“Ha ho Khotso Bakeng sa ba Khopo”
“Molimo oa ka o itse: ‘Ha ho khotso bakeng sa ba khopo.’”—ESAIA 57:21, NW.
1, 2. (a) Batho ba bangata ba ikutloa joang ka bokamoso ba batho? (b) Phello ea boiteko ba batho ba ho etsa khotso ke efe?
“KAMEHLA ke ntse ke hlokomela hore ka motsotsoana ofe kapa ofe lefatše le ka ’na la mphatlola sefahleho.” Polelo ena e sisimosang, e qotsitsoeng makasineng oa Psychology Today, ke ea seithuti sa sekolo se phahameng sa Amerika Leboea. Seithuti sena se tšohile hore neng neng haufinyane, ntoa ea nuclear e ka ’na ea timetsa batho bohle. Ngoanana e mong oa sekolo oa Russia o hlalosa liphello tsa ntoa ea nuclear: “Lintho tsohle tse phelang li tla timela—ho ke ke ha e-ba le joang, lifate le botala.” Ke tebello e sisimosang hakaakang! Empa, batho ba ikutloa hore sena se ka ’na sa etsahala ka sebele. Phuputsong ea morao-rao karolo ea 40 lekholong ea batho ba baholo bao ho ileng ha buisanoa le bona e ile ea ikutloa hore ho ne ho e-na le “monyetla o moholo” oa ntoa ea nuclear pele ho selemo sa 2000.—Bona Luka 21:26.
2 Baeta-pele ba lefatše le bona baa utloa hore kotsi e teng. Kamorao ho ntoa ea ho qetela ea lefatše, ba ile ba thea mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ho leka ho tlisetsa batho khotso le tšireletseho—empa ha hoa thusa letho. Ho e-na le hoo, lilemo tsa kamorao ho ntoa li bone keketseho ea bora bo feteletseng pakeng tsa mebuso e ’meli e hlometseng ka nuclear. Baeta-pele ba mebuso ena ba kopana nako le nako ka boiteko ba ho fokotsa ho khathatseha kelellong ha machaba empa e le ka litholoana tse fokolang. Ho sa tsotellehe ’nete ea hore baeta-pele ba bolumeli ba rapella khotso, boemo bo tšoana haholoanyane le kamoo Esaia a hlalositseng: “Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle [“literateng,” NW] manģosa a khotso a lla habohloko.”—Esaia 33:7.
3. Ke hobane’ng ha ho se monyetla oa hore batho ba tla atleha boitekong ba bona ba ho etsa khotso?
3 Bakreste ba nang le tsebo ba tseba lebaka leo ka lona bo-ralipolotiki ba ke keng ba tlisa khotso le kamohla. Ba hlokomela hore hafeela batho ba ntse ba tletse boikhabi, lehloeo, meharo, boikhohomoso le takatso e sa kholoeng, khotso e ke ke ea e-ba teng. (Bapisa Jakobo 4:1.) Ntle ho moo, liketsahalo tsa batho ha li laoloe ka ho feletseng ke batho. Ho e-na le hoo, Bibele ea re bolella: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19; 2 Ba-Korinthe 4:4) Esaia o ile a hlalosa hantle boemo ba batho tlas’a taolo ea enoa: “Ba khopo ba joale ka leoatle le fuluhiloeng, le sitoang ho khutsa, . . . Molimo oa ka o itse: ‘Ha ho khotso e boloketsoeng ba khopo.’”—Esaia 57:20, 21, NW.
‘Molimo ea Fanang ka Khotso’
4. Ke mang feela ea nang le matla a ho tlisa khotso lefatšeng?
4 Hona ha ho bolele hore moloko oa motho o ke ke oa pholoha timetso ntoeng ea kamoso ea nuclear. Ho mpa ho bolela feela hore haeba re tla bona khotso, e tla lokela ho hlaha mohloling o kantle. Ka thabo, Mohloli oo o se o ntse o le teng e le Jehova Molimo, ‘Molimo ea fanang khotso.’ (Ba-Roma 16:20, TLP) O na le matla a ho sitisa tšusumetso ea Satane ’me o rerile ho “hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11) Ho feta moo, o entse tšepiso e futhumatsang pelo: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
5. (a) Jehova o sebelisitse Daniele joang ho re nea boitsebiso mabapi le morero oa Hae oa ho tlisa khotso? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka boprofeta boo bo tlalehiloeng ke Daniele?
5 Lilemong tse ngata tse fetileng, Jehova o ile a senola phetoho ea histori ea liketsahalo tse neng li tla lebisa ho tliseng khotso ha hae lefatšeng. Ka lengeloi, o ile a bua le moprofeta ea tšepahalang oa hae Daniele ka ‘mehla ea qetello,’ mehla ea rōna. (Daniele 10:14) O ile a profeta ka bora ba kajeno ba mebuso e meholo ’me a bontša hore bo tla tloha bo fela ka tsela eo mebuso ena e sa e lebellang. ’Me o tšepisitse hore phetoho ena e sa lebelloang e ne e tla kenya khotso ea sebele. Ho Bakreste boprofeta bona ke bo thahasellisang haholo. Bo fana ka pono e hlakileng ea hore na re eme hokae nakong ’me bo matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho ema re sa jele paate boreng bona ba machaba ha re ntse re eme ka sebete hore Molimo o nke bohato molemong oa rōna.—Pesaleme ea 146:3, 5.
Bora Boa Qaleha
6. Akaretsa semelo sa histori sa bora ba kajeno ba mebuso e meholo.
6 ’Nete ke hore, bora ba mebuso e meholo ea kajeno hase ntho e ncha lefatšeng. Empa e le ntšetso pele ea ho hong ho qalileng nakong ea khale. Hoba ’muso oa Alexander e Moholo o oe ho elella qetellong ea lekholo la bone la lilemo B.C.E., ba babeli ho balaoli ba hae ba sesole ba ile ba busa Syria le Egepeta. Bora ba nako e telele bo neng bo tla qetella ka bora ba mebuso e meholo ea kajeno ba qhoma pakeng tsa bona le bahlahlami ba bona—bao ho buuoang ka bona e le morena oa leboea le morena oa boroa ka lebaka la hobane ba ne ba le ka leboea le ka boroa ho naha ea sechaba sa Molimo. Phetoho ea histori ea bora bona e ile ea senoleloa moprofeta Daniele e sa le pele ka lengeloi.
7. (a) Re tseba joang hore ho na le tšobotsi e sa bonahaleng ea moea litabeng tsa batho? (b) Qalong, morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le bo-mang, hona bora ba bona bo qalile joang?
7 Lengeloi le qala ka ho hlalosa kamoo lona, le tlatsitsoe ke Mikaele, le neng le ’nile la loana le “khosana” ea moea ea Persia le ea Greece. (Daniele 10:13, Dan 10:20–11:1) Ho nyarela ka sebakeng sa moea ka tsela e tjena ho tiisa hore likhohlano tsa lichaba ha li ame batho feela. Ho na le makhotla, kapa ‘mahosana’ a bademona, a hlohlelletsang babusi ba bonahalang ba batho. Empa ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba Molimo ba bile le “khosana,” Mikaele, ho ba matlafatsa khahlanong le mebuso ena ea bodemona. (Ba-Efese 6:12) Joale lengeloi le lebisa tlhokomelo ea rōna boreng bona bo pakeng tsa Syria le Egepeta. Lea qala le re: “Morena oa Boroa o tla ipha matla, [le] e mong oa mahosana.” (Daniele 11:5a) Morena oa boroa mona e ne e le Ptolemy I, ’musi oa Egepeta, ea ileng a hapa Jerusalema hoo e ka bang ka 312 B.C.E. Lengeloi joale le bua ka morena e mong ‘ea tla mo fetisa ka matla; ea tla busa, ’me ’muso oa hae e tla ba ’muso o matla haholo.’ (Daniele 11:5b) Enoa ke morena oa leboea, e leng Seleucus I Nicator, eo ’muso oa hae, Syria, o ileng oa e-ba matla ho feta Egepeta.
8. Ho nepahala ho tsotehang ha karolo ea pele ea boprofeta ba lengeloi bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa ho bolela eng bakeng sa Bakreste kajeno?
8 Lengeloi le tsoela pele ho profeta lintlha tse ngata tse qaqileng tsa bora bo tsoelang pele pakeng tsa babusi ba hlahlamanang ba Syria le Egepeta. (Daniele 11:6-19) Boprofeta bona bo ile ba nepahala hoo ba bang ba ikutloang hore buka ea Daniele e tlameha e be e ngotsoe kamor’a hore bo etsahale.a Ho Bakreste, leha ho le joalo, ho nepahala ho tsotehang ha boprofeta bona ho tiisa tumelo ea bona likarolong tseo tsa boprofeta tseo e leng hona li tla phethahatsoa “mehleng ea qetello.”
Khosana ea Selekane
9. Ke joang bohato ba morena oa leboea bo ileng ba lebisa tabeng ea hore Jesu a tsoalloe Betlhehema?
9 Ho ke ke ha lebelloa hore lengeloi le ne le tla akaretsa ’musi e mong le e mong ho tloha ho Ptolemy ho tla fihlela “mehleng ea qetello.” Ho e-na le hoo, re utloisisa hore kamorao ho temana ea 19 boprofeta bo tlōlela lilemong tse haufi haholo le Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ha re bala: “Tulong tsa hae [tsa morena oa leboea] ho tla lula e mong, ea tlang ho roma molefisi, a qete naha e leng hlophiso ea ’muso.” (Daniele 11:20) Ka nako ena, Syria e se e le sebaka se busoang ke Roma, ’me morena oa leboea o emeloa ke ’musisi oa Roma Augustus. Ke eena ea ileng a laela palo ea sechaba e ileng ea fella ka hore Jesu a tsoalloe Bethlehema ho e-na le Nazaretha.—Luka 2:1-7; Mikea 5:2.
10. Ke kamano efe hape pakeng tsa morena oa leboea le Messia eo lengeloi le ileng la re hlokomelisa eona?
10 Augustus o ile a hlahlangoa ke Tibere, monna e mobe eo lengeloi le mo hlalosang e le “ea nyatsehang.” (Daniele 11:21) Pusong ea hae, ho ile ha laoloa borabele bo kotsi moeling o ka leboea oa ’Muso o Moholo oa Roma ’me khutso ea e-ba teng moeling, e phethahatsa mantsoe a boprofeta: “Makhotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretsoa ke eena, ho rojoe.” Ho ekeletsa moo, pusong ea hae Jesu o ile a bolaoa ke masole a Baroma phethahatsong ea boprofeta ba lengeloi ba hore “morena oa selekane” o ne a tla rojoa.—Daniele 11:22; 9:27.
Ka “Nako e Beiloeng”
11. (a) Ka 1914, morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le bo-mang? (b) Ke boprofeta bofe bo phethahetseng “ka nako e beiloeng”?
11 Qetellong, boprofeta bo re tlisa ‘nakong e beiloeng,’ 1914. (Daniele 11:27, NW; Luka 21:24) Ka nako ena, ba tsejoang e le batho ba Molimo ba se ba fetohile. Kaha Iseraele ea tlhaho e hanne Messia, batho ba khethiloeng ba Jehova e se e le Iseraele oa moea, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (1 Petrose 2:9, 10) Marena a mabeli le oona a se a fetohile. Brithani, le molekane oa eona oa bopolotiki Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, ka ho hlakileng e se e fetohile morena oa boroa, ha morena oa leboea joale e se e le Jeremane. Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea profetoa ka mantsoe ana: “Ka nako e beiloeng, [morena oa leboea] o tla boela a futuhele morena oa Boroa, ’me taba tsa qetello li ke ke tsa tšoana le tsa ho qala.” (Daniele 11:29) Morena oa boroa o ile a hlōla ntoa eo. Kahoo boemo bo ile ba fapana le seo e neng e le ’nete ‘qalong,’ ke hore, ha Roma e hohoretsang e ne e le morena oa leboea.
12. Hlalosa litšobotsi tsa liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 tse neng li profetiloe ke mantsoe a boprofeta a lengeloi ho Daniele.
12 Lengeloi le tsoela pele ho bolela tlhōlisano pakeng tsa marena ana a mabeli ho tloha ka 1914 ’me, ka ho khethehileng, ka tsela eo ka bobeli a neng a tla hanyetsa batho ba Jehova. Le boetse le profeta ho bonahala ha “manyala a bofeliso,” a teng kajeno e le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. (Daniele 11:31) Ho hlongoa ha Machaba a Kopaneng e ne e le boiteko ba bopolotiki boo ho bona marena ka bobeli a ileng a sebelisana ho tlisa khotso. Empa a tla hlōleha hobane a hanyetsa ’Muso oa Molimo.b (Mattheu 24:15; Tšenolo 17:3, 8) Qetellong, lengeloi le lebisa tlhokomelo ea rōna “mehleng ea qetello.”—Daniele 11:40.
‘Mehla ea Qetello’
13. (a) Poleloana ‘mehla ea qetello’ e bua ka eng karolong ee ea boprofeta? (b) Ke bafe ba phethileng karolo ea morena oa leboea le morena oa boroa ho tloha bofelong ba ntoa ea bobeli ea lefatše?
13 Ee mehla ke efe? Ka linako tse ling poleloana ‘mehla ea qetello’ e bolela nako ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho, ho tloha ka 1914 ho ea ho Harmagedone. (Daniele 8:17, 19; 12:4) Empa liketsahalo tsa selemo sa 1914, “nako e beiloeng,” li ile tsa profetoa morao koana temaneng ea 29, ’me boprofeta ba lengeloi bo re fetiselitse pele haholo ho moo.c Kahoo, ‘mehla ea qetello’ mona temaneng ea 40 e tlameha ho bolela maemo a ho qetela a ntoa ea lilemo tse 2 300 pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa. Joale, re bala ho ea pele, ka thahasello e khōlō, kaha joale re ithuta liketsahalo tse tla etsahala nakong e tlang e haufi. Ka nako ena, ho fetoha ha mebuso lefatšeng ho isitse liphetohong tse ling ho tsebahaleng ha marena ana a mabeli. Haesale ho e-oa mebuso ea Bonazi le Bofasi qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, re bone bora pakeng tsa mebuso e ’meli e meholo, o mong o tšoantšetsoa e le morena oa leboea, ea laolang haholo linaha tsa lichaba tsa bokomonisi, ’me o mong o tšoantšetsoa e le morena oa boroa, ea laolang haholo linaha tsa bo-ralichelete.
14. Lengeloi le hlalosa morena oa leboea joang?
14 Boikutlo ba morena oa leboea oa morao-rao bo hlalosoa hantle litemaneng tsa 37, 38: “A ke ke a hlokomela melimo ea bo-ntat’ae, . . . leha ho le joalo, o tla hlompha molimo oa liqhobosheane nģalong ea oona; molimo o sa kang oa tsejoa ke bo-ntat’ae, a o hlomphe ka ligauda le lisilevera, ka majoe a bohlokoa le ka likhabiso tse ling.” Na o teng ea ka sitoang ho lemoha tlhaloso ee? Morena oa kajeno oa leboea ka molao o ntšetsa pele ho se lumele ho Molimo, o latola melimo ea bolumeli ea marena a tlileng pele a leboea. O ikhethela ho tšepa lihlomo, “molimo oa liqhobosheane.” Hona ho tlatselitse tlhōlisanong e tšabehang ea libetsa eo marena ana a mabeli a lokelang ho ikarabella. Litšenyehelo tsa chelete bakeng sa tšireletso ka selemo ea morena oa leboea feela e fihlileng ho hoo e ka bang liranta tse limillione tse 600 000 ka 1985. Ke sehlabelo se nonneng hakaakang sa ‘gauda le silevera le majoe a bohlokoa le likhabiso tse ling’ ho molimo o sa khotsofaleng oa lihlomo!
15, 16. (a) Litaba li tla tsoela pele joang pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa? (b) Hoo ho tla bolela eng bakeng sa batho ba Molimo?
15 Kahoo, ho tla qetella ho etsahetse joang pakeng tsa marena aa a mabeli? Lengeloi le re: “Mehleng ea qetello [qetello ea histori ea marena ana a mabeli], morena oa Boroa o tla thulana le eena, ’me morena oa Leboea o tla boela a futuhe ho ea mo patela, ka makoloi, le ka ba kaletseng lipere, le ka likepe tse ngata.” (Daniele 11:40; Mattheu 24:3) Ka ho hlakileng, liboka tse khōlō tsa lihlooho tsa mebuso hase pheko ea letho ea bora ba mebuso e meholo. Ho khathala kelellong ho bakoang ke ho ‘thula’ ha morena oa boroa le ho atolosa meeli ha morena oa leboea ho ka ’na ha tota hanyenyane; empa qetellong, ka tsela e ’ngoe e itseng, morena oa leboea o tla susumeletseha hore a etse liketso tse befileng ka ho fetisisa tse hlalositsoeng ke Daniele.d
16 Mehla ena ea qetello e thata ka ho khethehileng bakeng sa batho ba Molimo, bao lekholong lena la lilemo ba hlorisitsoeng ke marena ana ka bobeli. Lengeloi le ile la lemosa hore morena oa leboea “o tla tla le naheng e khahlehang, ’me ho tla oa ba le bangata.” ‘Naha e khahlehang’ e tšoantšetsa naha ea batho ba Molimo. Joale mantsoe a lengeloi a lokela ho bolela hore morena oa leboea, ntle ho ho hapa lichaba tse ngata, o hlasela sebaka sa moea sa batho ba Jehova. (Daniele 8:9; 11:41-44; Ezekiele 20:6) Temaneng ea 45, boprofeta boa eketsa: “O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa maoatle, mabapa le thaba e khethehileng e [khahlehang].” Ka mantsoe a mang, o ipea moo a tla etsa tlhaselo ea ho qetela khahlanong le paradeise ea bona ea moea.
“O Tla Fela”
17. Ke phetoho efe e sa lebelloang e tla halefisa morena oa leboea?
17 Empa ka nako eo ho hong ho tla be ho se ho etsahetse hoo leha e le morena oa leboea kapa eena morena oa boroa ba sa ho bonang e sa le pele. Lengeloi lea profeta: ‘Bochabela le Leboea, ho tla tsoa litlaleho tse tlang ho mo tšosa, ’me o tla futuha ka khalefo e kholo ho ea bolaea le ho senya ba bangata.’—Daniele 11:44, NW.
18. (a) Mohloli oa “litlaleho” tse profetiloeng ke lengeloi ke ofe? (b) Qetello e tla ba efe bakeng sa morena oa leboea?
18 Litlaleho tsee li tla be li re’ng? Lengeloi ha le qaqise, empa le senola mohloli oa tsona. Li tsoa “Bochabela,” ’me Jehova Molimo le Jesu Kreste ba boleloa e le “marena a bochaba-tsatsi.” (Tšenolo 16:12) Litlaleho tsena li boetse li tsoa “Leboea,” ’me Bibele e bua ka tšoantšetso ka Thaba ea Sione, motse oa Morena e Moholo Jehova, e le moo “e hlanamelang Leboea.” (Pesaleme ea 48:2) Kahoo, ke “litlaleho” tse tsoang ho Jehova Molimo le Jesu Kreste tse sutuletsang morena oa leboea phutuhong ea hae ea ho qetela e khōlō. Empa liphello e tla ba tse mo bolaeang. Qetello ea temana ea 45 ea re bolella: “O tla fela, ho se ea mo thusang.”
19. (a) Qetello e sa tšoaneng e tla ba efe bakeng sa lefatše lee le bakeng sa “ba lokileng”? (b) Ke lipotso life tse emetseng ho arabeloa?
19 Ka sebele, “ha ho khotso bakeng sa ba khopo.” (Esaia 57:21, NW) Ho e-na le hoo, histori ea morena oa leboea e tla tšoauoa ka ntoa ho ea qetellong. Empa bakeng sa bahlanka ba hae ba tšepahalang, Jehova oa tšepisa: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Leha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka morena oa boroa ha morena oa leboea a ‘e-ea ho feleng ha hae’? Ho tla etsahala’ng ka Bakreste ha morena oa leboea a “emisa tente tsa hae tsa borena” ka mokhoa o tšosang khahlanong le bona? (Daniele 11:45) Khotso e tla qetella e tletse lefatše joang? Jehova o arabetse lipotso tsena ka lengeloi la hae, joalokaha re tla bona lihloohong tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” khaolo ea 10, e hatisitsoeng ka 1963, ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng karolong ena ea boprofeta, bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” khaolo ea 11.
c Hape, hlokomela hore temaneng ea 35 ‘mehla ea qetello’ ho boleloa hore ke hona e tla tla.
d Bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 299-304.
Na U Ka Hlalosa?
◻ Ke libōpuoa life tsa moea tse amehileng litabeng tsa lipolotiki tsa batho?
◻ Morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le mang ka 1914?
◻ Morena oa kajeno oa leboea o rapela molimo oa liqhobosheane joang?
◻ Batho ba Molimo ba tla hatelloa joang ke morena oa leboea?
◻ Morena oa leboea o tla qetella a hlahetsoe ke eng?
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Leholo
Syria
Judea
Egepeta
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Sebaka sa Polokelo sa Sechaba sa U.S.