Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a laela hore: “Ithabeleng Moreneng ka mehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.” (Ba-Filippi 4:4) Empa ho ba bangata, ho bonahala thabo eo e fumaneha ka thata. Ba bang ba ipotsa, ‘U ka thaba joang ha u tlameha ho mamella bofuma, ho hloka mosebetsi, basebetsi ’moho ba se nang mekhoa, likeko tsa boitšoaro bo bobe, kapa likhatello sekolong?’
E ne e tla ba ho sa utloahaleng ho hang hore Molimo o lebelle batho ba oona hore ba be boemong ba thabo ea kamehla. Molimo ka booona o ile oa bululela Pauluse ho profeta hore tsena e ne e tla ba “linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1-5) Leha ho le joalo, ka ho hlaka Bibele e bontša hore le maemong a mabe ka ho fetisisa, motho a ka ’na a ba le thabo e itseng. Ka mohlala, Jesu o ‘mameletse sefapano’ le ‘khanyetso ea baetsalibe.’ Ka sebele ho ne ho se thabo ho khokhotheloeng habohloko sefateng kapa ho sonngoa ke matšoele. Pauluse o bile o re mahlomola a Kreste a ne a le matla hoo a bileng a kopa Molimo “ka mohoo o moholo le ka meokho.” Leha ho le joalo, Jesu o tsebile ho mamella sena sohle “ka baka la thabo eo a e beetsoeng.”—Ba-Heberu 12:2, 3; 5:7.
Bakreste ba pele ka ho tšoanang ba ile ba “mamella ntoa e khōlō ea bohloko. Ka ’nģa e ’ngoe, [ba] hobosoa pepeneneng ka mahlapa le ka lihloriso.” Empa, Pauluse o re, ba “lumetse ka thabo ha ntho tsa [bona] li tlatlapuoa.” (Ba-Heberu 10:32-34) Empa hona ho ile ha e-ba bonolo joang?
Na Thabo e Tloha ka Hare kapa ka Ntle?
Thabo ha se ntho e ka ntle. Ke tšoanelo ea pelo. (Bapisa Liproverbia 17:22.) Ke ’nete, lintho tse ka ntle tse kang lelapa, metsoalle—le tsona lijo tse ratoang—li ka tlisa boikutlo bo itseng ba thabo. (Liketso 14:16, 17) Hobane, le hona ho lebella ntho e ’ngoe e molemo ho ka tlisa thabo! (Bapisa Liproverbia 10:28.) Leha ho le joalo, thabo eo motho a e fumanang ka maemo a hlahang ka ntle kapa ka lintho tse bonahalang e ka ba ea nakoana.
Ka lehlakoreng le leng, maemo a hlahang ka ntle ka linako tse ling ho bonahala a re amoha thabo. Ka mohlala, mohlankana ea bitsoang Jim o bolela kamoo mosebetsi oa hae oa boipheliso o ileng oa mo ama kateng: “Ke ne ke hloile mosebetsi oa ka . . . ke ne ke sa bone kamoo nka qetang bophelo ba ka ke ntšetsa pele feme e ’ngoe eo ho bonahalang e sa ntsotellehe hakaalo joalo ka motho. Hape, batho ba bangata bao ke neng ke sebetsa le bona e ne e le masea-qheme, batho ba sa tšepahaleng.” Ho leka ho kenya thabo ka mokhoa oa maiketsetso le hona hoa paka ho se moo ho isang teng. Jim o sa hopola: “Ke amehile lithethefatsing tsa mefuta eohle ho tloha ha ke le lilemo li 10. Empa ka fetoha motho ea ferekaneng haholo. Ke ne ke khathetse ke bophelo boo ke neng ke bo phela, ho noa, ho sebelisa lithethefatsi, le meketjana. Bophelo bo ne bo sena seo bo se bolelang kapa morero. Ka ipotsa, ‘Ebe ke hokae moo nka fumanang ho hong ho molemo?’”
Phihlelo ea Jim ntlheng ena e re hopotsa ka eane ea Morena Salomone. Le eena, o kile a ithuta lefeela la ho leka ho fumana thabo ka menyaka ea boikhotsofatso:
“Ka ba ka re pelong ea ka: Tlo hle, ke tle ke u leke ka thabo, u latsoe boiketlo; ’me bonang hoo le hona ke lefeela. Ka ba ka bolela litšeho, ka re: Ha li tsebisahale; ka bolela le thabo, ka re: E thusa’ng? Eaba ke nahana pelong ea ka hore ke mpe ke thabise nama ea ka ka veine, leha pelo ea ka e ne e ka ’na ea itsamaela ka hlalefo, ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tšoanetseng ho o etsa tlas’a maholimo, ka bongatanyana ba litšiu tsa ho phela ha bona. Eaba ke etsa mesebetsi e meholo; ikhahela matlo, ka itlhomela merara; ka iketsetsa masimo le lirapa tsa lifate . . . tsohle tse neng li lakatsoa ke mahlo a ka, ha ke ea ka a tima tsona; . . . Empa itse ha ke talima mesebetsi eohle ea matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 2:1-5, 10, 11.
Na ho na le tsela ea bophelo eo e seng lefeela, e tlisang thabo le tlas’a maemo a mabe ka ho fetisisa?
Mohloli oa Thabo ea Sebele
Nehemia a re: “Thabo ea Jehova ke matla a lōna.” (Nehemia 8:10) E, thabo e tsoa ho Molimo o Matla ’Ohle hobane, ka lebaka le le leng, ke ’Mōpi oa lintho tsohle tse molemo tse ka tlisang thabo ea ’nete. Bibele e re: “Matla le thabo li sehalalelong sa hae.” (1 Likronike 16:27) Ka baka leo, tsela ea sebele ea ho finyella thabo ke ka hoba le setsoalle le kamano le ’Mōpi tse kang tse ileng tsa thabeloa ke Abrahama! (Jakobo 2:23) Na setsoalle se joalo se ka tlisa thabo? Nahana ka seo mopesaleme a se buileng: “Setsoalle sa hao [Molimo] se molemo ho feta bophelo.” (Pesaleme ea 63:3, The Bible in Living English) Ha re le mona, ho ke ho hlokomeloe hore Jim kamorao ho nako o ile a ananela linnete tsena. Kajeno ke Mokreste ea thabileng.
Botsoalle le Molimo bo ka tlisa thabo joang? Ka lebaka le le leng, Molimo “ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Ha motho a sebeletsa Molimo, ha ho hlokahale hore a tšohe hore boiteko ba hae ke ba lefeela kapa ha bo hlokomelehe. Molimo o ananela liketso tse nyenyane ka ho fetisisa tsa boineelo. (Bapisa Mareka 12:41-44) ’Me ha Jehova a hlohonolofatsa metsoalle ea hae e khabane, tlhohonolofatso ea hae ‘e-ea entša, ’me ha e bake bohloko ba letho.’ (Liproverbia 10:22, NW) Ha e le hantle barati ba Molimo ba lebelletse ho thabela moputso oa bophelo bo sa feleng Taolong e Ncha ea ’ona moo ‘ho loka ho tla ikahela teng.’ (2 Petrose 3:13) Tšepo e joalo ke mohloli oa sebele oa thabo ho Bakreste!
Ntho e ’ngoe e ka nahanoang ke hore “thabo” ke tholoana ea moea oa Molimo. Empa Molimo ka mosa o fana ka moea oa oona ho metsoalle ea oona ha e e kopa. (Ba-Galata 5:22; Luka 11:13) Phello e bile efe? Mopesaleme a re, “Thabo ke ea batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15, NW.
Ho Boloka Thabo ea Rōna
Leha ho le joalo, le bona Bakreste ba tlotsitsoeng mehleng ea Pauluse ba ne ba ee ba ikutloe ba tepeletse. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Le kajeno maima le mathata a bophelo a entse tšenyo e kholoanyane. Empa kaha thabo ke tšoaneleho e lulang ka botebo pelong ea motho, likhatello tsena ha ho hlokahale hore li u bakele hore u felloe ke thabo. Ka mohlala, nahana Jesu Kreste. Pejana re hlokometse hore ‘o mamelletse sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng.’ (Ba-Heberu 12:2) Le hoja ka ho hlakileng ho khokhotheloa e ne e le phihlelo e thumakanyang, kamano ea Jesu le Ntate oa hae e ne e le matla haholo hore e mo hanele ho lebisa mehopolo ea hae boiqenehelong. Ho neng ho tataisa mohopolo oa Jesu ka ho hlakileng e ne e le ‘thabo eo a neng a e beetsoe’: tokelo ea ho tlosa qoso lebitsong la Jehova, tebello ea ho pholosa moloko ’ohle oa motho sebeng, tlhompho ea ho sebeletsa e le Morena oa ’Muso oa Molimo! Le metsotsong ea mathata a fetisisang, Jesu o ne a ka nahana ka lintho tsena ’me a ikutloa a thabile ka ho fetisisa!
Bakreste ba pejana ka ho tšoanang le bona ba ne ba mamella mahloriso, ba bile ba ‘lumela ka thabo ha ba tlatlapuoa lintho tsa bona,’ e seng hobane ba ne ba thabisoa ke mahlomola a ho tšoaroa bobatana, empa hobane mehopolo ea bona e ne e lebile lebakeng la hore na ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho mamella lintho tsena. Ba ne ba ka thaba “kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la [Molimo].” Ba ne ba ka thaba ka lebaka la “tšepo ea bophelo bo sa feleng” e neng e beiloe ka pel’a bona.—Liketso 5:41; Tite 1:2.
Le kajeno re ka boloka thabo ea rōna, le haeba re talimane le mathata a tebileng. Ho e-na le hore re ichebe bōrōna ’me re toute ka mathata a rōna, re ka leka ho ikhopotsa mahlohonolo a ho ba le setsoalle le Jehova le tšehetso ea baena le bo-khaitseli ba lerato. Hangata hona ho lekane ho etsa hore mahlomola a rōna a bonahale e ka aa fokola. Jesu o bapisitse taba ka tsela ena: “Ere mosali ha a beleha, a utloe bohloko, hobane nako ea hae e tlile; empa ha a tsoetse ngoana, a lebale tsietsi ea hae ka baka la thabo ea hobane motho o tsoetsoe lefatšeng.”—Johanne 16:21.
Ka phuthehong ea Bokreste, kajeno, ho na le mehlala e metle e mengata ea batho ka bomong ba lumellang thabo hore e koahele mathata a bona. Ka mohlala, mosali oa Mokreste ea bitsoang Evelyn, o bile mahlomoleng a mafu a sa tšoaneng, ho akarelletsa le kankere. O tsamaea ka thata ’me hangata o shebahala a opeloa. Empa o ba teng libokeng kamehla ’me hangata o na le sefahleho se khanyang ke ho bososela. Lekunutu la thabo ea hae ke lefe? Kamehla o re: “Ke itšetlehile ka Jehova.” E, ho e-na le hore a toute ka mahlomola a hae, o leka ho lebisa mohopolo oa hae mabakeng ao a nang le oona a ho thaba. Hona ho mo nea matla a ho loana ka katleho le ho kula ha hae.
Ha e le hantle, re ka lahleheloa ke thabo ea rōna habonolo. Ba bang ba imeloa ke takatso ea lintho tse bonahalang kapa ea boikhathollo. Ba hlokomoloha liboka tsa Bokreste, boithuto ba botho, le tšebeletso ea tšimo. Ho e-na le hore motho ea laba-labelang maruo a bonahalang a itlisetse thabo bophelong, ‘o itlhaba hohle ka mahloko a mangata.’—1 Timothea 6:10.
Ho phehella “mesebetsi ea nama” ea boithati ke tsela e ’ngoe ea ho senya thabo ea motho. Bohlola, litšila, kapa boitšoaro bo hlephileng li ka ’na tsa tlisa thabo ea nakoana, empa li hanana ho hang le molao oa Molimo, o hlahisang thabo. (Ba-Galata 5:19-23) Ba qoelang liphosong ba ipea kotsing e tebileng ea ho khaoloa Mohloling oa thabo—Jehova!
Ka baka leo, ho molemo hakaakang, hore Mokreste a sireletse thabo ea hae ka ho e boulela. Haeba, ka lebaka le leng, u iphumana u haelloa ke thabo, bona kamoo u ka etsang hore e o boele. Mohlomong ho ka hlokahala boithuto bo eketsehileng le nahanisisa ka Bibele. Ke feela ka ho ikhopotsa nako le nako ka tšepo ea rōna re ka ‘thabelang tšepo’ e tlang, le haeba re le mathateng. (Ba-Roma 12:12) Kapa mohlomong ho hlokahala ho ba le karolo e kholoanyane ea ho ‘bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.’ (Mattheu 24:14, NW) “Ho fana” ka tsela ena ho tlisa thabo e kholoanyane!—Liketso 13:48, 52; 20:35, NW.
Lefatše la rōna le tletseng mathata le tla ’ne le tsoele pele ho re bakela likhathatso. Empa ka ho atamela ho Motsoalle oa rōna oa leholimo, re ka tšoarella thabong ea rōna ’me re ka kena Taolong e Ncha ea Molimo moo litšitiso tsohle tsa thabo li tla tlosoa ka ho sa feleng!—Tšenolo 21:3, 4.