Tlhohonolofatso ea Jehova e’a Ruisa
“Ho thata ho morui ho kena ’musong oa maholimo.”—MATTHEU 19:23.
1, 2. Ke phapang efe e ka bontšoang pakeng tsa mefuta ea maruo?
HO KA ba joang haeba e mong a ka u hlokomelisa, “U se u ruile”? Ba bangata ba ka thabela ho bolelloa seo, haeba se bolela hore ba ruile chelete, sebaka kapa matlotlo a boiketlo. Empa nahana ka taba ea maruo ntlheng ena: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang, ’me ha a e eketse ka bohloko.”—Liproverbia 10:22, NW.
2 Ha Molimo o sebelisana le bapatriareka ba boholo-holo le sechaba sa Iseraele, oa hlohonolofatsa botšepehi ba bona ka nala. (Genese 13:2; Deuteronoma 28:11, 12; Jobo 42:10-12) Morena Salomone ke e mong ea ileng a hlohonolofatsoa joalo. O ile a rua haholo. Leha ho le joalo o ithutile ka phihlelo hore bophelo bo likolohang maruong a bonahalang “ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 2:4-11; 1 Marena 3:11-13; 9:14, 28; 10:10) Ka hona ha Salomone a ngola, “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang,” o ne a sa bue haholo-holo ka matlotlo a bonahalang. O ne a bolela ’nete ea hore haeba Molimo o u hlohonolofalitse, bophelo ba hao bo ruile haholoanyane ho feta ba ba sa o sebeletseng. Joang?
3. Ke ka litsela life u ruileng kannete haeba u hlohonolofalitsoe ke Molimo?
3 Haeba u Mokreste, u ka thabela kamohelo ea Jehova hona joale ’me ua amohela ho eena mahlohonolo a kang bohlale ba bomolimo. U ka amoheloa lelapeng la phutheho ea Bakreste ba thabileng, ba u tšepang le ba u thahasellang. Melao ea Molimo e u sireletsa mafung le likotsing tse ngata. Hape u na le lebaka la ho tšepa hore Molimo o tla u sireletsa ‘mahlomoleng a maholo’ a leng ka pele a tlelang tsamaiso ena e khopo—le ho tšepa hore u tla fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng e tlang ho tla lefatšeng kamorao ho moo. Kahoo, u’a bona hore ka mahlohonolo le nala tse babatsehang joalo, kannete u ka re: “Ke morui!”—Mattheu 24:21, 22.
4. U ka bea ho rua hoa hao moeeng kotsing joang? (Tšenolo 3:17, 18)
4 Leha ho le joalo, ho ba “morui” hoa hao ka mahlohonolo a Jehova ho ka ’na hoa sokeloa ke maruo a mang—chelete kapa matlotlo a bonahalang. Ke ba seng bakae ho rōna (e-bang re sireletsehile licheleteng kapa re futsanehile) ba ka lumelang habonolo hore, ‘ke talimane le kotsi ea sebele ea ho khelosoa ke lerato la chelete.’ Leha ho le joalo, hopola temoso e reng: “Mohloli oa bokhopo bohle ke ho rata chelete; ka ho e chachehela, ba bang ba khelohile tumelo, ba ikapesa ka masoabi a mangata.” (1 Timothea 6:10, TLP) Hoo ho ngotsoe nakong ea ha Bakreste bohle ba amohelehang ba ne ba tlotsitsoe ka moea oa Molimo e le bopaki ba hore ba ka fetoha babusi ba leholimo le Kreste. Mohlomong ba bangata ba ne ba teane le baapostola le ba bang ba neng ba ile ba tsamaea le Jesu. Haeba chelete e ‘khelositse’ ba bang ho bona, kotsi eo e khōlō hakaakang bakeng sa rōna!—2 Ba-Korinthe 5:5; Ba-Roma 8:17, 23.
Morui le Kamele
5. Pono ea Jesu ka maruo e ne e le efe?
5 Jesu o ne a atisa ho bua ka kotsi ea maruo, hobane ke kotsi eo e mong le e mong a talimaneng le eona, ba ruileng le ba sa ruang. (Mattheu 6:24-32; Luka 6:24; 12:15-21) E le motheo oa boitlhahlobo ba botho, nahana ka seo Jesu a se buileng ka lekhetlo le leng joalokaha se boletsoe ho Mattheu 19:16-24: Mareka 10:17-30; le Luka 18:18-30. Ha e le hantle, ke hobane’ng ha u sa emise hanyenyane e be u bala tlaleho e le ’ngoe kapa u li bale kaofela?
6, 7. (a) Ho ile hoa hlaha moqoqo ofe pakeng tsa Jesu le monna e mong e monyenyane? (b) Kamorao ho moo, Jesu a fana ka keletso efe?
6 ’Musisi e mocha a tla ho Jesu ’me a botsa: “Ke tla etsa’ng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?” Jesu a mo lebisa Molaong, kahoo a bontša hore Jehova ha aa hlōleha ho bontša hore na ho hlokahala eng. Monna eo a arabela ka hore o bolokile melao ea Molimo ‘ho tloha bonyenyaneng ba hae.’ E ne e ka o se a le monyako o isang bophelong, empa a ikutloa hore ho na le ho hong ho mo haellang. Mohlomong o ne a nahana hore ho na le ketso e ’ngoe hape e molemonyana le ea bonatlahali, e neng e tla ba bohato ba ho qetela ba ho kena monyakong oa bophelo bo sa feleng. Karabelo ea Jesu ea pharalatsa taba: “Rekisa ka lintho tsa hao tsohle, ’me u li abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.” Hoa etsahala joang? “Hoba a utloe taba tseo, a soaba haholo; hobane a na a ruile haholo [kapa, a e-na le matlotlo a mangata-ngata].” Ka hona monna eo a itsamaela.—Luka 18:18, 21-23; Mareka 10:22.
7 Kamorao ho moo Jesu a hlokomela: “Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena ’musong oa Molimo! Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao [“nale,” TLP], ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” (Luka 18:24, 25) Na keletso eo e ne e loketse ’musisi eo oa morui feela? Kapa na u’a ameha, e-bang u morui kapa u mofutsana? A re boneng.
8. (a) ’Musisi eo e mocha oa Mojode o ne a tšoana le eng? (b) Ke phoso efe eo a neng a e-na le eona, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka hoo?
8 Mohlomong u ka ’na ua thusoa ho utloisisa boemo ba ’musisi eo e mocha haeba u ka inahanela ka se tšoanang le eena kajeno—Mokreste e monyenyane ea hloekileng ea nang le tsebo e ntle ea Bibele, boitšoaro bo botle le ea tsoang lelapeng le ruileng. Mohlomong u ka ’na ua lakatsa e ka u ka be u tšoana le motho ea joalo kajeno. Empa Jesu o fumane khaello e khōlō ho monna e monyenyane oa Mojode: Leruo la hae kapa matlotlo a hae e ne e le a bohlokoahali bophelong ba hae. Ke kahoo Jesu a bileng a mo eletsa ka tsela eo. U ka bona hore na ke hobane’ng ha tlaleho ena ea Bibele e entsoe bakeng sa rōna bohle, e-bang re barui kapa re mafutsana. Chelete le matlotlo li ka fetoha tsa bohlokoa haholo ho mang kapa mang ho rōna, e-bang re se re e-na le tsona kapa re laba-labela feela ho ba le tsona.
9. Re tseba joang hore Jesu o ne a sa nyatse matlotlo ka booona?
9 Jesu o ne a sa bolele hore motho ea nang le matlotlo a bonahalang a ke ke a sebeletsa Molimo. Ba bangata ba o sebeletsa. Mohlankana eo oa Mojode o ne a o sebeletsa—ho fihlela tekanyong eitseng. Ho ne ho le teng molekhetho Zakea, eo e neng e le “morui.” (Luka 19:2-10) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo e ne e le barui ’me ka hona ba le phephetsong e khethehileng ea ‘ho abela ba bang le ho fana.’ (1 Timothea 6:17, 18; Jakobo 1:9, 10) ’Me ho na le Bakreste ba bang ba ruileng le kajeno. Ke hangata ba ’nileng ba fana ka mosa ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso, ba bula matlo a bona bakeng sa liboka le ho sebelisa makoloi a bona tšebeletsong. E be ke hobane’ng ha Jesu a buile kamoo a buileng kateng ka monna oa morui le kamele? Re ka ithuta eng ho sona?
10. Re ka fihlela qeto efe ka keletso ea Jesu ka lekhetlo leo?
10 Joalokaha u ka ananela, ke ntho e ’ngoe ho qala ho rapela Molimo; ke ntho e ’ngoe hape ho ipaka u tšepahala ho isa qetellong. (Mattheu 24:13; Ba-Filippi 3:12-14) Mohlomong Jesu o ne a hopotse sena ha a re: “Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao [“nale,” TLP], ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” (Mareka 10:25) Ha ho kamele e ka ipetetsang hore e kene ka lesoba le lenyenyane la nale e rokang, ka hona ho totobetse hore Jesu o ne a etsa mohlala o moholo o ke keng oa nkoa joalokaha o le joalo. Leha ho le joalo, o bontša kamoo ho leng thata kateng hore morui a etse ho hong. Hofe? E seng feela ho qala ho sebeletsa Molimo, che, empa ho “kena ’musong,” hore a hle a fumane bophelo bo sa feleng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ba lichelete ke bofe, keletso ea Jesu e ka thusa monahano oa hao, tsoelopele ea hao moeeng le ho fumana hoa hao bophelo bo sa feleng.
Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho ba Ruileng?
11. Mafutsana le barui ba ile ba angoa joang ke boboleli ba Jesu?
11 Ka boboleli bo entsoeng ke Jesu le baapostola, ‘mafutsana a ile a bolelloa litaba tse molemo.’ (Mattheu 11:5, NW) Barui ba ne ba sa khetholloe. Leha ho le joalo, ho bonahala e ka mafutsana a mangata a ile a hlokomela litlhoko tsa oona tsa moea le ho arabela molaetseng oa tšepo. (Mattheu 5:3, 6; 9:35, 36) Bajode ba ruileng ba ne ba khotsofetse haholoanyane ke kamoo lintho li neng li etsoa kateng. (Bapisa Luka 6:20, 24, 25.) Leha ho le joalo, mekhelo e ne e le teng le ka nako eo, ’me e teng le kajeno. Batho ba bang ba ruileng ba amohela molaetsa oa Bibele ’me ba sebeletsa Molimo. Ho bona phello e ka ba e tsotehang. Ho bile joalo ho Pauluse, ea sa kang a lumella hore boemo ba hae bophelong bo mo sitise. (Ba-Filippi 4:3-8) Leha ho le joalo, Jesu o boletse hore ho tla ba thata haholoanyane bakeng sa ba ruileng.
“Ho Thetsa ha Lefumo”
12, 13. (a) Setšoantšong, Jesu o totobalitse eng ka lipelaelo? (b) Ke hobane’ng ha barui ba talimane le tšitiso e eketsehileng?
12 Setšoantšong sa hae sa peō e oelang mebung e sa tšoaneng, Jesu o boletse hore “tse ling tsa oela har’a meutloa ’me meutloa ea hola, ea li pupetsa.” A hlalosa: “Ha e le ea e amohetseng har’a meutloa, ke ea utloang lentsoe; empa ho belaella lintho tsa lefatše lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentsoe, ’me le nyope.” (Mattheu 13:7, 22) Ke hoo e ka bang batho bohle ba eeng ba ‘belaelle lintho tsa lefatše lena.’ Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha ho le joalo tabeng ea motho ea fumanehileng, ea sa sebetseng kapa ea holofetseng. Motho ea sireletsehileng licheleteng ho ka ’na hoa etsahala hore a se be le lipelaelo tse joalo, empa le eena a ka belaela ka phello ea theko e phahameng, makhetho a fetohang kapa kotsi ea bosholu. Ka hona barui le mafutsana ka ho tšoanang ba ka ’na ba e-ba le lipelaelo.—Mattheu 6:19-21.
13 Jesu o bontšitse hore ba bang ba ne ba tla boetse ba sitisoe ke “ho thetsa ha lefumo.” Ho atleha licheleteng ho ka qeta motho. Ralichelete Aristotle Onassis o kile a hlalosa hore: “Hoba u fihlele boemo bo itseng, chelete e fetoha lefeela. Ntho ea bohlokoa e ba katleho. Ntho ea bohlokoa e ka ba hore joale ke emise. Empa kea sitoa. Ke lokela ho ’na ke haba holingoana—bakeng sa monate feela.” Ka ho tšoanang, Mokreste a ka ’na a utloa ho le monate ho loanela ho phahama bohato ka bohato licheleteng. Kapa a ka ekoa ke hore a atolose khoebo ea hae ho feta seo pejana bophelong a neng a ka se talima e le “se lekaneng.” Ho e-na le ho fokotsa mosebetsi oa hae (kapa ho phomola) e le hore e ka ba mosebeletsi oa nako e tletseng, o ‘qhaqha meliko ea hae [kapa matlo] ’me o haha e meholoanyane.’ (Bona Luka 12:15-21.) Na hoo ho ka u etsahalla? Na u nahana hore Molimo o ka ahlola mang kapa mang ea boemong boo e le ea o sebeletsang ka moea ’ohle?—Mattheu 22:37.
14. Ho ka bontšoa joang kamoo maruo a ka sitisang Mokreste? (Liproverbia 28:20)
14 Ho sa ntsane ho e-na le litsela tse ling tseo ka tsona maruo (kapa takatso ea ho a fumana) a ka sitisang Mokreste ho ‘fumana bophelo bo sa feleng.’ E ’ngoe ke hore lerato la maruo le ka ’na la mo susumelletsa hore a nke mekhoa ea bolefatše, e kang ho se tlalehe phaello ka nepo kapa ho sebelisa mekhoa ea bolotsana empa e le e tloaelehileng. Kapa haeba a sebeletsoa ke Bakreste bahabo ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata a ka ’na a etelletsa phaello ea hae ea botho pele ho boemo ba bona ba moea. Ka mohlala, e le hore a ba faselletse mosebetsing oa bona, a ka ’na a ba khothalletsa hore ba phahamise haholo mokhoa oo ba phelang ka oona (kapa hona ho ikenya melatong bakeng sa menono). ’Me kaha ke mong’a bona, kamano ena e ka ba ea sekamela le hore e kenelle le litšebelisanong tsa phutheho.
15. Bakreste ba bang ba pejana e ka ’na eaba ba ile ba utloa liphello tse kotsi tsa maruo joang? (Pesaleme ea 73:3-8, 12, 27, 28)
15 Bakreste ba bang ba ruileng ba lekholong la pele la lilemo mohlomong ba ne ba balelloa har’a ba ileng ba oela lerabeng la “ho thetsa ha lefumo.” Jakobo o ngotse ka ‘litlokotsi tse tla oela barui.’ Ba ne ba e-na le liaparo tse lefelletsoeng haholo, ba ipokelletse gauda le silevera ka ho se lefe basebetsi hantle, ba ipokelletse menono. (Jakobo 5:1-5) Ho joalo le kajeno. Hangata letlotlo le lumella motho a be le lijo le lino tse enneng tse ka ’nang tsa senya ’mele oa hae. Hape le ka ’na la lumella motho hore a tsamaee nako le nako e leng ho ka mo arolang phuthehong ea moo. Hona hase ho bolela hore liaparo tse ntle, mabenyane, lijo le ho tsamaea ka botsona li kotsi. Leha ho le joalo, “barui” bao Jakobo a ngotseng ka bona ba ne ba sa thusoe ke lintho tse joalo, ka boemo ba bona bo tlaase ba moea le boemo ba bona ka pel’a Molimo, ba ne ba e-na le lebaka la ho ‘lla le ho bokolla ka baka la litlokotsi tse tla ba oela holimo.’
16. Ke hobane’ng ha Jesu a fane ka keletso e hlakileng joalo ka maruo, ’me u lokela ho ipotsa’ng?
16 Ka sebele Jesu o ne a tseba bohloko le litšitiso moeeng tseo barui ba neng ba atisa ho ba ho tsona. Hape o ne a tseba hore lintho tsa bohlokoa li ka ’na tsa jeoa ke mafome a sebele kapa tsa fetoha tsa lefeela, e leng ho ke keng hoa etsahalla maruo a Bokreste. (Liproverbia 11:28; Mareka 10:29, 30) Kahoo, Jesu o re tsoetse khomo bohle ka ho lemosa: “Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena ’musong oa Molimo.” (Luka 18:24) Temoso ea hae e ka re tsoela molemo le haeba re e-na le matlotlo a seng makae. Joang? Ka ho pupetsa takatso leha e le efe ea rōna ea ho rata ho rua hona joale. Bakreste ba lumela hore Jesu o buile ’nete. Rea lumela ’me re phela ka seo Jesu a se buileng ka Ntate oa hae, ka bofelo ba tsamaiso ena le ka ho hlaolela lerato. ’Moleli enoa oa ’Nete o boetse a re: “Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao,” ho e-na le hore morui a kene ’musong oa maholimo.” (Mattheu 19:24) Na u lumela hoo kannete? Na liketso tsa hao, mokhoa oo u phelang ka oona le boikutlo ba hao li paka hore u’a lumela?
Tsoela Pele ho Rua—ka Tsela ea Molimo
17. Bakreste ba bangata ba ipea moleng oa ho ruisoa ke Jehova joang?
17 Bopaki bo ntse bo kena bo e-tsoa lefatšeng lohle hore boholo ba bahlanka ba Molimo bo nka ka botebo keletso e kang e fumanoang ho Mattheu 19:16-24. Bakreste ba bangata ba banyenyane ba etsa qeto ea hore hang ha ba qeta lithuto tsa bona tse loketseng likolong tsa sechaba, ba tla hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng. Basali ba ka beng ba sebetsa ba neela boholo ba nako ea bona mesebetsing ea Bokreste, ho e-na le ho eketsa chelete ea lelapa, ba ithuisa bona le ba bang haholoanyane moeeng. Le banna ba bang ba nang le boikarabelo ba Mangolo ba ho lokisetsa lintho tse bonahalang bakeng sa malapa a bona ba fumana litsela tsa ho ba le karolo e kholoanyane tšebeletsong.
18, 19. Ba bang ba batlileng ho hlohonolofatsoa ke Jehova ba nkile mehato efe?
18 Moholo e mong ea bohareng ba lilemo tse 30 o lumela hore “ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng kamehla e ne e le polelo ea melomo ea ka feela.” O ne a amohela ho feta R50 000 ka selemo, ntle ho moo o ne a fumana thuso ea litšenyehelole tšebeliso ea koloi ea feme. Eaba o kōptjoa hore a fane ka puo ea kopano ea 1983 e neng e re “Ho Bea le ho Finyella Lipakane tse Tšoanelehang.” O re: “Ha ke ntse ke bala taba ka cheseho, ke ile ka hlajoa ke lihlong le ho ba masoabing hoo letsoalo la ka le neng le mpolaea.” Pele kopano e fihla, eena le mosali oa hae ba buisana ka boemo ba bona. A phakisa a fumana mosebetsi oa nakoana ’me a ikopanya le mosali oa hae ho bula maliboho. E sa ntsane e le bo-pula-maliboho, ka thabo ba ntse ba natefeloa ke mahlohonolo a moea le a mangata.
19 Ba bang ba tlohile libakeng tse nang le menyetla e mengata ea lichelete ho ea libakeng tseo ho tsona ba neng ba ka atolosa mesebetsi ea bona ea moea. Banyalani ba bang ba Canada ba ngotse mabapi le ho bula maliboho hoa bona Latin Amerika: “Le hoja mona baena ba futsanehile haholo, ba na le cheseho e tsotehang bakeng sa ’nete. E ka ’na eaba ke mafutsana ka tsela ea lefatše, empa moeeng ba ruile haholo. Re na le bahoeletsi ba 38, ba 10 ho bona ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Ho hlokahala hore liboka li tšoaroa habeli hobane ho tla ba bangata ho tsona—ho tloha ho ba 110 ho ea ho ba 140 ka karolelano. Baholo ba babeli le bahlanka ba sebeletsang ba bararo ba tlameha ho hlokomela liboka tsena kaofela. Re ithuta bocha ho baena ba rōna ba ikokobelitseng mona hore na ho etelletsa Jehova pele bophelong ba rōna ho bolela eng. Ba re bontsa hore Jehova a ka sebeletsoa ka moea ’ohle ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna e ka ba afe.”
20. Re lokela ho ikutloa joang lipelong tsa rōna ka ho rua lintho tse bonahalang?
20 Bakreste ba joalo ha ba na lebaka le utloahalang la ho honohela motho ea ruileng, e-bang o kantle kapa kahare ho phutheho, kapa hore ba tšoareha ka ho lakatsa lintho tse bonahalang. Ba hlokomela hore chelete eitseng e’a hlokahala bakeng sa bophelo bo tšoanelehang. (Moeklesia 5:3; 7:12) Empa ba boetse ba ananela hore Jesu o boletse ’nete—barui ba talimane le litšitiso, liphephetso le likotsi tse ngata moeeng. Phephetso e ’ngoe e thata ke hore “ba ruileng tsa mehla ea joale . . . ba se ke ba ikhohomosa, ba se ke ba tšepa moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang.”—1 Timothea 6:17.
21. Kabelo ea ba phehellang maruo a moea ke efe?
21 Ka masoabi, ’musisi e mocha ea ileng a buisana le Jesu o hlōlehile ho tobana le phephetso eo. Ba bang joaloka eena ba sebelelitse Molimo ka nakoana empa hamorao ba utloa bohloko le ho hlōleha moeeng ka lebaka la matlotlo a bona. Ho fapana le hoo, ho teng limillione tsa Bakreste ba tšepahalang ba tsoelang pele ho paka hore “tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang, ’me ha a e eketse ka bohloko.” (Liproverbia 10:22, NW) Bophelo ba bona bo na le seo bo se bolelang; ba na le lipakane tsa bohlokoa ’me ba utloa hore ho na le hoo ba ho finyellang. Mesebetsi ea bona e metle e tla tšoarella ka ho sa feleng, e ba ekeletsa thabo hona joale le kamoso. A re loaneleng ka bomong ho rua ka tsela eo.—Ba-Filippi 4:1; 1 Ba-Thessalonika 2:19, 20.
Se ka Nahanoang
◻ Ho Liproverbia 10:22 ho boleloa maruo a mofuta ofe?
◻ Jesu o ne a hlakisa eng ka tlhaloso ea hae ka morui le kamele?
◻ Ke hobane’ng ha hangata bophelo bo le thata haholoanyane bakeng sa barui?
◻ Re ka loanela ho rua ka tsela ea Molimo joang?
[Lebokose le leqepheng la 10]
Matlotlo le Lelapa
HA u nahana ka liphello tse ka hlahisoang ke maruo, u se ke ua hlokomoloha lelapa la hao. Nahana ka lintho tsena:
Canada ho tsoa tlaleho ea lingaka tsa mafu a kelello tse ithutileng bana ba batho ba ruileng haholo: “Bophelo bo’a ba tena. Ha ba na lipakane ntle ho ho ithabisa ’me ba sitoa ho mamella tsieleho leha e le e nyenyane feela. Maikutlo a bona ha aa pharalla. Seo ba se phehellang haholo ke ho reka lintho, ho tsamaea le ho batla mehloli e mecha ea thabo.”
The New York Times e ile ea hlalosa ka eo e neng e le moruihali nakong e fetileng: “Ha a ntse a atleha ho ea pele khoebong ’me a fumana leruo, o bolela hore o ile a bona ha lelapa la hae le fetoha. ’Mosali oa ka le morali ba ne ba lekanya batho ka chelete eo ba nang le eona, ’me ha ke file morali e mong ntlo ea [R600 000] ke ne ke lokela ho nea morali e mong chelete e [R600 000].’” Hoba a tšoaroa ke lefu la pelo, “le ho bona seo leruo la hae le se entseng ho mosali oa hae le ho bana ba hae,” a fetola tsela eo a phelang ka eona.
Mabapi le naha e ruileng oli Bochabela bo Hare, Arnold Hottinger o hlokometse hore: ‘Leruo e le sesosa sa mafu ke ntno e ’ngoe hape e tloaelehileng ho lingaka tse ngata tse tsoang linaheng lisele tse tlang mona ho tla fumana meputso e phahameng. Ha ho kae kapa kae, kamoo li tlalehang, moo mafu a kelello a atileng joaloka mona—mafu a bakang mahlomola a ’nete empa a sa bakoe ke sesosa leha e le sefe sa ho hlōleha hoa litho tsa ’mele. Li re ho na le bacha ba shebahalang joaloka batho ba baholo le batho ba baholo ba itšoarang joaloka bana.’