Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha 29 C.E. e talingoa e le selemo sa bohlokoa historing ea Bibele ho e-na le 14 C.E., e leng selemo se qalang sa puso ea Tibere Cesare, eo Luka 3:1 e buang ka eena?
Qaleho ea puso ea Tibere ha e hlahe ka Bibeleng, empa ketsahalo e etsahetseng qetellong ea selemo sa bo15 sa puso ea hae ea hlaha. Sena se nolofalletsa liithuti tsa Bibele hore li tiise hore ketsahalo ena e etsahetse ka 29 C.E., e leng selemo se ka talingoang e le sa bohlokoa ho latela pono ea Bibele.
Puso ea moemphera oa bobeli oa Roma, Tibere Cesare, e amoheleha ka ho felletseng historing. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ka August 19, AD 14, Augustus [moemphera oa pele] o ile a shoa. Tibere, joale e le eena ea ka holimo-limo pusong, o ile a sebelisa mano a lipolotiki lithong tsa Senate molemong oa hae oa botho ’me a se ke a e lumella hore e mo bitse moemphera ka nako e ka bang khoeli, empa ka September 17 o ile a atleha ho nyolohela boemong ba ho ba ’musi ea phahameng ka ho fetisisa.”a
Nako ena e behiloeng bakeng sa ho qaleha ha puso ea Tibere e lumellana le Bibele hobane Luka 3:1-3 e re ka tšebeletso ea Johanne Mokolobetsi: “Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare, ha Ponse Pilato e le ’musisi oa Judea, . . . lentsoe la Molimo la tla ho Johanne, mora oa Zakaria, feelleng. A ea le lefatše lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe.”
Johanne ha aa ka a qala ho ruta le ho kolobetsa ha Tibere e e-ba ’musisi empa o ile a etsa seo “ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare.” Selemo seo sa bo15 se ile sa qala ka hoetla la 28 C.E. ho isa hoetleng la 29 C.E. Leha ho le joalo, ho tseba sena ha ho nolofalletse motho hore a lekanyetse ka nepo hore na tšebeletso ea Johanne e ile ea qala neng selemong seo kapa hore a fumane liketsahalo tse amanang le eona.
Empa Bibele e re fa boitsebiso ba bohlokoa bo tlatsetsang. Ka mohlala, boprofeta ba Daniele ba ‘libeke tse mashome a supileng’ bo ile ba supa 29 C.E. e le selemo seo Messia a neng a tla hlaha ka sona. Bo ile ba boela ba bontša hore Jesu o ne a tla etsa tšebeletso ea hae ka lilemo tse tharo le halofo. (Daniele 9:24-27) Ho ekelletsa makolopetsong ana a Bibele: Jesu o ile a hlaha likhoeli tse tšeletseng ka mor’a Johanne; ha Jesu a kolobetsoa, “o na a batla ho ba le lilemo tse mashome a mararo;” ’me Jesu o ile a shoa nakong ea selemo ka 33 C.E. (nakong ea Paseka), ha a le lilemo li 33 1/2.—Luka 1:24-38; 3:23; 22:14-16, 54.b
Li e-na le boitsebiso bo nepahetseng hakaalo ba Bibele, bo kopaneng le tsela ea lefatše ea ho fumana nako ea puso ea Tibere, liithuti tsa Bibele li fumana hore tšebeletso ea Johanne e ile ea qala nakong ea selemo ka 29 C.E. le hore likhoeli tse tšeletseng hamorao, lehoetleng la 29 C.E., Johanne o ile a kolobetsa Jesu. Kahoo, hase 14 C.E. empa ke 29 C.E. e talingoang e le selemo sa bohlokoa ho latela pono ea Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a September 17 almanakeng ea Julius ke September 15 almanakeng ea Gregory, e leng almanaka e sebelisoang haholo kajeno.
b Bapisa le Insight on the Scriptures, Buka 1, maqephe 458, 463, 467; Buka 2, maqephe 87, 899-902, 1099, 1100, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.