Pono ea Bokreste ka Litšoantšo
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thessalonika hore: “Le khaohane le borapeli ba melimo ea litšoantšo . . . ’me la fetoha bahlanka ba Molimo oa sebele, o phelang.” (1 Ba-Thessalonika 1:9a) E, ka nako e ’ngoe Bakreste ba bangata ba pele e ne e le barapeli ba melimo ea litšoantšo tsa bohedene. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Empa ha ba fetoha Bakreste, ba khaotsa mekhoa ea borapeli ba melimo ea litšoantšo.
Leha ho le joalo, ho khumamela melimo ea litšoantšo ho ne ho tloaelehile haholo hoo Bakreste ba neng ba songoa hobane ba ne ba rapela ba sa sebelise litšoantšo. Bahedene ba bang ba ne ba bile ba ba qosa ka hore ke batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng! Joale, ho tlile joang hore hamorao ho tlotlisoa ha litšoantšo ho ate hakaale Bokreste-’mōtoaneng?
Litšoantšo tsa Bokreste-’mōtoana—Li Tsoa Hokae?
Mekhoa e mengata ea bohedene e kentsoe har’a “Bakreste” ka mor’a ho boleloang e le ho sokoloha ha hlooho ea naha ea Roma Constantine. Bukeng ea hae Holy Images, rahistori Edwyn Bevan o bolela hore: “Ho tloha mehleng ea Constantine, ho sebelisoa ha Sefapano e le letšoao lefatšeng lohle la Bokreste ha fetoha ho tloaelehileng ’me ka potlako sa qala ho hlonepshoa ka mekhoa e itseng.” Sena sa betlela mekhoa e meng ea borapeli ba litšoantšo khoro. Buka eona ena e re: “Ho bonahala hore mohlomong pele ho hlonepshoa litšoantšo tse entsoeng ka pente le litšoantšo tse ling ho ne ho se ho kene tloaelo ea ho hlonepha letšoao la Sefapano, seo ka bosona . . . se sa fumanoeng liemahaleng tsa Bokreste kapa linthong tsa mekhabiso ea bolumeli tse entsoeng pele Constantine a beha mohlala oo labarum [folaga ea sesole e nang le sefapano].”
Ntlafatso ena ea ’na ea tsoela pele. Lekholong la borobeli la lilemo C.E., John oa Damaseka, eo Kereke ea Roma e K’hatholike le kereke ea Bochabela ea Orthodox li neng li mo nka e le “mohalaleli,” o ngotse: “Joalokaha bo-Ntate ba halalelang ba tlositse litempele le libaka tsa borapeli tsa bo-diabolose, ’me sebakeng sa tsona ba haha libaka tsa borapeli tse reheletsoeng ka Bahalaleli ’me re ntse re li rapela, kahoo ba tlositse litšoantšo tsa bo-diabolose, ’me bakeng sa tsona ba hlomme litšoantšo tsa Kreste, le ’M’a Molimo, le Bahalaleli.”
Thomas Aquinas, “mohalaleli” oa Roma e K’hatholike oa lekholong la bo13 la lilemo, o ile a phaella ho sena: “Hlonepho e tšoanang ea borapeli e lokela ho bontšoa ho setšoantšo sa Kreste joaloka ho Kreste ka Boeena . . . Sefapano se tlotlisoa ka tlotliso e tšoanang le Kreste, ke hore, ka tlotliso ea latria [tlhaloso ea K’hatholike bakeng sa mokhoa o phahameng ka ho fetisisa oa borapeli], ’me ka baka leo re bitsa Sefapano ’me re se rapela hantle feela joalokaha re etsa ho Ea Thakhisitsoeng ka Boeena.”
Aquinas o sa ntsane a talingoa e le eena ea nang le lentsoe la bohlokoa “ho tlotlisoeng ha litšoantšo.” Ho latela New Catholic Encyclopedia, “ho tlotlisoa ha litšoantšo” ho ile ha lokela ho mo emela “hore ho fumane tlhaloso ea hona e feletseng ka ho fetisisa.” Leha ho le joalo, ho hlakile hore borapeli ba litšoantšo ba “Bakreste” bo sebelelitse feela ho nka sebaka sa borapeli ba litšoantšo ba bohedene.
Ho Lokafatsa Tšebeliso ea Litšoantšo tsa Bolumeli
Kajeno ba bangata ba tlotlisang litšoantšo tsa bolumeli ba ne ba tla hana ho bitsoa barapeli ba litšoantšo. Leha ho le joalo ho hana ha bona hore ba ka bitsoa ka tsela eo, hase ntho e ncha. Lekholong la bone la lilemo, ea boleloang e le Mohalaleli Augustine o ile a soma mabaka a behoang ke ba neng ba rapela litšoantšo bao e seng Bakreste, a re: “Ho na le motho e mong ea pheang khang ea iponang a rutehile, ’me o re, ha ke rapele lejoe leo, kapa sona setšoantšo seo se se nang kelello; . . . ha ke rapele setšoantšo sena; empa ke tlotlisa seo ke se bonang, ’me ke sebeletsa eo ke sa ’moneng.” Ka mantsoe a mang, ba ne ba bolela hore ba ne ba rapela feela motho ea sa bonahaleng ea tšoantšetsoang ke melimo ea bona ea litšoantšo. Augustine a phaella: “Ka ho fana ka tlaleho ena ea litšoantšo tsa bona, ba ipona e le batho ba tsebang ho phea khang, hobane ha ba rapele litšoantšo, empa ba rapela bo-diabolose.”—Expositions on the Book of Psalms ea Augustine, Pesaleme ea xcvii 9.
Le hoja litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Roma e K’hatholike li ’nile tsa potlakela ho nyatsa borapeli ba melimo ea litšoantšo ba bahedene, ha ho tluoa tšebelisong ea bona ka bobona ea litšoantšo, hangata ba ’nile ba itokafatsa ka mekhoa eo batho ba neng ba boleloa e le bahedene ba ’nileng ba itokafatsa ka eona. Ka mohlala, mabapi le litšoantšo tsa Kreste, Maria, le “bahalaleli,” Lekhotla la Trent la lekholong la bo16 la lilemo, le ne le bolele tjena: “Li lokela ho neoa hlompho e loketseng le tlotliso e loketseng; leha ho le joalo, hase hore lebaka leo li lokelang ho tlotlisoa ka lona ke hobane ho lumeloa hore ho na le bomolimo leha e le bofe kapa bokhabane leha e le bofe ho tsona.” Joale, li tlotlisoa hobane’ng? Lekhotla leo la hlalosa: “Hobane hlompho eo li e bontšoang, e lebisoa ho bao li ba tšoantšetsang, e le hore ka litšoantšo tseo re li akang le tseo re li rolelang likatiba le tseo re li khumamelang, re ka tlotlisa Kreste ra ba ra tlotlisa bahalaleli, bao li nang le setšoantšo sa bona.”
Ho fihlela kajeno Kereke ea Roma e K’hatholike e ntse e tsoela pele ho lokafatsa borapeli ba litšoantšo ka mabaka a tšoanang: hore litšoantšo e mpa e le mokhoa oa ho tsitsisa maikutlo ho ea leholimong eo li mo tšoantšetsang le hore ha ho bokhabane kapa matla tse teng litšoantšong. Leha ho le joalo, ke ho isa hokae sena se ipakileng e le ’nete mokhoeng oa sebele o etsoang? Na bohle ba sebelisang litšoantšo ba hlile ba lumela hore ha ho ‘bomolimo kapa bokhabane ho tsona’?
Litšoantšo—Pono ea Litaba ea Morapeli
Seville, Spain, ho na le tlhōlisano ea batho ba feteletsang litaba pakeng tsa balateli ba Moroetsana la Macarena le Moroetsana de la Esperanza. Kerekeng e khōlō eo mobishopo a lulang ho eona Chartres, Fora, ho na le Baroetsana ba bararo—Mofumahali oa Rōna oa Tšiea, Mofumahali oa rōna oa Moralo, le Mofumahali oa Rōna oa “Belle Verriere”—e mong le e mong ho bona a e-na le ba inehetseng borapeling ba hae. Kamoo ho bonahalang kateng barapeli bao ba kholisehile hore setšoantšo sa bona sa Madonna se phahametse litšoantšo tse ling ka tsela e itseng—le hoja litšoantšo tseo tse tharo kaofela li tšoantšetsa motho a le mong! Joale, ka ho hlakileng, ha ho rapeloe se tšoantšetsoang, empa ho rapeloa litšoantšo ka botsona.
Kahoo, seo Kereke ea Roma e K’hatholike e se buellang e se borapeli ka kotloloho hangata se ipaka e le borapeli ba sebele ho setšoantšo. Litlhaloso tsa thuto ea bolumeli ha li bolele letho ha re talima makholo a lilemo a mokhoa o neng o hlile o sebelisoa.
Bibele e Re’ng?
Keletso ea Bibele e hanyetsa litlhaloso tsa litsebi tsa thuto ea bolumeli. Molimo o ile oa hlakisetsa Iseraele ea boholo-holo hore borapeli ba melimo ea litšoantšo bo ne bo thibetsoe ka ho feletseng. (Exoda 20:4, 5; Deuteronoma 4:15-19) Ke ’nete hore lintho tse ling tse neng li tšoantšetsa ho hong, tse kang noha ea koporo eo Moshe a ileng a e etsa, li ne li lumeletsoe. Leha ho le joalo, ho khumamela lintho tse joalo ka tsela ea borapeli ho ne ho thibetsoe ka ho feletseng.—Numere 21:9; 2 Marena 18:1, 4.
Ka linako tse ling Iseraele e ne e tlōla thibelo ena ea borapeli ba melimo ea litšoantšo. Ka mohlala, ha e le Sinai, Iseraele ea etsa namane ea gauda bakeng sa borapeli. E ne e le nyefolo e kaakang hore ba ‘fetole khanya ea Molimo hore e emeloe ke poho, phoofolo e jang joang’! (Pesaleme ea 106:20, NW) Empa joaloka batho ba bang ba bolumeli kajeno, ba ne ba bolela hore ha ba rapele poho eo, empa ba rapela Molimo ka booona! “Ba hoa, ‘Iseraele, Molimo oa hao ke enoa ea u ntšitseng lefatšeng la Egepeta.’” (Exoda 32:1-5) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a mamella borapeli bona ‘bo neng bo sa etsoe ka kotloloho,’ ho khutlela hona ho totobetseng bolumeling ba Egepeta. (Liketso 7:39-41) Hoo ho ne ho senya ka ho tobileng selekane seo ba neng ba kene ho sona Sinai ’me ho ka tlisetsa Iseraele kotsi ea hore e hlakoloe mohopolong oa Molimo.—Exoda 32:9, 10, 30-35; Deuteronoma 4:23.
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jehova Molimo a ile a nka bohato bo matla hakaalo khahlanong le litšoantšo? Ntho e ’ngoe, litšoantšo ha li na matla; ke lefeela. (Deuteronoma 32:21a; Pesaleme ea 31:6) Jeremia o boletse hore li tšoana le litšosa, tse se nang phefumoloho ka ho tsona. (Jeremia 10:5, 14) Ka ho tšoanang Esaia o ile a soma ba sebelisang karolo e ’ngoe ea sefate ho etsa mollo oa ho pheha ’me ba sebelisa karolo e ’ngoe ho etsa molimo. Moprofeta o lemosa hore barapeli ba joalo ba litšoantšo “ha ba tsebe letho, ha ba utloisise letho. Mahlo a bona a koetsoe hore ba se bone letho, pelo ea bona e se utloisise letho.”—Esaia 44:13-18.
Kotsi e ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa e amanang le borapeli ba litšoantšo ke hore ho ka ’na ha etsahala hore bo sebeletse e le mokhoa oa ho kopana le matla a bodemona. Mopesaleme o boletse tjena ka Baiseraele: “Ka ho sebeletsa melimo ea litšoantšo ea bahedene, ba iphumane ba tšoasitsoe hore ba hlabele bademona bara ba bona le barali ba bona.” (Pesaleme ea 106:35-37; bapisa Levitike 17:7; Deuteronoma 32:17.) Ka baka leo, ho ne ho butsoe tsela bakeng sa mekhoa e meng ea tumela-khoela, ea ho sebelisana le meea. Mohlala o mong ke oa Morena Manasse, ea ileng a tsosolosa borapeli ba litšoantšo Iseraeleng. Ka baka leo, “a hahela tlhophiso eohle ea leholimo lialetare ka hare ho mabala a mabeli a Tempele” ’me “a etsa bonohe le boloi.”—2 Marena 21:1-6.
Mangolo a Bokreste a Segerike a lemosa ka likotsi tse tšoanang. The New Bible Dictionary e re: “Ho hanyetsoa ha borapeli ba melimo ea litšoantšo ke Testamente ea Khale . . . ho lumellana le linnete tse peli tseo Pauluse a neng a tla li tiisa hamorao: hore molimo oa setšoantšo e ne e le lefeela, empa hore leha ho le joalo ho ne ho e-na le matla a moea a bodemona a neng a lokela ho eloa hloko ao o nang le ’ona, le hore ka hona molimo oa setšoantšo o ne o jere kotsi e totobetseng ea moea.” Pauluse o ngotse: “Rea tseba hore litšoantšo e hlile hase lintho tse teng lefatšeng le hore ha ho molimo ha e se O Le Mong feela.” Empa hamorao a lemosa: “Mahlabelo ao ba fanang ka ’ona ba a hlabela bademona bao e seng Molimo. Ha ke na takatso ea ho le bona le kopane le bademona.”—1 Ba-Korinthe 8:4; 10:19, 20.
E, matla a meea e khopo a chesehela ho kenya batho taolong ea ’ona. Pauluse o ngotse: “Hobane ntoa ea rōna ha e khahlanong le lira tsa batho, empa e khahlanong le Babusi le Matla a tlisang lefifi lefatšeng lena, lekhotla la moea la bokhopo le maholimong.” (Ba-Efese 6:12) Ka hona borapeli ba litšoantšo ba mofuta ofe kapa ofe bo bolaea matla a motho a moea a ho hlokomela lintho, bo khothaletsa tumela-khoela, ’me bo fana ka monyetla oa ho laoloa ke babusi ba boloi ba lefatše lena la lefifi, le khopo.
Ho Rapela ‘Ka ’Nete’
Batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba sebelisa litšoantšo ho atamela haufi le Ea Utloang thapelo. Ho atamela Molimo hoa hlokahala. Empa na re lokolohile hore re ka ikhethela mokhoa oa rōna oa ho o atamela? Ka sebele re tlameha ho batla tsela ea ho o atamela e khahlisang Molimo, eseng e khahlisang rōna. Jesu o itse: “Ke ’na Tsela, ’Nete le Bophelo. Ha ho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6) Sena se ne se sa tl’o fana ka monyetla oa tšebeliso ea litšoantšo ea borapeli ba melimo ea litšoantšo. Jesu a tsoela pele ho ruta: “Empa hora ea tla—ha e le hantle e se e ntse e fihlile—eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete: eo ke morapeli oa mofuta oo Ntate a o batlang. Molimo ke moea, ’me ba rapelang ba tlameha ho rapela ka moea le ’nete.”—Johanne 4:23, 24.
Na motho eo e leng moea a ka tšoantšoa ka setšoantšo se bonahalang? Che. Ho sa tsotellehe hore na setšoantšo seo se phahame hakae, ha ho mohla se ka lekanang le khanya ea Molimo. Kahoo le ka mohla setšoantšo sa Molimo e ke ke ea e-ba sa ’nete. (Bapisa Ba-Roma 1:22, 23.) Ka hona na motho o ne a tla be a ‘rapela ka ’nete’ haeba a ne a ka atamela Molimo ka setšoantšo sa bomenemene?
Lipaki tsa Jehova li se li thusitse batho ba likete-kete hore ba tlohele mekhoa ea borapeli ba melimo ea litšoantšo ’me ba fetohe ‘barapeli ba mofuta oo Ntate a o batlang.’ Ka mor’a hore ba bontšoe ka Bibeleng hore na Molimo o talima litšoantšo joang, ba bangata ba ’nile ba susumetseha hore ba felise litšoantšo malapeng a bona le mokhoeng oa bona oa borapeli. (Bapisa Deuteronoma 7:25.) Ke ’nete hore ha hoa ba bonolo ka mehla hore batho ba joalo ba etse joalo. Empa ba susumelitsoe ke takatso e tiileng ea ho khomarela Lentsoe la Molimo Bibele, le phehellang Bakreste ba ’nete: “Bana, itebeleng khahlanong le melimo ea bohata [ha e le hantle, melimo ea litšoantšo].”—1 Johanne 5:21, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ntle le ha ho bontšitsoe kahosele, Mangolo ’ohle a qotsitsoeng a tsoa ho Jerusalem Bible ea K’hatholike.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na ‘Ha Ho Mohla “li-Icon” li Fetohang Melimo ea Litšoantšo’?
“Icon” e bolela mofuta o khethehileng oa setšoantšo, ka ho toba, litšoantšo tsa bolumeli tse entsoeng ka pente tse tlotlisoang ke litho tsa Kereke ea Bochabela ea Orthodox. Tse ling ke lintho tse tšoantšetsang Kreste; tse ling li tšoantšetsa Boraro-bo-bong, Maria, “bahalaleli,” kapa mangeloi. Joaloka Maroma K’hatholike, litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Orthodox li lokafatsa ho tlotlisoa ha li-icon e le ketso e sa etsoeng ka kotloloho e fetisetsang borapeli ho ea leholimong ea tšoantšetsoang. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Lerashea, Sergey Bulgakov, se bolela hore: “Icon e sala e ntse e le ntho feela ’me ha ho mohla e fetohang molimo oa setšoantšo kapa ntho e rapeloang.”
Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang Kereke ea Bochabela ea Orthodox e ruta hore icon e ka tlisa melemo e khethehileng ho morapeli ea rapelang ka pele ho eona, haeba icon e “halalelitsoe” ke kereke. Bukeng ea hae The Orthodox Church, Bulgakov o bolela hore: “Tšebeletso ea ho hlohonolofatsa icon e hokahanya setšoantšo le motho eo se mo tšoantšetsang, e hokahanya ea tšoantšetsoang le ntho e mo tšoantšetsang ka boeona. Ka ho hlohonolofatsa icon ea Kreste, ho etsoa hore ba tšepahalang ba khone ho kopana ka moea le Kreste. Hoa tšoana ka li-icon tsa Moroetsana le Bahalaleli; motho a ka ’na a re, li-icon tsa bona li lelefatsa bophelo ba bona tlaase mona.”
Ho feta moo, ho lumeloa hore li-icon tse ngata tsa Maria li na le matla a mohlolo. Bulgakov o phea khang hore: “Le hoja a ntse a le leholimong, o sa ntsane a phela bophelo ba lefatše la rōna ’moho le rōna, o utloa bohloko ke lintho tsa lona tse bohloko, ’me o lla le meokho ea lona. O buella lefatše pel’a terone ea Molimo. O itšenola lefatšeng ka li-icon tsa hae tse sebetsang limakatso.”