Sehlopha sa bo84 sa Gileade—Se Phelela Litebello!
LIPROVERBIA 10:28 e re: “Tšepo ea ea lokileng e tla fetoha thabo.” Ho bile joalo hoseng ha la 6 Tlhakubele, 1988. Ho ne ho hlakile ho moshebelli e mong le e mong hore tebello e ne e le khōlō har’a ba 4 360 ba bokaneng Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova Jersey City.
’Nete ea hore lelapa la Bethele ea Brooklyn kaofela le Mapolasi a Watchtower le tsebile ho kopana ka morero o joalo ebile lebaka la thabo e khōlō! Leha ho le joalo, ba bileng teng ba ne ba lebeletse ho fetang feela kopano e khōlō ea lelapa. Ha bohlokoa likelellong tsa bona e ne e le seo ba neng ba tseba hore e tla ba ketsahalo ea bohlokoa: ho amohela mangolo a thupelo ea sehlopha sa bo84 ea Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade.
Sekolo sa Gileade seo joale se leng ntlo-kholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, se theiloe ka 1943 ka sepheo sa ho ntšetsa pele mosebetsi o laetsoeng ke Molimo oa ho ‘etsa barutuoa.’ (Mattheu 28:19, 20, NW) Kamor’a ho qeta koetliso ea thuto ea Bibele ea likhoeli tse hlano, liithuti tsa Bibele li ea rongoa, e seng mesebetsing ea ho etsa khoebo, empa tšimong ea lefatše lohle e le baromuoa. (Mattheu 13:38) Joale, ka ho utloahalang, e mong le e mong ea bileng le monyetla oa ho ba Gileade o na le litebello tse phahameng.—Bapisa Luka 12:48.
Lenaneo la ho amohela mangolo a thupelo le totobalitse litebello tsena. Le simolotsoe ka thapelo e tebisang maikutlo e entsoeng ke George Gangas, setho sa Sehlopha se Busang. C. W. Barber, eo le eena e leng oa Sehlopha se Busang, o sebelelitse e le molula-setulo letsatsing leo. ‘Re mosebetsing o moholohali oa letšolo la thuto historing,’ ho boletse Barber. Ho tsoa khaolong ea 6 ea Esaia, o hlalositse hore hangata re lokela ho bolela tlas’a maemo a mabe. Joaloka mehleng ea Esaia, ke ‘karolo ea leshome’ ea tšoantšetso kapa “masala,” le arabelang molaetseng oa rōna. (Esaia 6:13; Ba-Roma 9:27) Leha ho le joalo, le ka mohla re se be le boikutlo ba hore boiteko ba rōna ba ho bolela ke ba lefeela!
Likhothatso tsena li phahamisitse se neng se tla latela: lethathama la lipuo tse khutšoane, empa tse matla, tse tobisitsoeng ho liithuti. Calvin Chyke oa Komiti ea Khatiso o ile a qalisa ka ho botsa potso, ‘Na u tla ipaka ho ba tlhohonolofatso ho ba bang?’ Ba fumane mahlohonolo a mangata Gileade. Joale ba lokela ho fana ka oo, ba fane ka ‘limpho tsa moea’ ho ba bang. (Ba-Roma 1:11, 12, NW) Esita leha maemo a lekang, joaloka ho haelloa ke chelete a fihla, baromuoa ba lokela ho tsoela pele ba ‘fana’ moeeng. (Luka 6:38) Joale mantsoe a Pesaleme ea 84:6 (NW) a tla phethahala ho bona: “Esita le morupeli o ikapesitse ka mahlohonolo.”
David Olson oa Lefapha la Komiti ea Tšebeletso o ile a hopotsa baromuoa ka mokhatlo oa rōna oa boena ba lefatše lohle. Ka likhoeli tse hlano ba thabetse lerato le tšehetso ea liithuti ’moho—hore ba qhalanyetsoe hohle lefatšeng. Olson o ba tiiselitse hore ba tla thabela phethahatso ea Mareka 10:29, 30 e ba tšepisang metsoalle e mecha le ‘batsoali.’
Daniel Sydlik oa Sehlopha se Busang o hatelletse bohlokoa ba hore liithuti li ‘Hlaolele Lipakane tse Khōlō.’ Jehova o re bōpile re e-na le matla a ho ba le lipakane, tšepo, le litaba-tabelo. Joale, na baromuoa ba lokela ho ipehela lipakane? ‘Iketsetse pakane, etsa boiteko!’ ho khothalitse Sydlik. ‘Ithute hantle puo ea naha eo u abetsoeng ho eona. Itloaetse ho bala litokollo tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka puo ea hao hore u boloke bomoea ba hao.’ Sydlik o tsoetse pele, ‘ha u ruta ba bang, u ba behele lipakane. Ba tsebise hore ba lebelletsoe ho ba teng libokeng le ho lokisetsa liboka e sa pele.’
Libui tse latelang li tsoetse pele ka se tšoanang. Lyman Swingle, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, o hopolitse liithuti: ‘Jesu Kreste ke eena ea rometsoeng tšimong esele mona lefatšeng.’ Joaloka Jesu, baromuoa ba lokela ho nka likabelo tsa bona ka botebo. Leha ho le joalo, ba se iphahamise. ‘Ak’u itšehe ha u entse ka booatla, ho boletse Swingle. ‘Moeklesia 3:4 e re hopotsa hore “ho teng le nako le ea ho tšeha.”’
Barupeli ba babeli ba baholo ba sekolo joale ba e-ba le monyetla oa ho neha liithuti tsa bona keletso ea ho qetela. Sehlooho sa puo ea Jack Redford ebile ‘Le ka Mohla u se Lebale Mosebetsi oa Hao!’ Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba lebetse mosebetsi oa bona, ba bangata ba itšuntse lipolotiking tsa lefatše. Leha ho le joalo, Jesu Kreste o phethahalitse mosebetsi oa hae oa ho ruta, a sa hapuoe ke seo lefatše la Satane le fanang ka sona. Kahoo kamehla baromuoa ba lokela ho hopola seo ba se rometsoeng—ho fepa batho ba lapileng moeeng. (Bapisa Mattheu 9:36.) Kahoo ba lokela ho qoba maraba a kang matlotlo a lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe. Ka ho tsitsisa mahlo mosebetsing oa bona oa ho ruta, ba na le tebello ea ho thabela liphihlelo tse ngata tse monate tšimong!
U. V. Glass o ile a tsoela pele ka papiso ea galase ea metsi le sefaha sa liperela. Linaheng tse ngata bohloeki ba galase ea metsi boa belaelloa. Ho balaelloang ka ho tšoanang e ka ’na ea ba botšepehi ba sefaha sa liperela. ‘Ho thoe’ng ka botšepehi ba hao?’ ho botsitse Glass. ‘Ho se tšepahale ho bitsitsoe “’molai ea thotseng”’ oa batsoalle. Liithuti li ka tšeptjoa joang? Glass o itse ‘Ka ho bua ’nete, ho se e tsoake kapa ho e khopamisa. Ho tšepahala ke motheo oa ho tšeptjoa.’—Ba-Efese 4:25.
Sehlohlolo sa hoseng ebile puo e koalang e fanoeng ke F. W. Franz mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ea lilemo li 94. Ka lentsoe le tiileng le le matla, Franz a pheta histori ea Gileade. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Sehlopha se Busang se ile sa hlokomela hore ‘Ntoa ea II ea Lefatše e ke ke ea lebisa ho Armageddone. E ne tla lala ’me ho latele nako ea khotso.’ Gileade e theiloe ho sebelisa nako ena ea khotso hamolemo—’me ebile matla ho tloha nakong eo!’ ho boletse mopresidente oa Mokhatlo. Bamameli ba ile ba ananela keletso ea mosebeletsi enoa oa nako e telele oa Jehova ka litlatse tse khōlō!
Joale ha buloa masira, ’me ha hlahella liithuti tse 24 tsa sehlopha sa bo84 sa Gileade li lutse sethaleng. Li ne li e-na le karolelano ea lilemo tse 31,6, hase baboleli ba bacha. Hobane ba na le karolelano ea lilemo tse 11,3 boboleling ba nako e tletseng! E le sehlopha sa machaba, ba ruta ho tsoa Netherlands, Australia, Finland, Sweden, Jeremane, le United States. Ka thuso ea A. D. Schroeder, eo e bileng e mong barupeli ba pele ba Gileade, C. W. Barber a neha liithuti mangolo a tsona a liploma. Bamameli ba ile ba thabela ho utloa hore liithuti li tla romeloa linaheng tse robong: Philippines, Sierra Leone, Western Samoa, Taiwan, Tanzania, Papua New Guinea, Bolivia, Guam, le Colombia! Joale e mong oa liithuti a bala lengolo le monate la kananelo lebitsong la sehlopha.
Kamor’a khefu e khutšoane ea lijo tsa motšehare, bamameli ba ile ba bokana bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa e khutšofalitsoeng, e neng e qhojoa ke Robert Wallen oa Komiti ea Bethele. Bofelong ba thuto, mabone a fifatsoa. Molula-setulo oa lenaneo a kōpa bamameli: ‘Thabelang mpho e tsoang ho liithuti, e leng lenaneo la sehlopha sa bo84 se nang le sehlooho “Ho Phahamisa Tšebeletso ea Rōna.”’
Ka lipina, liphihlelo, le lipale, joale liithuti tsa bona bophelo ba sebele ba ho ba seithuti le moromuoa. Ka mohlala, ho ile ha bontšoa kamoo tšimo e fapaneng ea Motse oa New York e sebelisoang kateng ho koetlisa baromuoa. Pale e ’ngoe e nyarosang, e theiloeng liphihlelong tsa sebele tsa liithuti tsa Gileade, e bontšitse kamoo li ithutileng ho fana ka bopaki bo sa rereloang bo atlehileng litseleng tsa motse. Hape e le ka tsela e tšehisang, empa ea sebele, ebile lipontšo tsa baromuoa bao hangata ba etsang liphetoho tse sa tloaelehang litloaelong tsa linaha li sele.
Moromuoa e mong ea amohetseng lengolo la thupelo o akarelelitse lenaneo hamonate, a re: ‘Ke tsela efe e molemohali ea ho phahamisa tšebeletso ea rōna ho feta ho thusa ba bang ho beha tšepo ea bona ka ho feletseng Lentsoeng la Jehova?’ Ha ho pelaelo hore bohle ba bileng teng ba ile ba nahana kamoo ba ka kopanelang haholoanyane mosebetsing oa boboleli. E le sephetho, liithuti tsa etsa tšoantšiso ea mehla ea joale e bontšang bohlokoa ba ho ikokobeletsa Molimo. Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa ebile ha ho fihloa sephethong ka thapelo ea kananelo e entsoeng ke J. E. Barr oa Sehlopha se Busang.
Ntle ho pelaelo, lenaneo la ho amohela mangolo a thupelo a sekolo sa Gileade le tla phelela lipakane tsa lona. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka sehlopha ka bosona? Re tšepa hore, joaloka se bileng teng pele ho sona, sehlopha sena sa morao sa liithuti tsa baromuoa se tla phelela ho feta se lebelletsoeng ho sona, e, seo Jehova a se batlang—hore se tlotlise tšebeletso ea bona likabelong tsa linaheng li sele!
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sehlopha se Amohelang Mangolo a Thupelo sa bo84 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade
Lethathameng le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea kamorao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng o mong le o mong.
(1) Norberg, C.; Holmes, T.; Holland, J.; Vehlen, B.; Rector, D.; Thomas, K. (2) Rajalehto, T.; Rajalehto, T.; Hoefnagels, J.; Moonen, A.; Summers, C.; Wahl, H. (3) Holland, J.; Holmes, F.; Hoefnagels, H.; Koivula, V.; Moonen, M.; Thomas, B. (4) Wahl, M.; Rector, W.; Summers, G.; Keighley, P.; Vehlen, P.; Norberg, O.