Boikokobetso ba Rōna bo Lekanyelitsoeng ho Balaoli ba Phahameng
“Ka lebaka leo ho na le lebaka le le tlamang lōna batho hore le ikokobetse.”—BA-ROMA 13:5, “NW.”
1. Ke phihlelo efe e thata eo Lipaki tsa Jehova li bileng le eona matsohong a balaoli ba phahameng ba Nazi, ’me na see se tlile ka lebaka la ho “etsa tse mpe”?
KA LA 7 January, 1940, Franz Reiter le bacha ba bang ba bahlano ba Austria ba ile ba bolaoa ka ho khaoloa lihlooho. E ne e le Bibelforscher, Lipaki tsa Jehova, ’me ba ile ba shoa hobane ba ne ba ke ke ba loanela ’Muso oa Hitler ka lebaka la matsoalo a bona. Reiter ke e mong oa Lipaki tse likete tse ileng tsa shoela tumelo ea tsona nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Ba bang ba bangata ba ile ba tiisetsa lilemo tse telele likampong tsa mahloriso. Na baa bohle ba ile ba hlokofatsoa ka “sabole” ea balaoli ba phahameng ba Nazi ka lebaka la ho “etsa tse mpe”? (Ba-Roma 13:4, BPN) Ho hang ha ho joalo! Mantsoe a Pauluse a tsoelang pele a bontša hore Bakreste bana ba ile ba utloa litaelo tsa Molimo tse ho Ba-Roma khaolo ea 13, le hoja ba ile ba hlokofatsoa ke bolaoli.
2. Lebaka le re tlamang ho ikokobeletsa balaoli ba phahameng ke lefe?
2 Ho Ba-Roma 13:5 (NW), moapostola oa ngola: “Ka lebaka leo ho na le lebaka le le tlamang lōna batho hore le ikokobetse, eseng feela ka lebaka la bohale boo empa le ka lebaka la letsoalo la lōna.” Pejana, Pauluse o ne a ile a bolela hore lebaka le letle la ho ikokobeletsa bolaoli e ne e le hore bo tšoere “sabole.” Empa, joale o fana ka lebaka le matlanyana: letsoalo. Re loanela ho sebeletsa Molimo “ka letsoalo le hloekileng.” (2 Timothea 1:3, NW) Bibele e re bolella hore re lokela ho ikokobeletsa balaoli ba phahameng, ’me rea utloa hobane re batla ho etsa ho nepahetseng mahlong a Molimo. (Ba-Heberu 5:14) Ka sebele, matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ke Bibele a re susumelletsa ho utloa bolaoli esita leha ho se na motho ea re lebetseng.—Bapisa le Moeklesia 10:20.
“Ke Kahoo le Ntšang Lekhetho”
3, 4. Lipaki tsa Jehova li tumme ka eng, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ntša makhetho?
3 Nigeria lilengoaneng tse fetileng, ho ile ha e-ba le merusu ka taba ea ho ntša makhetho. Ho ile ha lahleha bophelo ba batho ba ’maloa, ’me balaoli ba ile ba bitsa sesole. Masole a ile a kena ka Holong ea ’Muso moo seboka se neng se ntse se tsoela pele ’me a batla ho tseba morero oa ho bōkana hoo. Ha ofisiri e ikarabellang e fumana hore ke seboka sa thuto ea Bibele sa Lipaki tsa Jehova, e ile ea bolella masole hore a tsamaee, ea re: “Lipaki tsa Jehova hase bajali ba mofere-fere tabeng ea lekhetho.”
4 Lipaki tseo tsa Nigeria li ne li tumme ka hore li phela tumellanong le mantsoe a Pauluse: “Ebile ke kahoo le ntšang lekhetho, hobane babusi ke bahlanka ba Molimo ba phethang mosebetsi oona oo ka hloko.” (Ba-Roma 13:6, BPN) Ha Jesu a fana ka molao, ‘Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare,’ o ne a bua ka ho ntša makhetho. (Mattheu 22:21) Balaoli ba lefatše ba lokisetsa hore ho be le litsela, tšireletso ea sepolesa, lilaebrari, litsamaiso tsa lipalangoang, likolo, litšebeletso tsa poso, le tse ling tse ngata. Hangata re sebelisa litokisetso tsena. Ka hona, ho nepahetse hore re ka li lefella ka makhetho a rōna.
“Nehang Bohle Tse ba Tšoanelang”
5. Polelo “nehang bohle tse ba tšoanelang” e bolela eng?
5 Pauluse o tsoela pele: “Nehang bohle tse ba tšoanelang, ea batlang lekhetho, le mo nehe lekhetho; ea batlang sethaba-thaba, le mo nehe sethaba-thaba; ea batlang tšabo, le mo nehe tšabo e joalo; ea batlang tlhompho, le mo nehe tlhompho e joalo.” (Ba-Roma 13:7, NW) Lentsoe “bohle” le akarelletsa bolaoli bo bong le bo bong ba lefatše boo e leng mohlanka oa Molimo sechabeng. Ha ho mekhelo. Esita le haeba re phela tlas’a tsamaiso ea lipolotiki eo re le batho ka bomong re sa e rateng, re ntša makhetho. Haeba moo re phelang teng malumeli a lokolohile tabeng ea ho ntša lekhetho, liphutheho li ka sebelisa monyetla ona hamolemo. ’Me joaloka baahi ba bang, Bakreste ba ka sebelisa litokisetso leha e le life tsa molao tse entsoeng ho lekanyetsa makhetho ao ba a ntšang. Empa ha ho Mokreste ea lokelang ho qoba ho ntša makhetho ka tsela eo e seng ea molao.—Bapisa le Mattheu 5:41; 17:24-27.
6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ntša makhetho esita le haeba chelete e sebelisetsoa ho tšehetsa ntho e ’ngoe eo re sa lumellaneng le eona kapa esita le haeba bolaoli bo re hlorisa?
6 Leha ho le joalo, a re re mohlomong lekhetho le bonahala le se na toka. Kapa ho thoe’ng haeba karolo ea chelete ea lekhetho e sebelisetsoa ho tšehetsa ntho e ’ngoe eo re sa lumellaneng le eona, joaloka ho ntšoa ha limpa ntle ho tefello, libanka tsa mali, kapa mananeo a hananang le pono ea rōna ea ho se nke lehlakore? Re ntse re ntša makhetho ’ohle a rōna. Ke bolaoli bo tlamehang ho nka boikarabelo ba hore na bo sebelisa chelete ea lekhetho joang. Ha rea laeloa ho ahlola bolaoli. Molimo ke “Moahloli oa lefatše,” ’me ka nako ea oona, o tla ahlōla mebuso ka hore na e sebelisitse bolaoli ba eona joang. (Pesaleme ea 94:2; Jeremia 25:31) Ho fihlela ha hoo ho etsahala, re ntša makhetho a rōna.
7 Ho thoe’ng haeba bolaoli bo re hlorisa? Re ntse re ntša makhetho ka lebaka la litšebeletso tsa letsatsi le leng le le leng tse fanoang. Ha e bua ka Lipaki tse ileng tsa hlorisoa naheng e ’ngoe ea Afrika, Examiner ea San Francisco e itse: “U ka li talima e le baahi bao e leng mohlala. Li ntša makhetho ka mafolo-folo, li hlokomela ba kulang, li loantša ho se tsebe ho bala le ho ngola.” E, Lipaki tseo tse neng li ntse li hlorisoa li ne li ntša makhetho a tsona.
“Tšabo” le “Tlhompho”
8. “Tšabo” eo re e bontšang ho bolaoli ke eng?
8 “Tšabo” e boleloang ho Ba-Roma 13:7 (NW) hase tšabo ea bokoala empa, ho e-na le hoo, ke ho hlompha bolaoli ba lefatše, ho tšaba ho tlōla molao oa bona. Ho fanoa ka tlhompho ena ka lebaka la boemo bo amehang, eseng hakaalo ka lebaka la motho ea nkileng boemo boo. Bibele, ha e bua ka tsela ea boprofeta ka moemphera oa Roma Tibere, e ’mitsa “ea nyatsehang.” (Daniele 11:21) Empa e ne e le moemphera, ’me kahobane a le boemong boo, Mokreste o ne a lokela ho bontša tšabo le tlhompho ho eena.
9. Litsela tse ling tseo re nehang balaoli ba batho tlhompho ka tsona ke life?
9 Ha e le tabeng ea tlhompho, re latela taelo ea Jesu ea hore re se fane ka litlotla tse theiloeng boemong ba bolumeli. (Mattheu 23:8-10) Empa ha ho tluoa tabeng ea balaoli ba lefatše, re thabela ho ba bitsa ka tlotla leha e le efe e hlokahalang ho ba hlompha. Pauluse o ile a sebelisa polelo “Ea Khabane” ha a ne a bua le babusisi ba Roma. (Liketso 26:25) Daniele o ile a bitsa Nebukadnezare “moren’a ka.” (Daniele 4:20) Kajeno, Bakreste ba ka ’na ba sebelisa mantsoe a kang “Moren’a ka” kapa “Motlotlehi.” Ba ka ema ha moahloli a kena ka khotla kapa ba inama ka tlhompho ka pel’a ’musi haeba hoo e le tloaelo.
Boikokobetso bo Lekanyelitsoeng
10. Jesu o bontšitse joang hore ho na le meeli ea seo bolaoli ba batho bo ka se batlang ho Mokreste?
10 Kaha Lipaki tsa Jehova li ikokobeletsa bolaoli ba batho, ke ka lebaka la’ng ha Franz Reiter le ba bang ba bangata hakaale ba ile ba hlokofatsoa tjee? Hobane boikokobetso ba rōna bo lekanyelitsoe, ’me hase ka mehla bolaoli bo elelloang hore ho na le meeli e behiloeng ke Bibele ho seo bo ka se batlang. Haeba bolaoli bo batla ntho e ’ngoe e hananang le letsoalo le koetlisitsoeng la Bokreste, bo tlōla moeli o fanoeng ke Molimo. Jesu o bontšitse sena ha a ne a re: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mattheu 22:21) Ha Cesare a batla seo e leng sa Molimo, re tlameha ho amohela hore Molimo o na le tokelo e tlang pele.
11. Ke molao-motheo ofe o amoheloang ka tsela e pharalletseng o bontšang hore ho na le meeli ea seo bolaoli ba batho bo ka se batlang?
11 Na boemo boo bo tsoa ’muso tlaase kapa ke ba bohlaba-phio? Ho hang ha ho joalo. Ha e le hantle, ke ho atolosoa ha molao-motheo o hlokometsoeng ke lichaba tse ngata tse tsoetseng pele. Lekholong la bo15 la lilemo, motho e mong ea bitsoang Peter von Hagenbach o ile a qosoa ka ho qala puso e ileng ea baka tšabo tikolohong ea Europe eo a neng a e laola. Boikemelo ba hae, ba hore o ne a mpa a latela litaelo tsa morena oa hae feela, Morena oa Burgundy, bo ile ba lahloa. Polelo ea hore motho ea etsang liketso tse sehlōhō ha a na molato haeba a latela litaelo tsa bolaoli bo phahameng e se e ’nile ea boleloa ka makhetlo a mangatanyana ho tloha ka nako eo—e tsebisahalang ke ea linokoane tsa ntoa tsa Nazi ha li le ka pele ho Lekhotla la Boahloli la Machaba Nuremberg. Boikemelo bona bo ne bo atisa ho lahloa. Lekhotla la Boahloli la Machaba le ile la re kahlolong ea lona: “Batho ka bomong ba na le litlamo tsa machaba tse phahametseng litlamo tsa bochaba tsa kutlo tse batloang ke naha ka ’ngoe.”
12. Mehlala e meng ea Mangolo ea bahlanka ba Molimo ba ileng ba hana ho utloa litaelo tse sa utloahaleng tsa bolaoli ke efe?
12 Ka linako tsohle bahlanka ba Molimo ba ’nile ba elelloa hore ho na le meeli ea boikokobetso boo ba lokelang ho bo bontša ho balaoli ba phahameng, ba ntse ba latela matsoalo a bona. Hoo e ka bang nakong ea ha Moshe a tsoaloa Egepeta, Faro o ile a laela babelehisi ba babeli ba Baheberu hore ba bolaee bashanyana bohle ba tsoaloang ba Baheberu. Leha ho le joalo, babelehisi bao ba ile ba pholosa bana bao. Na ba ne ba fositse ka ho se utloe Faro? Che, ba ne ba latela matsoalo a bona ao ba a filoeng ke Molimo, ’me Molimo o ile oa ba hlohonolofaletsa hoo. (Exoda 1:15-20) Ha Iseraele e ne e le kholehong Babylona, Nebukadnezare o ile a laela hore matona a hae, ho kopanyelletsa le Shadrake, Meshake, le Abednego ba Baheberu, a khumame ka pel’a setšoantšo seo a neng a se emisitse lehoatateng la Dura. Baheberu ba bararo ba ile ba hana ho etsa joalo. Na ba ne ba fositse? Che, hobane ho latela taelo ea Morena ho ne ho tla bolela ho se utloe molao oa Molimo.—Exoda 20:4, 5; Daniele 3:1-18.
“Utloa Molimo e le ’Musi”
13. Bakreste ba pele ba fane ka mohlala ofe tabeng ea boikokobetso bo lekanyelitsoeng ho balaoli ba phahameng?
13 Ka ho tšoanang, ha balaoli ba Bajode ba laela Petrose le Johanne hore ba khaotse ho bolela ka Jesu, ba ile ba arabela: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na?” (Liketso 4:19; 5:29, NW) Ba ne ba sitoa ho lula ba khutsitse. Makasine oa The Christian Century o hlokomelisa ka boemo bo bong bo ileng ba nkoa ke Bakreste ba pele ka ho latela matsoalo a bona ha o re: “Bakreste ba pele-pele ba ne ba sa sebeletse mabothong a ntoa. Roland Bainton o hlokomela hore ‘ho tloha bofelong ba nako ea Testamente e Ncha ho isa lilemong tse leshome tsa A.D. 170-180 ha ho bopaki leha e le bofe ba ho kena ha Bakreste sesoleng.’ (Christian Attitudes Toward War and Peace [Abingdon, 1960], maq. 67-8). . . . Swift o re Justin Martyr ‘o ho nka e le molao hore Bakreste ba qobe liketso tse mabifi.’”
14, 15. E meng ea melao-motheo ea Bibele e neng e laola boikokobetso bo lekanyelitsoeng ba Bakreste ba pele ho balaoli ba batho ke efe?
14 Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ne ba sa sebeletse e le masole? Ntle le pelaelo, e mong le e mong o ne a ithutile ka hloko Lentsoe la Molimo le melao ea oona eaba o etsa qeto ea botho motheong oa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Ba ne ba sa nke lehlakore, ‘e se karolo ea lefatše,’ ’me ho se nke lehlakore ha bona ho ile ha ba thibela ho nka mahlakore lintoeng tsa lefatše lena. (Johanne 17:16, NW; 18:36) Ho feta moo, e ne e le ba Molimo. (2 Timothea 2:19) Ho tela bophelo ba bona molemong oa Naha ho ne ho tla be ho bolela ho neha Cesare seo e leng sa Molimo. Ho feta moo, e ne e le karolo ea boena ba machaba bo tlamahantsoeng hammoho ke lerato. (Johanne 13:34, 35; Ba-Kolosse 3:14; 1 Petrose 4:8; 5:9, NW) Ka letsoalo le letle ba ne ba ke ke ba nka lihlomo kaha ho ne ho ka etsahala hore ba bolaee Mokreste-’moho le bona.
15 Ho ekelletsa ho sena, Bakreste ba ne ba ke ke ba lumellana le mekete ea bolumeli e ratoang, e kang ho rapela moemphera. Ka lebaka leo, ba ne ba talingoa e le “batho ba makatsang le ba kotsi, ’me joalokaha ho ka lebelloa karolo e ’ngoe ea sechaba e ne e ba belaella.” (Still the Bible Speaks, ea W. A. Smart) Le hoja Pauluse a ngotse hore Bakreste ba lokela hore ‘ea batlang tšabo, ba mo nehe tšabo e joalo,’ ha baa ka ba lebala tšabo ea bona e khōloanyane, kapa tlhompho ho Jehova. (Ba-Roma 13:7, NW; Pesaleme ea 86:11) Jesu ka boeena o itse: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea sephefumolohi; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang sephefumolohi le ’mele Gehenna.”—Mattheu 10:28, NW.
16. (a) Ke lintlheng life moo Bakreste ba lokelang ho lekanya ka hloko ho ikokobetsa ha bona ho balaoli ba phahameng? (b) Lebokose le leqepheng la 27 le bontša eng?
16 Joaloka Bakreste, re tobana le liphephetso tse tšoanang kajeno. Re ke ke ra kopanela mofuteng ofe kapa ofe oa borapeli ba melimo ea litšoantšo kajeno—e-bang ke lipontšo tsa borapeli tse etsetsoang setšoantšo kapa letšoao le khethehileng kapa ho bolela hore poloko e tsoa ho motho kapa ho mokhatlo. (1 Ba-Korinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) ’Me joaloka Bakreste ba pele, re ke ke ra sekisetsa ho se nke lehlakore ha rōna ha Bokreste.—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 10:4.
‘Mosa le Tlhompho e Tebileng’
17. Petrose o fane ka keletso efe ho ba hlokofatsoang ka lebaka la letsoalo?
17 Moapostola Petrose o ile a ngola ka boemo boo re bo nkang ka lebaka la matsoalo a rōna ’me a re: “Hobane ke ntho e lebohuoang, ha motho, ka baka la ho utloa letsoalo pel’a Molimo, a mamella mahlomola, a ntse a utloa bohloko a se na molato.” (1 Petrose 2:19) E, Molimo o khahlisoa ke ha Mokreste a ema a tiile ho sa tsotellehe tlhoriso, ’me ho na le molemo o eketsehileng oa hore tumelo ea Mokreste ea matlafatsoa le ho hloekisoa. (Jakobo 1:2-4; 1 Petrose 1:6, 7; 5:8-10) Petrose o ile a boela a ngola: “Empa esita leha le ka utloisoa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tšabeng litšokelo tsa bona, ’me le se ke la tšoha; le mpe le tšabe Morena Jesu lipelong tsa lōna, ’me le itokisetse ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho [“tlhompho e tebileng,” NW], ho ea le botsang tšepo e ho lōna.” (1 Petrose 3:14, 15) A keletso e thusang ka sebele!
18, 19. Boikutlo ba tlhompho e tebileng le ho ba ea leka-lekaneng bo ka thusa joang haeba bolaoli bo beha meeli tokolohong ea rōna ea borapeli?
18 Ha tlhoriso e hlaha ka lebaka la hobane bolaoli bo sa utloisise boemo ba Bokreste kapa ka lebaka la hore baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba bua Lipaki tsa Jehova hampe ho bolaoli, ho fana ka linnete ho bolaoli ho ka ’na ha fella ka hore khatello e bebofale. Mokreste, a le mosa a bile a bontša tlhompho e tebileng, ha a loantše bahlorisi ka ntoa ea nama. Leha ho le joalo, o sebelisa mocha o mong le o mong oa molao ho sireletsa tumelo ea hae. Ebe joale o tlohela litaba matsohong a Jehova.—Ba-Filippi 1:7, NW; Ba-Kolosse 4:5, 6.
19 Tlhompho e tebileng e boetse e tataisa Mokreste hore a etse sohle seo a ka se khonang, a sa etse ho khahlanong le letsoalo la hae, ho utloa bolaoli. Ka mohlala, haeba liboka tsa phutheho li thibetsoe, Bakreste ba tla fumana tsela e ’ngoe e seng pooaneng haholo ea hore ba tsoele pele ho iphepa tafoleng ea Jehova. Bolaoli bo Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova Molimo, bo re bolella ka Pauluse hore: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Empa lipokano tse joalo li ka tšoaroa ka bohlale. Esita le haeba e le ba seng bakae feela ba bang teng, re ka kholiseha hore Molimo o hlohonolofatsa litokisetso tse joalo.—Bapisa le Mattheu 18:20.
20. Haeba ho boleloa ha litaba tse molemo pontšeng ho thibetsoe, Bakreste ba ka sebetsana le boemo boo joang?
20 Ka ho tšoanang, balaoli ba bang ba thibetse ho boleloa ha litaba tse molemo pontšeng. Bakreste ba phelang tlas’a bona baa hopola hore, ka Jesu ka boeena, Bolaoli bo Phahameng ka ho Fetisisa bo itse: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mareka 13:10) Ka hona, ba utloa Bolaoli bo Phahameng ka ho Fetisisa leha ba ka hlaheloa ke eng kapa eng. Moo ho khonehang, baapostola ba ne ba bolela pontšeng le ka ntlo le ntlo, empa ho na le litsela tse ling tsa ho finyella batho, tse kang bopaki bo sa reroang. (Johanne 4:7-15; Liketso 5:42; 20:20) Hangata balaoli ba ke ke ba kena-kenana le mosebetsi oa boboleli haeba ho sebelisoa Bibele feela—e leng ho totobatsang tlhokahalo ea hore Lipaki tsohle li koetlisehe hantle ho beheng mabaka ka Mangolo. (Bapisa le Liketso 17:2, 17, NW.) Ka ho ba sebete, empa ba bontša tlhompho, hangata Bakreste ba ka fumana tsela ea ho utloa Jehova ba sa ipitsetse khalefo ea balaoli ba phahameng.—Tite 3:1, 2.
21. Haeba Cesare a sa khaotse tlhoriso ea hae, Bakreste ba tlameha ho khetha tsela efe?
21 Leha ho le joalo, ka linako tse ling bolaoli bo hlorisa Bakreste bo sa khaotse. Joale, ka letsoalo le hloekileng, re ka tiisetsa ho etseng se nepahetseng. Franz Reiter e mocha o ile a tobana le khetho: ho sekisetsa tumelo ea hae kapa ho shoa. Kaha o ne a ke ke a khaotsa ho rapela Molimo, ka sebete o ile a tobana le lefu la hae. Bosiung ba ho qetela pele Franz a e-shoa, o ile a ngolla ’mè oa hae: “Ke tla bolaoa hosasane hoseng. Ke na le matla a tsoang ho Molimo, joalokaha ho ’nile ha e-ba joalo ho Bakreste bohle ba ’nete morao koana nakong e fetileng . . . Haeba u tla ema u tiile ho isa lefung, re tla kopana hape tsohong ea bafu.”
22. Re na le tšepo efe, hona re lokela ho tsoela pele joang ho fihlela nakong eo?
22 Ka letsatsi le leng batho bohle ba tla ba tlas’a molao o le mong feela, oa Jehova Molimo. Ho fihlela nakong eo, re tlameha hore ka letsoalo le letle re ele hloko tokisetso ea Molimo ’me re boloke ho ikokobetsa ha rōna ho lekanyelitsoeng ho balaoli ba phahameng ha ka nako e tšoanang re ntse re utloa Morena ’Musi oa rōna Jehova linthong tsohle.—Ba-Filippi 4:5-7.
Na U sa Hopola?
◻ Lebaka le re tlamang ho ikokobeletsa balaoli ba phahameng ke lefe?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsila-tsila ho ntša makhetho a batloang ke Cesare?
◻ Re lokela ho neha bolaoli tlhompho ea mofuta ofe?
◻ Ke hobane’ng ha ho ikokobetsa ha rōna ho Cesare e le feela ho lekanyelitsoeng?
◻ Haeba re hlorisoa hobane Cesare a batla seo e leng sa Molimo, re lokela ho arabela joang?
[Lebokose le leqepheng la 27]
Tlhompho, eseng borapeli
Hoseng ho hong nakong ea thupelo, Terra, Paki ea Jehova e nyenyane ea Canada, o ile a hlokomela hore tichere ea hae e ile ea bitsetsa morutoana e mong ka ntle ho phaposi ea thupelo ka metsotso e seng mekae. Nakoana ka mor’a moo, ka lentsoe le tlaase tichere e ile ea kōpa Terra hore a tsamaee le eona ba ee ofising ea mookameli oa sekolo.
Ha ba fihla moo, Terra o ile a hlokomela folaga ea Canada e neng e aliloe holima tafole ea mookameli oa sekolo. Tichere e ile ea bolella Terra hore a tšoele folaga ka mathe! E ile ea etsa tlhahiso ea hore kaha Terra o ne a sa bine pina ea sechaba kapa hona ho lumelisa folaga, ho ne ho se lebaka la hore a se ke a e tšoela ka mathe. Terra o ile a hana, a hlalosa hore le hoja Lipaki tsa Jehova li sa rapele folaga, lia e hlompha.
Ka mor’a hore ba khutlele ka phaposing ea thupelo, tichere e ile ea phatlalatsa hore e sa tsoa etsa teko. E ile ea nka barutoana ba babeli, a le mong ka nako, ea ba isa ofising ea mookameli oa sekolo ’me ea ba laela hore ba tšoele folaga ka mathe. Oa pele o ne a kopanela meketeng e bontšang ho rata naha, empa o ile a tšoela folaga ka mathe ha a bolelloa hore a etse joalo. Ka ho fapaneng, Terra o ne a sa bine pina ea sechaba kapa hona ho lumelisa folaga; leha ho le joalo, o ile a hana ho hlompholla folaga ka tsela ena. Tichere e ile ea supa hore Terra ke eena ea ileng a bontša tlhompho e loketseng.—1990 Yearbook of Jehovah’s Witnesses.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]
French Embassy, Press & Information Division
USSR Mission to the UN