Ho Amohela Phephetso ea Khōlo ea Bokreste
“Re etse ’nete ka lerato, ’me re hōle nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hloho.”—BA-EFESE 4:15.
1, 2. (a) Ke ka tsela efe ‘tholoana ea popelo ea mosali e leng moputso’? (b) Ho lebelletsoe eng ka bana?
NGOANA ea phetseng hantle, le ea sehlahlo ruri ke thabo. Ke batho ba seng ba kae ba ka iphapanyetsang ho tlōlaka ha hae ho tšehisang. Ke mohloli oa thabo e sa feleng le nyakallo, o hapa mahlo a batho kae le kae moo a eang. Ka ho utloahalang, batsoali baa mo rata e le ‘bokhabane ba bona le nyakallo’ ho sa tsotellehe mosebetsi le mofere-fere tseo a li tlisang. Ka sebele “tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.”—Pesaleme ea 127:3.
2 Leha ho le joalo, le hoja ngoana a ka rateha hakaalo, ho etsahala joang ha a sa bontše ho hōla? Haeba a lula boemong boo kamor’a likhoeli kapa tsona lilemo tsa tlhokomelo e lerato ea batsoali, joale hoa hlaka hore ho na le phoso e tebileng. Ka sebele, khōlo e fetohile letšoao la bophelo; re e lebella linthong tsohle tse phelang. Ke bopaki ba matla le bohlale ba Jehova ba ho bōpa.—Luka 2:52.
Khōlo ea Moea E-ea Hlokahala
3. Jesu o profetile khōlo efe, ’me ho bonoa phethahatso efe?
3 ’Neteng ea boprofeta ba Jesu, ho teng khōlo ea mofuta o mong. Lefatšeng lohle, “kotulo” ea moea e tsoela pele. (Mattheu 9:37) Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 1984, linaha tse tšeletseng li tlalehile bahoeletsi ba ’Muso ba fetang karolelano ea likete tse lekholo. Lilemo tse tharo pejana, ka 1981, keketseho e ne e tlalehiloe ke linaha tse peli feela. Lilemong tse fetileng tse tšeletseng, ho kolobelitsoe lipaki tse ncha tsa Jehova tse 827 144 ’me ha theoa liphutheho tse ncha tse fetang 5 000. Ka ’nete, ke Jehova ea potlakisitseng mosebetsi oa hae.—Esaia 60:22.
4. Phello ea khōlo ea lefatše lohle har’a batho ba Jehova e bile efe?
4 Lipalo tsena li bontša hore hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo ea kopanelang kamehla le batho ba Jehova le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela kajeno, o kolobelitsoe nakong ea lilemo tse tšeletseng tse fetileng. Na u e mong oa bona? Haeba ho joalo, u bile mohloli oa thabo e khōlō ho ba u thusitseng hore u ithute ’nete, ho metsoalle eohle ea hao ea Bokreste, le ho Ntate oa hao oa leholimo, Jehova Molimo. (Liproverbia 27:11) Ho tšoana le bohato ba pele bo nkiloeng ke lesea, bohato boo u bo nkileng ba ho inehela ho Jehova e bile ketsahalo e thabisang haholo. Bo tšoaile khato e eang pele, ea hore o tsoela pele. E bile pontšo ea khōlo.
5. Ke lipotso life tseo motho e mong le e mong a lokelang ho ipotsa tsona? Ke eng e ka thusang ho fumana likarabo?
5 Ho thoe’ng ka ho tloha nakong eo? Ka tlhokomelo e lerato ea Bakreste hammoho le uena, na u bontša bopaki ba khōlo e tlang butle-butle ea moea? U ka ’na ua botsa, ‘E be nka bona joang hore kea hōla?’ Hopola seo moapostola Pauluse a se buileng ka khōlo: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joale ka ngoana, ke ne ke hopola joale ka ngoana, ke ne ke lekanya joale ka ngoana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile [litšobotsi] tsa bongoana.” (1 Ba-Korinthe 13:11) Kahoo, ha e-ea ba ho feta ha nako feela, empa ho lahla ‘litšobotsi tsa bongoana’ ho mo entseng monna ea hōlileng. Litšobotsi tsee ke life?
6, 7. (a) Hlalosa ‘tšobotsi e le ’ngoe ea bongoana’ le kotsi ea eona. (b) Tšobotsi ee e bonahala joang? Phello e ka ba efe?
6 Taba e ’ngoe ka bana ke hore tlhokomelo ea bona e khutšoaane haholo. Le hoja ba batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba potileng, hape, ho ke ke ha hlalosoa hore na ho latelang hoo ba tla ho etsa ke hofe, ba fetoha habonolo, ha baa tsitsa. Ka ho hlakileng, motho ofe kapa ofe ea lulang boemong bo joalo o kotsing e khōlō ea moea. A ka ’na ‘a ba joale ka mahoholi, a fetohela moeeng o mong le o mong oa thuto e ncha, ka thetso ea batho, le ka mano a bona a ho khelosa ka bohata,’ joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse ho Ba-Efese 4:14.
7 Maqhubu le moea li ka qhalana ka potlako ha li re lia bokellana. Kajeno, lintho ha lia rereloa ho lula li le teng kamehla le mehla, liphetoho, mekhoa e mecha, le lifeshene lia kena li tsoe. Lintho tseo ho neng ho nkoa hore ke tsa bohlokoa nakoaneng e seng kae e fetileng ho hang li tsoile e bile li lebetsoe. E-bang ke mabaleng a boikhathollo, moaparo le boitlhopho, kapa leha e le eng feela, ke booatla bo bokaakang—le bongoana bo bokaakang—ho tšoasoa u batla hore kamehla u fumane ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea morao-rao, e le hore feela ka potlako u fumane hore ba bang ba u phahametse ’me u soabile. Litabeng tsa moea, liphello tsa ho se tsitse ho joalo li ka ba kotsi.—Bapisa Jakobo 1:6-8.
8. ‘Tšobotsi’ e ’ngoe ea bana ba moea ke efe, ’me e hlahisa kotsi efe?
8 ‘Tšobotsi e ’ngoe ea bana’ ke hore ba lemoha hanyenyane hore na ho hotle kapa ho hobe, ho nepahetseng kapa ho fosahetseng ke hofe. Ka ho tšoanang, masea a moea ha a s’o ‘koetlise matla a oona a temoho ho khetha ho hotle le ho hohe,’ ’me ke ka baka leo moapostola Pauluse a phehelletseng Bakreste bahabo ho ‘feta litaba tseo ho qaloang ka tsona ba se boele ba thea motheo o mong.’ (Ba-Heberu 5:14; 6:1) Bao e leng bana moeeng ho hlokahala hore ba ’ne ba tiisetsoe nako le nako hore seo ba se amohetseng e le ’nete e fela e le ’nete, le hore seo ba se rutiloeng hore ba se etse ruri ke sona seo ba lokelang ho se etsa. Ba hloka ho thusoa le linthong tsa motheo. Ho seng joalo ba ferekana habonolo, ba tsielehe, ’me ba hlōloe ke lipelaelo tse ka senyang tumelo ea bona.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela phephetso ea khōlo ea Bokreste?
9 Na u se u kile ua hlokomela hore bana kamehla ba chesehela ho etsa seo ba bonang batho ba baholo ba se etsa? Ha e le hantle, ho bona ke papali feela. Ntle ho pelaelo, monate oa taba o tabeng ea hore ba tsebe ho etsa seo ba se batlang empa ba sa jare boikarabelo bo tsamaeang le sona. Koana, hoo ke phetho seo bophelo ba ngoana bo leng sona. (Bona Mattheu 11:16, 17.) Empa khōlo le tsoelopele li tsamaea le mosebetsi le boikarabelo. Ke phephetso eo ngoana a tlamehang ho thusoa ho e amohela. Hore na o e amohela hantle hakae, ho tla lekanyetsa haholo katleho kapa tlhōleho ea hae hamorao bophelong. Ka polelo ea moea, e bile ke habohlokoa haholo hore e mong le e mong ho rōna a nahane ka botebo ka phephetso ea khōlo ea Bokreste. Na u utloisisa, u bile u chesehela ho amohela boikarabelo bo tlang le ho ba motho ea hōtseng ka ho phethahetseng le ea hōlileng moeeng? Kapa u mpa u itšoara ka tsela e se nang morero u re ba bang ba u jarele boikarabelo ba hao?—Ba-Galata 6:4, 5.
Khōlo ea Bokreste—Ke Eng?
10. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a phehella Bakreste ba Baheberu ho ‘fetela khōlong’?
10 Ha moapostola Pauluse a ne a phehella Bakreste ho ‘fetela khōlong,’ o ne a hopotse eng? (Ba-Heberu 6:1) Se potolohileng taba se bontša hore Pauluse o ne a e-na le ho hongata ho ho bolella Bakreste ba Baheberu ka Jesu Kreste, “moprista e moholo, ka mokhoa oa Melkisedeke.” Empa a ikutloa hore ha baa ho lokela hobane seo a neng a se hopotse se ne se le “thata ho hlalosoa.” (Ba-Heberu 5:10, 11) Ho e-na le hoo, a ba hopotsa: “Le fetohile batho ba tšoaneloang ke ho fepjoa ka lebese, e seng ka lijo tse tiileng. Hobane e mong le e mong ea fepjoang ka lebese, o sitoa ho ikutloela lentsoe la ho loka; kahobane e sa le ngoana; empa lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.”—Ba-Heberu 5:12-14; bapisa Juda 3.
11. Ho hōla tsebong ho bolela eng?
11 Joale na hoo ho bolela hore khōlo ke feela taba ea ho ba le tsebo ea lintho tse tebileng tsa Bibele? Le hoja khōlo ea Bokreste e akarelletsa tsebo le kutloisiso ea Bibele, e amana le ho hongata. Kutloisiso ea mantsoe a sebelisitsoeng ke moapostola Pauluse e tla re thusa ho bona taba ka ho hlakileng haholoanyane. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khōlo” ke te·lei·oʹtes, ’me lentsoe le hlalosang “ho hōla” le fetoletsoe le e-tsoa ho teʹlei·os. Mantsoe ana a amana le teʹlos, e bolelang “bofelo.” Ka baka leo, Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E Vine, e hlalosa hore ho hōla (teʹlei·os) “ho tšoaea ho fihla qetellong ea eona (teʹlos), ho felella, ho phetheha, ho phethahala.” Ka hona, Mokreste ea hōlileng ke ea fihlileng qetellong e itseng, kapa pakaneng e itseng. Pakane ee ke efe?
12. Ho latela Ba-Efese 4:11-13, khōlo e akarelletsa eng?
12 Moapostola Pauluse, ho Ba-Efese 4:11-13, o hlalositse hore Kreste Jesu, e le hlooho ea phutheho ea Bokreste, o entse litokisetso tse ngata ho thusa “bahalaleli” ho finyella pakane eo, e leng, hore “re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, re be re fihlele boholo ba monna ea phethehileng, le tekano ea boemo bo phethehileng ba Kreste.” Mona, ho hōla, kapa ho hōla ka ho feletseng (teʹlei·os, ka Segerike) ha ho amane feela le ho ba le ‘tsebo e nepahetseng’ empa hape le ‘bonngoe tumelong’ le ho itekanya ka boemo bo finyelletsoeng ke Kreste.
13. Ke hobane’ng ha khōlo ea Bokreste e ke ke ea e-ba teng ntle ho ‘bonngoe tumelong’?
13 ‘Bonngoe tumelong’ bo bontša kopano. Pele motho a ithuta ka ‘tumelo e le ’ngoe,’ a ka ’na a ba le maikutlo a hae le likhopolo tsa hae ka hore na lintho li lokela ho etsoa joang, ka se nepahetseng le se fosahetseng, joalo joalo. (Ba-Efese 4:4, 5) Haeba a lumella hore maikutlo a joalo a tšoarelle, o tla ho fumana ho le thata haholo ho hōla moeeng. Ka lekhetlo le leng Pauluse o kile a bitsa Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo “masea ho Kreste” le “ba nama” hobane ba ne ba arotsoe ke ‘mōna le liphapang,’ ba bang ba ipolela hore ba latetse Pauluse, ba bang Apollose. (1 Ba-Korinthe 3:1-4) Ka baka leo, ho ka bonoa habonolo hore bonngoe, kapa ‘bonngoe tumelong,’ bo tsamaisana le khōlo ea Bokreste. E ’ngoe e ke ke ea e-ba teng ha e ’ngoe e le sieo. Ka hona re tlameha ho ipotsa: Na re lahlile litsela tsa rōna tsa pele tsa monahano oa bolefatše? Na re bona bohlokoa ba bonngoe mohopolong le ketsong le batho ba Jehova? ‘Bonngoe tumelong,’ ke motsoako oa bohlokoa khōlong ea Bokreste.—Ba-Efese 4:2, 3.
14. Khōlo e amana le eng?
14 Khōlo ea Bokreste e boetse e amana le ho ba le “tekano ea boemo bo phethehileng ba Kreste.” Hoo ho bolela’ng? Pauluse o tsoela pele ho hlalosa hore ba finyellang boemo bona ha e sa le bana, “ba joale ka mahoholi, ba fetohelang moeeng o mong le e mong oa thuto e ncha, ka thetso ea batho” bao ka mano ba etsang bobe. Ho e-na le hoo, ba na le tsebo e nepahetseng ea ’nete. Lerato la bona ka Kreste le hōlile, ’me ba bonahatsa litšoaneleho tse molemo, tse kang bohlale, ho loka, le matla. (Ba-Efese 4:13, 14; Johanne 15:12, 13; 1 Ba-Korinthe 1:24, 30; 2:7, 8; Liproverbia 8:1, 22-31) Le hoja re ke ke ra finyella ka botlalo ‘boemo ba Kreste,’ ka baka la ho se phethahale ha botho, ka sebele re ka mo etsa Mohlala oa rōna, re iketsetse qetello, kapa pakane, ea ho hōlisa botho bo botle bo kang ba hae. (Ba-Kolosse 3:9) Ho ea ka tekanyo eo re finyellang pakane ena re tla bontša khōlo.
Re Hōle ka Lerato
15. Khato ea pele ke efe lenyoreng la ho batla khōlo?
15 Re hlahlobile hore na ho kenyellelitsoe eng mantsoeng “Khōlo ea Bokreste,” ho hlokahala re tsebe hore na re ka e finyella joang. Joalokaha re bone, Ba-Heberu 6:1 e bontša hore lenyoreng la ho batla khōlo ea Bokreste ho na le motheo o itseng oo re tlamehang ho haha ho oona. Hang ha hona ho entsoe, boiteko bo bong bo ka tobisoa ho tsoeleng pele khōlong. Oa pele metsoakong e etsang motheo oo ke ‘pako mesebetsing e shoeleng.’
16. Re tlameha ho baka ‘mesebetsing efe e shoeleng’?
16 Ka ho totobetseng, “mesebetsi e shoeleng” e ne e tla akarelletsa mesebetsi ea nama e oeleng, eo, haeba e sa hlahlojoe, e tla isa lefung. Re hlokomela habonolo litlōlo tse totobetseng tse kang bofebe, bonyala, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, le tšebeletso ea meea e litšila e le ea boetsalibe ’me rea e qoba. Empa mesebetsi ea nama, “mesebetsi e shoeleng,” e boetse e akarelletsa seo ba bang ba ka ’nang ba se bitsa litšobotsi tsa botho tse kang bora, likhohlano, mōna, bohale, liphapang, likarohano, mekha, le mohono. (Ba-Galata 5:19-21) Ntle leha litšobotsi tse joalo tsa botho li hlobotsoe ’me li nketsoe sebaka ka “motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete,” ha ho bonolo hore motho a ka bona tsela ea ho finyella khōlo ea Bokreste.—Ba-Efese 4:22-24.
17. Ke eng hape e ka nkoang e le “mesebetsi e shoeleng”? Hobane’ng?
17 Ntle ho mesebetsi ea nama, “mesebetsi e shoeleng” eo re tlamehang ho itlhobolisa eona e boetse e akarelletsa mesebetsi le lipheo tse shoeleng moeeng, tsa lefeela, le tse se nang molemo. E ka ’na ea e-ba ho etsa chelete, mano a ho rua kapele. E ka ’na ea e-ba takatso e meharo le litokisetso tse jang nako tsa thuto e tsoetseng pele, kapa e ka ’na ea e-ba mekhatlo ea lefatše ea ho lokisa boahisani, ea khotso, le tse joalo. Lintho tsena kaofela li ka ’na tsa bonahala eka li na le molemo ka ho tsona, empa ke “mesebetsi e shoeleng” hobane li ka ’na tsa bolela lefu la moea bakeng sa ba tšoasehang ho tsona. Bohle ba thahasellang khōlo ea Bokreste ba tlameha ho ‘baka’ kapa ba tlohele ho phallela ‘mesebetsi e joalo e shoeleng’ ’me ba latele keletso ea Jesu ea ho ‘batla ’muso pele le ho loka ha Molimo.’—Mattheu 6:33.
18, 19. (a) Ho Ba-Efese 4:15, ho boleloa eng ka ho “bolela ’nete”? (b) Ho amana joang le khōlo ea Bokreste?
18 Hang ha ho hahiloe holim’a motheo, ho latela’ng? Pauluse o-oa eletsa: ‘Re bolele ’nete ka lerato, re tla hōla ka mekhoa eohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.’ (Ba-Efese 4:15, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Pele ho tsohle, re hlokomela hore Pauluse o bolela bohlokoa ba “ho bolela ’nete.” Polelo ena ka ho hlakileng e ama ho hoholo ho feta feela ho bua; e hlile e bolela “ho boloka ’nete.” (Kingdom Interlinear) Liphetolelo tse ling li e fetolela e le “ho phela ka ’nete”; “ho latela ’nete ka lerato ka linako tsohle—ho bua ka ’nete, ho etsa ka ’nete, ho phela ka ’nete.”—Ba-Efese 4:15, The Jerusalem Bible; The Living Bible.
19 Ka hona, ho phallela khōlo ea Bokreste ho hloka hore re boloke, kapa re phahamise ’nete ka tsela eo re phelang, re buang, re etsang le ho sebelisana le ba bang ka eona. Hona ho bolela hore litabeng tsa rōna tsa tsatsi le leng le le leng re sebelise tsebo ea Bibele eo re e fumaneng ’me kahoo re be har’a ba “lemaletseng ho khetha ho hotle, le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” (Ba-Heberu 5:14) Na u-ua ho etsa? Na u nahana ka metheo ea Bibele nako le nako ha u talimane le qeto? Na u amohela phephetso ea ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong, u emela ’nete ka lentsoe le ketso, kapa na u ka mpa ua lula u le ngoana moeeng, u lokolohile boikarabelong ’me u lokolohile ho hahamalla litakatso le lithato tsa hao?
20, 21. (a) Lerato le ameha joang ho hōleleng tsebong? (b) Ke lipotso life tse emetseng puisano e tsoelang pele?
20 Pauluse o re: “Re hōle nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hloho.” (Ba-Efese 4:15) Mona, Pauluse o supa khubu ea taba—tšusumetso. Ho 1 Ba-Korinthe 13:1-3 o bontša hore mesebetsi eo e neng e ka ’na ea e-ba ea bohlokoa e ka fetoha ea lefeela haeba e etsoa ka tšusumetso e sa nepahalang. Ka hona re tlameha ho hlahloba se re susumelletsang ho etsa lintho tsohle tseo re li etsang. Na re etsa ntho hore re bonoe ke ba bang, ho hapa maikutlo a bona e le hore ba ka nahana hore re hōlile tsebong? Kapa, ho e-na le hoo, na re e etsa ka lebaka la ho rata Molimo le ho rata moahelani? Ha re susumetsoa ke lerato, re tla ‘hōla nthong tsohle,’ re fetoha Bakreste ba leka-lekaneng, ba ka tšeptjoang le ba hōlileng tsebong, re hlokometse ka botlalo “Kreste, eo e leng hloho.”
21 Le hoja ho loanela ho finyella khōlo ea Bokreste e le pakane e tšoanelehang, hase phetho. Hang ha motho a finyelletse pakane ena, na ho sa na le ho hong hape hoo a ka ho etsang? Ho thoe’ng ka ba bileng ’neteng ka lilemo tse ngata ’me ba finyelletse pakane ea khōlo ea Bokreste? Hona re tla buisana ka hona sehloohong se latelang.
Na U Ka Hlalosa?
◻ ‘Litšobotsi tse ling tsa bana’ ke life, ’me li na le likotsi life?
◻ ‘Bonngoe ba tumelo’ le ‘botlalo ba Kreste’ li amana joang le khōlo?
◻ Ho finyella khōlo ea Bokreste, ke ‘mesebetsi efe e shoeleng’ eo re tlamehang ho e lahla?
◻ Motho o ‘hōla ka lerato’ joang?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]
LILEMONG TSE TŠELETSENG TSE FETILENG
—Lipaki tse ncha tse 827 144 li ile tsa kolobetsoa
—Ha theoa liphutheho tse ncha tse fetang 5 000
—Palong ea bao hona joale ba kopanelang mosebetsing oa boboleli, a le mong ho ba bararo o kolobelitsoe nakong ena
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]
Selemong sa tšebeletso sa 1984, linaha tse tšeletseng li bile le karolelano ea bahoeletsi ba ’Muso ba kaholimo ho likete tse lekholo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ba bangata kajeno ba ikhethela tšebeletso ka holim’a lintho tse bonahalang