Bala ’me u Ithute Libukeng Tse Peli Tsa Likronike
“LIBUKA tsa Likronike hobane’ng?” Liithuti tse ngata li ’nile tsa botsa potso ena ha li qala ho bala Bibele eohle. Li bala libuka tsa Samuele le Marena ’me li bona histori ea batho ba Molimo tlas’a marena e fanoa ka mokhoa o hlakileng, le o khabane. Joale li tobana le libuka tse peli tsa Likronike: likhaolo tse telele tse robong tsa maloko tse lateloang ke ho pheta-phetoa ho hongata hoa seo ba se balileng pele. Eerdmans’ Bible Handbook e-ea hlalosa: “Ha u e habanya kaholimo feela ho bonahala Likronike li pheta ka mokhoa o tsoafisang le o qaqisisang seo re seng re se balile ho 2 Samuele le ho Marena.
Empa hoo ke ha u okōla litaba feela. Joalokaha melaetsa e mene Mangolong a Bakreste a Segerike kaofela e bua ka taba e akaretsang, empa o mong le o mong o fana ka pono e fapaneng ’me o eketsa boitsebiso bo o khethollang o le mong feela, ka hona mongoli oa libuka tsa Likronike, le hoja a ngola ka taba e tšoanang e akaretsang joaloka libuka tse tlang pele, o na le pono ea hae ’me o fana ka boitsebiso bo sa fumanoeng kae kapa kae hape. O ne a ngolla nako e khethehileng ’me ne a e-na le lipakane tse itseng tse hlalositsoeng hantle. Ha re utloisisa sena, re ka thabela ho bala libuka tsena le ho ithuta se tlang ho re thusa kajeno.
Li Koetse Tlhokahalo
E ka ’na eaba libuka tsa Likronike li ngotsoe ke Esdrase molemong oa Bajode ba khutletseng Lefatšeng la Pallo qetellong ea botlamuoa ba lilemo tse 70 Babylona. Hoba a bolele ka puso ea Davida le ea Salomone le ho arohana hoa batho ba Molimo ho ba lichaba tse peli kamorao ho moo, mongoli o bua haholo ka ’muso oa ka boroa oa Juda ’me o fana ka histori ea oona ka tsela e neng e tla ruta batlamuoa ba khutlileng. O lokolisa tsoelopele ea lesika la borena la bohlokoa la Davida, ’me ha a etsa joalo o arabela lipotso tsa bohlokoa: Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella sechaba sa hae se khethiloeng hore se ee botlamuoeng naheng ea bahedene? Hona Bajode ba khutlileng (hammoho le Bakreste ba ’nete kajeno) ba ka qoba ho etsa liphoso tse ileng tsa etsa hore kotlo ee e be teng joang?
Maloko a Bohlokoa
Likhaolo tsa pele tse robong tsa 1 Likronike 1-9 li na le letoto le lelelele la maloko. Ke hobane’ng ha mongoli a a akarellelitse? Hobane maloko e ne e le a bohlokoa Iseraeleng. Lefa le litokelo tsa tšebeletso li ne li amana le oona. Ba bang ho Baiseraele ba khutlileng, ho akarelletsa ba bang ba lelapa la boprista, ba ne ba sitoa ho paka hore na ba tsoile lesikeng lefe, ’me hona ho ne ho baka pherekano e khōlō. (Esdrase 2:59-63) Ka hona, ho lokolisoa hona ho hlokolosi hoa maloko ho ne ho hapa thahasello ea bona haholo.
Empa ho thoe’ng ka ’mali oa kajeno oa Bibele? Na o lokela hore a fete likhaolo tsee tse robong a sa li bala ’me a qale ho bala Likronike tsa pele ho tloha tlalehong ea lefu la Saule khaolong 1Ch ea 10? Che, mathathamo ana a maloko ke karolo ea “lengolo lohle” le ‘bululetsoeng ke Molimo.’ (2 Timothea 3:16) Likhaolo tsa pele tse robong tsa Likronike tsa Pele li na le boitsebiso ba bohlokoa le bo hapang.
Ka mohlala, ke mona feela moo re balang ka Jaebetse, setloholo sa Juda se ileng sa ipaka se hlompheha ka ho fetisisa. (1 Likronike 4:9, 10) Le hona mona, re fumana lethathamo le molemo la lesika la borena la Davida, le senolang ’nete ea bohlokoa ea hore Zorobabele eo e bileng ’musisi oa Bajode hoba ba khutle Babylona, e ne e le oa lesika leo.—1 Likronike 3:10-19.
Li re Bolella Haholoanyane ka Davida
Likhaolo tse salletseng tsa Likronike tsa Pele li nontša litlaleho tsa libuka tse tlang pele ho tsona, haholo-holo li phethisisa tsebo ea rōna ka Morena Davida. Libukeng tse tlang pele ho mona ’mali oa Bibele o tsebile Davida e le mohlanka ea inehetseng oa Jehova, mohlabani ea hloahloa, seroki, le moetapele ea chatsi oa batho. Ho Likronike tsa Pele re ithuta hore hape e ne e le mohlophisi ea molemo. O ile a hlophisa sechaba le mabotho, a hlophisa borapeli tempeleng, a etsa likarolo tse 24 tsa baprista, Balevi le libini.—1 Likronike 23:1–27:22.
Samuele oa Bobeli e hlalosa takatso e matla ea Davida ea hore a hahele areka ea selekane ntlo kapa tempele. (2 Samuele 7:2-5) Jehova o ne a ke ke a lumella Davida hore a tsoelepele ka litokisetso tsa hae, ’me Likronike tsa Pele li hlalosa lebaka. Davida e ne e le motho oa mali. Tempele e ne e tla hahuoa ke mohlahlami oa Davida, motho oa khotso. (1 Likronike 22:8-10) Samuele oa Bobeli le eona e re bolella kamoo Davida a ileng a reka seotlo seo qetellong ho ileng hoa ahoa tempele ho sona. (2 Samuele 24:18-25) Likronike tsa Pele e phaella ho seo ka ho hlalosa monehelo o moholo oo Davida a ileng a o bokella le litokisetso tsohle tseo a ileng a li etsa, e le hore ha Salomone a le boemong ba ho qala ho haha tempele, tsohle li be li mo loketse. (1 Likronike 22:6-19) E, Jehova o bile a nea Davida moralo oa hore na tempele e tla hahuoa joang, oo a ileng a o fetisetsa ka botšepehi ho Salomone.—1 Likronike 28:9-21.
Tlhohonolofatso ea Jehova . . .
Ha u tsoela pele ho bala buka ea bobeli ea Likronike, u tla hlokomela hore sehlooho se qala ho totobala; ha marena a Juda a ne a bontša hore a tšepile Jehova ka ho feletseng, a ne a hlohonolofatsoa. Ha a ne a sa etse joalo, batho ba ne ba e-ba mahlomoleng. Ka mohlala, Abija mora oa morena Roboame, o ile a phathahanngoa habohloko ke Jeroboame, morena oa mohlabani oa ’muso oa ka leboea ha a loantša Baiseraele. Lebotho la Abija la iphumana le lika-likelitsoe, eaba “o hoeletsa ho Jehova, baprista ba letsa literompeta.” Phello ea e-ba efe? “Jehova a qhala Jeroboame le ba-Iseraele bohle pel’a Abija [Abijame] le Juda.”—2 Likronike 13:14, 15.
Ka ho tšoanang Asa, mora oa Abija, a hlōla lebotho le leholo la Maethiopia a millione hobane o ne a tšepile Jehova. (2 Likronike 14:9-12) Josafate mora oa Asa o ile a pholosoa tlhaselong e kopanetsoeng ke Baammone, Bamoabe, le Baedomo, ha lilemo tse ngata hamoraonyana setloholo sa hae Morena Ezekiase, a ile a pholosoa matleng a Baassyria, ka lebaka la ho tšepa Jehova joalo.—2 Likronike 20:1-26; 32:9-23.
. . . le Thohako
Leha ho le joalo, marena a mangata ha a ka a bontša ho tšepa Jehova joalo, hangata ka lebaka le leng ho a mararo. La pele e ne e le hore bongata bo ile ba oela lerabeng la borapeli ba litšoantšo. Joase, setloho-tloholoana sa Josafate, a qalisa hantle, empa hamorao a retelehela borapeling ba litšoantšo. Jehova a hula tšireletso ea hae, ’me Joase a hlōloa ke Basyria ntoeng ’me qetellong a bolaoa. (2 Likronike 24:23-25) Mora oa Joase, Amatsia, a bontša kamoo borapeli ba litšoantšo bo lekang kateng. Amatsia a qalisa ka ho bontša tumelo e beang mohlala ho Jehova. Joale, kamor’a ho atleha ntoeng eo a ileng a hlōla Baedomo ho eona, ka ho sa kholeheng a nka melimo ea Baedomo eaba o qala ho e rapela! (2 Likronike 25:14) Ka hona, hape, Jehova a hula tšireletso ea hae ho morena.
Mohlomong mohlala o mobe ka ho fetisisa oa borapeli ha litšoantšo ke Manasse. Morena enoa ha a ka a rapela melimo ea bohata feela empa ka mafolo-folo a hlorisa ba neng ba khomaretse borapeling ba Jehova. Ke hobane a ne a “tlatsitse Jerusalema ka mali a se nang molato” Jehova a ileng a ikemisetsa ho timetsa Juda. “’Me Jehova ha a ka a rata ho ba tšoarela.” (2 Marena 21:11; 23:26; 24:3, 4) Leha ho le joalo, ka mohlolo, Manasse e ne e le mora oa Ezekiase, e mong oa marena a Bajode a neng a tšepahetse ka ho fetisisa. Haele hantle, o ile a tsoaloa ka lebaka la mohlolo o ileng oa etsahala. O tsoetsoe kamor’a hore ka mohlolo Jehova a atolosetse ntat’ae Ezekiase bophelo. (Esaia 38:1-8; 2 Likronike 33:1) ’Me ho na le mohlolo oa ho qetela. Kamorao ho lilemo tse telele tsa ho hlorisa barapeli ba Jehova, Manasse a baka ’me qetellong ea bophelo ba hae e ne e le mohlanka oa Jehova!—2 Likronike 33:1-6, 12-17.
Ntho ea bobeli e ileng ea tšoasa marena a Juda ke lilekane le basele. Lilekane tsena tsa kenya Morena Asa ea molemo hammoho le morena Akaze ea neng a se motle hakaalo khathatsong. (2 Likronike 16:1-5, 7; 28:16, 20) Phello e bohloko ea lilekane le linaha lisele e ile ea bonoa tabeng ea Josafate. Mohlanka enoa ea molemo oa Jehova ka booatla a hlaolela selekane le Morena Akabe oa Iseraele ea rapelang Baale. A latela Akabe phutuhong ea ntoa ea booatla ’me a lumela hore Jorame, mora oa hae, a nyale morali oa Akabe, Athalia. Athalia ea e-ba tšusumetso e mpe ho monna oa hae, Jorame, le ho mora oa hae, Akazia, ha e e-ba marena. Joale, ha Akazia a e-shoa, a iphamolela terone ’me a bolaea boholo ba bao a neng a ba belaella ka bora. Ka thabo, Jehova a tsamaisa litaba e le hore lesika la borena la Morena Davida le bolokoe, empa ea e-ba phello e bohloko hakaakang e hlahisoang ke ho itsoakanya le basele ntle ho mabaka!
Leraba la boraro leo marena a mang a ileng a oela ho lona ke boikhohomoso. Bo ile ba qaphaletsa lilemo tsa ho qetela tsa Morena Asa ea molemo, ’me ka lebaka la bona Morena Oziase, ea neng a le bohlale ntoeng, a phela karolo ea ho qetela bophelo ba hae e le molepera ea beiloeng kantle ho liahelo. Le Morena Ezekiase ea tšepahalang o ile a oela lerabeng lena ha a etetsoe ke manģosa a tsoang Babylona ’me ka makōkō a a bontša matlotlo a tempele.—2 Likronike 32:25, 26; Esaia 39:1-7.
Li Bale ’Me u Ithute ka Tsona
E, libuka tse peli tsa Likronike ke letlotlo la bohlokoa la boitsebiso. Li bontša hore na ke boitšoaro ba mofuta ofe bo khahlisang Jehova, ’me li bontša hore le oona marena a ka oela sebeng. Hoo ke temoso e kaakang kajeno, haholo-holo ho ba boemong ba boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste! Borapeli ba kajeno ba litšoantšo bo qhekella joaloka borapeli ba litšoantšo mehleng ea marena a Iseraele, ’me re tlameha ho ikemisetsa ho bo qoba. (Ba-Efese 3:19; Ba-Kolosse 3:5; Tšenolo 13:4) Le rōna, re tlameha ho qoba ho itohella le lefatše ntle ho mabaka. (Johanne 17:14, 16; Jakobo 4:4) ’Me ka sebele, bofokoli ba boikhohomoso, kapa boikakaso e ntse e le bothata boo re lokelang ho bo loantša.—Liproverbia 16:5, 18; Jakobo 4:6, 16.
Ho bala le ho ithuta libuka tse peli tsa Likronike ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova ka ho latela mehlala e metle le ka ho qoba mehlala e mebe eo re e beetsoeng ka histori ea Bajode. Ho tla re khothalletsa ho etsisa botle le ho qoba bobe, hore “ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”—Ba-Roma 15:4.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Likronike tsa Pele li thusa joang ho paka hore Jesu ha a ka a tsoaloa ka la 25 Tšitoe?
Ho latela Likronike tsa Pele, Morena Davida o ile a hlophisa baprista ka “lihlopha” tse 24, sehlopha ka seng se abetsoe ho sebeletsa beke tempeleng. Kahoo, setho sa sehlopha ka seng se ne se sebeletsa habeli ka selemo tempeleng, hoo e neng ekaba nako ea likhoeli tse tšeletseng lipakeng.
Sehlopha sa pele se ne se qala ho sebeletsa hang-hang kamor’a Mokete oa Metlotloane, hoo e ka bang qetellong ea Loetse/mathoasong a Mphalane. Sehlopha sa borobeli, se rehelletsoeng ka Abia, se ne se sebetsa beke e qetellang Pulungoana/mathoasong a Tšitoe, le beke e ’ngoe ho ea qetellong ea Phupjane/mathoasong a Phupu. Ke hobane’ng ha sehlopha sa Abia e le sa bohlokoa? Hobane, ho latela tlaleho ea Luka, Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, e ne e le oa “sehlopha sa Abia,” ’me o ne a hlile a sebeletsa tempeleng ha lengeloi le itlhahisa ho eena ho mo tsebisa ka ho tsoaloa ho tlang hoa Johanne.—Luka 1:5, 8, 9.
Joalokaha tlaleho ea Luka e bontša, Johanne o ile a emoloa kapele kamorao ho moo. Ka hona, a tsoaloa likhoeli tse robong hamorao, e-bang e ne e le mathoasong a Loetse kapa a ’Mesa. Tlaleho ea Luka e boetse e bontša hore Jesu o ne a le monyenyane ho Johanne ka likhoeli tse tšeletseng. (Luka 1:26) Ka hona tlaleho ena e qaqileng e tsoang libukeng tsa Likronike e bontša hore, ho e-na le hore a tsoaloe mafelong a Tšitoe, Jesu e ka ’na eaba o tsoetsoe mathoasong a TIhakubele kapa mathoasong a Mphalane. Mangolo a mang a bontša hore e ka ’na eaba nako e nepahetseng ke mafelong a Mphalane.—Bakeng sa lintlha tse ling, bona The Watchtower, June 15, 1954, leqephe 382.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Ke hobane’ng ha Josefa ebile ntate oa meloko e ’meli ea Iseraele, ha banab’abo e ne e le bo-ntate ba leloko le le leng feela?
Likronike tsa Pele li re thusa ho arabela potso ena. Josefa o ile a neoa likarolo tse peli tsa mojalefa. Ke ’nete, Josefa o ne a le morao haholo ho bara ba leshome le metso e ’meli ba Jakobo, empa e ne e le mora e moholo oa mosali ea ratoang oa Jakobo, Ragele. Ka tsoalo, tokelo ea letsibolo e ne e lokela ho ea ho Rubene, mora e moholo oa Jakobo letsibolo la hae ka Lea. Empa, joalokaha Likronike tsa Pele e re bolella. Rubene o ile a lahleheloa ke tokelo ena ka lebaka la sebe se tebileng. Tlaleho e re: “Rubene, . . . E ne e le eena letsibolo; empa kahobane a na a silafalitse malao a ntat’ae, boholo ba hae ba ho tsoaloa bo ne bo neiloe bara ba Josefa, mor’a Iseraele; leha ho le joalo, e ne e se hore Josefa a ngoloe mangolong a meloko ka ho re, o na le boholo ba ho tsoaloa.” Tlaleho e tsoela pele: “Ke Juda ea ileng a feta banab’abo, ’me ke ho eena ho tsoileng morena; leha ho le joalo, litokelo tsa boholo ba ho tsoaloa e ne e le tsa Josefa.”—1 Likronike 5:1, 2.