Litebello Tsa Paradeise ke Tsa Sebele ho sa Tsotellehe ho se Utloe ha Batho
1. Ha nako e ntse e feta, monna le mosali oa pele ba ka bonoa hokae hona ba le maemong afe?
NAKO e fetile. Monna le mosali oa pele ha ba sa lutse ba le feela ka boikutlo ba ho hloka molato. Ba apere—liaparo tse telele tsa matlalo a liphoofolo. Ba ka ntle pel’a monyako oa serapa se phethahetseng sa Edene. Ba furalletse serapa. Ba talimile seo ba se bonang ka pel’a bona. Ba bona feela lefatše le sa lengoang. Ho totobetse hore tlhohonolofatso ea Molimo ha e eo holim’a lona. Ho ka bonoa litšehlo le meutloa ka pel’a bona. Na lee hase lona lefatše leo ba neng ba laetsoe ho rena holim’a lona? E, empa joale monna le mosali oa pele ha baa lula ka ntle moo ka morero oa ho atolosa serapa sa Edene ho namela lefatšeng leo le sa hlokomeloang.
2. Ke hobane’ng ha monna le mosali ba sa leke ho kena hape ka serapeng sa Paradeise?
2 Ponong e fapaneng joalo, ke hobane’ng ha ba sa khutle ’me ba boela ba kena serapeng sa Paradeise? Ho bonolo ho bua joalo, empa talima se ka mor’a bona monyakong oa serapa. Libopuoa tseo ba neng ba e-s’o li bone le ka mohla, esita le ka hare ho serapa, likerubime, le lehare le benyang la sabole le ntseng le iphethola le sa khaotse. Monna le mosali ba ne ba ke ke ba feta libopuoa tsena ho kena ka serapeng ba ntse ba phela!—Genese 3:24.
3. Ho ile ha etsahala eng e ileng ea fetola maemo a batho ba babeli ba pele ka tsela e khōlō hakaale?
3 Ho ne ho etsahetse joang? Hase sephiri se rarahaneng hoo se ka emisang thuto ea mahlale hlooho ka likete tsa lilemo. Se hlalositsoe habonolo. Monna le mosali oa pele ba ne ba lokela ho phethahatsa litebello tse babatsehang tseo taelo ea Molimo e neng e li behile ka pel’a bona letsatsing la lenyalo la bona empa ho ne ho tla ba joalo feela haeba ba ne ba ka utloa Ntat’a bona oa leholimo tabeng e nyenyane ka ho fetisisa. Kutlo ea bona e phethahetseng e ne e tla lekoa ka thibelo e le ’ngoe ea lijo: Ba tlameha hore ba se je tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Genese 2:16, 17) Haeba ba ne ba ka etsa joalo khahlanong le litaelo tsa Molimo, joang kapa joang ba ne ba tla shoa. Seo ke sona seo Adama, joaloka moprofeta oa Molimo, a ileng a se bolella mosali oa hae, sebopuoa sa motho se senyenyane ho eena. Empa ho makatsang, na·chashʹ eane, noha eane, e ile ea hanyetsa bonnete ba seo Molimo o neng o se bolelletse Adama temosong ea Oona ea ho se je tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” se thibetsoeng. Noha e ile ea thetsa mosali hore a lumele hore ho roba molao oa Molimo le ho ja tholoana e thibetsoeng ho ne ho tla fella ka hore a tšoane le Molimo ’me ho mo etse ea itsamaisang ka ntle ho Molimo tabeng ea ho rera se setle le se sebe.—Genese 3:1-5.
Tlaleho eo Hase Tšōmo
4, 5. Moapostola Pauluse o bontša joang hore tlaleho ea ho thetsoa ha mosali oa pele ke noha e ne e se tšōmo?
4 Na ho thata ho e kholoa? Na e utloahala eka ke tšōmo, pale e iqapetsoeng e sa theoang linneteng eo ka hona e ke keng ea amoheleha likelellong tse hlalefileng tsa batho ba baholo? Che, ho ne ho se joalo ho sengoli seo ho ntseng ho baloa litaba tsa sona ka mokhoa o pharalletseng, sengoli se tšepahalang, moapostola ea khethiloeng ka hloko, ea neng a tseba kamoo seo a neng a se ngola se nepahetseng kateng. Ha a ngolla phutheho ea Bakreste ba hōlileng motseng o neng o hlalefile ka tsela ea lefatše oa Korinthe, moapostola enoa Pauluse o ngotse: “Empa ke tšohile, e se re mohlomong, joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha, ea timelloa ke ’nete e ho Kreste.”—2 Ba-Korinthe 11:3.
5 Ho hang Pauluse o ne a ke ke a bua ka tšōmo, khopolo-taba, ’me a sebelisa ntho e joalo e iqapetsoeng ho hatisa taba ea hae ho Bakorinthe bao, ba neng ba tloaelane haholo le litšōmo tsa bolumeli ba bohedene ba Bagerike. Ha a qotsa Mangolong a Seheberu a bululetsoeng, ao a ileng a bolela hore ke “lentsoe la Molimo,” moapostola Pauluse o ile a tiisa hore “noha e ne e thetse Eva ka mano a eona.” (1 Ba-Thessalonika 2:13) Ho feta moo, ha a ngolla molebeli oa Mokreste ea neng a nehiloe boikarabelo ba ho ruta ‘mohlala oa litaba tsa pholoho,’ moapostola Pauluse o itse: “Hobane Adama o bōpiloe pele, hamorao ha bōpjoa Eva; ’me hase Adama ea thetsitsoeng, empa mosali, hobane a thetsoe, o hlahisitse tlōlo.”—2 Timothea 1:13; 1 Timothea 2:13, 14.
6. (a) Tšito ea Adama khahlanong le Molimo e ne e fapane le ea mosali joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore mosali o ne a sa iqapele pale feela ka noha?
6 Ho thetsoa ha mosali ke noha ke ’nete, hase tšōmo, feela joalokaha ka sebele liphello tsa ho ja ha hae tholoana e thibetsoeng ka ho se utloe e le linnete tse tiileng tsa histori. Ka mor’a hore a siteloe Molimo joalo, o ile a eka monna oa hae hore a kopanele le eena ho jeng, empa lebaka la ho ja ha monna e ne e se hobane le eena a ne a thetsitsoe ka ho felletseng. (Genese 3:6) Tlaleho ea ha ba ikarabella ho Molimo ka mor’a moo e re: “Adama a re: Mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na, ke eena ea mphileng tsa sefate, ka li ja. Jehova Molimo a bolella mosali, a re: Na ke’ng eo u e entseng? Mosali a re: Noha e nthetsitse, ’me ke jele.” (Genese 3:12, 13) Mosali o ne a sa iqapele pale ka na·chashʹ eane, noha eane, ’me Jehova Molimo ha aa ka a nka tlhaloso ea hae e le e iqapetsoeng, tšōmo. O ile a sebetsana le noha eo joaloka eona eo e bileng kofuto ea ho thetsa mosali hore a siteloe Eena, Molimo le ’Mōpi oa hae. E ne e tla ba ho tlosang Molimo seriti ho sebetsana le noha feela tjee ea tšōmong.
7. (a) Tlaleho ea Bibele e hlalosa kahlolo ea Molimo joang ha o sebetsana le noha? (b) Ke joang le rōna re ka thetsoang ke noha e ileng ea thetsa mosali oa pele? (Akarelletsa tlhaloso e tlaase ho leqephe.)
7 Ha e hlalosa kahlolo ea Molimo ha o sebetsana le noha eo serapeng sa Edene, tlaleho e re: “Eaba Jehova Molimo o re ho noha: Ereka ha u entse hoo, u rohakiloe har’a makhomo ’ohle, le har’a liphoofolo tsohle tsa naha; u tla tsamaea ka mpa ea hao, ’me u tla ja lerōle ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao. Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:14, 15) Lekhotla leha e le lefe le hlokang leeme le sebetsana le linnete ’me le hloaea bopaki ba ’nete, eseng litšōmo. Jehova Molimo o ne a sa iketse sethoto, ea tletseng bosaoana, ka ho lebisa kahlolo ea hae ho noha ea tšōmong empa o ne a liha kahlolo holim’a sebopuoa sa sebele, se phelang se neng se le molato. E ne e ke ke ea e-ba ho qabolang, empa e ne e tla ba ho hlomolang, haeba eona noha eo e ne e ka re thetsa hore re nahane hore ha ho mohla e kileng ea e-ba teng, hore e ne e le tšōmo feela, hore e ne e se molato oa eng kapa eng e phoso lefatšeng.a
8. Molimo o ile oa liha kahlolo efe holim’a mosali, hona e le ka liphello life ho barali ba hae le barali ba bana ba hae?
8 Ha e sebetsana le polelo ea mosali e neng e akarelletsa noha e le ntho ea ’nete, tlaleho e mabapi le mosali oa monna eo e re: “A re ho mosali: Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao: u tla beleha bana ka bohloko; litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Ha ho letho le kang lena le neng le akarellelitsoe tlhohonolofatsong ea Molimo lenyalong la hae le Adama ha Molimo o ne o re ho bona: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Genese 1:28) Taelo eo e hlohonolofalitsoeng e neng e ea ho batho ba babeli ba phethahetseng e ne e bontša hore mosali o ne a tla ba le bana ba bangata empa ho ne ho ke ke ha e-ba le bohloko le mahlaba a fetelletseng a pelehi ’me o ne a ke ke a hatelloa ke monna. Kahlolo ena e ileng ea phatlalatsoa ho mosali ea sitiloeng e ne e tla ama barali ba hae le barali ba bana ba hae melokong le melokong.
Molao oa Molimo o Tlotlisoa ke Kahlolo e Khahlanong le Adama
9, 10. (a) Molimo o ne o file Adama temoso efe ka ho toba, ’me liphello e ne e tla ba life haeba Molimo o ne o ka tšoarella kotlong e joalo? (b) Molimo o ile oa fa Adama kahlolo efe?
9 Empa, ke maemo afe a fetohileng ao mosali a neng a tla a kopanela le monna eo a mo ekileng hore a ikopanye le eena tšitong ea hae? Ka ho toba Molimo o ne o itse ho monna enoa: “Empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:17) Na Molimo Moahloli o ne a tla tšoarella kahlolong e joalo ea timetso feela ka baka la ho ja ha Adama tholoana ea sefate? Nahana hore na phethahatso ea kotlo e joalo e ne e tla bolela eng! Eona ka boeona e ne e tla senya tebello eo e hlasimollang moea eo Adama le Eva ba neng ba e-na le eona letsatsing la lenyalo la bona, tebello ea ho tlatsa lefatše lohle ka bana ba bona, moloko o phethahetseng oa batho ba ahileng ka khotso ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ba lula ba le bacha ka ho sa feleng, ba e-na le likamano tsa khotso le Molimo oa bona le Ntate oa leholimo! Ruri Molimo o ne o ke ke oa senya morero oa oona o tsotehang bakeng sa batho le bakeng sa lehae la motho la lefatšeng ka hore o phethahatse kotlo ea lefu ka thata-thata holim’a batsoali ba pele ba batho bohle! Empa mamela kahlolo ea Molimo joalokaha e tlalehiloe ka ho hlaka tlalehong ea Bibele:
10 “A re ho Adama: Ereka ha u utloile lentsoe la mosali oa hao, ’me ua ja sefate seo ke u laetseng sona, ka re: U se ke ua se ja; lefatše le rohakiloe ke hona ka baka la hao, ’me u tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao; le tla u melisetsa litšehlo le meutloa, ’me u tla ja joang ba naha. U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u le-rōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:17-19.
11. Ke linnete life tse mabapi le kutlo tse bontšang hore kahlolo ea Molimo ho Adama e ne e le e tšoanelehang?
11 Kahlolo eo e ne e bolela phethahatso ea kotlo ea lefu holim’a motho ho sa tsotellehe liphello tse neng li tla ba teng morerong oa Molimo oa hore lefatše la paradeise le tlale banna le basali ba phethahetseng ba phelang hammoho ka lerato le khotso le ba lemang le ho hlokomela ka ho sa feleng serapa sa Paradeise ea lefatše ka bophara. Monna o ne a mametse lentsoe la mosali oa hae ho e-na le ho mamela lentsoe la Molimo le neng le ’moleletse hore a se je tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” se thibetsoeng. ’Me haeba eena a sa ka a utloa lentsoe la Molimo le ’Mōpi oa hae, na o ne a tla phehella ho ruta bana ba hae ho etsa joalo? Na mohlala oa hae ka booona e ne e tla ba taba eo a ka buang ka eona ha a ba ruta ho utloa Jehova Molimo?—Bapisa 1 Samuele 15:22.
12, 13. (a) Sebe sa Adama se ne se tla ama bana ba hae joang? (b) Ke hobane’ng ha Adama a ne a sa tšoanelehe hore a ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng kapa esita le hona lefatšeng feela?
12 Na bana ba Adama ba ne ba tla khona ho boloka molao oa Molimo ka mokhoa o phethahetseng, joalokaha eena ka boeena ha e ne e le motho ea phethahetseng a kile a khona ho etsa joalo? Ka tšebetso ea melao ea lefutso, na o ne a ke ke a fetisetsa ho bana ba hae bofokoli ba hae le tšekamelo ea ho se utloe lentsoe la Molimo e be o mamela lentsoe le leng? Histori ea ’nete e arabela lipotso tsena.—Ba-Roma 5:12.
13 Na motho ea joalo, eo ka baka la sebopuoa se motho feela, a ileng a furalla kutlo e phethahetseng ho Molimo e le pontšo ea lerato le phethahetseng ho Molimo o ne a tšoaneleha hore a ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng kapa esita le hona lefatšeng feela? Na le ho mo tlohella a ntse a phela ka ho sa feleng lefatšeng feela ho ne ho ke ke ha e-ba kotsi? Na ho mo lumella ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ka tšito ea hae ho ne ho tla tlotlisa molao oa Molimo ’me ho bonahatse toka ea Oona e phethehileng, kapa ho ne ho tla ruta ho hloka tlhompho bakeng sa molao oa Molimo ’me ho bontše hore lentsoe la Molimo ha le tšepahale?
Ba Lelekeloa ka Ntle ho Serapa sa Edene
14. Tlaleho ea Bibele e hlalosa hore Molimo o ile oa nka khato khahlanong le Adama le mosali oa hae joang?
14 Tlaleho ea Bibele e re bolella hore na Molimo o ile oa etsa qeto joang litabeng tsena: “Jehova Molimo a etsetsa Adama le mosali oa hae likobo tsa matlalo, ’me a ba apesa tsona. Eaba Jehova Molimo o re: Bonang, motho o fetohile a be joale ka e mong oa rōna, o tseba botle le bobe; ’me joale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le litholoana tsa sefate sa bophelo, a li ja, ’me a phela ka mehla. Jehova Molimo a mo leleka tšimong ea Edene, a tle a ee ho lema mobu oo a ntšitsoeng ho oona. A leleka motho, ’me a bea likerubime ka ’nģa Bochabela ho tšimo ea Edene, tse nang le lerumo le benyang le ōmang ka ’nģa tsohle, ho thiba tsela ea sefate sa bophelo.”—Genese 3:21-24.
15. (a) Ke joang Molimo o ileng oa bontša ho nahanela bakeng sa boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong boo Adama le mosali oa hae ba ileng ba ikutloa ba e-na le bona ka ho ba feela? (b) Batho ba babeli ba pele ba ile ba lelekoa serapeng sa Edene joang? (c) Adama le mosali oa hae ba ne ba talimane le maemo afe a fetohileng ka ntle ho serapa sa Edene?
15 Molimo Moahloli o ile a bontša ho nahanela bakeng sa boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong boo joale Adama le mosali oa hae ba baetsalibe ba neng ba ikutloa ba e-na le bona ka ho ba feela. Ka tsela e itseng e sa boleloang, o ile a ba fa liaparo tse telele tsa matlalo ho nka sebaka sa mahlaku a lohelletsoeng ’moho a sefate sa feiga ao ba neng ba iketselitse ’ona. (Genese 3:7) Liaparo tsa matlalo li ne li tla tšoarella nako e telele haholoanyane ’me li ne li tla ba sireletsa haholoanyane litšehlong le meutloeng le linthong tse ling tse kotsi tse ka ntle ho serapa sa Edene. Ka baka la ho ba le letsoalo le lebe ka mor’a ho etsa sebe, ba ne ba ile ba leka ho ipata moo ba ke keng ba bonoa ke Molimo ka har’a lifate tsa serapa sa Edene. (Genese 3:8) Joale, ka mor’a hore ba ahloloe, ba ile ba latsoa mofuta o itseng oa kotlo ea Molimo ka hore Molimo o ba leleke ka serapeng. Ba ile ba khanneloa bochabela, ’me ka mor’a nakoana ba iphumana ba le ka ntle ho serapa, ba thibetsoe ho kena ho sona ka ho sa feleng. Ba ne ba ke ke ba hlola ba sebeletsa ho atolosa serapa seo le ho qhalanyetsa maemo a sona a Paradeise lipheletsong tsa lefatše. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ba ne ba tla ja bohobe bo entsoeng ka limela tsa naha, empa bo ne bo ke ke ba ba phelisa ka ho sa feleng bophelong ba botho. Ba ne ba khaohantsoe le “sefate sa bophelo.” Ka mor’a nako e itseng—e telele hakae?—ba ne ba tlameha ho shoa!
Morero oa Jehova oa Tšimolohong o ke ke oa Hlōleha
16. Molimo o ne o sa rera ho etsa eng, hona hobane’ng?
16 Na joale Molimo o ne o se o rerile ho timetsa lefatše, hammoho le khoeli le letsatsi le linaleli, ka mollo o akaretsang bokahohle ka baka la libopuoa tsena tse peli tse entsoeng ka lerōle tse neng li o sitetsoe? Haeba o ne o ka etsa ntho e joalo, na sena se ne se ke ke sa bolela hore o hlōtsoe morerong oa oona o khanyang, seo sohle ka baka la se qaliloeng ke na·chashʹ? Na noha feela tjee e ne e ka senya morero oohle oa Molimo? O ne o behetse Adama le Eva morero oa oona letsatsing la lenyalo la bona ha o ne o ba hlohonolofatsa ’me o ba bolella hore na thato ea oona ke efe bakeng sa bona: ho tlatsa lefatše lohle ka moloko oa batho ba phethahetseng, hore ba rene lefatšeng lohle ho fihlela le phethehile joaloka serapa sa Edene, ’me ka khotso batho bohle ba busa libopuoa tsohle tse tlaasana tse phelang lefatšeng le metsing a lona. A pono e khanyang ea ha morero oa Molimo o se o phethahalitsoe, oo litokisetso tsa oona o neng o li entse ka matsatsi a tšeletseng a pōpo a mosebetsi ka nako ea lilemo tse likete! Na morero ona o babatsehang joale o ne o tla tlohelloa o sa phethahatsoa feela ka baka la noha le ho kheloha ha batho ba babeli ba pele? Le hanyenyane!—Bapisa Esaia 46:9-11.
17. Molimo o ne o ikemiselitse ho etsa eng mabapi le letsatsi la bosupa, ka hona letsatsi lee le tla qetella joang?
17 E ne e ntse e le letsatsi la phomolo, letsatsi la bosupa, la Jehova Molimo. O ne a rerile ho hlohonolofatsa letsatsi leo ’me o ne a le halalelitse. O ne a ke ke a lumella letho ho le etsa le rohakiloeng, ’me thohako leha e le efe eo e mong a neng a ka e rerela letsatsi leo la phomolo ea hae o ne a tla e loantša ’me a e fetole tlhohonolofatso, a etse hore letsatsi leo le qetelle le hlohonolofalitsoe. Le ne le tla siea lefatše lohle e le sebaka se halalelang, thato ea Molimo e etsoa lefatšeng mona joalokaha e etsoa leholimong ’me, sena se etsoa ke moloko oa batho ba phethahetseng.—Bapisa Mattheu 6:10.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha litloholo tsa batho ba babeli ba pele ba baetsalibe tse mahlomoleng li ka nyakalla? (b) Lihlooho tse latelang tsa Molula-Qhooa li tla bua ka eng?
18 Molimo ha oa ka oa ikutloa o hlōlehile. Ha oa ka oa lahla morero oa oona. O ile oa rera ho itlotlisa e le Oona o tšepahalang ka ho felletseng o rerang le o phethahatsang ka ho felletseng seo o se rerang, tlotla eohle e tla ho oona. (Esaia 45:18) Litloholo tse sa phethahalang, tse mahlomoleng tsa batho ba babeli ba pele ba baetsalibe li ka nyakalla ’me tsa lebella ha Molimo o phethahatsa ka botšepehi morero oa oona oa tšimolohong ’me tsa fumana molemo o sa feleng. Hona joale, ho se ho fetile likete tsa lilemo tsa letsatsi la oona la phomolo, ’me e tlameha e be karolo ea ho qetela ea letsatsi leo e tlang ho fumana tlhohonolofatso ea oona e khethehileng e atametse. “Mantsiboea” a letsatsi la oona la phomolo aa feta, ’me ho tšoana le matsatsi a tšeletseng a pōpo a neng a le etelletse pele, ‘hoseng’ ho tlameha ho tla. Ha ‘hoseng’ hona ho fihlela phetheho ea hona ’me ho etsa hore phethahatso e khanyang ea morero oa Molimo o ke keng oa fetoha e bonahale ka ho felletseng ho bashebelli bohle, ho tla ba bonolo ho tlaleha: ‘’Me ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bosupa.’ A tebello e hlollang ka sebele!
19 Hoa thabisa ho nahana ka hona hohle! ’Me lihloohong tse latelang tsa Molula-Qhooa, ho tla boleloa ho eketsehileng ka litebello tsa Paradeise tse thabisang tse larileng ka pel’a batho ba utloang, ba ratang molao oa Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Tšenolo 12:9, Satane Diabolose o tsebahatsoa e le “noha ea khale”; ’me ho Johanne 8:44 (NW), Jesu Kreste o bua ka eena e le “ntate oa leshano.”
U ne u Tla Re’ng?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba babeli ba pele ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona la Paradeise?
◻ Ke hobane’ng ha re tseba hore ho thetsoa ha Eva ke noha e ne e se tšōmo?
◻ Molimo o ile oa phatlalatsa kahlolo efe holim’a mosali?
◻ Molimo o ile oa phatlalatsa kahlolo efe holim’a Adama, ’me ke hobane’ng ha see se ile sa tlotlisa molao oa Molimo?
◻ Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa ikutloa o hlōlehile mabapi le morero oa oona oa hore lefatše le tlale batho ba phethahetseng Paradeiseng?