsing pontšeng. Ho ba bangata, bohato bo ile ba hloka mosebetsi o matla. Mosali ea lilemo li 23 ea ileng a kolobetsoa Japane, ka mohlala, ka nako e ’ngoe o ne a ile a ima a sa nyaloa, ’me a tsuba lisakarete tse 40 ho isa ho tse 50 ka letsatsi. Ho ne ho hlokahala a fetohe haholo pele a kolobetsoa. Empa ka thuso ea Jehova a fetoha ’me joale o phela bophelo bo hloekileng le bo hahang a nyetsoe ke ntate oa ngoana oa hae.

Ho ne ho e-na le litlhōrō tse ling hape. Na u sa hopola ka ho lokolloa ha buka e ncha e ntle U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, le bukana Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! kapa pampitšana e hapang mahlo Na re Atamela Harmagedone?

Mohlomong u ne u le e mong oa bongata ba ba neng ba le kopanong ba ileng ba tsoa ka Labohlano mantsiboea ho ea abelana pampitšana le beng ba matlo motseng oa kopano. Beng ba matlo ba bangata ba arabela joaloka mohlankana oa Kalgoorlie, Australia Bophirima, ea ileng a hapeha haholo ke moqoqo oo a bileng le oona le ba babeli ba neng ba le kopanong hoo a ileng a etsa qeto ea ho ea ka boeena.

Linaheng tse ling ba teng ba bile le mahlohonolo a mangata ha libuka li lokolloa ho sebeletsa seo ba hlileng ba se hlokang ka ho khethehileng. Ba neng ba le kopanong Japane ba ile ba tlaloa ke thabo ea ho amohela New World Translation of the Holy Scriptures e feletse ka puo ea bona. E mong ea thabileng ea neng a le kopanong ea ileng a iphumanela eona o itse, “Ke ile ka sitoa ho robala bosiu kaofela.”

Ea neng a le kopanong Hawaii o itse, “Lipuo kopanong ena li ne li fihla pelong e le kannete.” Le bao e seng Lipaki ba ne ba re e! Setho sa sehlopha sa bopolotiki se ileng sa ea kopanong ea Brazil se ile sa hlalosa hore: “Ke ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke utloang lipuo tse hlileng li buang ho hong.”

Joale ke . . . “Bonngoe ba ’Muso”?

E, likopano tsa “’Nete ea ’Muso” li ile tsa atleha ka ho phethahetseng. Bophelo ba ba limillione ba thusoa ke tsona. Haeba u ne u le teng moo, ntle ho pelaelo u fumane molemo o moholo. Empa haeba u ne u se teng? Che, hase mara hase ho fela. Selemong sena Lipaki tsa Jehova li tla ba le letoto le leng la likopano lefatšeng lohle, ka sehlooho se reng “Bonngoe ba ’Muso.”

Selemo sena, le teng, ho tla ba le litšoantšiso, lipuo tse hahang tumelo, le lipontšo, keletso e nakong ’me, ntle ho pelaelo le limakatso tse ling! Tsena li tla akarelletsa tšobotsi e ikhethang e tla etsa hore likopano tsa setereke tsa selemo sena e be tse fetisisang. Haeba u bile teng kopanong ea 1982, re ikutloa re kholisehile hore u tla rata ho ba teng ka matsatsi a mane kaofela. Haeba u ne u se teng, ikemisetse ho ba teng selemong sena. Ho ka ’na ha ipaka e le bophahamo ba bophelo ho uena selemong sena.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Kopanong es São Paulo, Brazil, ho kolobelitsoe Lipaki tse ncha tse 626

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ngoana ea neng a le Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso” Kalgoorlie, Australia Bophirima, Loetse 23-26, 1982

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela