Setšabelo sa Bona—Leshano!
“Re entse leshano setšabelo sa rōna, ’me thetso ke tširelo ea rōna.”—ESAIA 28:15.
1, 2. (a) Ke mokhatlo ofe kajeno o lokelang ho hlokomela se ileng sa etsahala ’musong oa Juda oa boholo-holo? (b) Juda e ne e e-na le kholiseho efe e behiloeng hosele?
NA MANTSOE ao a sebetsa ho Bokreste-’mōtoana kajeno joalokaha a ne a sebetsa ho ’muso oa boholo-holo oa Juda oa meloko e ’meli? Ka sebele ho joalo! ’Me ho tšoana hoo ho tšoantšetsa tlokotsi ea Bokreste-’mōtoana ba mehleng ea kajeno. Ho bolela hore haufinyane mokhatlo oo oa bolumeli oa bokoenehi o tla oeloa ke koluoa.
2 Ka leboea ho Juda ho ne ho e-na le ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele. Ha Iseraele e ipaka e haelloa ke tumelo, Jehova o ile a e lumella hore e hlōloe ke Assyria ka 740 B.C.E. ’Muso o tšoanang le oona, oa Juda, o ile oa bona bopaki ba ketsahalo ena ea tlokotsi empa ka ho hlakileng oa ikutloa hore le ka mohla o ke ke oa etsahalloa ke ntho e joalo. Baeta-pele ba eona ba ile ba ithorisa: ‘Na tempele ea Jehova ha e Jerusalema? Na ha re batho ba Molimo ba hauhetsoeng? Na baprista le baprofeta ba rōna ha ba bue ka lebitso la Jehova?’ (Bapisa le Jeremia 7:4, 8-11.) Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba kholisehile hore ba sireletsehile. Empa ba ne ba fositse! Ba ne ba haelloa ke tumelo hantle feela joaloka banab’abo bona ba ka leboea. Kahoo, se etsahetseng Samaria se ne se tla boela se etsahala Jerusalema.
3. Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo ikutloa bo kholisehile ka bokamoso, empa na ho na le lebaka le utloahalang la kholiseho ea bona?
3 Ka tsela e tšoanang, Bokreste-’mōtoana bo ipolela hore bo na le kamano e khethehileng le Molimo. Boa ithorisa: ‘Re na le likereke tse likete tse mashome le baruti ba rutehileng, hammoho le balateli ba limillione tse makholo. Hape re na le Bibele, ’me re sebelisa lebitso la Jesu borapeling ba rōna. Ka sebele, Molimo o re hauhetse!’ Empa se etsahetseng ho Jerusalema ea boholo-holo se fana ka temoso e matla. Ho sa tsotellehe liphetoho tsa morao-rao tse sa tloaelehang tsa lipolotiki, rea tseba hore haufinyane Jehova o tla nka khato ea makhaola-khang ea ho loantša Bokreste-’mōtoana le malumeli a mang ’ohle a bohata.
“Selekane le Lefu”
4. Juda e ne e nahana hore e entse selekane sa eng?
4 Mehleng ea boholo-holo, Jerusalema e sa tšepahaleng e ile ea fumana litemoso tse ngata ka baprofeta ba ’nete ba Molimo, empa ha ea ka ea li kholoa. Ho e-na le hoo, e ile ea ithorisa ka hore lefu le ke ke la e theolela Sheol, lebitleng, joalokaha le theoletse ’muso o ka leboea oa Iseraele. Moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a re ho Juda: “Ka baka leo, utloang lentsoe la Jehova, lōna basomi, ba busang sechaba sena sa Jerusalema! Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nģalo ea bafu; leha kotlo e tlang joale ka moroallo e ka tla koano, e ke ke ea re etsa letho, hobane re entse leshano setšabelo sa rōna, ’me thetso ke tširelo ea rōna.”—Esaia 28:14, 15.
5. (a) Ke selekane sefe seo ho neng ho thoe Juda e se entse le lefu? (b) Juda e ne e lebetse temoso efe e fuoeng Morena Asa?
5 E, baeta-pele ba Jerusalema ba ne ba nahana hore ba entse tumellano le lefu le Sheol, kamoo ho ka boleloang ka teng, hoo motse oa bona o neng o tla sireletsoa. Empa na selekane seo ho neng ho thoe Jerusalema e na le sona le lefu se ne se bolela hore e baketse libe tsa eona le hore joale e ne e se e tšepile Jehova hore a e boloke? (Jeremia 8:6, 7) Le hanyenyane! Ho fapana le hoo, e ile ea retelehela ho babusi ba lipolotiki ba batho hore ba e thuse. Empa ho itšetleha ha eona ka linaha tsa selekane tsa lefatše, e ne e le thetso, leshano. Lichaba tsa lefatše tseo e neng e li tšepile ha lia ka tsa e sireletsa. ’Me kaha Jerusalema e ne e lahlile Jehova, Jehova le eena o ne a e lahlile. Ho ile ha etsahala feela joalokaha moprofeta Azaria a ne a lemositse Morena Asa: “Jehova o na le lōna mohla lōna le nang le eena. Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna: ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.”—2 Likronike 15:2.
6, 7. Juda e ile ea nka mehato efe ho tiisa tšireletseho ea eona, empa phello ea ho qetela e ile ea e-ba efe?
6 Kaha ba ne ba tšepile lilekane tsa bona tsa lipolotiki, baeta-pele ba Jerusalema ba ne ba kholisehile hore ha ho “moroallo” oa mabotho a hlaselang o neng o tla ba atamela ho senya khotso ea bona le tšireletseho. Ha e soketsoe ke mabotho a Iseraele le Syria a entseng selekane, Juda e ile ea retelehela ho Assyria bakeng sa thuso. (2 Marena 16:5-9) Hamorao, ha e soketsoe ke mabotho a ntoa a Babylona, e ile ea ipiletsa ho Egepeta bakeng sa tšehetso ’me Faro o ile a nka khato, a romela lebotho le tla e thusa.—Jeremia 37:5-8; Ezekiele 17:11-15.
7 Empa mabotho a Babylona a ne a le matla haholo, ’me masole a Egepeta a ile a lokela ho ikhula. Ho tšepa ha Jerusalema Egepeta ho ile ha ipaka e le ho phoso, ’me ka 607 B.C.E., Jehova o ile a e tlohela hore e timetsoe joalokaha a ne a boletse esale pele. Kahoo babusi ba Jerusalema le baprista ba ne ba fositse! Ho tšepa ha bona lilekane tsa lefatše tsa khotso le tšireletseho e ne e le “leshano” le ileng la hoholoa ke moroallo oa mabotho a Babylona.
Ho Hana “Lejoe le Lekiloeng”
8. Ke joang Bokreste-’mōtoana bo nkileng boemo bo tšoanang hantle le ba Juda ea boholo-holo?
8 Na ho na le boemo bo tšoanang kajeno? E, bo teng. Baruti ba Bokreste-’mōtoana le bona ba ikutloa hore ha ho na koluoa e tla ba oela holimo. Ha e le hantle, joalokaha Esaia a boletse esale pele ba re: “Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nģalo ea bafu; leha kotlo e tlang joale ka moroallo e ka tla koano, e ke ke ea re etsa letho, hobane re entse leshano setšabelo sa rōna, ’me thetso ke tširelo ea rōna.” (Esaia 28:15) Joaloka Jerusalema ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana bo retelehela lilekaneng tsa lefatše bakeng sa tšireletseho, ’me baruti ba bona ba hana ho batla tšireletseho ho Jehova. Ebile ha ba sebelise lebitso la hae, ’me ba soma le ho hlorisa ba hlomphang lebitso leo. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba entse hantle feela seo baprista ba baholo ba Bajode ba ileng ba se etsa lekholong la pele la lilemo ha ba ne ba hana Kreste. Ha e le hantle, ba itse, “Ha re na morena, ha e se Cesare.”—Johanne 19:15.
9. (a) Ke mang ea lemosang Bokreste-’mōtoana kajeno ka tsela e tšoanang le ea ha Esaia a ne a lemosa Juda? (b) Bokreste-’mōtoana bo lokela ho retelehela ho mang?
9 Kajeno, Lipaki tsa Jehova li lemosa hore haufinyane moroallo oa mabotho a timetso o tla timetsa Bokreste-’mōtoana. Ho feta moo, li bontša sebaka sa ’nete sa ho itšireletsa moroallong oo. Li qotsa Esaia 28:16, e reng: “Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejoe Sione, e be motheo, lejoe le lekiloeng, lejoe la ntlha la bohlokoa, le theiloeng ka mokhoa o tiileng; ea lumelang ha a na ho baleha.” ‘Lejoe lena la ntlha la bohlokoa’ ke mang? Moapostola Petrose o ile a qotsa mantsoe ana ’me a a sebelisa ho Jesu Kreste. (1 Petrose 2:6) Hoja Bokreste-’mōtoana bo ne bo bōpile khotso le Morena ea behiloeng ke Jehova, Jesu Kreste, bo ne bo tla qoba timetso e tlang ea moroallo.—Bapisa le Luka 19:42-44.
10. Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba itsoakanya le eng?
10 Leha ho le joalo, ha boa etsa joalo. Ho e-na le hoo, ha bo ntse bo batla khotso le tšireletseho, bo leka maqiti a ho khahlisa baeta-pele ba bolumeli ba lichaba—bo etsa sena ho sa tsotellehe temoso ea Bibele ea hore ho etsa setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo. (Jakobo 4:4) Ho feta moo, ka 1919 bo ile ba buella ka matla Selekane sa Lichaba e le tšepo e molemo ka ho fetisisa ea ho tlisa khotso bakeng sa batho. Ho tloha ka 1945 bo ’nile ba beha tšepo ea bona ho Machaba a Kopaneng. (Bapisa le Tšenolo 17:3, 11.) Bo itsoakantse ka ho teba hakae le mokhatlo oo?
11. Bolumeli bo na le boemeli bofe Machabeng a Kopaneng?
11 Buka ea morao-rao tjena e fana ka leseli la taba ha e re: “Mekhatlo e seng ka tlaase ho mashome a mabeli a metso e ’meli ea K’hatholike e na le boemeli Machabeng a Kopaneng. Baeta-pele ba ’maloa ba bolumeli ba lefatše ba ’nile ba etela mokhatlo ona oa machaba. Maeto a Mohalaleli Mopapa Paul VI nakong ea Seboka se Akaretsang ka 1965 le Mopapa John Paul II ka 1979 ke a sa lebaleheng ka ho fetisisa. Malumeli a mangata a etsa lithapeli tse khethehileng tse pheta-phetoang, lithapelo, lifela le litšebeletso bakeng sa Machaba a Kopaneng. Mehlala ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ea litumelo tsa K’hatholike, Unitarian-Universalist, Baptist le Bahai.”
Litebello tsa Lefeela Bakeng sa Khotso
12, 13. Ho sa tsotellehe litebello tse atileng tsa hore khotso e ka ’na ea finyelloa, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore litemoso tsa tsona ke tsa ’nete?
12 E mong oa baeta-pele ba lipolotiki ba tummeng ka ho fetisisa lefatšeng o ile a thoholetsa litebello tseo ba bangata ba nang le tsona ha a ne a re: “Moloko ona oa batho o lefatšeng o ka ’na oa bona bopaki ba qaleho ea nako ea khotso eo joang kapa joang e tlang ho ba teng historing ea tsoelo-pele.” Na o ne a nepile? Na liketsahalo tsa morao-rao li bolela hore litemoso tseo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa li bolela tse mabapi le ho liha ha Jehova kahlolo holim’a lichaba li ke ke tsa phethahatsoa? Na Lipaki tsa Jehova li fositse?
13 Che, ha lia fosa. Lia tseba hore li bua ’nete hobane li beha tšepo ea tsona ho Jehova le Bibeleng, e leng Lentsoe la ’nete la Molimo. Tite 1:2, (NW) e re: “Molimo . . . o ke ke oa bua leshano.” Kahoo li kholisehile ka ho felletseng hore ha boprofeta ba Bibele bo bolela hore ntho e itseng e tla etsahala, joang kapa joang e tla etsahala. Jehova o re: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na.”—Esaia 55:11.
14, 15. (a) Baeta-pele ba Juda ba ne ba phatlalatsa eng pelenyana Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E.? (b) Pauluse o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla phatlalatsoa eng pele lefatše lee le oeloa ke timetso ea tšohanyetso? (c) Re ka lebella eng ha phatlalatso e profetiloeng ho 1 Ba-Thessalonika 5:3, (NW) e fihla sehlohlolong?
14 Lilemong tsa pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., Jeremia o ile a tlaleha hore baeta-pele ba ne ba hooa ba re, “Khotso! khotso!” (Jeremia 8:11) Leha ho le joalo, hoo e ne e le leshano. Jerusalema e ile ea timetsoa phethahatsong ea litemoso tse bululetsoeng tsa baprofeta ba ’nete ba Jehova. Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore ntho e tšoanang e tla etsahala mehleng ea rōna. O itse batho ba ne ba tla hooa ba re “Khotso le tšireletseho!” Empa, o itse, joale “timetso ea tšohanyetso” e tla ba “oela holimo hang-hang.”—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.
15 Ha re kena lilemong tsa bo-1990, likoranta le limakasine hohle li ne li bolela hore Qhoebeshano e Pakeng tsa Mebuso e Meholo ea Lefatše e felile le hore qetellong khotso ea lefatše e haufi. Empa ho ile ha qhoma ntoa ea tšohanyetso Bochabela bo Hare. Leha ho le joalo, neng kapa neng boemo ba lefatše bo tla hōla ho fihlela mothating oo mohoo oa “Khotso le tšireletseho!” o profetiloeng ho 1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, (NW) o tla eketseha ho fihlela sehlohlolong. Kaha litebello tsa rōna li theiloe ka ho tiea Lentsoeng la Molimo, rea tseba hore, ha ho fihloa sehlohlolong seo, likahlolo tsa Molimo li tla lihuoa ka potlako le ntle ho phoso. Liphatlalatso tsa bosaoana tsa khotso le tšireletseho ha lia lokela ho re etsa hore re nahane hore timetso e boletsoeng ke Molimo esale pele e ke ke ea tla. Likahlolo tsa Jehova li tlalehiloe ka Lentsoeng la hae Bibele ’me li ke ke tsa fetoha. Bokreste-’mōtoana, hammoho le bolumeli bo bong bohle ba bohata, bo tla timetsoa. Joale likahlolo tse timetsang tsa Jehova li tla lihuoa holim’a lefatše la Satane ka kakaretso. (2 Ba-Thessalonika 1:6-8; 2:8; Tšenolo 18:21; 19:19-21) Kaha Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa lentsoe la hae, li tsoela pele li falimehile tlas’a tataiso ea sehlopha sa mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale ’me ka hloko li talimile kamoo liketsahalo tsa lefatše li ntseng li senoleha ka teng. (Mattheu 24:45-47, NW) Ka sebele, ha ho boiteko leha e le bofe ba batho ba ho bōpa khotso bo lokelang ho etsa hore re nahane hore Jehova o lahlile morero oa hae oa ho tlisa moroallo oa timetso holim’a Bokreste-’mōtoana bo imetsoeng ke libe.
“Molimo ke Setšabelo sa Rōna”
16, 17. Lipaki tsa Jehova li itšoara joang haeba ba bang ba khopisoa ke ho tiea ha molaetsa oa tsona?
16 Ha Lipaki tsa Jehova li bolela sena ka tieo ba bang ba ka ’na ba khopeha. Leha ho le joalo, ha li bolela hore babusi ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba batlile tšireletso tokisetsong ea leshano, li mpa li pheta feela seo Bibele e se bolelang. Ha li bolela hore Bokreste-’mōtoana bo tšoaneloa ke kotlo hobane bo fetohile karolo ea lefatše, li mpa li tlaleha feela seo Molimo ka booona o se bolelang ka Bibeleng. (Ba-Filippi 3:18, 19) Ho feta moo, kahobane Bokreste-’mōtoana bo beha tšepo ea bona mererong e nahanoang ke lefatše lena, ha e le hantle bo tšehetsa molimo oa lefatše lena, Satane Diabolose, eo Jesu a boletseng hore ke ntat’a ea leshano.—Johanne 8:44; 2 Ba-Korinthe 4:4.
17 Ka hona, Lipaki tsa Jehova li re: Ha e le rōna, ha re khothalletse batho ho ba le tšepo ea bohata ea khotso ea lefatše ka baka la boemo bo fetohang ba lipolotiki. Ho e-na le hoo, re thoholetsa mantsoe a mopesaleme: “Molimo ke setšabelo sa rōna . . . Bana ba batho ke lefeela-feela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.” (Pesaleme ea 62:8, 9) Merero ea batho e tšehetsang Bokreste-’mōtoana le ho bo sireletsa le tsamaiso ena ea lintho ka kakaretso ke bohata, ke leshano! Kaofela ha eona ha e sa na matla a ho sitisa merero ea Jehova ’me boiteko boo e ka bo etsang ke ba lefeela!
18. Ke temoso efe ea mopesaleme e loketseng kajeno?
18 Hape Lipaki tsa Jehova li qotsa Pesaleme ea 33, litemana 17 ho ea ho 19, e reng: “Pere [ea Egepeta, e tšoantšetsang ntoa] hase ntho e hlōlang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a eona. Bonang, mahlo a Jehova a holim’a ba mo tšabang, ba tšepang mohau oa hae, ho holla meea ea bona lefung le ho ba phelisa mehleng ea tlala.” Kajeno, Bakreste ba ’nete ba tšepa Jehova le ’Muso oa hae oa leholimo, e leng oona feela tokisetso e ka tlisang khotso ea ka ho sa feleng.
Bokreste-’mōtoana ke ‘Sebaka Seo ho Hateloang ho Sona’
19. Ke hobane’ng ha ho itšetleha ka mekhatlo ea lipolotiki hore e tla tlisa khotso lefatšeng e le lefeela?
19 Ho tšepa mokhatlo leha e le ofe o entsoeng ke batho o nkang sebaka sa ’Muso oa Molimo ke ho etsa mokhatlo oo setšoantšo, ntho e rapeloang. (Tšenolo 13:14, 15) Ka hona, ho khothalletsa ba bang ho beha tšepo mekhatlong ea lipolotiki, e kang Machaba a Kopaneng, bakeng sa ho tlisa khotso le tšireletseho ke lefeela, ke leshano. Mabapi le litšoantšo tse joalo tsa tšepo ea bohata, Jeremia o re: “Hobane setšoantšo sa hae se tšolotsoeng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona. Ntho tseo ke bosaoana, ke mesebetsi e somehang; mohla li khalemeloang, li tla fela.” (Jeremia 10:14, 15) Ka hona, lipere tsa ntoa tsa Egepeta e neng e tšoantšetsoa ke ea pele, ke hore, lebotho la ntoa le la lipolotiki la lichaba kajeno, li ke ke tsa sireletsa tsamaiso ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana letsatsing la bona la tlokotsi. Ka sebele selekane seo malumeli a Bokreste-’mōtoana a se entseng le lefatše lena se ke ke sa a sireletsa.
20, 21. (a) Ho ile ha etsahala eng ka Selekane sa Lichaba, hona ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng a tla hlaheloa ke se tšoanang? (b) Esaia o ile a bontša joang hore lilekane tseo Bokreste-’mōtoana bo li entseng le lefatše li ke ke tsa bo boloka?
20 Bokreste-’mōtoana bo ne bo tšepile Selekane sa Lichaba, empa se ile sa felisoa le pele Harmagedone e tla. Hona joale bo se bo itlametse ho oa le ho tsoha le Machaba a Kopaneng. Empa haufinyane a tla tlameha ho talimana le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” ’me a ke ke a pholoha. (Tšenolo 16:14) Esita le Machaba a Kopaneng a tsosolositsoeng le ka mohla a ke ke a tlisa khotso le tšireletseho. Lentsoe la Molimo la boprofeta le bontša hore mokhatlo oa Machaba a Kopaneng hammoho le lichaba tseo e leng litho tsa oona li “tla loantša Konyana [Kreste a le matleng a ’Muso], empa Konyana e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.”—Tšenolo 17:14.
21 Ka kholiseho Lipaki tsa Jehova li bolela hore ha ho poloko bakeng sa Bokreste-’mōtoana lilekaneng tseo bo li entseng le lefatše la Satane. ’Me ha li bolela sena, li mpa li hlalosa seo Bibele e se buang. Esaia 28:17, 18 e qotsa Jehova a re: “Ke tla etsa tokelo molao, ho loka ebe tokiso; ’me sefako se tla ea le setšabelo sa leshano, metsi a hlakole tširelo ea lōna. Selekane sa lōna le lefu se tla etsoa lefeela, kopano ea lōna le nģalo ea bafu e ke ke ea tiea; kotlo e tlang joale ka moroallo ha e fihla, ka eona le tla ba joale ka hoja le hataketsoe ka maoto.”
22. Ha ho phethahatsoa toka e phethahetseng holim’a Bokreste-’mōtoana, phello e tla ba efe?
22 Ha qeto ea Jehova ea boahloli e phethahatsoa, e tla be e le tumellanong le toka e phethahetseng. ’Me motheo oa Bokreste-’mōtoana oa tšepo, ‘selekane seo bo se entseng le Lefu,’ o tla hoholoa ka ho felletseng joalokaha eka ke ka moroallo oa metsi. Esaia o tsoela pele ka ho re: “Etlare ha e fihla, e tla ea le lōna, hobane e tla fihla ka meso eohle, nyene le bosiu; thuto e joalo e ea ’ne e le tšose.” (Esaia 28:19) E tla ba ntho e tšosang hakaakang ha bashebelli ba bona matla a felletseng a likahlolo tsa Jehova! E tla ba ho tšosang hakaakang bakeng sa baruti ba Bokreste-’mōtoana le balateli ba bona ho hlokomela hore ba ’nile ba beha tšepo ea bona leshanong le hoja nako e tla be e se e ile haholo!
Lebitso la Jehova ke “Qhobosheane e Thata”
23, 24. Ho fapana le ho batla tšireletseho lefatšeng lena, Lipaki tsa Jehova li tla etsa eng?
23 Empa ho thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova? Le hoja li talimane le lehloeo la machaba le tlhoriso, li phehella ho ipoloka li arohile lefatšeng. Le ka mohla ha li lebale hore Jesu o itse ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Ho theosa le mehla ena ea qetello, li ’nile tsa beha tšepo ea tsona ’Musong oa Jehova, eseng mererong ea batho. Ka hona, tlokotsi ea Bokreste-’mōtoana e ke ke ea tšosa Lipaki tsa Jehova. Ho joalokaha Esaia a boletse esale pele: “Ha ho lea mong ea bontšang tumelo ea tla tšoha.”—Esaia 28:16, NW.
24 Liproverbia 18:10 e re: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” Ka hona re mema batho bohle ba kang linku ho batla tšireletso ho Jehova le ’Musong oa hae ka Kreste. Joaloka setšabelo, Jehova hase leshano! ’Muso oa hae ka Kreste hase oa leshano! Setšabelo sa Bokreste-’mōtoana ke leshano, empa setšabelo sa Bakreste ba ’nete ke ’nete.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke joang Juda ea boholo-holo e ileng ea batla tšireletso leshanong?
◻ Ke ka tsela efe Bokreste-’mōtoana bo lekileng ho itšireletsa thetsong?
◻ Esaia o ile a lemosa Juda joang, ’me ke joang Lipaki tsa Jehova li bolelang temoso e tšoanang kajeno?
◻ Bokreste-’mōtoana bo tla fumana joang hore kholiseho ea bona e behiloe hosele?
◻ Lipaki tsa Jehova li nka boemo bofe ho fapana le Bokreste-’mōtoana?
[Lebokose le leqepheng la 17]
LITEBELLO TSE MATLA TSE PHATLALALITSOENG BAKENG SA MACHABA A KOPANENG
“Ka lekhetlo la pele ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše lichaba tse sa tšoaneng li kopane. Boeta-pele ba Machaba a Kopaneng, boo e kileng ea e-ba pakane feela eo ho laba-labeloang hore e finyelloe, joale bo tiisa sepheo sa bathei ba bona. . . . Ka hona lefatše le ka sebelisa monyetla ona hamolemo hore le phethahatse tšepiso e ’nileng ea etsoa ka nako e telele ea ho finyella taolo e ncha ea lefatše.”—Mopresidente Bush oa United States molaetseng oa hae oa State of the Union o neng o e-ea sechabeng seo, January 29, 1991