Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
“Mofuta oa borapeli bo hloekileng le bo sa silafalang ho ea ka pono ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona.”—JAKOBO 1:27, NW.
1, 2. (a) Likelellong tsa batho ba bangata, ke eng se rerang hore na bolumeli ba bona ke bo nepahetseng kapa che? (b) Ke eng se lokelang ho nahanoa ka ho teba ha ho khethoa bolumeli?
RE PHELA mehleng eo batho ba bangata ba khotsofaletseng hore bolumeli bo be le karoloana feela bophelong ba bona. Ba ka ’na ba e-ba teng litšebeletsong tse itseng tsa bolumeli, empa ke ba fokolang ba etsang joalo kamehla. Batho ba bangata ha ba lumele hore malumeli ana a mang kaofela a fosahetse le hore ba bona ke bo nepahetseng. Ba ka ’na ba ikutloa feela hore bolumeli ba bona bo nepahetse bakeng sa bona.
2 Ka lebaka leo, na potso ena, Na u fumane bolumeli bo nepahetseng? empa feela e bolela hore, Na u fumane bolumeli boo u bo ratang? Ke eng se rerang hore na u rata eng? Lelapa la hao? Metsoalle ea hao? Maikutlo a hao? U kile oa nahana ka ho teba hakae ka pono ea Molimo tabeng ee?
Re ka Tseba Pono ea Molimo Joang?
3. (a) Hore re tle re tsebe pono ea Molimo, re tlameha ho fumana eng? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho li botsa mabapi le hore na ke hobane’ng ha re lumela hore Bibele e tsoa ho Molimo?
3 Hore re tle re tsebe seo Molimo ka boeena a se nahanang, joale ho tlameha hore ho be le tšenolo e itseng e tsoang ho eena. Bibele ke buka ea boholo-holo haholo e ipolelang hore e bululetsoe ke Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) Empa na kannete ho ka boleloa hore buka ena, ha e bapisoa le tse ling tsohle, e fupere molaetsa oa Molimo bakeng sa moloko oohle oa batho? U ne u tla arabela potso eo joang, hona hobane’ng? Na ke ka hobane batsoali ba hao ba ne ba e-na le pono eo? Na ke ka lebaka la boikutlo ba metsoalle ea hao? Na uena ka bouena u hlahlobile bopaki? Ke hobane’ng ha u sa etse joalo hona joale, u sebelisa lintlha tse latelang tse ’nè tsa bopaki?
4. Mabapi le ho fumaneha ha eona, ke eng e bontšang hore Bibele e tsoa ho Molimo, ho e-na le ho ba buka e ’ngoe e itseng?
4 Ho fumaneha: Molaetsa oo kannete o tsoang ho Molimo le oo e leng oa lelapa lohle la batho o lokela ho fumaneha. Na ke ’nete ka Bibele? Nahana sena: Bibele, e feletse kapa e sa fella, hona joale e hatisoa ka lipuo tse fetang 2 000. Ho latela American Bible Society, hoo e ka bang lilemo tse leshome tse fetileng lipuo tseo Bibele e neng e hatisoa ka tsona li ile tsa etsa hore e fumanehe ho karolo ea 98 lekholong ea baahi ba lefatše. Joalokaha Guinness Book of World Records e bontšitse, ho hlakile hore Bibele ke “buka e abjoang ka ho pharaletseng haholo lefatšeng.” Sena ke seo re neng re tla se lebella ka molaetsa o tsoang ho Molimo o reretsoeng batho ba merabe eohle le lichaba tsohle le lihlopha tsohle tsa lipuo. (Bapisa le Tšenolo 14:6.) Ha ho buka e ’ngoe lefatšeng e nang le tlaleho e tšoanang le ea eona.
5. Ke hobane’ng ha motheo oa histori ea Bibele e le oa bohlokoa?
5 Bonnete ba histori: Ho hlahlobjoa ka hloko ha litlhaloso tsa Bibele ho senola tsela e ’ngoe eo ka eona Bibele e ikhethang libukeng tse ling tse ipolelang hore lia halalela. Bibele e fupere linnete tsa histori, eseng litšōmo tse ke keng tsa pakoa. Irwin Linton, eo joaloka ’muelli oa molao a neng a tloaetse ho hlahlobisisa se neng se hlokahala e le bopaki ka lekhotleng la molao, o ile a ngola: “Le hoja lipale tse thehiloeng litšōmong, litšōmo le bopaki ba bohata li le seli ho beha liketsahalo tse phetoang sebakeng se hōle le nakong e sa feleng, . . . se tlalehoang Bibeleng se re fa letsatsi le sebaka seo lintho tseo ho buuoang ka tsona li etsahetseng ho tsona ka ho nepahala ho phethahetseng.” (Bakeng sa mehlala, bona 1 Marena 14:25; Esaia 36:1; Luka 3:1, 2.) Ho batho ba retelehelang bolumeling eseng hobane ba iphapanyetsa taba ea sebele empa bakeng sa ’nete, ena ke ntlha ea bohlokoa eo ba ka e nahanang.
6. (a) Bibele e hlile e thusa motho ea nang le mathata a bophelo joang? (b) Ke ka litsela life tse tharo Bibele e thusang motho ho sebetsana ka katleho le linnete tse bohloko tsa bophelo?
6 Ho sebetsa ha eona: Ba hlahlobang Bibele ka ho teba ba hlokomela kapele hore litaelo tsa eona le melao-motheo ea eona ha ea rereloa ho ba tlatlapa. Ho e-na le hoo, li fana ka tsela ea bophelo e tlisang molemo ho ba li khomarelang haufi-ufi. (Esaia 48:17, 18) Matšeliso ao e fanang ka ’ona ho ba tepeletseng hase a lephaka, a theiloeng lifilosofing tsa lefeela. Ho e-na le hoo, e thusa batho ho sebetsana ka katleho le lintho tsa sebele tse bohloko tsa bophelo. Joang? Ka litsela tse tharo: (1) ka ho fana ka keletso e utloahalang mabapi le mokhoa oa ho sebetsana le mathata, (2) ka ho hlalosa mokhoa oa ho fumana tšehetso e lerato eo Molimo a e fang bahlanka ba hae hona joale, le (3) ka ho senola bokamoso bo babatsehang boo Molimo a bo boloketseng ba mo sebeletsang, a ba fa mabaka a utloahalang bakeng sa ho tšepa litšepiso tsa hae.
7. (a) U sebelisa mangolo a boletsoeng botlaaseng ba leqephe, hlalosa karabelo ea Bibele ho e ’ngoe ea litseko tse ka sehloohong tse amang batho kajeno. (b) Bontša kamoo keletso ea Bibele e re sireletsang kapa e re thusang ho sebetsana ka katleho le boemo bo sithabetsang.
7 Le hoja keletso ea Bibele e se hangata e ratehang har’a ba hanang bolaoli le ba phehellang bophelo ba ho ikhotsofatsa ho feteletseng, ba bangata ba hlokometse hore bophelo bo joalo ha boa ba tlisetsa thabo ea ’nete. (Ba-Galata 6:7, 8) Bibele e fana ka likarabelo tse otlolohileng lipotsong tse buang ka ho ntšoa ha mpa, tlhalo, le bosodoma. Keletso ea eona ke tšireletso khahlanong le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala le khahlanong le ho tšoaroa ke AIDS ka mali a silafetseng kapa boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. E re bontša mokhoa oa ho ba le malapa a thabileng. E fana ka likarabelo tse nolofaletsang motho hore a sebetsane le maemo a sithabetsang ka ho fetisisa bophelong, ho akarelletsa le ho khesoa ke litho tse haufi tsa lelapa, bokuli bo hlobaetsang, le lefu la e mong ea ratoang. E re thusa ho lemoha lintho tse tlang pele ho rōna e le hore bophelo ba rōna bo ka khotsofatsoa ka lintho tse nang le moelelo ho e-na le boikoahlao.a
8, 9. (a) Ke boprofeta bofe bo u amang ka bouena e le bopaki ba ho bululeloa ha Bibele? (b) Boprofeta bo ka Bibeleng bo paka hore bo simolohile kae?
8 Boprofeta: Bibele e ikhetha e le buka ea boprofeta, buka e bolelang tse tlang ho etsahala nakong e tlang, ’me e etsa joalo ka tsela e qaqileng. E ile ea bolela esale pele ho timetsoa ha Tyre ea boholo-holo, ho oa ha Babylona, ho hahuoa bocha ha Jerusalema, ho phahama le ho oa ha marena a Medo-Persia le Greece, le liketsahalo tse ngata bophelong ba Jesu Kreste. E boetse ea bolela esale pele ka mokhoa o qaqileng ka maemo a lefatše a etsahetseng lekholong lena la lilemo, ’me e hlalosa bohlokoa ba ’ona. E bontša kamoo mathata a aparetseng babusi ba batho a tlang ho rarolloa kateng, ’me e supa ’Musi ea tlang ho tlisetsa moloko oa batho khotso e sa feleng le tšireletseho ea ’nete.b—Esaia 9:6, 7; 11:1-5, 9; 53:4-6.
9 Ka ho hlokomelehang, Bibele e bontša matla a ho bolela bokamoso esale pele ka nepo e le bopaki ba hore e tsoa ho Molimo. (Esaia 41:1–46:13) Ea ka ho etsang kapa ho susumetsa ba bang hore ba ho etse hase setšoantšo feela se se nang bophelo. Hase feela motho ea inehetseng. Ke Molimo oa ’nete, ’me buka e fupereng boprofeta bo joalo ke Lentsoe la hae.—1 Ba-Thessalonika 2:13.
Na Bohle ba Sebelisang Bibele ba Nepile?
10, 11. Joalokaha Jesu a bontšitse, le hoja moruti a ka ’na a sebelisa Bibele, ke eng e ka etsang hore bolumeli boo a bo buellang e be bo se nang thuso?
10 Na ke ho utloahalang—habohlokoa le ho feta, na ho lumellana le Mangolo—ho etsa qeto ea hore lihlopha tsohle tsa bolumeli tse ipolelang hore li sebelisa Bibele li ruta bolumeli ba ’nete? Na e mong le e mong ea nkang kapa a qotsa Bibele o sebelisa bolumeli bo nepahetseng?
11 Baruti ba bangata, le hoja ba e-na le Bibele, ba sebelisa bolumeli e le mokhoa oa ho itlotlisa. Ba hlapolla linnete tse hloekileng ka lineano le lifilosofi tsa batho. Na borapeli ba bona boa amoheleha ho Molimo? Ho baeta-pele ba bolumeli Jerusalema lekholong la pele la lilemo ba neng ba etsa sona seo, ka ho loketseng Jesu Kreste o ile a sebelisa phatlalatso ea Molimo ka moprofeta Esaia, ha a re: “Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Mattheu 15:8, 9; 23:5-10) Ka ho hlakileng, bolumeli ba mofuta o joalo hase bolumeli ba ’nete.
12, 13. (a) Boitšoaro ba litho tsa kereke bo ka thusa motho joang hore a rere hore na bolumeli ba tsona ke bo nepahetseng kapa che? (b) Molimo o tla talima borapeli ba rōna joang haeba re khetha bao a sa ba amoheleng e le metsoalle? (2 Likronike 19:2)
12 Ho thoe’ng haeba litholoana tse hlahisoang ke lithuto tsa malumeli a itseng, joalokaha li bonahala bophelong ba litho tsa ’ona tse boemong bo botle, li bolile? Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a lemosa: “Phemang baporofeta ba bohata . . . Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. . . . Efela sefate ka seng se monate se beha litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha litholoana tse mpe.” (Mattheu 7:15-17) Ke ’nete hore batho ka bomong ba ka ’na ba etsa phoso ’me ba hloka khalemelo. Empa boemo bo fapane ha litho tsa kereke, esita le baruti, ba inehela bohloleng le bofebeng, ho loaneng, botahoeng, meharong, leshanong, tšebelisanong le meea, borapeling ba litšoantšo—leha e le efe ea lintho tsena kapa tsona kaofela—empa ho se khalemelo e etsoang, ’me ba tsoelang pele tseleng ena ha ba behelloe ka thōko ho phutheho. Bibele e bolela ka ho hlaka hore ba etsang lintho tse joalo ba lokela ho lelekoa ka phuthehong; ba ke ke ba e-ba le sebaka ’Musong oa Molimo. (Ba-Galata 5:19-21) Borapeli ba bona ha bo khahlise Molimo, leha e le hore borapeli ba rōna bo tla khahlisa Molimo haeba re khetha metsoalle eo a sa e amoheleng.—1 Ba-Korinthe 5:11-13; 6:9, 10; Tšenolo 21:8.
13 Ho hlakile hore hase lihlopha tsohle tse ipolelang hore li sebelisa Bibele tse sebelisang bolumeli ba ’nete boo e bo hlalosang. Joale, ke eng seo Bibele e se totobatsang e le matšoao a bolumeli ba ’nete?
Matšoao a Khethollang Bolumeli ba ’Nete
14. (a) Lithuto tsohle tsa bolumeli ba ’nete li thehiloe ho eng? (b) Lithuto tsa Bokreste-’mōtoana mabapi le Molimo le sephefumolohi li ema joang tekong ee?
14 Lithuto tsa bona li thehiloe ka ho tiea Mangolong a bululetsoeng. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16, NW) Empa ke hokae moo Bibele e Halalelang e buang ka Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana? ’Me ke hokae moo Bibele e rutang hore batho ba na le sephefumolohi se pholohang lefu la ’mele, joalokaha baruti ba etsa? Na u kile oa kōpa moruti hore a u bontše lithuto tseo ka Bibeleng ea hao? The New Encyclopædia Britannica e re: “Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto ena ka ho hlaka ha li hlahe Testamenteng e Ncha.” (1992, Micropædia, Buka 11, leqephe 928) ’Me New Catholic Encyclopedia le eona ea lumela: “Har’a bo-Ntate Baapostola, ho ne ho se letho esita le le atametsang hanyenyane feela monahanong o joalo kapa kutloisisong e joalo.” (1967, Buka XIV, leqephe 299) Mabapi le khopolo ea Bokreste-’mōtoana ea sephefumolohi se arohanang le ’mele lefung, litsebi tsa kereke lia lumela hore li ile tsa alima khopolo eo filosofing ea Magerike. Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete ha bo behelle ’nete ea Bibele ka thōko ka lebaka la filosofi ea batho.—Genese 2:7; Deuteronoma 6:4; Ezekiele 18:4; Johanne 14:28.
15. (a) Bibele e khetholla ea ’notši Ea lokeloang ke ho rapeloa joang? (b) Barapeli ba ’nete ba ikutloa joang ka ho atamela haufi le Jehova?
15 Bolumeli ba ’nete bo buella borapeli ba Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova. (Deuteronoma 4:35; Johanne 17:3) Ha a hlalosa Deuteronoma 5:9 le 6:13, ka mantsoe a mang, Jesu Kreste o ile a re ka tieo: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tlamehang ho mo rapela‚ ’me u tlameha ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho eena feela.” (Mattheu 4:10, NW) Ho lumellana le seo, Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Ntate oa hae ho barutuoa ba hae. (Johanne 17:26) Na bolumeli ba hao bo u rutile ho rapela Jehova? Na u se u tseba Motho ea khetholloang ka lebitso leo—merero ea hae, mesebetsi ea hae, litšoaneleho tsa hae—hoo u ka ikutloang u ka atamela haufi le eena ka kholiseho? Haeba bolumeli ba hao ke ba ’nete, karabelo ke e.—Luka 10:22; 1 Johanne 5:14.
16. Tumelo ho Kreste e bolela eng ho ba sebelisang bolumeli ba ’nete?
16 Karolo ea bohlokoa ea borapeli bo khahlisang Molimo ke tumelo ho Mora oa hae, Jesu Kreste. (Johanne 3:36; Liketso 4:12) Hona ha ho bolele feela ho lumela hore o ile a phela kapa hore e ne e le motho ea ikhethang. Ho akarelletsa ho ananela seo Bibele e se rutang ka bohlokoa ba sehlabelo sa bophelo bo phethahetseng ba Jesu ba botho le ho hlokomela boemo ba hae kajeno e le Morena oa leholimo. (Pesaleme ea 2:6-8; Johanne 3:16; Tšenolo 12:10) Haeba u kopanela le ba sebelisang bolumeli ba ’nete, ua tseba hore bophelong ba letsatsi le leng le le leng ba etsa boiteko bo hlokolosi ba ho utloa Jesu, ho etsisa mohlala oa hae, le ho kopanela ka bobona le ka cheseho mosebetsing oo a o abetseng barutuoa ba hae. (Mattheu 28:19, 20; Johanne 15:14; 1 Petrose 2:21) Haeba hase ’nete ka bao u rapelang le bona, ho hlokahala u shebe ’nģa e ’ngoe.
17. Ke hobane’ng ha barapeli ba ’nete ba le hlokolosi hore ba ipoloke ba se na letheba lefatšeng, ’me hoo ho akarelletsa eng?
17 Borapeli ba ’nete ha bo silafatsoe ke ho itšunya-tšunya lipolotiking le likhohlanong tsa lefatše. (Jakobo 1:27) Hobane’ng ho se joalo? Hobane Jesu o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše‚ feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Jesu ha aa ka a kena-kenana le lipolotiki, ’me o ile a thibela balateli ba hae hore ba se ke ba retelehela lihlomong tsa nama. (Mattheu 26:52) Ba nkang seo Lentsoe la Molimo le se buang ka ho teba ‘ha ba sa ithuta ntoa.’ (Esaia 2:2-4) Haeba bolumeli leha e le bofe boo u leng setho sa bona leha e le ka lebitso bo sa tšoanele tlhaloso eo, ke nako ea hore u khaole maqhama le bona.—Jakobo 4:4; Tšenolo 18:4, 5.
18. (a) Johanne 13:35 e khetholla tšobotsi e ikhethang ea bolumeli ba ’nete e le efe? (b) U ka thusa motho e mong joang ho rera hore na ke sehlopha sefe se hlileng se lumellanang le Johanne 13:35?
18 Bolumeli ba ’nete bo ruta le ho sebelisa lerato le se nang boithati. (Johanne 13:35; 1 Johanne 3:10-12) Lerato le joalo ha ho buuoe ka lona feela linehelanong. Ha e le hantle le hulela batho ba merabe eohle, lihlopha tsohle tsa moruo, lipuo tsohle, lichaba tsohle hammoho boeneng ba ’nete. (Tšenolo 7:9, 10) Bo arola Bakreste ba ’nete lefatšeng le ba potolohileng. Haeba ha u e-s’o etse joalo, e ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, hammoho le likopanong tsa tsona tse khōloanyane. Li shebelle ha li sebetsa hammoho li haha e ’ngoe ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso. Hlokomela hore na li tšoara ba hōlileng (ho akarelletsa le bahlolohali) le batho ba banyenyane (ho akarelletsa le ba nang le motsoali a le mong feela kapa ba se nang eena ho hang) joang. (Jakobo 1:27) Bapisa seo u se hlokometseng le seo u se boneng bolumeling leha e le bofe bo bong. Joale ebe ua ipotsa, ‘Ke bo-mang ba sebelisang bolumeli ba ’nete?’
19. (a) Ke tharollo efe mathateng a moloko oa batho eo bolumeli ba ’nete bo e buellang? (b) Ke eng eo litho tsa sehlopha se nang le bolumeli ba ’nete li lokelang ho e etsa?
19 Bolumeli ba ’nete bo buella ’Muso oa Molimo e le tharollo e sa feleng mathateng a moloko oa batho. (Daniele 2:44; 7:13, 14; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4, 5) Na ho na leha e le efe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana e etsang seo? U qetetse neng ho utloa moruti a hlalosa ’Muso oa Molimo le seo Mangolo a bontšang hore o tla se finyella? Na mokhatlo o hlophisitsoeng oo u leng setho sa oona o u khothaletsa ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo, ’me haeba ho joalo, na litho kaofela li kopanela ho etseng joalo? Jesu o ile a etsa bopaki bo joalo; barutuoa ba hae ba pele ba ho entse. Le uena u ka ba le tokelo ea ho kopanela tšebetsong ena. Ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang holim’a lefatše kajeno.—Mattheu 24:14.
20. Ho phaella ho khetholleng bolumeli ba ’nete, re tlameha ho etsa eng?
20 Le hoja ho e-na le malumeli a likete, ka pele-pele Bibele e re thusa ho tlosa pherekano e le hore re ka khetholla ba ’nete. Empa ho hlokahala hore re etse ho fetang ho bo khetholla. Ke habohlokoa hore re bo sebelise. Hore na sena se akarelletsa eng se tla hlahlobjoa haholoanyane sehloohong sa rōna se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ntšoa ha mpa: Liketso 17:28; Pesaleme ea 139:1, 16; Exoda 21:22, 23, (NW). Tlhalo: Mattheu 19:8, 9; Ba-Roma 7:2, 3. Bosodoma: Ba-Roma 1:24-27; 1 Ba-Korinthe 6:9-11. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala: 2 Ba-Korinthe 7:1; Luka 10:25-27; Liproverbia 23:20, 21; Ba-Galata 5:19-21. Mali le ho hlepha boitšoarong: Liketso 15:28, 29; Liproverbia 5:15-23; Jeremia 5:7-9. Lelapa: Ba-Efese 5:22–6:4; Ba-Kolosse 3:18-21. Ho khesoa: Pesaleme ea 27:10; Malakia 2:13-16; Ba-Roma 8:35-39. Bokuli: Tšenolo 21:4, 5; 22:1, 2; Tite 1:2; Pesaleme ea 23:1-4. Lefu: Esaia 25:8; Liketso 24:15. Lintho tse tlang pele: Mattheu 6:19-34; Luka 12:16-21; 1 Timothea 6:6-12.
b Bakeng sa mehlala ea boprofeta bo joalo le ho phethahala ha bona, bona libuka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, maqephe 117-61; le Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 56-8, 336-42, 293-300. Ka bobeli li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ha ho khetholloa bolumeli bo nepahetseng, ke pono ea mang eo e leng ea bohlokoahali?
◻ Ke lintlha life tse ’nè tsa bopaki tse supang Bibele e le Lentsoe la Molimo?
◻ Ke hobane’ng ha e se malumeli ’ohle a sebelisang Bibele a amohelehang ho Molimo?
◻ Ke matšoao afe a tšeletseng a khethollang bolumeli bo nepahetseng?
[Lebokose le leqepheng la 10]
Lipaki tsa Jehova . . .
◆ Li theha lithuto tsa tsona tsohle Bibeleng.
◆ Li rapela Molimo a le mong oa ’nete, Jehova.
◆ Li phela tumellanong le tumelo ea tsona ho Jesu Kreste.
◆ Ha li itšunya-tšunye lipolotiking le likhohlanong tsa lefatše.
◆ Li batla ho bonahatsa lerato le se nang boithati bophelong ba letsatsi le letsatsi.
◆ Li buella ’Muso oa Molimo e le tharollo e sa feleng mathateng a batho.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
BIBELE—ke eng e bontšang hore e fupere molaetsa oa Molimo bakeng sa moloko oohle oa batho?