Jehova Ke ’Musi oa Rōna!
“Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho fapana le batho.”—LIKETSO 5:29, “NW.”
1, 2. Ke khato efe e ileng ea nkoa ke baapostola eo Lipaki tsa Jehova li e nkang ha litaelo tsa batho li loantšana le thato ea Molimo?
JEHOVA MOLIMO o ne a tlohelletse banna ba 12 hore ba isoe ka pel’a lekhotla le phahameng. Selemo e ne e le 33 C.E., ’me lekhotla leo e ne e le Lekhotla le Phahameng la Bajode. Baqosuoa e ne e le baapostola ba Jesu Kreste. Mamela! Moprista e moholo o re: ‘Re le laetse hore le se ke la ruta motheong oa lebitso lena, empa le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.’ Ha ba arabela hoo, Petrose le baapostola ba bang baa phatlalatsa: “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho fapana le batho.” (Liketso 5:27-29, NW) Ha e le hantle, ba ne ba re: “Jehova ke ’Musi oa rōna!”
2 E, Jehova ke ’Musi oa balateli ba ’nete ba Jesu. Sena se hlakisoa bukeng ea Bibele ea Liketso tsa Baapostola, e ngotsoeng Roma hoo e ka bang ka 61 C.E. ke “Luka, ngaka e ratoang.” (Ba-Kolosse 4:14) Joaloka baapostola, batho ba Jehova kajeno ba utloa ’Musi oa bona oa leholimo ha litaelo tsa batho li loantšana le thato ea hae. Empa re ka ithuta eng hape ho Liketso? (Thutong ea botho, re etsa tlhahiso ea hore u bale likarolo tsa buka eo tse bontšitsoeng ka litemana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya o motšo.)
Jesu o Roma Lipaki
3. Ha balateli ba Jesu ba “kolobetsoa ka Moea o Halalelang,” ntho ea sehlooho eo ba neng ba amehile ka eona e ne e le efe?
3 Baapostola ba ne ba ka nka khato e tiileng ea ho emela Molimo hobane ba ne ba matlafalitsoe moeeng. Kreste o ne a shoetse thupeng ea tlhokofatso, empa ba ne ba tseba hore o ile a tsosoa. (1:1-5) Jesu ‘o ile a ipontša a phela’ ’me a ruta linnete tsa ’Muso ka ’mele e bonahalang eo a neng a e nka ho theosa le matsatsi a 40. Hape o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba letele ho kolobetsoa “ka Moea o Halalelang” Jerusalema. Ka nako eo boboleli e ne e tla ba ntho ea sehlooho eo ba amehang ka eona, joalokaha ho le joalo ho Lipaki tsa Jehova kajeno.—Luka 24:27, 49; Johanne 20:19–21:24.
4. Ho ne ho tla etsahala’ng ha moea o halalelang o fihla holim’a balateli ba Jesu?
4 Kaha ba ne ba e-s’o kolobetsoe ka moea o halalelang, ka phoso baapostola ba ne ba nahana ka puso ea lefatšeng e neng e tla felisa khatello ea Baroma ha ba botsa: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” (1:6-8) Ha e le hantle, Jesu o ile a re che, hobane ‘ho ne ho sa ba lokela ho tseba linako le mehla.’ ‘Ha moea o halalelang o tla ho bona,’ o ne o tla ba fa matla a ho paka ka ’Muso oa leholimo oa Molimo, eseng oa lefatše lena. Ba ne ba tla bolela Jerusalema, Judea, le Samaria, “le ho isa pheletsong ea lefatše.” Ka thuso ea moea oo, Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi o joalo ka tekanyo e akaretsang lefatše lohle mehleng ena ea qetello.
5. Ke joang Jesu a neng a tla tla ka tsela e tšoanang le eo a tlohileng ka eona?
5 Jesu o ne a sa tsoa fana ka thōmo eo ea ho bolela lefatšeng ka bophara ha a qala ho nyolohela leholimong. Ho nyoloha hoo ho ile ha qala e le ho phahama a ea holimo a tloha ho barutuoa ba hae, ’me hamorao Jesu a kena botenng ba ’Musi oa hae oa leholimo le tšebetsong sebakeng sa moea. (1:9-11) Ka mor’a hore leru le sire Jesu hore baapostola ba se ke ba hlola ba ’mona, o ile a lahla ’mele oa hae oa nama oo a neng a o nkile. Mangeloi a mabeli a ile a hlaha ’me a re ‘o ne a tla be a tle ka mokhoa oo.’ ’Me ho bile joalo. Ke barutuoa ba Jesu feela ba ’moneng ha a tloha, joalokaha e le Lipaki tsa Jehova feela tse hlokomelang ho khutla ha hae ho sa bonahaleng.
Jehova o Etsa Khetho
6. Ea nkelang Judase Iskariota sebaka o ile a khethoa joang?
6 Ka potlako baapostola ba ile ba khutlela Jerusalema. (1:12-26) Ka kamoreng e ka holimo (mohlomong lapeng la ’m’a Mareka, Maria), baapostola ba tšepahalang ba 11 ba ile ba tšoarella ka phehello thapelong ba e-na le banab’abo Jesu, barutuoa ba bang ba hae, le ’m’ae, Maria. (Mareka 6:3; Jakobo 1:1) Empa ke mang ea neng a tla amohela “tšebeletso ea bolebeli” ea Judase? (Pesaleme ea 109:8, NW) Hoo e ka bang barutuoa ba 120 ba ne ba le teng ha Molimo o khetha monna e mong ho nkela moeki oa Jesu, Judase, sebaka le ho busetsa lenane la baapostola ho 12. Ea khethoang e ne e lokela hore e be e ne e se e ntse e le morutuoa nakong ea tšebeletso ea Jesu le paki ea tsoho ea hae. Ka ho hlakileng, monna eo le eena o ne a lokela ho amohela Jehova e le ’Musi oa hae. Ka mor’a thapelo, ho ile ha laoloa ka lotho pakeng tsa Matthiase le Josefa Barsabbase. Molimo o ile oa etsa hore lotho e oele ho Matthiase.—Liproverbia 16:33, NW.
7. (a) Ke joang Judase a ileng a ‘ithekela tšimo ka moputso oa bokhopo’? (b) Judase o ile a shoa joang?
7 Ka sebele Judase Iskariota o ne a sa ka a amohela Jehova e le ’Musi oa hae. O ne a ekile Mor’a Molimo bakeng sa likotoana tsa silevera tse 30! Judase o ile a khutlisetsa chelete eo ho baprista ba baholo, empa Petrose o ile a re moeki ‘o itheketse tšimo ka moputso oa bokhopo.’ Joang? O ile a fana ka chelete le lebaka la ho reka “Tšimo ea mali,” kamoo e neng e bitsoa ka teng. E ’nile ea tsebahatsoa e le tšimo e batalletseng e lehlakoreng le ka boroa la Phula ea Hinnome. Kaha kamano ea hae le ’Musi oa leholimo e ne e se e senyehile ka ho felletseng, Judase “o ile a iphanyeha.” (Mattheu 27:3-10, NW) Mohlomong ropo kapa lekala la sefate le ile la khaoha, kahoo a ‘oela ka hlooho pele, ka lerata a phatloha ka lehare’ ha a oela majoeng a motsu. E se eka ho ke ke ha e-ba le ea mong oa rōna ea ka fetohang moena oa bohata!
Ho Tlatsoa Moea o Halalelang!
8. Barutuoa ba Jesu ba ile ba kolobetsoa ka moea o halalelang neng, hona e le ka phello efe?
8 Ho thoe’ng ka kolobetso ea moea o halalelang e neng e tšepisitsoe? E ile ea etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E., matsatsi a leshome ka mor’a ho nyoloha ha Jesu. (2:1-4) Kolobetso eo e ile ea e-ba ketsahalo e hlollang hakaakang! Nahana ka ketsahalo eo. Barutuoa ba ka bang 120 ba ne ba le ka kamoreng e ka holimo ha ‘hang molumo o tsoang leholimong o kang oa moea o fokang ka sefefo o tlala ntlo.’ E ne e se moea, empa o ne o utloahala joaloka oona. Leleme ‘le kang lelakabe la mollo’ le ile la lula holim’a morutuoa le moapostola e mong le e mong. “’Me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele.” Ha kolobetso eo e etsahala, ba ile ba boela ba tsoaloa ka moea o halalelang, ba tlotsoa, ’me ba tšoauoa ka letšoao la lefa la moea.—Johanne 3:3, 5; 2 Ba-Korinthe 1:21, 22; 1 Johanne 2:20.
9. Barutuoa ba tletseng moea ba ne ba bua ka eng?
9 Ketsahalo ena e ile ea ama Bajode le basokolohi ba Jerusalema ‘ba tsoang lichabeng tsohle tse tlas’a leholimo.’ (2:5-13) Ba hloletsoe, ba ile ba botsa: ‘Ho ea ka’ng ha e mong le e mong oa rōna a utloa ka puo eo a tsoaletsoeng ho eona?’ E ka ’na eaba e ne e le puo ea libaka tse kang Media (bochabela ho Judea), Frygia (Asia Minor), le Roma (Europe). Ha barutuoa ba ntse ba bua ka lipuo tse fapa-fapaneng ka “limakatso tsa Molimo,” bamameli ba bangata ba ile ba hlolloa, empa basomi ba ile ba hlahisa hore ba tahiloe.
Petrose o Fana ka Bopaki bo Susumetsang
10. Ketsahalo ea Pentekonta ea 33 C.E. e ile ea phethahatsa boprofeta bofe, hona na see se na le se ka bapisoang le sona mehleng ea kajeno?
10 Petrose o ile a qala ho paka ka ho bontša hore hora ea borobong hoseng e ne e sa le hoseng haholo hore ba ka tahoa. (2:14-21) Ho e-na le hoo, ketsahalo ena e ne e le phethahatso ea tšepiso ea Molimo ea ho tšollela moea o halalelang holim’a batho ba oona. Molimo o ile oa bululela Petrose ho supa nako ea rōna ka ho phaella ka mantsoe “mehleng ea bofelo” le “ba tla profeta.” (Joele 2:28-32) Jehova o ne a tla fana ka mehlolo leholimong le meeka lefatšeng pele ho letsatsi la hae le leholo, ’me ke feela ba bitsang lebitso la hae ka tumelo ba neng ba tla bolokeha. Ho tšolleloa ho tšoanang ha moea holim’a batlotsuoa ho ba file matla a ho “profeta” ka matla a maholo le katleho kajeno.
11. Mabapi le Jesu, ke eng e ileng ea etsoa ke Bajode le Molimo?
11 Ka mor’a moo Petrose o ile a tsebahatsa Messia. (2:22-28) Molimo o ile oa paka Bomessia ba Jesu ka ho mo fa matla a ho etsa mesebetsi e matla, meeka le mehlolo. (Ba-Heberu 2:3, 4) Empa Bajode ba ile ba mo khokhothela thupeng “ka matsoho a bakhopo,” Baroma ba sa utloeng molao oa Molimo. Jesu “o teletsoe lefu ka morero o tiileng oa Molimo, le ka ho itsebela pele ha oona” ka hore ena e ne e le thato ea Molimo. Leha ho le joalo, Molimo o ile oa tsosa Jesu ’me oa felisa ’mele oa hae oa botho ka tsela eo o sa kang oa latsoa ho bola.—Pesaleme ea 16:8-11.
12. Davida o ile a bona eng esale pele, ’me poloko e itšetlehile ka eng?
12 Boprofeta ba Messia bo ile ba hatisoa ka ho eketsehileng ha bopaki ba Petrose bo tsoela pele. (2:29-36) O ile a re Davida o bone esale pele tsoho ea mora oa hae e moholo ka ho fetisisa, Jesu Messia. A le sebakeng se phahameng ka letsohong le letona la Molimo leholimong, Jesu o ne a ile a tšolla moea o halalelang oo a o amohetseng ho Ntat’ae. (Pesaleme ea 110:1) Bamameli ba Petrose ba ile ‘ba bona le ho utloa’ ho sebetsa ha oona ka ho bona maleme a kang malakabe a mollo a le holim’a lihlooho tsa barutuoa le ho utloa lipuo lisele tseo ba neng ba li bua. O ile a boela a bontša hore poloko e itšetlehile ka ho amohela Jesu e le Morena le Messia.—Ba-Roma 10:9; Ba-Filippi 2:9-11.
Jehova o Fana ka Keketseho
13. (a) Hore ba kolobetsoe ka mokhoa o loketseng, Bajode le basokolohi ba ne ba tlameha ho amohela eng? (b) Ho ile ha kolobetsoa ba bakae, hona e le ka phello efe Jerusalema?
13 Mantsoe a Petrose a ile a atleha hakaakang! (2:37-42) Bamameli ba hae ba ile ba hlabeha lipelo kahobane ba ile ba lumellana le ho bolaoa ha Messia. Kahoo o ile a ba phehella: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.” Bajode le basokolohi ba ne ba se ba ntse ba amohela Jehova e le Molimo esita le ho hloka ha bona moea oa hae. Joale ho ne ho hlokahala hore ba bake ’me ba amohele Jesu e le Messia e le hore ba ka kolobetsoa ka lebitso (ba hlokomela tšebeletso kapa mosebetsi) la Ntate, Mora, le moea o halalelang. (Mattheu 28:19, 20) Ka ho pakela Bajode le basokolohi bao, Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa pele sa moea seo Jesu a mo fileng sona ho bula monyako oa tsebo le monyetla bakeng sa Bajode ba lumelang hore ba kene ’Musong oa leholimo. (Mattheu 16:19) Letsatsing leo feela, ba 3 000 ba ile ba kolobetsoa! Nahana ha lipaki tsa Jehova tse ngata hakaalo li se li bolela tšimong e nyenyane ea Jerusalema!
14. Ke hobane’ng ha balumeli ba ile ba “teanya lintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle,” ’me ba ile ba ho etsa ka tsela efe?
14 Ba bangata ba tsoang libakeng tse hōle ba ne ba haelloa ke mefaho bakeng sa ho lula nako e eketsehileng empa ba ne ba lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka tumelo ea bona e ncha le ho bolella ba bang. Kahoo, ka lerato balateli ba Jesu ba pele ba ile ba thusana, joalokaha Lipaki tsa Jehova le tsona li etsa kajeno. (2:43-47) Ka nakoana balumeli ba ile ba “teanya lintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle.” Ba bang ba ile ba rekisa masimo, ’me lichelete tsa abeloa bafe kapa bafe ba hlokang. Sena se ile sa etsa hore phutheho e qalise hantle kaha ‘Jehova o ile a ba eketsa letsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.’
Pholiso le Liphello Tsa Eona
15. Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose le Johanne ba kena tempeleng, ’me batho ba ile ba arabela joang?
15 Jehova o ile a tšehetsa balateli ba Jesu ka “meeka.” (3:1-10, TLP) Ka hona, ha Petrose le Johanne ba kena tempeleng ka 3:00 thapama bakeng sa hora ea thapelo e neng e tsamaea le sehlabelo sa mantsiboea, monna e mong ea tsoetsoeng e le seritsa o ne a le haufi le Khoro e Ntle a ntse a kōpa “lithuso.” Petrose o ile a re: ‘Ha ke na silefera le khauta; empa seo ke nang le sona ke u fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste oa Nasaretha ema, u tsamaee!’ Monna eo o ile a fola hang-hang. Ha a kena tempeleng “a tsamaea a tlōlaka, a rorisa Molimo,” batho ba ile ba ‘hlolloa.’ Mohlomong ba bang ba ile ba hopola mantsoe: “Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama.”—Esaia 35:6.
16. Baapostola ba ile ba khona ho folisa monna oa seritsa joang?
16 Batho ba maketseng ba ile ba phuthehela mathuleng a Salomone, marulelo a tšehelitsoeng ka litšiea feela ka lehlakoreng le ka bochabela la tempele. Moo Petrose o ile a fana ka bopaki. (3:11-18) O ile a bontša hore Molimo o ile oa fa baapostola matla a ho phekola monna eo oa seritsa ka Mohlanka oa Oona ea tlotlisitsoeng, Jesu. (Esaia 52:13–53:12) Bajode ba ne ba latotse “Ea halalelang, Ea lokileng”; empa Jehova o ne a mo tsositse. Le hoja batho hammoho le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe hore ba ne ba bolaea Messia, ka tsela eo Molimo o ile oa phethahatsa mantsoe a boprofeta a hore “Kreste o tla utloisoa bohloko.”—Daniele 9:26.
17. (a) Bajode ba ne ba hloka ho nka khato efe? (b) Ho etsahetse’ng ho tloha ha ‘Kreste a romeloa’ mehleng ea rōna?
17 Petrose o ile a bontša hore na Bajode ba lokela ho etsa’ng bakeng sa tsela eo ba ileng ba tšoara Messia ka eona. (3:19-26) Ho ne ho hlokahala hore ba ‘bake,’ kapa hore ba ikutloe ba soabetse libe tsa bona, ’me ba “sokolohe,” kapa ba nke tsela e fapaneng ka ho felletseng. Haeba ba ne ba bontša tumelo ho Jesu e le Messia, ba amohela topollo, khatholoho e tsoang ho Jehova e ne e tla tla ho bona e le ba tšoaretsoeng libe. (Ba-Roma 5:6-11) Bajode ba ile ba hopotsoa hore e ne e le bara ba selekane seo Molimo o se entseng le bo-ntat’a bona moholo, ha o bolella Abrahama: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofalla lelokong [“peōng,” NW] la hao.” Kahoo pele Molimo o ile oa romela Mohlanka oa oona Messia ho lopolla Bajode ba bakileng. Ka ho thahasellisang, ho tloha ‘ha Kreste a romeloa’ ka matla a ’Muso oa leholimo ka 1914, ho bile le ho tsosolosoa ho khathollang ha linnete le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo har’a Lipaki tsa Jehova.—Genese 12:3; 18:18; 22:18.
Ba ne ba ke ke ba Khaotsa!
18. Ke “lejoe” lefe le ileng la hanoa ke “lihahi” tsa Bajode, ’me poloko e ho mang feela?
18 Ba halefisitsoe ke hore Petrose le Johanne ba ne ba phatlalatsa tsoho ea Jesu, baprista ba baholo, molaoli oa tempele, le Basadduci ba ile ba ba kenya litlamong. (4:1-12) Basadduci ba ne ba sa lumele tsoho, empa ba bang ba bangata ba ile ba fetoha balumeli, palo ea banna feela e ne e ka ba 5 000. Ha a botsoa ka pel’a lekhotla le phahameng la Jerusalema, Petrose o ile a bolela hore monna eo oa seritsa o ile a phekoloa “ka lebitso la Jesu Kreste oa Nazaretha,” eo ba ileng ba mo khokhothela empa a tsosoa ke Molimo. “Lejoe” lena le hannoeng ke “lihahi” tsa Bajode le ne le fetohile “lejoe la ntlha la motheo.” (Pesaleme ea 118:22) Petrose o ile a re: “’Me ha ho poloko ho e mong.”
19. Ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, baapostola ba ile ba arabela joang?
19 Ho ile ha etsoa boiteko ba ho emisa puo e joalo. (4:13-22) Kaha monna ea phekotsoeng o ne a le teng, ho ne ho se kamoo ho ka latoloang ‘mohlolo ona o bonahalang,’ empa Petrose le Johanne ba ile ba laeloa hore ‘ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu.’ Karabelo ea bona? ‘Ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.’ Ba ile ba utloa Jehova e le ’Musi oa bona!
Lithapelo Lia Arabeloa!
20. Barutuoa ba ile ba rapella eng, hona e le ka phello efe?
20 Joalokaha Lipaki tsa Jehova li rapela libokeng, kahoo barutuoa ba ile ba rapela ha baapostola ba lokollotsoeng ba tlaleha tse etsahetseng ho bona. (4:23-31) Ho ile ha hlokomeloa hore babusi Heroda Antipase le Ponse Pilato, hammoho le Baroma ba Balichaba le batho ba Iseraele, ba ne ba kopane hammoho khahlanong le Messia. (Pesaleme ea 2:1, 2; Luka 23:1-12) Ha a arabela thapelo eo, Jehova o ile a tlatsa barutuoa moea o halalelang, kahoo ba ile ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete. ’Musi oa bona ha aa ka a kōptjoa hore a emise mahloriso empa o ile a kōptjoa hore a ba fe matla a ho bolela ka sebete ho sa tsotellehe mahloriso ao.
21. Barnabase e ne e le mang, ’me o ne a e-na le litšoaneleho life?
21 Balumeli ba ile ba tsoela pele ho arolelana lintho, ’me ho ne ho se lea mong ea hlokang. (4:32-37) E mong ea ileng a ntša monehelo e ne e le Molevi Josefa oa Cypera. Baapostola ba ile ba mo reha fane ea Barnabase, e bolelang “mor’a tšeliso,” mohlomong kahobane o ne a thusa a bile a na le pelo e mosa. Ruri kaofela ha rōna re batla ho ba batho ba mofuta oo.—Liketso 11:22-24.
Ba Leshano Baa Pepesoa
22, 23. Sebe sa Ananiase le Safira e ne e le sefe, ’me re ka rua molemo joang phihlelong ea bona?
22 Leha ho le joalo, Ananiase le mosali oa hae, Safira, ba ile ba khaotsa ho amohela Jehova e le ’Musi oa bona. (5:1-11) Ba ile ba rekisa tšimo ’me ba ipolokela chelete e ’ngoe empa ba etsa eka ba e file baapostola kaofela. Tsebo e fanoeng ke moea oa Molimo e ile ea fa Petrose matla a ho hlokomela boikaketsi ba bona, e leng ho ileng ha lebisa lefung la bona. Hoo ke temoso e kaakang ho bao Satane a ba lekang hore ba be bomene-mene!—Liproverbia 3:32, NW; 6:16-19.
23 Ka mor’a ketsahalo ena, ha ho lea mong ea nang le merero e mebe ea ileng a ba le sebete sa ho ikopanya le barutuoa. Ba bang ba ile ba fetoha balumeli. (5:12-16) Ho feta moo, ha ba kulang le ba khathatsoang ke meea e litšila ba lumela matleng a Molimo, ‘bohle ba ne ba folisoa.’
Utloa Molimo ho Fapana le Batho
24, 25. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba Bajode ba ile ba hlorisa baapostola, ’me ke tekanyetso efe eo baa ba tšepahalang ba ileng ba e behela bahlanka bohle ba Jehova?
24 Joale moprista e moholo le Basadduci ba ile ba leka ho thibela keketseho eo e tsotehang ka ho kenya baapostola kaofela teronkong. (5:17-25) Empa bosiung bona boo lengeloi la Molimo la ba lokolla. ’Me ha letsatsi le chaba ba ne ba se ba ntse ba ruta tempeleng! Mahloriso a ke ke a thiba bahlanka ba Jehova.
25 Leha ho le joalo, ho ile ha sebelisoa khatello ha baapostola ba isoa ka pel’a Lekhotla le Phahameng. (5:26-42, NW) Leha ho le joalo, ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, ba ile ba re: “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho fapana le batho.” Sena se ile sa behela barutuoa ba Jesu tekanyetso, e leng e lateloang ke Lipaki tsa Jehova kajeno. Ka mor’a temoso e tsoang ho tichere ea Molao Gamaliele, baeta-pele ba ile ba otla baapostola, ba ba laela hore ba khaotse ho bolela, eaba baa ba lokolla.
26. Tšebeletso ea baapostola e ka bapisoa le ea Lipaki tsa Jehova joang kajeno?
26 Baapostola ba ile ba thabela hore ba baliloe e le ba tšoanelang ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu. “’Me letsatsi le leng le le leng tempeleng le ka ntlo le ntlo ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho phatlalatsa litaba tse molemo.” E, e ne e le basebeletsi ba ntlo le ntlo. Ho joalo le ka Lipaki tsa Molimo tsa mehleng ea kajeno, tseo ka ho tšoanang li amohetseng moea oa oona kahobane lia o utloa ’me li re, “Jehova ke ’Musi oa rōna!”
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke thōmo efe e tlamehang ho phethahatsoa ke balateli ba Jesu, ba nakong e fetileng le ba kajeno?
◻ Ho ile ha etsahala eng ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E.?
◻ Ke neng hona joang ha Petrose a sebelisa senotlolo sa pele sa moea seo Jesu a mo fileng sona?
◻ Re ka ithuta eng phihlelong ea Ananiase le Safira?
◻ Ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, ke tekanyetso efe eo baapostola ba ileng ba e behela Lipaki tsa Jehova kaofela?