Mangeloi—Nakong e Fetileng le Kajeno
“Ka Keresemese a tšoantšitsoe mekhabisong eo re e fanyehang sefateng, kapa a bonahala likareteng tsa Keresemese—lipopi tsa gauda tse lifahleho li ntle, tse letsang harepa kapa piano ea kereke kapa li tšoere likerese. A na le mapheo a matenya a makhutšoanyane a kang a linonyana tse nyenyane. Ho akaretsa litaba, a matle.”—The Sunday Denver Post.
“MANGELOI ka kakaretso aa hlokomolohuoa likolong tsa bolumeli, a khelloa tlaase sekolong sa Sontaha, ’me ebile ha ho boleloe le ka ’ona tlhahlamanong ea lihlooho ea National Catechetical Directory, e leng buka ea tataiso ea thuto ea bolumeli ba K’hatholike Amerika.”
Charles W. Bell, mongoli oa bolumeli o boletse joalo. O hlokometse hore liithuti tse ling tsa bolumeli, haholo-holo tsa likereke tse khōlō tsa Protestanta, li ikutloa “li sa tsitsa le ho belaela ka mangeloi.” New Catholic Encyclopedia e hlokometse hore batho ba bang ba nahanang ba mehleng ena ba bolela hore “tumelo eohle e mabapi le hore mangeloi a teng e lokela ho haneloa.”
Leha ho le joalo, sena ha sea etsahala kamehla. Ka mohlala, lekholong la bo13 la lilemo, liithui tsa angelology, lekala la bolumeli le rutang ka mangeloi, li boletse hore li khahloa ke mehopolo e mabapi le “botho, bohlale, le matla” a mangeloi. Ka makholo-kholo a lilemo, lithapelo li ne li lebisoa ho “mangeloi a balebeli.” Empa, joaleka ha ho bontšitsoe kaholimo, boikutlo ba batho bo fetohile ho tloha mehleng eo.
Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, “mehopolong ea batho ba kajeno mangeloi . . . hangata a nkuoa e le tšōmo, le toro e monate ea bana.” Ke ’nete, bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, mehopolong ea batho ba bangata mangeloi a ne a sa amahanngoe haholo le bolumeli empa le likhopolo tsa maikutlo a lerato a lefatše. Kajeno, batho ba bangata ba nka mangeloi e le lintho tse inahaneloang; ’me ka baka leo, batho ba joalo ba hana boteng ba ’ona.
Mangeloi Malumeling a Mang
Leha ho le joalo, mangeloi a ntse a e-na le sebaka malumeling a mang. Ka mohlala, Kereke ea Roma e K’hatholike “e khothaletsa balumeli ho rata, ho hlompha, le ho rapela mangeloi.” Ha e le hantle, Bok’hatholike bo phahamisitse batho ba bararo bao bo ba nkang e le mangeloi—Mikaele, Gabariele le Raphael—bohalaleling. Raphael o hlaha hanngoe feela libukeng tsa Apocrypha e seng Bibeleng e tloaelehileng.
Likerekeng tsa Bochabela, tsa Orthodox, mangeloi a bohlokoa mofuteng oa thapelo oo phutheho e phetang lentsoe le leng le le leng le boleloang ke moetapele. Hape mangeloi a na le sebaka bolumeling ba Mamoseleme, ho lumela ho mangeloi ke se seng sa lihlooho tsa tumelo ea Bomoseleme.
Ho ntse ho le joalo, ha ho na pelaelo hore mehleng ea rōna ho lumela boteng ba mangeloi hoa qepha.
Na u Lumela Mangeloi?
Mabapi le ho lumela mangeloi, New Catholic Encyclopedia e re: “Butle-butle . . . ka baka la tsoelopele e telele le ntlafatso . . . ka tlhaloso e inahaneloang ea likhopolo tse leng Lengolong le Halalelang, ho ile ha hlaha thuto ea mangeloi, ka litekanyetso tse sa tšoaneng tsa ho nepahala ha eona, ’me boinahanelo boo bo fetohile thuto ea Kereke.” [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.] U ka ba le tumelo e tiileng joang ho mangeloi haeba u ne u tseba hore tumelo ea hao e theiloe “tlhalosong e inahaneloang”?
Ho khahlisang, likarohano tsa mehopolo tabeng ena li teng esita le ka har’a Kereke e K’hatholike. Hore na mangeloi a bōpiloe neng, Enciclopedia de la Religión Católica ea tlaleha: “Ho ea ka khopolo ea bathei ba Bogerike, mangeloi a bōpiloe pele ho lefatše le bonahalang, empa khopolo e akaretsang ea bathei ba Selatine ke hore a bōpiloe kamor’a moo. Ho sa tsotellehe hoo, khopolo e nang le batšehetsi ba bangata ke ea hore a bōpiloe ka nako e le ’ngoe le lefatše.” Ho se tiisehe ho joalo ho baka pherekano likelellong tsa batho ’me ho thusa ho susumetsa tšekamelo ea ho hloka tumelo kajeno.
Philo, Mohlalefi oa Mojode, o pheile khang hore mangeloi e ne e le feela “lipontšo le matla a bokahohle.” Lilemong tse fetileng, liithuti tsa bolumeli li ile tsa pheisana khang ka litaba tse sa utloahaleng tse mabapi le tlhaho le mekhoa ea mangeloi, tse joaleka potso ena ea bongoana, Ke mangeloi a makae a ka emang ntlheng ea nale? Na hoa makatsa ha batho ba bangata mehleng ea rōna ba ikhethetse ho se lumele mangeloi?
Ka baka la likhopolo-taba tsena tsohle tse loantšanang, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo Bibele ka boeona e se bolelang ka mangeloi? Hona ho tla re thusa ho fumana likarabo tse tiileng lipotsong tse kang: Na mangeloi ke a sebele? Haeba ho joalo, na a kile a kenella litabeng tsa batho? ’Me habohlokoahali, na mangeloi a ka ama bophelo ba hao?