“Sechaba” se Tlatsang Lefatše ka Litholoana
“Matsatsing a tlang Jakobo o tla mela metso, Iseraele o tla hlahisa lipalesa le lehlomela, ’me ba tla tlatsa lefatše le beang ka litholoana.”—ESAIA 27:6, NW.
1. Moapostola Petrose o hlalositse sechaba sa Iseraele oa moea joang?
MABAPI le ho tsoaloa ha phutheho ea barutuoa ba Kreste e le “sechaba” ka 33 C.E., moapostola Petrose o ngotse mantsoe ana pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.: “Empa ha e le Iōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang; Iōna bao le neng le le sechaba pele, empa joale le sechaba sa Molimo; Iōna bao le neng le sa hauheloa, ’me joale le hauhetsoe.” (1 Petrose 2:9, 10) Molimo o bontšitse mohau o moholo hakaakang!
2, 3. Kaha Baiseraele ba moea ke sechaba se ruiloeng ke Jehova, ke boikarabelo bofe bo fetelang ho bona, ’me Jesu Kreste o ba tšoantšitse le eng khaolong ea 15 ea Johanne?
2 Kajeno, lilemo tse makholo a 19 kamor’a hore Petrose a ngole mantsoe ao, lefatšeng ho sa ntse ho e-na le masala a “sechaba” seo a tsoetsoeng ka moea. Litlaleho tsa selemo le selemo tsa Sehopotso sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea li bontša hore a se a le ka tlase ho likete tse leshome. Ke ‘sechaba se ruiloeng sa Jehova,’ ’me ka baka leo se lokela ho bolela libakeng tsohle lithoko tsa Jehova Molimo, ea se bitsitseng ‘lefifing la lefatše ho se kenya leseling la hae le hlollang.’ ‘Leseli’ lena le ’nile la khanya ho tloha qetellong ea “mehla ea Lichaba,” kapa “linako tse emisitsoeng tsa lichaba,” ka 1914.a (Luka 21:24, NW) Kaha ke “sechaba se ruiloeng” sa Molimo o fanang ka leseli lena le hlollang, ke thepa ea bohlokoa ho oona. Ba tšoana le tšimo ea oona ea moea ea morara.
3 Mona re hopola mantsoe a Jesu Kreste ho baapostola ba hae, ba neng ba emela balateli bohle ba hae ba tsoetsoeng ka moea: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke ntate. Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beeng, oa le rema; ’me le leng le le leng le beang, oa le hlahola hore le tle le eketse ho bea. Lōna, le se le hlahotsoe ka lentsoe leo ke le boleletseng Iōna. Lulang ho ’na, le ’na ho Iōna. Joale ka lekala ha le sitoa ho bea le ’notši, ha le sa khomarele sefate, ho joalo le Iōna ha le sa nkhomarele. Ke ’na sefate sa morara, ’me Iōna le makala. Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o bea haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.”—Johanne 15:1-5.
4. (a) Setšoantšo sa Jesu se re hopotsa tlhaloso efe ea Esaia khaolo ea 27? (b) Boprofeta bona bo phethahala neng mehleng ena, hona ho bo-mang? (c) Molimo ha o sa ikutloa joang ka batho ba oona?
4 Setšoantšo seo sa Jesu Kreste se re hopotsa mantsoe a Jehova ho Esaia 27:2-4, ho ea ka New World Translation, moo re balang;
“Letsatsing leo le tla e binela, lōna batho: ‘Tšimo ea morara oa veine e phophomang makoeba! ’Na, Jehova, kea e sireletsa. Ke tla e nosetsa ka linako tsohle. E le hore ho se be ea e senyang, ke tla e sireletsa bosiu le motšehare. Ha kea e halefela.’”
“Morara oa veine e phophomang makoeba” kajeno lefatšeng o ka tšoantšoa le makala a “morara” oa tšoantšetso oo Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba “sechaba se halalelang” e leng litho tsa oona tse beang litholoana. Ka baka leo, a na le boikarabelo ba ho bea litholoana tse ngata. (Johanne 15:5) Boprofeta ba Esaia bo bontša hore e ne e tla ba nakong eo batho ba Jehova ba khutlisetsoang mohaung oa hae ba neng ba tla binela “morara oa veine e phophomang makoeba.” (Bapisa Esaia 27:13.) Hona ho ne ho tla bolela nako ea ho phethahala ha boprofeta bona bo khanyang mehleng ea rōna ho tloha selemong sa 1919 kamorao ho ntoa, ’me linnete tsa histori li tiisa hore sena se phethahala le hona joale. Kajeno Jehova ha a ‘halefela’ batho ba hae, hape ha a halefela masala a “sechaba se halalelang” sa hae, ‘sechaba seo a se ruileng,’ kapa leha e le hore Jehova o halefetse Bakreste ba tšepahalang ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng mona lefatšeng. O ba hauhetse, ke ka baka leo ba atlehileng moeeng le ho bea litholoana tse ngata.
5. Batho bana ba thabisoa ke eng e hlahisoang ke tšimo ea morara oa tšoantšetso, ’me ba ka bua eng ka oona?
5 “Sechaba” sena sa moea, hammoho le metsoalle ea sona e sebetsang ka matla, se ’nile sa tšoana le tšimo ea morara e beang litholoana tse hlahisang “veine e phophomang makoeba.” Ke veine ea moea e etsang hore pelo ea Jehova le ea motho e thabe. (Baahloli 9:13) Ka lebaka lena batho ba thabisitsoeng ke ho noa veine ena ea moea ba binela “tšimo morara” ka nyakallo ’me ba leboha molemi oa “tšimo ea morara” oa tšoantšetso. Ka puo ea tšoantšetso, Molimo ‘o noselitse’ “tšimo ea morara” hore e Iule e hōla le ho hlahisa litholoana tse mathe-maloli le tse thabisang pelo.
O Fapane le “Merara ea Lefatše”
6. Leha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka “merara ea lefatše” kamoo ho bontšang Tšenolo khaolo ea 14?
6 Empa ntho li tsamaile hampe ka seo buka ea ho qetela ea Bibele e se bitsang “merara ea lefatše.” Kapele Molimo o tla laela makhotla a leholimo a timetsang: “Akhela sekele ea hao e bohale, u khe merara ea lefatše, hobane litholoana tsa eona li butsoitse.” Boprofeta ba Tšenolo bo tsoela pele ho bontša hore “lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng, la kotula merara ea lefatše, ’me la akhela litholoana tse kotutsoeng sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo. Sehatelo sa hateloa ka ntle ho motse, ’me ha tsoa mali sehatelong, ’me a phahama a ba a fihla litomong tsa lipere, sebaka sa ’ona se lekane le listadia tse sekete se nang le makholo a tšeletseng.” (Tšenolo 14:18-20) Sena se tla etsahalla karolo ea ’muso o bonahalang oa mokhatlo oa Diabolose lefatšeng; ke eena molemi oa merara eo, ’me o sitisa “sefate sa ’nete sa morara” seo Jehova Molimo e leng Molemi oa sona. “Merara ea lefatše” e ke ke ea tsosoa!
7-9. Esaia khaolo ea 27:1-13 e phethahala ka litsela life tse peli, hona ka linako life?
7 Boprofeta bona ba Esaia, khaolo ea 27, ke boprofeta ba tsosoloso, bohato ba pele e tla ba ho tsosolosoa ha Iseraele oa hlaho ’me e be ho latela ho tsosolosoa ha Iseraele oa moea lekholong la rōna la bo20 la lilemo. Sena se pakoa ke mantsoe a boprofeta temaneng ea 7 ho isa temaneng ea 13 e qetellang khaolo ena. Litemana tseo li baleha tjena:
8 “Na u re, Jehova o otlile Iseraele ka likotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlileng ka tsona, kapa na o ’molaile joale ka ha a bolaile ba ’molaileng na? U mo otlile ka tekanyo [ka mohoo o tšosang], ka ho mo tebela, ua mo hlokola ka moea oa hao o fokang ka matla, o kang oa mohla sefefo sa Bochabela. Ka mokhoa o joalo, sebe sa Jakobo se lefetsoe; ke ena tholoana ea sebe sa hae: Jehova o entse majoe kaofela a lialetare joale ka majoe a kalaka a besitsoeng, a silakantsoeng, hore liashera le litšoantšo tsa letsatsi li se ke tsa hlola li tsosoa. Hobane motse o matla o lutse o ’notši, ke setša se tlohetsoeng, se sebaka joale ka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je lihlahla teng. Makala a teng ha a oma, a tla rojoa, basali ba tla tla, ba a bese; hobane ke sechaba se sa hlalefang; ka baka leo, ea se entseng a ke ke a se hauhela, ea se bōpileng a ke ke a se rekolohela.
9 “Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora litholoana ho qala ka nōka ea Eufrate ho isa molapong oa Egepeta; ’me Iōna, bana ba Iseraele, le tla tholoa e mong le e mong oa Iōna. Mehleng eo, terompeta e kholo e tla letsoa, ’me ba tebeletsoeng naheng ea Assyria, le ba balehetseng naheng ea Egepeta, ba tla tla, ba khumame pel’a Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.”
10. Nakong ea boprofeta ba Esaia ke ’muso ofe o neng o busa lefatše, ’me o ile oa atleha hakae boitekong ba ’ona ba ho hlasela motse-moholo oa ’muso oa Juda?
10 Mehleng eo Esaia a neng a ngola boprofeta bona, Assyria e ne e le ’muso oa lefatše o matla, oa lula setulong sa borena se neng se lutsoe ke ’muso oa pele letotong la mebuso e supileng ea matla a lefatše, le hoja Egepeta e ne e sa ntse e na le matla empa a ne a le ka tlase ho a Assyria. ’Muso oa meloko e leshome oa Iseraele o ne o ikarotse pusong ea ntlo ea borena ea Morena Davida ea moloko oa Juda. Ka hona morena oa Assyria o ne a loantša motse oa Jerusalema a batla hore o inehele ka ho feletseng tlas’a hae, haeba o sa batle hore o timetsoe ho hang. Leha ho le joalo, Jehova a loanela ’muso oa Juda ’me a khutlisa Morena oa moikhohomosi Sankeribe a hlōtsoe ka tsela e lihlong.—Esaia, likhaolo 36 le 37.
11. ’Muso oa Juda o ile oa lihuoa ke matla a lefatše a morena ofe, ’me Esaia 27 e bua ka ketsahalo ena joang?
11 Morena oa ’muso o hlahlamang oa lefatše, ’Muso oa Babylona, ke eena ea ileng a neoa matla a ho felisa motse o halalelang oa Jerusalema le tempele ea eona. Bibele e bontša hore sena se etsahetse selemong sa 607 B.C.E., letsohong la Morena Nebukadnezare. Ke eena ea isitseng baholehuoa Babylona, ka lilemo tse 70. Ke ka baka la ho timetsoa ha Jerusalema le ho thopjoa ha batlamuoa ho ea Babylona ka lilemo tse 70 ho ileng ha botsoa lipotso tsena:
“Na u re, Jehova o otlile Iseraele ka likotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otliloeng ka tsona?” (Esaia 27:7)
Ha ho mohla ho kileng ha etsahala historing ea sechaba sa Iseraele ho tloha ka 1513 B.C.E., ba kileng ba otluoa habohloko joaloka selemong sa 607 B.C.E., kotlo eo e batlile e ba felisa ho hang. Ha bolaoa batho ba bangata haholo motseng oa Jerusalema o neng o teetsoe hare ke makhotla lira. E, Jehova a bona ho hlokahala hore a nke bohato bo joalo bo tiileng. A bona ho hlokahala hore a loantše batho ba neng ba lokela ho ipoloka e le metsoalle ea hae, bao a neng a kene selekaneng sa Molao le bona ka ’muelli Moshe.
12. Jehova a bululela moprofeta Esaia ho botsa potso efe mabapi le se neng se tla hlahela Iseraele, ’me kamano ea Iseraele le Jehova e ne e le efe?
12 Jehova a tsoela pele ho botsa potso ena:
“Kapa na o ’molaile [sechaba sa Iseraele, kapa Jakobo] joale ka ha a bolaile ba ’molaileng na?” (Esaia 27:7)
E, ho ne ho hlokahala hore Jehova a loantše batho bao a neng a ba rata, ka hore a tsose “mohoo o tšosang” oa Matla a Lefatše a Babylona, ’muso oa boraro historing ea Bibele. Polelo ea Molimo ke ena:
“U tla mo loantša ka mohoo o tšosang u mo tebele. U tla mo leleka ka ho mo fokisetsa moea, moea o matla oa bochabela [ho bontša lehlakore leo ntoa ea mohoo o tšosang e neng e tla hlaha ho Iona].” (Esaia 27:8, NW)
Timetso eo e ne e tla leleka sechaba se sa tšepahaleng seo ka nako e ’ngoe Jehova a neng a se rata joale ka mosali oa hae e le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang lefatšeng. Joale Molimo o ne o ba leleka lefatšeng leo o ba neileng lona ’me o ba lelekela naheng e hōle matsohong a Babylona, e se e ka o ba hlalile ka nakoana.—Bapisa Esaia 50:1.
13. Boprofeta ba Esaia bo bontša hore sechaba sa Iseraele se ne se tla lefetsa pheko ea ho nyelisa selekane sa Molimo joang?
13 Joale ho ne ho fihlile nako ea hore sechaba sa Iseraele, kapa Jakobo, se lefetse pheko ea “sebe” sa sona ka mahlabelo a boima haholo ho feta a liphoofolo tseo a neng a li nehela aletareng, tempeleng e Jerusalema. Jehova a re ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang mosali:
“Ka mokhoa o joalo, sebe sa Jakobo se lefetsoe; ke ena tholoana ea tšoarelo ea sebe sa hae: Jehova o entse majoe kaofela a lialetare joale ka majoe a kalaka a besitsoeng, a silakantsoeng, hore liashera le litšoantšo tsa letsatsi li se ke tsa hlola li tsosoa.” (Esaia 27:9)
Ho phethahala ha boprofeta boo e tla ba pontšo e khōlō hakaakang ea bohale ba Molimo, boo ho nang le lebaka la hore bo bonahatsoe! Ho ne ho ke ke ha etsahala hape hore liashera le litšoantšo tsa letsatsi li tsosoe kahobane ke ka baka la tseo sechaba se neng se otloa.
14. Timetso e ne e tla theolela naha ea Iseraele boemong ba mofuta ofe, ’me sefate sa tšoantšetso se ne se tla tšoaroa joang?
14 Ha Jehova a bontša timetso e neng e tla liheloa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele seo e neng e ka ke mosali oa hae, a eketsa:
“Motse o matla o lutse o ’notši, ke setša se tlohetsoeng, se sebaka se joale ka nahathothe.”
Naha e neng e e-na le baahi e tla sala e ’notši, ’me e tla fetoha makhulo.
“Namane e tla fula teng, e bothe teng; ’me [Jehova, ka moemeli oa hae] o tla timetsa makala a sefate sa oona. Ha a oma, basali ba tla fihla ba a robe, ba a bese.” (Esaia 27:10, 11, NW)
Ka tsela eo sechaba se kang mosali oa Jehova se tla theoloa boemong ba sona bo phahameng ho etsoa libeso, ’me ho tla ba bonolo hore basali ba sebelise likarolo tse setseng tsa sona. E tla ba ho theoloa ho lihlong hakaakang ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Iseraele o neng o tšoana le mosali! Empa ke ka baka la’ng ha Jehova eo e neng e le monna oa mosali enoa, a nka mehato e timetsang joalo? Mamela:
15. Kahobane sechaba sa Iseraele se ne se neuoe hlokomelo e khethehileng, se ne se lokela ho ipaka e le batho ba mofuta ofe, empa ke hobane’ng ha ba ne ba tšoana le lichaba tse neng li rapela litšoantšo?
15 “Kahobane ha se batho ba batlang ho utloisisa. Ke ka baka leo Moetsi oa bona a sa ba bontšeng mohau, le ’Mōpi oa bona a sa ba bontšeng lereko.” (Esaia 27:11, NW)
Ka baka la thuto eohle le leseli leo Jehova a neng a li neile mokhatlo oo o entsoeng ka tsela e hlollang, Baiseraele ba ne ba lokela ho ipaka e le batho ba bohlale. Ba ne ba lokela ho bona ka leihlo le nchocho le ho lemoha hore borapeli ba litšoantšo e ne e le lefeela, e, ba lemoha booatla ba tšebeletso ea litšoantšo, e neng e etsoa ke lichaba tse hlokang tsebo tse neng li se selekaneng sa botsoalle le Molimo o phelang le oa ’nete, Jehova. Empa kahobane ba sa bone ka mahlo Moetsi le ’Mōpi oa bona oa leholimo, ba felloa ke tumelo ’me ba khetha ho sebeletsa melimo e bonoang ka mahlo, ’me sena sa ba tlisetsa timelo. Ke ka baka leo mohau o eketsehileng oa Molimo le lereko la oona li ileng tsa amohuoa batho ba joalo ba baithati.
Ho Lokolloa Botlamuoeng Naheng Esele
16. Ha Jehova a tsosolosa batho ba hae, o lokela ho lebisa tlhokomelo ea hae ho eng?
16 E le hore Jehova a ba khutlisetse borapeling ba hae naheng ea bona, ho ne ho hlokahala hore a lebise tlhokomelo naheng ea Babylona eo ho neng ho phalla “nōka” e khōlō, Eufrate. ’Me hape a lebise mahlo a hae naheng ea Egepeta e ka boroa, linaha tseo a neng a isitse batho ba hae botlamuoeng ka morero oa ho ba laea. Ho etsa sena Jehova o ne a lokela ho phethahatsa morero o latelang oa hae:
“Mehleng eo, Jehova o tla hlohlora litholoana ho qala ka nōka ea Eufrate ho isa molapong oa Egepeta [moeli o ka boroa-bochabela oa Naha ea Pallo], ’me lōna, bana ba Iseraele, le tla tholoa e mong le e mong oa lōna.”—Esaia 27:12, bapisa Numere 34:2, 5.
17. Jehova o ile a hlohlora batho ba hae kholehong joang, ’me a sebelisa eng?
17 Hore Jehova a khutlisetse batho ba hae naheng ea bona ea Juda, o ne a lokela ho ba hlohlora moo ba isitsoeng botlamuoeng joaloka litholoana, ’me ka baka leo a ba lokolla. Sena o se entse ka ho liha ’muso oa lefatše oa Babylona ’me a emisa ’muso oa ba-Mede le ba-Persia, ’muso oa bone oa matla a lefatše historing ea Bibele. Tšimolohong ea puso ea morena oa Persia Cyruse e Moholo a ntša taelo ea hore ho lokolloe batho ba Jehova ba isitsoeng botlamuoeng ’me ba khutlele setšeng sa boholo-holo sa Jerusalema ho ea haha tempele ea Jehova. Bajode ba isitsoeng botlamuoeng ka lilemo tse 70 ba khutlisetsoa morao ka 537 B.C.E.—Esaia 45:1-7.
18. E tlameha e be boitšoaro ba ba neng ba le kholehong e bile bofe ha ba lokolloa?
18 Baiseraele ba lauoeng ba tšoeroeng Babylona, Assyria le Egepeta e ne e le phahlo ea Jehova, ’me o ne a e-na le tokelo ea ho ba hlohlora joaloka litholoana tsa tšoantšetso linaheng tseo ba neng ba leleketsoe ho tsona ba sa rate, ’me a ba bontše mosa le lereko le sa ba tšoanelang. E tlameha e be Baiseraele bao ba boholo-holo ba ile ba thaba hakaakang ka taelo ea Cyruse, ’me e tlameha e be ba bile mafolofolo hakaakang ho amohela ka matsoho a mabeli monyetla o khanyang oo ba neng ba o neoa! ‘Me ho thoe’ng ka “letsatsi” leo la ho bontšoa mohau?
19. (a) Baiseraele ba neng ba leleketsoe Assyria le Egepeta ba ne ba tla khumamela mang? (b) Hona ho ne ho tla bolela eng ka borapeli ba Jehova sebakeng seo tempele e neng e le ho sona pele, ’me ho tla bolela eng sechabeng sa moea sa kajeno?
19 ‘Ho tla etsahala tsatsing leo, ho be ho letsoe terompeta e khōlō, ’me ba leleketsoeng naheng ea Assyria le ba balehetseng naheng ea Egepeta ba tla tla ’me ba khumame pel’a Jehova thabeng e halalelang ea Jerusalema.’ (Esaia 27:13, NW)
Na sena se ne se ka bolela ho hong ntle ho ho tlasoa hape ha baahi Naheng ea Pallo le ho tsosolosoa ha tempele Jerusalema, ho tsosolosoa ha borapeli ba Moetsi le ’Mōpi oa sechaba se tsositsoeng sa Iseraele? Sena se ne se lokela ho etsahala ho ea ka mantsoe a boletsoeng pele a moprofeta Esaia temaneng ea 6. Naha ea batho ba hae ba khutlisitsoeng e tla tlala ka baahi, ba neng ba tla kopanela borapeling ba hae tempeleng ea hae, esita le hoja sebaka se tsositsoeng sa borapeli se ne se sa tšoane le tempele e ntle e neng e hahuoe ke Morena Salomone. Ka tsela ena e ne e le setšoantšo sa phethahatso ea moea ea mehleng ena mabapi le “Iseraele oa Molimo,” ea neng a tla tlatsa “lefatše le beang” ka litholoana tse neang bophelo.—Ba-Galata 6:16; Esaia 27:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tsela e thabisang, Oxford NIV Scofied Study Bible (1984) e na le tlhaloso ena ka Luka 21:24: “‘Mehla ea Balichaba’ e qalile ka ho thopjoa ha Juda tlas’a Nebukadnezare (2 Likron. 36:1-21). Ho tloha nakong eo Jerusalema e ’nile ea hatakeloa ke Balichaba.”
U Arabela Joang?
◻ Ke neng ’me ke joang Baiseraele ba hlaho ba ileng ba ‘otloa,’ kamoo ho profetiloeng ho Esaia 27:7?
◻ Iseraele o ile a “mela metso” joang? (Esaia 27:2, 6)
◻ Mehleng ea rōna Esaia khaolo ea 27 e phethahala ho bo-mang?
◻ Ba tšoana le tšimo ea morara e hlahisang “veine e phophomang makoeba” joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jehova a sebelisa Babylona ho liha kotlo e bohloko ka 607 B.C.E.