Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/15 leq. 7
  • Lintsu kapa Manong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintsu kapa Manong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo
  • Ho Fofela Holimo ka Mapheo a Kang a Ntsu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Moo Lintsu li Fofelang Teng Bakeng sa Tinare ea Tlhapi
    Tsoha!—1995
  • Leihlo la Ntsu
    Tsoha!—2003
  • Ithute ho Linonyana Tsa Leholimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/15 leq. 7

Lintsu kapa Manong?

Pontšo

“HOBANE moo setopo se leng teng, ke moo lintsu li tla bōkana hammoho teng.” (Mattheu 24:28, NW) Ho e-na le ho ithuta ho tsoa papisong ena, ba bang ba e tšoaea liphoso. Ba bolela hore lintsu ke linonyana tse tsomang tse itsamaelang ka bonngoe tse phelang ka lintho tseo li ipolaetseng tsona, e seng litopo. Ka hona, Libibele tse ling li sebelisa lentsoe “manong.” Empa lentsoe la Segerike le belaeloang, a·e·tosʹ, le fetoletsoe hantle e le “ntsu.”

Mofuta o le mong o fumanoang Iseraele ke oa ntsu e hlaba. John Sinclair le John Mendelsohn baa hlokomela: “Joaloka linonyana tse ngata tse phelang ka nama, ntsu e hlaba ha e qobe sefifi ’me hangata e ba har’a tse fihlang pele nthong e sa tsoa shoa.” Mohlokomeli e mong o ile a tlaleha sehlopha sa li-bateleur le lintsu tse hlaba tse 60 Kalaharing ea Afrika. O ile a phaella: “Ntsu e Hlaba ke ’mampoli ha li kopana sefifing. Mabakeng a mangata linonyana tse peli, tseo ho nahanoang hore ke e tona le e tšehali, li se li ile tsa bonoa li kopanela ntho e bolailoeng.”

Lintsu tsa leoatle li boetse li atile mafatšeng a Mediterranean. Makholong a lilemo a fetileng, lintsu tse phelang leoatleng le lintsu tse phelang kantle lefatšeng li ne li e-ja litopo tsa lipere tse bolailoeng ntoeng. Cyclopædia ea McClintock le Strong ea bolela: “Ke ntho e tsebisahalang . . . hore li sala makhotla a sesole morao ka oona morero oo.”

Hore e be li lebelo haholo ’me li bonela hōle, lintsu hangata ke linonyana tsa pele ho fihla setopong sa ntho e sa tsoa shoa. Jesu o ne a tloaelane le tlhaloso eo ho eona Jehova Molimo a ileng a botsa Jobo potso ena e kokobetsang: “A ke ka taelo ea hao ntsu e phahamang, e ee ho haha ntlo ea eona phahameng . . . e ikhahella nkong ea mafika le liqhobong. Ha e le teng, e lalla lijo tsa eona, mahlo a eona a bonela hōle . . . moo litopo li leng teng, le eona e teng.”—Jobo 39:27-30.

Ka hona, Jesu o ile a bapisa hantle ha a re ke feela ba nang le leihlo la ntsu la tšoantšetso ba neng ba tla fumana molemo ‘pontšong.’ Nahana ka mohlala o seng o fanoe oa kutloisiso e chatsi ea moea e kamanong le pontšo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela