Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova o Hlohonolofalitse Boemo ba Bona bo Tiileng Bakeng sa Molao oa Hae
NAHENG e ’ngoe ea Bochabela bo Hare, ntate e mong o ne a ntse a lokisa lebili le tsoileng moea kathōko ho tsela ha koloi e thula mora oa hae ea lilemo li ’nè ’me ebile e baleha. Ka ngoana ea hlahileng kotsi ea lutseng holim’a ’mè oa hae, ntate eo a phallela sepetlele se haufinyane empa ha a fihla a supisoa sepetlele se seng se bohōle ba lik’hilomithara tse 25. Ngaka ea qeta ka hore moshemane eo o ne a lutletse mali ka hare le hore o ne a hloka ho buuoa le ho tšeloa mali. Lingaka tse ling tse robeli li ile tsa lumela. Ka ho tseba molao oa Molimo khahlanong le ho tšela mali, batsoali ba ile ba hana. Ngaka ea ba sokela: “Le na le metsotso e mehlano feela ea ho etsa qeto kapa ho seng joalo re ke ke ra thetsa ngoana oa lōna esita le haeba le ka lumela hore a tšeloe mali kamorao ho moo.” Ho sa le joalo, mpa ea ngoana ea tsoela pele ho ruruha ’me e ne e fihla boemong bo kotsi.
Moena oa ntate eo oa nama, ea seng linneteng, o ile a tlisetsa ntate eo khatello ea hore a lumelle tšelo ea mali. A re: “Ka kōpo nka moshemane enoa e se oa hao empa e le oa ka. Kaha letsoalo la hao lea u tšoenya, ke tla nka boikarabelo, ho akarelletsa le litšenyehelo tsa sepetlele, e le hore ngoana enoa a ka neoa mali a hlokahalang. Enoa ke mora ea mong feela eo u nang le eena.” Ho ne ho le thata ho mamella khatello eo, empa batsoali bao ba ne ba tiile qetong ea bona.
Ba ile ba nka moshemane ’me ba tsamaea, ho ea batla sepetlele se seng, empa ba lahleha tseleng e eang teng. Ka tšohanyetso ba bona letšoao la sepetlele se seng, eaba ba kena ho sona, le hoja e ne e se sona seo ba neng ba se batla. Kamor’a hore ngaka e bone moshemane eo, ea re: “Ho ruruha ha mpa ea ngoana e ka ’na eaba ke letšoao la ho lutlela mali kahare kapa eaba hase lona. Ere moshemane a robale, ’me hosasa re tla etsa litlhahlobo tse hlokahalang ho fumana hoo.” Litlhahlobo li ile tsa bontša hore ho ne ho se mali a lutlileng, empa o ne a ruruhisitsoe ke kotsi. Ho ne ho sa hlokahale hore a buuoe. Ha ele hantle, ngaka e ile ea re ho buuoa ho ka be ho bile kotsi haholo. Batsoali ba ile ba re: “Re leboha Jehova, ka baka la ho bolokeha ha mora oa rōna le ka ho re lebisa sepetleleng le ngakeng e nepahetseng.”
Lilemo tse leshome hamorao phello ea ketsahalo ee e ile ea e-ba efe? Ntate eo oa tlaleha: “Moena oa ka oa nama ea neng a ile a ntlisetsa khatello sepetlele o ile a ananela boemo ba rōna ’me a bona tataiso ea Jehova tabeng ena. Hona ho ile ha tsosa thahasello ea hae ’neteng a ba a e amohela, ’me hona joale o kolobelitsoe ’me o sebeletsa e le moholo ka phuthehong. Mosali oa hae le bana ba hae ba sebeletsa Jehova ka cheseho ’moho le eena. Baena ba ka ba bang ba babeli le bona ba linneteng ’moho le malapa a bona, ’me e mong oa bona o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang. Ntate le ’mè ba sa tsoa kolobetsoa le hoja ba ne ba se ba hōlile. Kahoo, le hoja e ne e le phihlelo e tšabehang bakeng sa ka le mosali oa ka, ka baka la eona litho tse ka bang 30 tsa lelapa leso li amohetse ’nete; tse ling li se li kolobelitsoe ’me li sebeletsa e le baholo le bahlanka ba sebeletsang. Tse ling li ntse li itokisetsa ho ea kolobetsong. Mora oa ka, ea lilemo li 14 hona joale, o phela hantle ’meleng, ke mohoeletsi ea chesehang, ’me o lebelletse ho ea kolobetsong. ’Na le mosali oa ka re leboha Jehova hakaakang ka ho re thusa ho etsa qeto e nepahetseng tumellanong le molao oa hae o boletsoeng ho Liketso 15:29”!
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
‘Le tele tse hlabetsoeng melimo le mali’