Le be Baetsi ba Lentsoe, Eseng Bautloi Feela
“Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—MATTHEU 7:21.
1. Balateli ba Jesu ba lokela ho tsoela pele ho etsa’ng?
LE ’NE le kōpe. Le ’ne le batle. Le ’ne le kokote. Tiisetsang thapelong, ho ithuteng, le ho etseng ka lipolelo tsa Jesu tse tlalehiloeng Thutong ea Thabeng. Jesu o bolella balateli ba hae hore ke bona letsoai la lefatše, ba tšoere molaetsa o bolokang o nokiloeng ka letsoai oo ba sa lokelang ho o lumella hore o tape, o lahleheloe ke monate oa oona kapa matla a oona a ho boloka. Ke leseli la lefatše, ha ba bonahatse leseli le tsoang ho Kreste Jesu le Jehova Molimo ka seo ba se buang feela empa le ka seo ba se etsang. Mesebetsi ea bona e metle e khanya joaloka mantsoe a bona a chabisang leseli—’me e ka bolela ho hoholoanyane lefatšeng le tloaetseng boikaketsi ba Bofarisi ba baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki, ba buang haholo empa ba etsa ho fokolang.—Mattheu 5:13-16.
2. Jakobo o fana ka keletso efe, empa ke boemo bofe ba ho iketla boo ka phoso ba bang ba bo nkang?
2 Jakobo oa eletsa: “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang.” (Jakobo 1:22) Ba bangata ba ithetsa ka thuto ea hore ‘hang ha u pholositsoe u pholositsoe,’ joalokaha eka joale ba ka phomola ’me ba letela seo ba nahanang hore ke moputso oa leholimo. Ke thuto ea bohata le tšepo ea lefeela. Jesu o itse: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong ke eena ea tla bolokeha.” (Mattheu 24:13) Hore u tle u fumane bophelo bo sa feleng, u tlameha hore “u ipake u tšepahala esita le ho isa lefung.”—Tšenolo 2:10, NW; Ba-Heberu 6:4-6; 10:26, 27.
3. Ke taeo efe e mabapi le ho ahlola eo Jesu a tsoelang pele ho fana ka eona Thutong ea Thabeng?
3 Ha Jesu a ntšetsa pele Thuto ea hae ea Thabeng, ho ile ha hlaha lipolelo tse eketsehileng tseo Bakreste ba tlamehang ho loanela ho li latela. E ’ngoe ke ena e bonahalang e le bonolo, empa e nyatsa e ’ngoe ea litšekamelo tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho li tlohela: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka eona; ’me tekanyo eo le lekanyang ba bang ka eona, le tla lekanyetsoa ka eona le lōna. U talimela’ng lehlokoana le leihlong la ngoan’eno, athe ha u lemohe tšiea e ka leihlong la hao? Kapa, u ka bolella ngoan’eno joang, ua re: Lesa, ke ntše lehlokoana leihlong la hao, kanthe u na le tšiea leihlong la hao? Moikaketsi, qala hle ka ho ntša tšiea e leihlong la hao, ke moo u tla bontšisa ho ntša lehlokoana leihlong la ngoan’eno.”—Mattheu 7:1-5.
4. Tlaleho ea Luka e fana ka taeo efe e eketsehileng ’me ho e sebelisa ho ba le phello efe?
4 Tlalehong ea Luka ea Thuto ea Thabeng, Jesu o ile a bolella bamameli ba hae hore ba se ke ba batla ho tšoaea ba bang liphoso. Ho e-na le hoo, ba ba ‘rekolohele,’ ke hore, ba tšoarele ngoan’abo bona mefokolo ea hae. Sena se ne se tla etsa hore ba bang ba arabele ka mokhoa o tšoanang, joalokaha Jesu a itse: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lōna.”—Luka 6:37, 38.
5. Ke hobane’ng ha ho le bonolo hakaale ho bona mefokolo ea ba bang ho e-na le mefokolo ea rōna?
5 Lekholong la pele la lilemo C.E., ka lebaka la lineano tsa molomo, Bafarisi ka kakaretso ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho ahlola ba bang haboima. Ofe kapa ofe oa bamameli ba Jesu ea neng a tloaetse ho etsa hoo o ne a lokela ho ho khaotsa. Ho bonolo haholo ho bona mahlokoa ka mahlong a ba bang ho e-na le ho bona litšiea tse ka mahlong a rōna—e leng ho re khothalletsang ho itšepa ho tlōlisa! Ho joalokaha monna e mong a boletse, “Ke rata ho tšoaea ba bang liphoso hobane hoo ho etsa hore ke ikutloe ke thabile!” Ho tloaela ho nyatsa-nyatsa ba bang ho ka ’na ha re fa maikutlo a hore re matla, e leng maikutlo ao ho bonahalang eka a koahela liphoso tsa rōna tseo re batlang ho li pata. Empa haeba khalemelo e hlokahala, e lokela ho fanoa ka moea o mosa. Ea fanang ka khalemelo o lokela hore ka mehla a ’ne a ele hloko mefokolo ea hae ka boeena.—Ba-Galata 6:1.
Pele U Ahlola, Leka ho Utloisisa
6. Likahlolo tsa rōna, ha li hlokahala, li lokela ho etsoa motheong ofe, ’me re lokela ho batla thuso efe e le hore re se be ba nyatsa-nyatsang ho tlōlisa?
6 Jesu o ne a sa tlela ho tla ahlola lefatše empa ho le boloka. Likahlolo leha e le life tseo a li entseng e ne e se tsa hae empa li ne li theiloe mantsoeng ao Molimo o mo fileng ’ona hore a a bue. (Johanne 12:47-50) Likahlolo leha e le life tseo re li etsang le tsona li lokela hore li lumellane le Lentsoe la Jehova. Re tlameha ho tlosa tšekamelo ea botho ea ho rata ho ahlola. Ha re etsa sena, re lokela ho rapella thuso ea Jehova ka phehello: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Hobane e mong le e mong ea kōpang oa amohela, ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me ho tla buleloa e mong le e mong ea kokotang.” (Mattheu 7:7, 8, NW) Esita le Jesu o ile a re: “Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.”—Johanne 5:30.
7. Re lokela ho hlaolela tloaelo efe e tla re thusa ho sebelisa Molao oa Gauda?
7 Ha rea lokela ho hlaolela tloaelo ea ho ahlola batho, empa re lokela ho hlaolela tloaelo ea ho leka ho ba utloisisa le ho ipeha sebakeng sa bona—e leng ntho eo ho seng bonolo ho e etsa empa e le eona ntho e hlokahalang haeba re ikemiselitse ho utloa Molao oa Gauda, oo Jesu a o boletseng ha a tsoela pele: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna; hobane ke oona molao le baprofeta.” (Mattheu 7:12) Kahoo balateli ba Jesu ba tlameha hore ba nahanele ’me ba lemohe boemo ba ba bang ba kelello, ba maikutlo, le ba moea. Ba tlameha ho lemoha le ho utloisisa litlhoko tsa ba bang ’me ba bontše thahasello ea botho ea ho ba thusa. (Ba-Filippi 2:2-4, NW) Lilemo hamorao Pauluse o ile a ngola: “Hobane molao oohle o phethahetse tabeng e le ’ngoe, e reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Ba-Galata 5:14.
8. Jesu o ile a bua ka litsela life tse peli, ’me ke hobane’ng ha karolo e khōlō ea batho e khetha e ’ngoe ea tsona?
8 Ha a tsoela pele Jesu o itse: “Kenang ka monyako o patisaneng: hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” (Mattheu 7:13, 14) Ba bangata mehleng eo ba ile ba khetha tsela e isang timelong ’me ba bangata ba sa ntsane ba khetha eona. Tsela e hebe-hebe e lumella batho ho nahana kamoo ba ratang ka teng le ho phela kamoo ba ratang ka teng: ha ho melao, ha ho boitlamo, ke mokhoa oa bophelo oa boiketlo feela, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bobebe. Ha ho hlokahale hore ba ‘etse ka matla ho kena ka monyako o patisaneng.’—Luka 13:24.
9. Ho tsamaea tseleng e tšesaane ho hloka eng, ’me Jesu o fana ka temoso efe ho ba tsamaeang ho eona?
9 Empa ke monyako o patisaneng o lebisang tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Ke tsela e batlang boitšoaro. E ka ’na ea akarelletsa khalemelo e tla hlahlobisisa merero ea hao le e tla leka ho tiea ha boinehelo ba hao. Ha mahloriso a tla, tsela e-ea mpefala ’me e hloka mamello. Jesu o lemosa ba tsamaeang tseleng ena: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang.” (Mattheu 7:15) Tlhaloso ena e ne e tšoanela Bafarisi ka ho phethahetseng. (Mattheu 23:27, 28) Ba ne ‘ba lutse litulong tsa Moshe,’ ba bolela hore ba buella Molimo ha ka nako e tšoanang ba latela lineano tsa batho.—Mattheu 23:2.
Kamoo Bafarisi ‘ba Koallang Batho ’Muso’
10. Bangoli le Bafarisi ba ne ba batla ho ‘koalla batho ’muso oa maholimo’ ka tsela efe e tobileng?
10 Ho feta moo, baruti ba Bajode ba ne ba batla ho thibela ba batlang ho kena ka monyako o patisaneng. “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’muso oa maholimo; athe lōna, ha le kene teng, ’me ba ratang ho kena ha le ba lumelle ho kena.” (Mattheu 23:13) Mokhoa oa Bafarisi o ne o tšoana hantle feela le kamoo Jesu a neng a lemositse. Ba ne ba tla “lahla lebitso la [barutuoa ba hae] joale ka eka le lebe, ka baka la Mor’a motho.” (Luka 6:22) Ka lebaka la hore monna ea tsoetsoeng e le sefofu eo Kreste a ileng a mo folisa o ne a lumela hore Jesu ke Messia, ba ile ba mo leleka synagogeng. Batsoali ba hae ba ne ba sa batle ho arabela lipotso kahobane ba ne ba tšaba ho lelekoa synagogeng. Ka lebaka le tšoanang, ba bang ba neng ba lumela hore Jesu ke Messia ba ne ba tsila-tsila ho lumela hoo phatlalatsa.—Johanne 9:22, 34; 12:42; 16:2.
11. Ke litholoana life tse tšoanang tseo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba li behang?
11 Jesu o itse: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. . . . Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe.” (Mattheu 7:16-20) Molao o tšoanang oa sebetsa le kajeno. Baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba bua ntho e itseng empa ba etsa e fapaneng. Le hoja ba bolela hore ba ruta Bibele, ba tšehetsa linyefolo tse kang Boraro-bo-bong le mollo oa lihele. Ba bang ba hana topollo, ba ruta thuto ea ho iphetola ha lintho ho e-na le pōpo, ’me ba ruta thuto ea kelello e ratoang ho tsikinyetsa batho litsebe. Joaloka Bafarisi, baruti ba bangata ba kajeno ba rata chelete, ba honya mehlape ea bona limillione tsa liranta. (Luka 16:14) Kaofela ha bona baa hoeletsa, “Morena! Morena!” empa karabelo ea Jesu ho bona ke hore: “Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:21-23.
12. Ke hobane’ng ha ba bang ba kileng ba tsamaea tseleng e tšesaane ba se ba khaolitse ho tsamaea ho eona, hona ka phello efe?
12 Kajeno, ba bang ba kileng ba tsamaea tseleng e tšesaane ba se ba khaolitse ho tsamaea ho eona. Ba bolela hore ba rata Jehova, empa ha ba mamele taelo ea hae ea hore ba bolele. Ba bolela hore ba rata Jesu, empa ha ba fepe linku tsa hae. (Mattheu 24:14; 28:19, 20; Johanne 21:15-17, NW; 1 Johanne 5:3) Ha ba lakatse ho kena jokong e le ’ngoe le ba tsamaeang mehlaleng ea Jesu. Ba fumane tsela e patisaneng e patisane haholo. Ba ile ba khathala ke ho etsa hantle, kahoo “ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna.” (1 Johanne 2:19) Ba khutletse lefifing, ’me “lefifi leo ke le leholo hakaakang!” (Mattheu 6:23, NW) Ba iphapanyelitse kōpo ea Johanne: “Bana ba ka, re se ke ra rata ka lipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka ’nete.”—1 Johanne 3:18.
13, 14. Jesu o fane ka papiso efe mabapi le ho sebelisa lipolelo tsa hae bophelong ba rōna, ’me ke hobane’ng ha e ne e loketse batho ba Palestina hakaale?
13 Jesu o ile a phetha Thuto ea hae ea Thabeng ka papiso e matla: “E mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae latlapeng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo; ’me ha ea ka ea oa, kahobane motheo oa eona o le letlapeng.”—Mattheu 7:24, 25.
14 Palestina lipula tsa likhohola li ne li ka baka metsi a phallang ka meroallo e matla e senyang linōkeng tse psheleng. Hore matlo a tle a khone ho ema, ho ne ho hlokahala hore metheo ea ’ona e be letlapeng le tiileng. Tlaleho ea Luka e bontša hore motho o ile “a cheka, a tebisa, ’me a thea motheo holim’a letlapa.” (Luka 6:48, BPN) E ne e le mosebetsi o boima, empa o ne o mo tsoela molemo ha sefefo se e-tla. Kahoo ho haha litšoaneleho tsa Bokreste holim’a lipolelo tsa Jesu e tla ba ho putsang ha moroallo o matla oa tlokotsi o hlasela.
15. Phello ea ba latelang lineano tsa batho ho e-na le ho mamela lipolelo tsa Jesu e tla ba efe?
15 Ntlo e ’ngoe e ne e hahiloe lehlabatheng: “E mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a sa etse ka tsona, a ka tšoantšoa ka monna ea leoatla, ea hahileng ntlo ea hae lehlabatheng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo, ’me ea oa, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.” Ho tla ba joalo le ho ba reng “Morena! Morena!” empa ba hlōleha ho etsa ka lipolelo tsa Jesu.—Mattheu 7:26, 27.
“E Seng Joale ka Bangoli ba Bona”
16. Phello e ile ea ba efe ho ba ileng ba utloa Thuto ea Thabeng?
16 Phello ea Thuto ea Thabeng e bile efe? “Eare ha Jesu a qetile lipolelo tseo, matšoele a tsota thuto ea hae; hobane a na a ba ruta joale ka motho ea nang le borena, e seng joalo ka bangoli ba bona.” (Mattheu 7:28, 29) Ba ile ba susumetsoa haholo ke ea neng a bua ka matla ao ba neng ba qala ho a utloa.
17. Bangoli ba ne ba lokela ho etsa’ng e le hore ba ka kholisa batho ka thuto ea bona, ’me ba ne ba re’ng ka bahlalefi ba shoeleng bao ho neng ho qotsoa lipolelo tsa bona?
17 Ha ho mongoli ea kileng a bua ka matla ao e leng a hae, joalokaha tlaleho ena ea histori e bontša: “Bangoli ba ne ba tšehetsa thuto ea bona ka matla a tsoang lineanong, le ho bo-ntat’a bona: ’me ha ho thuto ea mongoli ofe kapa ofe e neng e e-na le matla kapa bohlokoa, ka ntle le [ho qotsa] . . . Bo-rabbi ba na le neano, kapa . . . Banna ba bohlale ba re; kapa polelo e ’ngoe e bohlale ea sebōpeho seo e fetisitsoeng ka neano. Ka sebele Hillel e Moholo o rutile, le kamoo neano e neng e le ka teng mabapi le ntho e itseng; ‘Empa, le hoja a ile a bua ka taba eo letsatsi lohle, . . . ha baa ka ba amohela thuto ea hae, ho fihlela qetellong ha a re, Ke seo ke se utloileng ho Shemaia le Abtalion [litsebi tsa pele ho Hillel].’” (A Commentary on the New Testament From the Talmud and Hebraica, ea John Lightfoot) Bafarisi ba ne ba bile ba bolela hore ba na le kamano e itseng le bahlalefi bao e leng khale ba shoele: “Melomo ea ba lokileng, ha e mong a qotsa thuto ea molao ka mabitso a bona—melomo ea bona e bua le eena ka lebitleng.”—Torah—From Scroll to Symbol in Formative Judaism.
18. (a) Ho ne ho e-na le phapang efe pakeng tsa thuto ea bangoli le ea Jesu? (b) Thuto ea Jesu e ne e ikhetha ka litsela life?
18 Bangoli ba ne ba qotsa batho ba shoeleng e le tsona litsebi; Jesu o ne a bua ka matla a tsoang ho Molimo o phelang. (Johanne 12:49, 50; 14:10) Bo-rabbi ba ne ba kha metsi a lutseng nako e telele litankeng tse koetsoeng; Jesu o ile a hlahisa mehloli ea metsi a macha a neng a tima lenyora le ka hare. O ne a rapela a bile a thuisa bosiu, ’me ha a ne a bua, o ne a ama maikutlo a batho a ka hare-hare ao ba neng ba e-s’o ka ba a hlokomela. O ne a bua ka matla a bolaoli a ileng a etsa hore bangoli, Bafarisi, le Basadusi ba qetelle ba se ba tšaba ho a phephetsa. (Mattheu 22:46; Mareka 12:34; Luka 20:40) Le ka mohla ha ho e-s’o be motho ea kileng a bua tjena! Qetellong ea thuto eo, matšoele a ile a sala a hloletsoe!
19. Mekhoa e meng ea ho ruta eo Lipaki tsa Jehova li e sebelisang kajeno e tšoana le eo Jesu a ileng a e sebelisa Thutong ea Thabeng joang?
19 Ho thoe’ng kajeno? Joaloka basebeletsi ba ntlo le ntlo, Lipaki tsa Jehova li sebelisa mekhoa e tšoanang. Mong’a ntlo oa u bolella: “Kereke ea ka e bolela hore lefatše le tla chesoa.” Ua arabela: “Bibele ea hao ea Sesotho e baleha tjena ho Moeklesia 1:4: ‘Lefatše le hlola ka ho sa feleng.’” Motho oa makala. “Ho hang ke ne ke sa tsebe hore seo se teng ka Bibeleng ea ka!” E mong o re: “Ke hlola ke utloa hore baetsalibe ba tla chesoa mollong oa lihele.” “Empa ho Ba-Roma 6:23 Bibele ea hao e re: ‘Moputso oa sebe ke lefu.’” Kapa tabeng ea Boraro-bo-bong: “Moruti oa ka o bolela hore Jesu le Ntat’ae baa lekana.” “Empa ho Johanne 14:28 Bibele ea hao e qotsa mantsoe a Jesu ha a re: ‘Ntate o moholo ho ’na.’” Motho e mong o re ho uena: “Ke utloile ho boleloa hore ’Muso oa Molimo o ka hare ho uena.” Karabelo ea hao: “Ho Daniele 2:44 Bibele ea hao e re: ‘Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae . . . O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’ Hoo ho ka ba ka hare ho uena joang?”
20. (a) Tsela eo Lipaki li rutang ka eona e fapane joang le tsela eo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba rutang ka eona? (b) Hona joale ke nako ea eng?
20 Jesu o ne a bua ka matla a tsoang ho Molimo. Lipaki tsa Jehova li bua ka matla a Lentsoe la Molimo. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bolela lineano tsa bolumeli tse silafalitsoeng ke lithuto tse ’nileng tsa neheletsanoa ho tloha Babylona le Egepeta. Ha batho ba ratang ’nete ba utloa hore Bibele e hanyetsa litumelo tsa bona, baa hlolloa ’me ba re: ‘Ho hang ke ne ke sa tsebe hore seo se teng ka Bibeleng ea ka.’ Empa se teng. Joale ke nako ea hore bohle ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ba mamele lipolelo tseo Jesu a li buileng Thutong ea Thabeng ’me ka tsela eo ba hahe motheong oa letlapa o tšoarellang.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ho e-na le ho ahlola, re lokela ho leka ho etsa’ng, hona hobane’ng?
◻ Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba khetha tsela e hebe-hebe kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e fapane hakaale le eo bangoli ba neng ba ruta ka eona?
◻ Phello ea Thuto ea Thabeng e ile ea ba efe ho ba e utloang?