Ho Qala ha Borena Iseraeleng—Libuka tse Peli tsa Samuele
“Na ha lea ka la bala seo Davida a neng a se etse ha eena le banna ba hae ba lapile? A kena ka Tlung ea Molimo ’me a nka bohobe bo halalelang a bo ja ’me a bo fa banna ba hae, le hoja e le baprista feela ba lumelloang ho bo ja, e seng e mong.” (Luka 6:3, 4, The New English Bible) Ka mantsoe ana, Jesu a thōlisa Bafarisi ba bang ba neng ba qositse barutuoa ba hae ka hore ba tlōtse Sabbatha hobane ba ile ba kha liqoapi tse fokolang ’me ba li ja ka letsatsi la Sabbatha.
O boetse a bontša ntho e ’ngoe hape. Tlaleho ea histori ka Davida le “bohobe bo halalelang” e tlalehiloe bukeng ea pele ea Samuele. (1 Samuele 21:1-6, NE) Ho bua ha Jesu ka eona ho shanofatsa khanyetso, ho bontša ho tloaelana ha hae le buka ena ’me ho hlahisa hore, le rōna, ke hantle ha re tloaelana le eona. Hammoho le motsoalle oa eona, Samuele oa Bobeli, e fupere boitsebiso boo e neng e le ba bohlokoa ho Jesu ’me ke ba bohlokoa ho rōna kajeno.—Ba-Roma 15:4.
Libuka tse peli tsa Samuele ke life? Ke libuka tsa histori tse fumanoang ka Mangolong a Seheberu tse hlalosang sehlohlolo historing ea batho ba Molimo. Pele-pele, Baiseraele ba ne ba busoa ke baahloli ba hlahlamanang. Libuka tsena tse peli li hlalosa bofelo ba mehla eo le ho qala ha puso ea marena Iseraeleng. Li tletse ka liketsahalo tse susumetsang le batho ba makatsang. Re kopane le Samuele, moahloli oa ho qetela, le marena a mabeli a pele, Saule le Davida. Re boetse re kopana le lebotho la batho ba bang ba sa lebaleheng: Eli ea hlorileng, Abigaile ea bohlale le ea masene, Jonathane ea sebete empa a le mosa, hammoho le bana ba motho Abishai le Joabe, linatla tsa Jehova empa ba le sehlōhō ho loantšeng bana babo bona. (Ba-Heberu 11:32) Libuka tsena tse peli li ruta melao-motheo eo e ntseng e le ea bohlokoa ’me li hlalosa liketsahalo tse nang le liphello tse sa feleng ho batho ba Molimo, ha e le hantle ho batho bohle.
Morena Ea Ileng a Hlōleha
Oa pele oa ho tlotsoa ke Jehova ho ba morena oa Iseraele e ne e le Saule. A qala hantle empa hamorao a hlōleha ho bontša ho itšetleha ka ho loketseng ka Jehova tlhaselong e neng e bonahala e le haufi ea Bafilista. Kahoo, Samuele a mo bolella hore bara ba hae ba ke ke ba ja lefa la borena. Ho e-na le hoo, Samuele a re, “Jehova o ikhethetse monna e mong ea pelong ea hae; Jehova o se a mo khethile hore e be morena oa sechaba sa hae.” (1 Samuele 13:13, 14) Leha ho le joalo, Saule a tsoela pele e le morena bophelo bohle ba hae.
Hamorao, morena enoa oa pele a laeloa ho loana ntoa e reretsoeng ho ahlola Baamaleke. Saule ha a ka a phetha litaelo tsa Jehova ka botlalo ’me kahoo a ipakela bohale ba Jehova. Samuele o susumelletseha ho re: “Hleka Jehova o khahloa ke licheso le ke mahlabelo, joale ka ha a khahloa ha ho utluoa lentsoe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, ’me mamelo e fetisa mafura a lipheleu.” (1 Samuele 15:22) Oona ke molao-motheo oo entseng e le oa bohlokoa bakeng sa ba sebeletsang Jehova maemong a boetapele. Hobane Saule o ne a sa mamele, moprofeta Samuele a tsoela pele: “Erekaha u lahlile taelo ea Jehova, le eena o u lahlile, hore u se ke ua ’na ua ba morena.” (1 Samuele 15:23) Hamorao, Saule a bontša kamoo a seng a le hōle kateng le borapeli bo hloekileng ha a ea ho senohe.—1 Samuele 28:8-25.
Katleho ea Borena
Saule a hlahlangoa ke Davida, mor’a Jese. Davida o ne a fapane le Saule. Bocheng ba hae, o ile a bontša ho itšetleha ka Jehova ha a fenetha senatla sa Mofilista, Goliathe. Joale, ha a tlameha ho balehisa bophelo ba hae ka baka la mōna oa Saule, leha ho le joalo a ’na a utloa Jehova linthong tsohle. Ka makhetlo, Davida a ka be a ile a bolaea Saule. Empa a itšoara, a letetse nako ea Jehova ea hore e be morena. Ke nakong ena e thata moo moprista Akimeleke a ileng a mo fa bohobe bo halalelang hore a bo je ketsahalong eo Jesu a e boleletseng Bafarasi.
Ka nako ea teng Saule a shoa ’me Davida a qala ho busa. Empa qalehong a amoheloa ke morabe oa habo oa Juda feela. Meloko e meng ea tsoela pele ho latela mora ea phelang oa Saule, Ishe-Boshethe. Leha ho le joalo, Davida a se ke a bontša takatso ea ho iphetetsa ho eo ba qothisanang lehlokoa le eena. Ha qetellong Ishe-Boshethe a bolaoa, Davida a bolaea ba ’molaileng. ’Me ha molaoli e moholo oa Ishe-Boshethe, Abnere, a bolaoa, a laela bofifi sechabeng. (2 Samuele 3:31-34; 4:9-12) Boikokobetso, tiisetso, mamello le ho itšetleha ka Jehova tse joalo li hlokoa ke bahlanka ba Jehova lilemong leha e le life.
“Mor’a Davida”
Qetellong ha Davida e e-ba morena oa sechaba se kopaneng hape, ntho e ’ngoe ea pele eo a ileng a e nahana e bile ho haha ntlo bakeng sa areka ea selekane, letšoao la boteng ba Jehova Iseraeleng. Jehova ha a ka a lumellana le sena, empa ka ho hlokomela botšepehi ba Davida bo boholo a hlaba selekane se khethehileng le eena: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.”—2 Samuele 7:16.
Kahoo Davida ea e-ba lehokelo lelokong le lelelele le sa khaoheng le tlohang ho Adama, ho phunyeletsa ho Abrahama, Isaaka, Jakobo le Juda ho theosa ho tla fihlela ho Messia ea tšepisitsoeng. (Genese 3:15; 22:18; 26:4; 49:10) Ha qetellong Messia a fihla, e ne e tla ba setloholo sa Davida. Ke seo Jesu a bileng sona ka lehlakoreng la ntate oa hae oa mohōlisi le ka lehlakoreng la ’mè oa hae. (Mattheu 1:1-16; Luka 3:23-38) Litlalehong tsa Melaetsa, hangata o bitsoa “Mor’a Davida.”—Mareka 10:47, 48.
E le “Mor’a Davida” oa molao, Jesu e ne e le mojalefa oa Davida. Ke eng eo a e jeleng lefa? Lengeloi Gabriele la bolella Maria: “[Jesu] o tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Davida a boela a kopanya batho bohle ba Molimo ’musong o le mong, joalokaha buka ea Bobeli ea Samuele e hlalosa. Kahoo Jesu o jele borena lefa holim’a Iseraele eohle.
Hape, hlokomela ntlha e ’ngoe ka Davida joalokaha e tlalehiloe ke buka ea pele ea Samuele: “Ha e le Davida, e ne e le mor’a mo-Efrate eo oa Bethlehema oa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese.” (1 Samuele 17:12) Polelo ena hase feela tlhaloso e thahasellisang ea histori. Hape, Messia e le “Mor’a Davida,” o ne a tlameha ho hlahela Bethlehema: “Empa, ha e le uena, Bethlehema-Efrate, leha u baloa u le monyenyane har’a meloko ea Juda, ho uena ho tla ntsoela eo e tla ba morena oa Iseraele, e leng eena ea leng teng e sa le tšimolohong, e sa le mehleng e sa qaleng.” (Mikea 5:2) Ha e le hantle, Jesu o phethahalitse tlhokahalo ena ea Bomessia.—Mattheu 2:1, 5, 6.
Liketso tse Lokisitseng Histori
Liketso tse ngata tsa bonatla tsa Davida li bile le phello ea nako e telele. Ka mohlala, Davida o hōletse sebaka se likilomethara tse seng kae feela hōle le Jerusalema. Ha esale moshanyana, motse o ne o le matsohong a Bajebuse, ’me Davida hangata o tlameha a be a ile a boha boemo ba oona bo batlang bo ke ke ba haptjoa holim’a thaba e majoe e mothipoloha e tsejoang e le Thaba ea Sione. Joale, e le morena, o ne a le boemong ba ho etsa ho fetang ho o boha. Buka ea bobeli ea Samuele e bolela ka ho hlaka kamoo, ho sa tsotellehe ho rohakana ha baahi ba Bajebuse, “Davida a kena qhobosheane ea Sione; ke oona motse oa Davida.” (2 Samuele 5:7) Kahoo Jerusalema ea ema sebaeeng historing ea lefatše moo e ’nileng ea hlahella le ho nyamela—ha esale ho tloha ka nako eo.
Motse ea e-ba motse-moholo oa borena ba Davida ’me oa lula e le motse-moholo oa Marena a Molimo a lefatšeng ka makholo a lilemo. Lekholong la pele la lilemo, “Mor’a Davida,” Jesu, a etsa mosebetsi oa boboleli moo. Ke Jerusalema moo Jesu a keneng a kaletse esele ho ea itlhahisa e le morena ho Bajode. (Mattheu 21:1-11, Mat 21:42–22:13; Johanne 7:14) ’Me e ne e le kantle ho menyako ea Jerusalema moo a faneng ka bophelo ba hae bakeng sa batho, kamor’a moo a tsosoa ’me a nyolohela leholimong, ka mamello a letetse Jehova ho bolela hore na o tla qala neng ho busa e le Morena, joalokaha Davida a ile a etsa pele ho eena.—Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:23, 24, 32, 33; Ba-Heberu 13:12.
Ho busa ha Davida Jerusalema ho boetse ho re hopotsa hore setloholo sa hae, Jesu, hona joale le sona se busa Jerusalema, “Jerusalema oa leholimo.” (Ba-Heberu 12:22) ’Me sebaka sa Jerusalema eo oa leholimo leholimong se bitsoa ‘Thaba ea Sione,’ e re hopotsa thaba ea majoe eo e neng e le setša sa motse oa pele.—Tšenolo 14:1.
Ho ea bofelong ba puso ea hae, Davida a etsa phoso ka hore a bale sechaba. Jehova a mo ahlola ka ho tlisetsa sechaba lefu la seoa, ’me lengeloi le bolaeang qetellong la ema seotlong sa Mojebuse ea bitsoang Arauna. Davida a reka tšimo ho Arauna ’me a hahela Jehova aletare moo. (2 Samuele 24:17-25) Ketso ena, le eona, e bile le liphello tsa nako e telele. Tšimo eo e sabaletseng ea e-ba setša sa tempele ea Salomone, ’me hamorao, sa tempele e tsosolositsoeng. Kahoo, ka makholo a lilemo e ne e le setsi sa lefatše sa borapeli ba ’nete. Jesu ka boeena a bolela tempeleng ea Heroda, eo le eona e neng e hahiloe ho potoloha setša seo ka nako e ’ngoe e neng e le seotlo sa Arauna Mojebuse.—Johanne 7:14.
E, libuka tse peli tsa Samuele li re hlahisa ho batho ba sebele le ho re hlalosetsa melao-motheo ea bohlokoa. Li re bontša hore na ke hobane’ng ha morena oa pele oa Iseraele a ile a hlōleha le hore na ke hobane’ng ha morena oa eona oa bobeli, ho sa tsotellehe liphoso tse ling tse tšabehang, e bileng moatlehi ea khethehileng. Li re fetisa har’a kopano ea bohlokoa historing, ho qaleha ha puso ea marena a batho har’a sechaba sa Molimo. Re bona Jerusalema e fetoha motse-moholo oa borena boo, hape re hlokomela ho rekoa ha setša se neng se tla sebelisoa e le setsi sa lefatše sa borapeli ba ’nete ka makholo a itseng a lilemo. Hape re ithuta qeto ea bohlokoa ho re thusa ho khetholla Messia ea tlang. E ne e tlameha ho ba “Mor’a Davida.”
Ka ’nete, libuka tsena lia hlolla. Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipalla tsona.
[Lebokose le leqepheng la 26]
“Ho itšoara joaloka Moprofeta”
Bibele e bolela eng ha e re: “Moea oa Molimo oa tla holim’a [Saule], e, eena, ’me a ’na a tsamaea le ho tsoela pele a itšoere joalo ka moprofeta”?—1 Samuele 19:23, NW.
Ha baprofeta ba Jehova ba ne ba fana ka melaetsa ea Molimo, ba ne ba bua tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang o ‘ba tlatsang ka matla’ ’me ha ho pelaelo o ne o ba buisa ka matla le ka boikutlo tseo ka ’nete li neng li sa tloaeleha. (Mikea 3:8; Jeremia 20:9) Mohlomong boitšoaro ba bona bo ne bo bonahala bo makatsa—mohlomong bo bile bo sa tloaeleha ho ba bang. Leha ho le joalo, hang ha ho ne ho tsebahala hore ba ne ba buisoa ke Jehova, melaetsa ea bona e ne e nkoa ka ho teba ke batho ba tšabang Molimo.—Bapisa 2 Marena 9:1-13.
Kahoo, lekhetlong lena Saule a qala ho itšoara ka tsela e sa tloaelehang, e ileng ea hopotsa bashebelli ka khalefo ea moprofeta ea neng a le haufi le ho fana ka molaetsa o tsoang ho Jehova. Ha a etsa ka tsela eo, a hlobola liphahlo tsa hae ’me a lula a le feela bosiu bohle. (1 Samuele 19:23, 24) Hona e ka ’na ea be e bile ho bontša hore e ne e le motho feela ea se nang matla a ho ba morena ha a ema khahlanong le merero ea Jehova Molimo. Lekhetlong la pele ha Morena Saule a ‘itšoara joaloka moprofeta,’ a leka ho bolaea Davida ka lerumo.—1 Samuele 18:10, 11.
[Lebokose le leqepheng la 27]
“Moea o Mobe o tsoang ho Jehova”
“Joale, moea oa Jehova oa tloha ho Saule, ’me moea o mo mobe o tsoang ho Jehova, oa mo ferekanya.” (1 Samuele 16:14) Na ua tseba hore na hoo ho bolela eng?
Ha rea tlameha ho utloisisa hore Jehova ka ho toba o rometse moea o mobe ho ferekanya Saule. Ho e-na le hoo, ha Jehova a tlosa moea oa hae o halalelang, Saule a ba le moea o mobe, kapa tšusumetso ea ka hare hore a etse bobe. (Bapisa Mattheu 12:43-45.) Ke hobane’ng ha ho buuoa ka Jehova e le mohloli oa moea oo o mobe? Hobane o ile a etsa hore ho khonehe bakeng sa Saule ho ba le tšusumetso e fosahetseng, ha a tlosa moea oa hae o halalelang. ‘Moea ona o mobe’ oa tlosa khotso ea kelello ea Saule ’me, ka lekhetlo le leng, oa mo etsa hore a itšoare ka mokhoa o sa tloaelehang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
GOLIATHE
DAVIDA
SAULE
SAMUELE