Jehova le Kreste—Ba ka Sehloohong Tabeng ea Puisano
“Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.”—AMOSE 3:7.
1. Kajeno ho sebelisoa mekhoa efe ea puisano?
KAJENO puisano ke khoebo eo ho eona ho sebelisoang limillione tse ngata-ngata tsa liranta. Libuka tsohle tse hatisoang, likoranta tsohle le limakasine tse hatisoang ka mehla, mananeo ’ohle a sea-le-moea le a thelevishene a phatlalatsoang, hammoho le litšoantšo tsa libaesekopo le litšoantšiso tse etsoang sethaleng, ke boiteko bo etsoang molemong oa puisano. Ho joalo le ka mangolo ’ohle a ngoloang le a romeloang ho ba bang hammoho le melaetsa eohle ea thelefono. Kaofela ke boiteko bo etsoang molemong oa puisano.
2. Mehlala e meng ea khatelo-pele eo batho ba e entseng litabeng tsa theknoloji tse amanang le puisano ke efe?
2 Khatelo-pele eo batho ba e entseng litabeng tsa theknoloji tse amanang le puisano ke e tsotehang. Ka mohlala, mehala e fetisang melaetsa ka matla a khanya ntle ho tšebeliso ea motlakase, e leng e molemonyana ho feta mehala ea koporo, e fetisa lipuisano tse ngata tsa thelefono tse mashome a likete ka nako e le ’ngoe. Ho boetse ho na le lisathalaete tse kopanyang batho ka puisano, tse potolohang lefatše li le sepaka-pakeng le tse nang le thepa e fetisang melaetsa ea thelefono, lisebelisoa tse fetisang melaetsa ka tšebeliso ea mehala ea motlakase, sea-le-moea, le thelevishene. Sathalaete e ’ngoe e joalo e ka fetisa melaetsa ea thelefono e 30 000 ka nako e le ’ngoe!
3. Se etsahalang ke eng ha ho e-na le makhalo a puisano?
3 Empa ho sa tsotellehe mecha ena eohle ea puisano, lefatšeng ho na le masisa-pelo a maholo a bakoang ke ho haella ha puisano pakeng tsa batho. Ka hona, re bolelloa hore “ho na le lekhalo le ntseng le hōla—‘lekhalo la puisano’ le ntseng le atoloha—pakeng tsa babusi le ba busoang.” Lekhalo lee leo ho thoeng ke la puisano ke eng? Na ha se ho hlōleha ho buisana ka katleho ho teng pakeng tsa batsoali le bana ba bona? Baeletsi ba manyalo ba tlaleha hore bothata bo boholo ka ho fetisisa manyalong ke ho se be teng ha puisano pakeng tsa monna le mosali. Khaello ea puisano e nepahetseng e ka ba ea baka lefu. Mathoasong a 1990, batho ba 73 ba ile ba shoa ha sefofane se soahlamana, ho totobetse hore sesosa se seholo e ne e le ho se be teng ha puisano pakeng tsa mokhanni oa sona le batsamaisi ba leng fatše. Sehlooho sa koranta e ’ngoe se ile sa re: “Bothata ba Puisano bo Felletse ka Koluoa.”
4. (a) “Puisano” e bolela eng? (b) Sepheo sa puisano litabeng tsa Bokreste ke sefe?
4 Litabeng tsa Bokreste puisano ke eng? Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, “puisano” e bolela “ho fetisa boitsebiso, mohopolo, kapa maikutlo ka tsela eo bo tla amoheleha kapa ho utloisisoa ka ho khotsofatsang.” Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e e hlalosa e le “mokhoa oa ho fetisa mehopolo ka katleho.” Hlokomela tlhaloso ena e reng, “ho fetisa mehopolo ka katleho.” Haholo-holo ho hlokahala hore puisano e amang Bakreste e be e atlehang hobane sepheo sa eona ke ho finyella lipelo tsa batho ka ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo e le hore, ha ho ka etsahala, ba tle ba nke khato ka seo ba ithutang sona. Ka ho khethehileng, puisano eo e susumetsoa ke ho hloka boithati, e susumetsoa ke lerato.
Karolo eo Jehova a e Phethang Tabeng ea Puisano
5. Tsela ea pele har’a litsela tseo Jehova Molimo a ileng a buisana le motho ka tsona ke efe?
5 Ntle ho pelaelo Jehova Molimo ke eena ea ka sehloohong Tabeng ea Puisano. Kaha o re bōpile ka setšoantšo sa hae le ka ho tšoana le eena, o khona ho buisana le rōna, ’me re nolofalloa ke ho buisana le ba bang ka eena. Haesale ho tloha ha motho a bōptjoa, Jehova o ’nile a buisana le libōpuoa tsa hae tse lefatšeng mabapi le eena ka boeena. Tsela e ’ngoe eo a entseng sena ka eona e bile ka pōpo ea hae e bonahalang. Ka hona, mopesaleme oa re bolella: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona. Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.” (Pesaleme ea 19:1, 2) ’Me Ba-Roma 1:20, (NW) e re bolella hore ‘litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa Molimo li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele.’ Poleloana e reng ‘li bonahala ka ho hlaka’ ke bopaki ba puisano e atlehileng!
6. Jehova o ile a fetisetsa eng ho libōpuoa tsa hae tse lefatšeng ka tsela ea puisano ha li ntse li le tšimong ea Edene?
6 Ba se nang tumelo ho Molimo le tšenolong ea oona ea bomolimo ba leka ho re kholisa hore motho o lokela ho itjara e le hore a ka fumana ka nepo lebaka leo a leng teng ka lona. Empa Lentsoe la Molimo lea hlakisa hore Molimo o ’nile oa buisana le motho ho tloha tšimolohong. Ka hona, Molimo o ile oa fa monna le mosali ba pele taelo ena e mabapi le ho ikatisa: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse . . . tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” Molimo o ile oa boela oa ba lumella ho ja litholoana tsa tšimo—ka ntle ho litholoana tsa sefate se le seng feela—ho fihlela ba khotsofetse. Joale, eitse ha Adama le Eva ba bontša ho se utloe, Jehova o ile a fana ka tšepiso ea pele ea Bomessia ka tsela ea puisano, a fa batho tšepo e itseng: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao [noha] le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peō eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 1:28; 2:16, 17; 3:15.
7. Buka ea Genese e senola eng mabapi le ho buisana ha Jehova le bahlanka ba hae?
7 Ha mora oa Adama, Kaine, a tletse lehloeo le bolaeang, Jehova Molimo o ile a buisana le eena, a re mabapi le sena: ‘Itlhokomele! U tla kena khathatsong!’ Empa Kaine o ile a hana ho utloa temoso eo eaba o bolaea ngoan’abo. (Genese 4:6-8) Joale, ha lefatše le se le tletse pefo le bokhopo, Jehova o ile a buisana le monna ea lokileng Noe ka morero oa Hae oa ho felisa sohle se silafatsang lefatše. (Genese 6:13–7:5) Ka mor’a Moroallo, ha Noe le lelapa la hae ba tsoa ka arekeng, Jehova o ile a fetisetsa morero oa hae o mabapi le khalalelo ea bophelo le mali ho bona ka tsela ea puisano, ’me o ile a sebelisa mookoli ha a fana ka tiiso ea hore a ke ke a hlola a timetsa lintho tsohle tse phelang ka moroallo. Makholo a lilemo hamorao, ka tsela ea puisano Jehova o ile a fetisetsa morero oa Hae ho Abrahama oa hore malapa ’ohle a batho a itlhohonolofatse ka Peō ea Abrahama. (Genese 9:1-17; 12:1-3; 22:11, 12, 16-18, NW) Ha Molimo o rera ho timetsa batho ba Sodoma le Gomorra ba hlephileng boitšoarong, ka lerato o ile a fetisetsa taba ena ho Abrahama ka tsela ea puisano, a re: “Na nka patela Abrahama seo ke eang ho se etsa?”—Genese 18:17.
8. Jehova o ’nile a buisana le bahlanka ba hae ba lefatšeng ka litsela life tse ’nè?
8 Ho tloha ho Moshe, Jehova o ile a sebelisa letoto le lelelele la baprofeta hore le buisane le Iseraele. (Ba-Heberu 1:1) Ka linako tse ling o ne a fana ka taelo ea seo a batlang hore se ngoloe, joaloka mohla a neng a bolella Moshe: “Ingolle mantsoe ana.” (Exoda 34:27, BPN) Ka makhetlo a mangata Jehova o ne a bua le babuelli ba hae a sebelisa lipono, joalokaha a ne a se a entse ho Abrahama.a Hape Jehova o ne a sebelisa litoro ha a buisana le batho, ’me o ne a sa li sebelise ha a buisana le bahlanka ba hae feela empa le ha a buisana le batho ba sebelisanang le bahlanka ba hae. Ka mohlala, Jehova o ile a etsa hore ba babeli ba neng ba tšoeroe hammoho le Josefa ba lore litoro, ’me Josefa o ile a ba hlalosetsa tsona. Hape Jehova o ile a etsa hore Faro le Nebukadnezare ba lore litoro, ’me bahlanka ba hae Josefa le Daniele ba ile ba ba hlalosetsa tsona. (Genese 40:8–41:32; Daniele, likhaolo 2 le 4) Ho phaella moo, ka makhetlo a mangata Jehova o ne a sebelisa manģosa a mangeloi hore a buisane le bahlanka ba hae.—Exoda 3:2; Baahloli 6:11; Mattheu 1:20; Luka 1:26.
9. Ke eng se ileng sa susumelletsa Jehova ho buisana le batho ba hae ba Iseraele, joalokaha ho bontšoa ke lipolelo life tsa hae?
9 Puisano eohle eo Jehova a neng a e fetisa ka baprofeta ba hae e ne e bonahatsa lerato la hae bakeng sa batho ba hae ba Iseraele. Ka mohlala, o ile a sebelisa moprofeta oa hae Ezekiele ’me a re: “Ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng, lōna ntlo ea Iseraele?” (Ezekiele 33:11) Jehova ke Eena ea ileng a Buisana le batho ba hae ba boholo-holo ba bafetoheli ka mamello le ka tiisetso, joalokaha ho ka bonoa ho 2 Likronike 36:15, 16: “Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona, a ’na a romela ho bona ka manģosa a hae, a ’na a a roma e sa le hosasa, hobane a na a utloela sechaba sa hae le bolulo ba hae bohloko. Empa ba ’na ba . . . nyelisa lipolelo tsa oona, ba tšeha baprofeta ba oona . . . ho fihlela . . . ho se ho se kamoo ho ka thusoang kateng.”
10. Kajeno Jehova o buisana joang le batho ba hae, ’me ke Molimo o buisanang le ba bang ka ho pharalletseng hakae?
10 Kajeno, re na le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele e Halalelang, leo ka lona Jehova a fetisetsang ho rōna boitsebiso bo amanang le eena, merero ea hae, le thato ea hae bakeng sa rōna ka tsela ea puisano. (2 Timothea 3:16, 17) Ha e le hantle, joaloka ea Phahameng Tabeng ea Puisano, Jehova, o re: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.” (Amose 3:7) O tsebisa bahlanka ba hae seo a rerang ho se etsa.
Karolo eo Mora oa Molimo a e Phethang Tabeng ea Puisano
11. Ke mang ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang bakeng sa ho buisana le motho, hona ke hobane’ng ha tlotla ea hae ea “Lentsoe” e le e loketseng?
11 Har’a baemeli bohle bao Jehova a ba sebelisang bakeng sa ho fetisetsa thato ea Hae ho ba bang ka tsela ea puisano, moemeli ea ka sehloohong ke Lentsoe, Logos, ea ileng a fetoha Jesu Kreste. Bohlokoa ba hore ebe o bitsoa Lentsoe, kapa Logos ke bofe? Sena se bontša hore ke ’Muelli e Moholo oa Jehova. ’Muelli ke eng? Ke motho ea fetisetsang seo a se bolelloang ke e mong ho ba bang ka tsela ea puisano. Kahoo Logos o ile a fetoha ea fetisetsang lentsoe la Jehova Molimo ho libōpuoa tsa Hae tse bohlale tse lefatšeng ka tsela ea puisano. Mosebetsi ona ke oa bohlokoa haholo hoo a bitsoang Lentsoe.—Johanne 1:1, 2, 14.
12. (a) Jesu o ile a tla lefatšeng ka morero ofe? (b) Ke eng se pakang hore o ile a phethahatsa morero oo ka botšepehi?
12 Jesu ka boeena o ile a bolella Ponse Pilato hore morero o moholo oo a o tletseng lefatšeng ke hore a fetisetse ’nete bathong ka tsela ea puisano: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:37) Tlaleho ea Likosepele e bolela kamoo a ileng a phethahatsa kabelo ena hantle ka teng. Thuto ea hae ea Thabeng e nkoa e le thuto e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea rutoa ke motho. O ile a buisana le ba bang hamolemo hakaakang ka thuto eo! “Matšoele [a utloileng thuto eo] a tsota thuto ea hae.” (Mattheu 7:28) Re bala sena mabapi le ketsahalo e ’ngoe: “Bongata bo boholo bo ne bo mo utloa ka thabo.” (Mareka 12:37) Ha liofisiri tse ling li rometsoe hore li e’o tšoara Jesu, li ile tsa khutla li sa mo tšoara. Hobane’ng? Li ile tsa arabela Bafarisi tjena: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joale ka motho eo, le ka mohla o le mong.”—Johanne 7:46.
Barutuoa ba Kreste ba Rometsoe Hore ba Buisane le ba Bang
13. Ke eng se bontšang hore Kreste o ne a sa khotsofalla hore e be eena feela ea buisanang le ba bang?
13 Kaha Jesu o ne a sa khotsofalla hore e be eena a le mong ea buisanang le ba bang, o ile a qala ka ho roma baapostola ba 12 eaba o roma baboleli ba evangeli ba 70 hore ba e’o buisana le ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 9:1; 10:1) Joale pejana a nyolohela leholimong, o ile a roma barutuoa ba hae hore ba etse mosebetsi o khethehileng. Ke mosebetsi ofe? Joalokaha re bala ho Mattheu 28:19, 20, o ile a ba laela hore ba buisane le ba bang; ’me ba ne ba lokela ho ruta ba bang ba eketsehileng hore le bona ba buisane le ba bang.
14. Bakreste ba pele ba ne ba atleha hakae mabapi le ho buisana le ba bang?
14 Na barutuoa ba ne ba atleha ha ba buisana le ba bang? Ka sebele ho joalo! Ka baka la boboleli ba bona ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa theoa e ile ea eketsoa ka liphefumolohi tse 3 000. Kapele li ile tsa eketseha ka palo ho fihlela ho banna ba 5 000. (Liketso 2:41; 4:4) Ha ho makatse ha lira tsa bona tsa Bajode li ile tsa ba qosa ka hore ba tlatsitse Jerusalema eohle ka thuto ea bona ’me hamorao ba tletleba ka hore ba ferekantse lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona ka boboleli ba bona!—Liketso 5:28; 17:6.
15. Jehova o ’nile a sebelisa kofuto efe mehleng ea kajeno bakeng sa ho buisana le batho?
15 Ho thoe’ng ka linako tseo re phelang ho tsona? Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Mattheu 24:3, 45-47, (BPN) Morena, Jesu Kreste, o khethile “mohlanka ea tšepahalang, ea bohlale,” ea bōpiloeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng, hore a hlokomele thepa eohle ea hae e leng lefatšeng letsatsing lena la ho ba teng ha hae. Kajeno mohlanka eo ea tšepahalang le ea bohlale o emeloa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, seo mocha oa sona oa phatlalatso e leng Watch Tower Bible and Tract Society. Ka ho loketseng haholo, hape mohlanka eo ea tšepahalang le ea bohlale o ’nile a bitsoa mocha oa Molimo oa puisano. Mohlanka eo o re khothalletsa hore re be batho ba hloahloa tabeng ea puisano. Ha e le hantle, tokollo ea pele feela ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence e ile ea khothalletsa babali ba eona ka ho re: “Haeba u na le moahisani kapa motsoalle eo u nahanang hore a ka thahasella litaelo [tsa makasine ona] kapa a ruisoa molemo ke tsona, mo hlokomelise tsona; ka ho etsa joalo u tla be u bolela Lentsoe le ho etsetsa batho bohle se molemo ha u fumana monyetla.”
16. Ke eng se bontšang hore ho hlokahala ho hongata ho feta feela ho bala Bibele bakeng sa hore Molimo o buisane ka katleho le bahlanka ba oona ba lefatšeng?
16 Leha ho le joalo, ho ba le Lentsoe la Molimo feela le ho le bala ha hoa lekana hore motho a ka fumana tsebo e nepahetseng e mo kenyang tseleng e isang bophelong. Hopola ofisiri ea lekhotla la Ethiopia e neng e ntse e bala boprofeta ba Esaia empa e sa utloisise seo e se balang. Filipi, ’moleli oa evangeli, o ile a e hlalosetsa boprofeta boo, ’me ka mor’a moo e ne e loketse ho kolobetsoa joaloka morutuoa oa Kreste. (Liketso 8:27-38) Hore ho hlokahala ho hongata ho feta ho ipalla Bibele feela ho ka bonoa ho Ba-Efese 4:11-13, moo Pauluse a bontšang hore Kreste ha a fana ka ba bang e le baapostola le baprofeta ba bululetsoeng feela empa o fane ka ba bang e le “baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste; re tle re be re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, re be re fihlele boholo ba monna ea phethehileng.”
17. Re ka hlokomela moemeli eo Jehova a mo sebelisang kajeno bakeng sa ho fetisetsa merero ea hae ho batho ka tsela ea puisano ka matšoao afe a mo khethollang?
17 Ke joang re ka tsebang bao Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ba sebelisang ho thusa batho ba neng ba tla fetoha Bakreste hore ba finyelle boemo ba monna ea hōlileng? Ho latela seo Jesu a se boletseng, le leng la matšoao a khethollang batho bana ke hore ba ne ba tla ratana joalokaha Jesu a ratile balateli ba hae. (Johanne 13:34, 35) Letšoao le leng le tla ba khetholla: E ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše, feela joalokaha Jesu e ne e se karolo ea lefatše. (Johanne 15:19; 17:16) Letšoao le leng hape ke hore ba ne ba tla amohela Lentsoe la Molimo e le ’nete, joalokaha Jesu a entse, ka linako tsohle ba ne ba tla retelehela ho eo le tsoang ho eena. (Mattheu 22:29; Johanne 17:17) Letšoao le leng e ne e tla ba ho etelletsa lebitso la Molimo pele, joalokaha Jesu a entse. (Mattheu 6:9; Johanne 17:6) ’Me letšoao le leng hape e ne e tla ba ho latela mohlala oa Jesu oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. (Mattheu 4:17; 24:14) Ho na le sehlopha se le seng feela se finyellang litlhokahalo tsena, ke batho ba buisanang le ba bang ba lichaba tsohle ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste.
18. Lihlooho tse latelang li tla bua ka likarolo life tse tharo tsa puisano?
18 Leha ho le joalo, puisano e akarelletsa ho phethahatsa boikarabelo ba ho thusa batho ba bang. Bakreste ba na le boikarabelo ba ho buisana le bo-mang? Ha e le hantle, ho na le likarolo tse tharo tseo ho tsona Bakreste ba tlamehang ho ameha ka ho boloka mecha ea puisano e bulehile: ka lapeng, ka phuthehong ea Bokreste, le tšebeletsong ea Bokreste ea tšimo. Lihlooho tse latelang li tla tšohla likarolo tsena tseo re buang ka tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba Genese 15:1; 46:2; Numere 8:4; 2 Samuele 7:17, NW; 2 Likronike 9:29, NW; Esaia 1:1, BPN; Ezekiele 11:24; Daniele 2:19; Obadia 1, BPN; Nahume 1:1; Liketso 16:9; Tšenolo 9:17.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ha puisano e le sieo ho ka hlaha kotsi efe?
◻ Batho ba babeli ba ka sehloohong tabeng ea puisano ke bo-mang?
◻ Molimo o ’nile oa sebelisa mecha efe e sa tšoaneng bakeng sa ho buisana le motho?
◻ Jesu o ile a ikhetha joang joaloka ea buisanang le ba bang?
◻ Bakreste ba pele ba ne ba atleha ka ho pharalletseng hakae tabeng ea puisano?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Joaloka Ntate oa hae oa leholimo, Jesu o ne a na le kutloelo-bohloko ha a buisana le ba bang