Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
“Ho lehlohonolo motho . . . [ea ithabelang] molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.”—PESALEME EA 1:1, 2.
1. (a) Ke letšoao lefe le hlaheletseng le hlahang lehlakoreng le leng la mohaho oa fektheri ea ntlo-khōlō ea lefatše lohle ea Mokhatlo oa Watch Tower? (b) Re tla fumana molemo joang haeba re tebisetsa keletso ee pelong?
“BALA LENTSOE LA MOLIMO BIBELE E HALALELANG LETSATSI LE LETSATSI.” Mantsoe ao a ngotsoe ka litlhaku tse khōlō lehlakoreng le leng la mohaho oo Libibele le lingoliloeng tsa Bibele li hatisoang ho oona ke Watchtower Bible and Tract Society, Brooklyn, New York. Keletso eo ha ea rereloa feela bakeng sa batho ba lefatše ba bonang letšoao lena. Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore le tsona ho hlokahala hore li e nke ka ho teba. Ba balang Bibele kamehla le ho e sebelisa ba fumana molemo thutong, khalemelong, ho otlolleng lintho, le taeong ea ho loka tseo e fanang ka tsona.—2 Timothea 3:16, 17, NW.
2. Moena Russell o ile a hatisa bohlokoa ba ho bala Bibele joang?
2 Lipaki tsa Jehova li ananela haholo lithuso tsa tsona tsa ho ithuta Bibele, ho akarelletsa le Molula-Qhooa, ’me li li sebelisa kamehla. Empa lia tseba hore ha ho le e ’ngoe ea tsona e nkang sebaka sa Bibele ka boeona. Morao koana ka 1909, Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a ngolla babali ba makasine ea Watch Tower: “Le ka mohla le se ke la lebala hore Bibele ke eona Tekanyetso ea rōna le hore ho sa tsotellehe hore na lithuso tsa rōna li fanoe ke Molimo hakae ke ‘lithuso’ ’me li ke ke tsa nka sebaka sa Bibele.”
3. (a) “Lentsoe la Molimo” le na le phello efe ho ba le sebelisang? (b) Batho ba Berea ba ne ba bala le ho ithuta Mangolo hangata hakae?
3 Mangolo a bululetsoeng a tebile a bile a matla ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli; ’me lea hlaba, le ee ho kena le likhaohanong tsa pelo le tsa moea, le manonyellong le mokong; ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Ba-Heberu 4:12) Morutuoa Luka ka mofuthu o ile a babatsa batho ba Berea, a re ke ‘ba khabane haholoanyane.’ Ha baa ka ba amohela lentsoe ka thahasello feela ha moapostola Pauluse le motsoalle oa hae Silase ba ntse ba le bolela empa hape ba ile “ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle” ho fumana motheo oa Mangolo bakeng sa se neng se rutoa.—Liketso 17:11.
Ho e Bala Kamehla
4. Mangolo a bontša’ng mabapi le hore na re lokela ho bala Bibele hangata hakae?
4 Bibele ha e bolele ka ho toba hore na re lokela ho e bala hangata hakae. Leha ho le joalo, ka sebele e tlaleha keletso ea Jehova ho Joshua ea ho ‘bala buka ena ea molao a khutsitse motšehare le bosiu’ e le hore a ka sebetsa lintho ka bohlale ’me a atleha ha a phetha likabelo tseo Molimo a mo fileng tsona. (Joshua 1:8, NW) E re bolella hore mang kapa mang ea ileng a busa Iseraele ea boholo-holo e le morena o ne a lokela ho bala Mangolo “ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.” (Deuteronoma 17:19) E tsoela pele e re: “Ho lehlohonolo motho ea sa lateleng keletso ea [ba khopo] . . . empa a ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.” (Pesaleme ea 1:1, 2) Hape, Kosepele e tlalehiloeng ke Mattheu e re bolella hore ha Jesu Kreste a hanela boiteko ba Satane ba ho Mo leka, O ile a qotsa Mangolo a bululetsoeng a Seheberu, a re: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Mattheu 4:4) Ho hlokahala hore re je lijo tsa nama hangata hakae? Letsatsi le leng le le leng! Ho fumana lijo tsa moea letsatsi le letsatsi ke habohlokoa haholoanyane hobane ho ama litebello tsa rōna tsa bophelo bo sa feleng.—Deuteronoma 8:3; Johanne 17:3.
5. Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ka re thusa joang hore re “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena” ha liteko tsa tumelo li re hlasela?
5 Ho hlokahala hore e mong le e mong ho rōna a matlafatsoe ke Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Letsatsi le leng le le leng—lapeng, mosebetsing, sekolong, literateng, ha re reka, tšebeletsong ea rōna—re hlaseloa ke liteko tsa tumelo ea rōna. Re tla sebetsana le tsona joang? Na litaelo tsa Bibele le melao-motheo ea eona li tla tla hang-hang likelellong tsa rōna? Ho e-na le ho khothaletsa boikutlo ba ho itšepa, Bibele ea hlokomelisa: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” (1 Ba-Korinthe 10:12) Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho tla re thusa hore re ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, re mo khahlise ka hohle’ ho e-na le ho lumella lefatše hore le re etse hore re tšoane le lona.—Ba-Kolosse 1:9, 10; Ba-Roma 12:2.
Tlhoko ea ho Bala Bibele Khafetsa
6. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bala Bibele khafetsa?
6 Ho bala Bibele ho fapane haholo le ho bala buka ea pale. Buka ea pale e utloisisehang habonolo e etselitsoe hore e baloe ka lekhetlo le le leng; hang ha motho a se a tseba pale eo le hore na e fella joang, ho felile. Ho fapana le hoo, ho sa tsotellehe hore na re balile Bibele ka makhetlo a makae, re fumana molemo o moholo ka ho e bala hape. (Liproverbia 9:9) Ho motho ea nang le temohisiso, kamehla Mangolo a ba le moelelo o mocha. Boprofeta bo mabapi le mehla ea qetello bo hatiseha haholoanyane ho eena leseling la seo a se boneng, a se utloileng, le seo eena ka boeena a fetileng ho sona likhoeling tsa morao tjena. (Daniele 12:4) Ha a ntse a atolosa phihlelo ea hae ka boeena bophelong ’me a sebetsana le mathata ka katleho, ’mali oa Bibele ea nang le temohisiso o utloisisa ka ho feletseng haholoanyane keletso eo mohlomong a kileng a e bala feela a sa tsepamisa mohopolo. (Liproverbia 4:18) Haeba a hlaseloa ke ho kula ho tebileng, litšepiso tsa Bibele mabapi le ho tlosoa ha bohloko le ho tsosolosoa ha bophelo bo botle li ba le moelelo o tebileng haholoanyane ho eena ho feta leha e le neng pele. Ha metsoalle e haufi le litho tsa lelapa li e-shoa, tšepo ea tsoho e ba ea bohlokoa le ho feta.
7. Re ka thusoa ke’ng ha re ba le boikarabelo bo bocha bophelong, hona hobane’ng?
7 E ka ’na eaba ka bouena u balile Bibele ’me u ’nile ua sebelisa keletso ea eona ka lilemo. Empa mohlomong hona joale u na le boikarabelo bo bocha bophelong. Na u rera ho kena lenyalong? Na u il’o ba motsoali? Na u filoe boikarabelo ba ho ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong? Na u fetohile ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng, ea nang le menyetla e eketsehileng ea ho bolela le ho ruta? Ho ka ba molemo hakaakang hore u bale Bibele eohle hape u nahanne ka boikarabelo boo bo bocha!—Ba-Efese 5:24, 25; 6:4; 2 Timothea 4:1, 2.
8. Maemo a fetohileng a ka bontša joang hore ho hlokahala hore re ithute ka ho eketsehileng lintho tseo re neng re nahana hore re se re li tseba?
8 Nakong e fetileng e ka ’na eaba u entse hantle tabeng ea ho bontša litholoana tsa moea. (Ba-Galata 5:22, 23) Empa ho fetoha ha maemo ho ka ’na ha etsa hore ho hlokahale hore u ithute ho eketsehileng haholoanyane ka litšoaneleho tseo tsa bomolimo. (Bapisa le Ba-Heberu 5:8.) Eo e kileng ea e-ba molebeli ea tsamaeang ea ileng a ho fumana ho hlokahala hore a siee tšebeletso ea hae e khethehileng e le hore a ka hlokomela batsoali ba hae ba hōlileng o itse: “Ke ’nile ka nahana hore ke ne ke etsa hantle ka ho lekaneng tabeng ea ho bontša litholoana tsa moea. Hona joale ke utloa eka ke qala qalong.” Ka ho tšoanang, banna le basali bao balekane ba bona ba hlasetsoeng ke bokuli bo matla ’meleng kapa maikutlong ba ka ’na ba hlokomela hore ha ba fana ka tlhokomelo ea botho, ka linako tse ling khatello e etsa hore ba itšoare ka tsela e ba nyahamisang. Ho bala Bibele kamehla ke mohloli oa matšeliso a maholo le thuso e khōlō.
Nako ea ho Bala Bibele
9. (a) Motho ea tšoarehileng haholo a ka thusoa ke’ng ho fumana nako ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi? (b) Ke hobane’ng ha ho bala Lentsoe la Molimo e le habohlokoa ka ho khethehileng ho baholo?
9 Ka sebele, bakeng sa batho ba seng ba ntse ba tšoarehile haholo, ho fumana nako ea ho etsa ntho e ’ngoe e kenellang kamehla ke phephetso. Leha ho le joalo, re ka fumana molemo mohlaleng oa Jehova. Bibele e senola hore o etsa lintho ka ‘linako tse behiloeng.’ (Genese 21:2; Exoda 9:5; Luka 21:24, NW; Ba-Galata 4:4) Ho ananela bohlokoa ba ho bala Lentsoe la Molimo kamehla ho ka re thusa ho beha nako ea hona kemisong ea rōna ea letsatsi le letsatsi. (Ba-Efese 5:15-17) Baholo ka ho khethehileng ho hlokahala hore ba behelle ka thōko nako ea ho bala Bibele kamehla e le hore keletso eo ba fanang ka eona e ka ba e thehiloeng melao-motheong ea Bibele ka ho toba le hore moea oo ba o bontšang o tle o bontše “bohlale bo tsoang holimo.”—Jakobo 3:17; Tite 1:9.
10. Ba balang Bibele letsatsi le letsatsi ba fumana nako ea ho bala neng?
10 Ba bangata ba ileng ba atleha lenaneong la botho la ho bala Bibele ba e bala hoseng haholo pele ba qala mesebetsi ea letsatsi. Ba bang ba fumana hore ba khona ho e bala ka ho tsitsitseng ka nako e ’ngoe esele. Lik’hasete tsa audio tsa Bibele (moo li fumanehang) li thusa batho ba eang mosebetsing ka sepalangoang kamehla ho sebelisa nako ea ho tsamaea hamolemo, ’me Lipaki tse ling li li mamela ha li etsa mesebetsi ea lelapa e tloaelehileng. Mananeo a ’nileng a sebetsa ho Lipaki tse sa tšoaneng Europe, Afrika, Amerika Leboea, Amerika Boroa, le Linaheng tsa Bochabela, a bontšitsoe leqepheng la 20 le la 21, sehloohong se reng “Nako eo ba e Balang ka Eona le Kamoo ba Ruang Molemo.”
11. Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ka finyelloa joang esita leha nako e fumanehang e lekanyelitsoe?
11 Ntho ea bohlokoa haholo hase bolelele ba nako e sebelisoang bakeng sa ho bala Bibele lekhetlong lefe kapa lefe empa ntho ea bohlokoa ke hore e baloe kamehla. U ka ’na ua fumana hore hoa putsa ho e bala ka nako e etsang hora lekhetlo ka leng, u etsa lipatlisiso tse eketsehileng ’me u tsepamisa mohopolo ka ho feletseng boitsebisong. Empa na kemiso ea hao e u lumella hore u ho etse kamehla? Ho e-na le ho lumella hore matsatsi a itseng a fete u sa bale Bibele ho hang, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore u e bale letsatsi le leng le le leng ka metsotso e 15 kapa esita le e 5? Etsa qeto e tiileng ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Ebe u tlatselletsa ’malo oo ka patlisiso e tebileng ha ho khoneha.
Mekhoa e sa Tšoaneng ea ho Bala Bibele
12. Litho tse ncha tsa lelapa la Bethele le liithuti tsa Gileade li na le lenaneo lefe la ho bala Bibele?
12 Ho na le mekhoa e mengata ea ho bala Bibele. Ho molemo ho e bala ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. Litho tsohle tsa lelapa la Bethele lefatšeng lohle tse sebeletsang ntlo-khōlō ea lefatše lohle kapa ho le leng la makala a Mokhatlo ho hlokahala hore li bale Bibele eohle selemong sa pele sa tšebeletso ea tsona ea Bethele. (Hangata seo se akarelletsa ho bala likhaolo tse tharo ho ea ho tse hlano, ho itšetlehile ka bolelele ba tsona, kapa maqephe a mane ho ea ho a mahlano, ka letsatsi.) Liithuti Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le tsona li tlameha ho bala Bibele eohle pele li qeta lithuto tsa tsona. Ho tšeptjoa hore sena se tla ba thusa ho etsa hore ho bala Bibele letsatsi le letsatsi e be karolo ea bophelo ba bona.
13. Lipaki tse sa tsoa kolobetsoa li eletsoa hore li iketsetse pakane efe?
13 Ho molemo hore Lipaki tse sa tsoa kolobetsoa li iketsetse pakane ea ho bala Bibele eohle. Ka 1975, ha mohlankana e mong oa Fora a ne a lokisetsa kolobetso, moholo o ile a mo botsa hore na o na le kemiso e tsitsitseng ea ho bala Bibele. Ho tloha ka nako eo o ile a bala Bibele eohle selemo le selemo, o ne a atisa ho e bala hoseng pele a e-ea mosebetsing. Ha a bua ka liphello o re: “Ke tloaelane le Jehova hamolemo haholoanyane. Nka bona kamoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e amanang le morero oa hae le kamoo a arabelang kateng ha litšitiso li hlaha. Kea bona hore Jehova o lokile o bile o molemo liketsong tsohle tsa hae.”
14. (a) E le hore lenaneo la botho le tsoelang pele la ho bala Bibele le ka qalisoa, ho hlokahala eng? (b) Ke’ng se ka ’nang sa re thusa ho hopola mohopolo o akaretsang oa buka ka ’ngoe ea Bibele ha re ntse re e bala?
14 Na u se u balile Bibele eohle? Haeba ha ho joalo, hona joale ke nako e molemo ea ho qala. Etsa kemiso e tsitsitseng, ebe u tšoarella ho eona. Lekanyetsa hore na u tla bala maqephe kapa likhaolo tse kae letsatsi ka leng, kapa lekanyetsa feela hore na u tla nka nako e kae hona neng. Hase motho e mong le e mong ea tla qeta Bibele ka selemo, empa ntho ea bohlokoa ke ho bala Lentsoe la Molimo kamehla, ho etsa joalo letsatsi le letsatsi haeba ho khoneha. Ha u ntse u bala ho pholletsa le Bibele, u ka ’na ua fumana ho sebelisa libuka tse itseng tsa litšupiso ho thusa bakeng sa ho hatisa mohopolo o akaretsang oa taba kelellong ea hao. Haeba Insight on the Scriptures e le teng ka puo ea hao, joale pele u qala ho bala buka e itseng ea Bibele, hlahloba kakaretso e khutšoanyane ea lintlha tsa eona tse khōlō joalokaha li hlaha ho Insight.* Haholo-holo u hlokomele lihlooho tse ngotsoeng ka mongolo o motenya kakaretsong. Kapa u sebelise kakaretso e pharaletseng haholoanyane e hlahang bukeng ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo.”a
15. (a) Leqepheng la 16 le la 17 ho fanoa ka litlhahiso life tse ka re thusang ho ntlafatsa ’malo oa rōna oa Bibele? (b) Ho e-na le ho etsa hore ho bala palo e itseng ea maqephe e be tloaelo feela tjee, re lokela ho lebisa tlhokomelo e khōloanyane tabeng efe ea bohlokoa?
15 Ho bala Bibele ho sa khaotsoeng ho molemo, empa u se ke ua fetoha ’mali ea balang ka tloaelo feela tjee. U se ke ua bala palo e itseng ea maqephe letsatsi ka leng e le hore feela u ka re u bala Bibele eohle selemo le selemo. Joalokaha ho bontšitsoe lebokoseng leo sehlooho sa lona se reng “Litlhahiso Bakeng sa ho Ntlafatsa ’Malo oa Hao oa Bibele” (leqepheng la 16 le la 17), ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona u ka balang Bibele le ho e thabela. Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa mokhoa ofe, tiisa hore u fepa kelello ea hao le pelo ka bobeli.
Fumana Moelelo oa Seo U se Balang
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nke nako re thuisa ka seo re se balang?
16 Ha a ruta barutuoa ba hae, Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba hore ba utloisise seo a se buileng. Seo e neng e le sa bohlokoa hase feela bohlale ba ho utloisisa, empa ke hore ba se ‘utloisise ka lipelo’ tsa bona e le hore ba tle ba se sebelise bophelong ba bona. (Mattheu 13:14, 15, 19, 23) Seo e leng sa bohlokoa ho Molimo ke seo motho a hlileng a leng sona ka hare, ’me ke sona se emeloang ke pelo. (1 Samuele 16:7; Liproverbia 4:23) Kahoo, ho phaella ho kholiseheng hore re utloisisa se boleloang ke likarolo tse itseng tsa Bibele, ho hlokahala hore re thuise ka tsona, re nahanisise ka phello ea tsona bophelong ba rōna.—Pesaleme ea 48:9; 1 Timothea 4:15.
17. Re ka thuisa ka seo re se balileng Mangolong lintlheng life?
17 Leka ka matla ho hlokomela melao-motheo ea sehlooho litlalehong tsa Bibele e le hore u ka e sebelisa maemong ao u talimanang le ’ona. (Bapisa le Mattheu 9:13; 19:3-6.) Ha u ntse u bala ’me u thuisa ka litšoaneleho tsa Jehova tse babatsehang, sebelisa monyetla oo ho matlafatsa kamano ea hao ea botho le eena, ho hōlisa boikutlo bo matla ba boinehelo ba bomolimo ka hare ho uena. Ha u bala lipolelo tse amanang le morero oa Jehova, nahana ka seo u ka se etsang bakeng sa ho li sebelisa. Ha u bala keletso e tobileng, ho e-na le hore feela u ipolelle, ‘Kea e tseba,’ ipotse, ‘Na ke etsa seo e se bolelang?’ Haeba ho joalo, ipotse, ‘Nka etsa seo “ka ho feletseng haholoanyane” joang?’ (1 Ba-Thessalonika 4:1, NW) Ha u ntse u ithuta litlhokahalo tsa Molimo, u boele u hlokomele mehlala ea sebele ea Bibele ea ba neng ba phela tumellanong le litlhokahalo tsena le ba neng ba sa ho etse. Nahana hore na ke hobane’ng ha ba ile ba phehella tsela eo ba ileng ba e phehella le hore na phello e bile efe. (Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Korinthe 10:11) Ha u bala ka bophelo ba Jesu Kreste, hopola hore Jesu ke eena eo Jehova a behileng borena ba lefatše lohle tlhokomelong ea hae; sebelisa monyetla oa ho matlafatsa takatso ea lefatše le lecha la Molimo ka ho uena. Hape, hlahloba litsela tseo ka tsona u ka etsisang Mora oa Molimo ka ho feletseng haholoanyane.—1 Petrose 2:21.
18. Re ka leka-lekanya ho bala ha rōna Bibele le tšebeliso ea libuka tse ling tsa ho ithuta tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” joang?
18 Ka sebele, ho bala Bibele ha hoa lokela ho nkela tšebeliso ea hao ea lingoliloeng tse babatsehang tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” sebaka. Le tsona ke karolo ea tokisetso ea Jehova—ea bohlokoa haholo. (Mattheu 24:45-47) Tiisa hore ho bala Lentsoe la Molimo kamehla ho ka sehloohong bophelong ba hao. Haeba ho khoneha, “BALA LENTSOE LA MOLIMO BIBELE E HALALELANG LETSATSI LE LETSATSI.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ka Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re bale Bibele khafetsa?
◻ Kemisong ea hao, ke nako efe e leng molemo bakeng sa ho bala Bibele letsatsi le letsatsi?
◻ Ha u ntse u bala Bibele khafetsa, ke’ng se ka etsang motsoako kemisong ea hao?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo ho thuisa ka seo re se balang?
[Lebokose le leqepheng la 16, 17]
Litlhahiso bakeng sa ho ntlafatsa ’malo oa hao oa Bibele
(1) Batho ba bangata ba bala libuka tsa Bibele ho latela tatellano eo ka tloaelo li hatisitsoeng ka eona, ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. Le uena u ka ’na ua li bala ho latela tatellano eo li neng li ngotsoe ka eona qalong. Hopola hore Bibele ke pokello ea libuka tse bululetsoeng tse 66, laebrari ea bomolimo. Bakeng sa ho tsoaka, u ka ’na ua rata ho bala tse ling tsa libuka tse buang ka histori, ebe u bala tseo karolo e khōlō ea tsona e leng boprofeta, ho latele tse ling tseo e leng mangolo a keletso, ho e-na le ho latela feela tatellano ea maqephe. Hopola seo u se balileng, ’me u tiise hore u bala Bibele eohle.
(2) Ka mor’a ho bala karolo e itseng ea Mangolo, ipotse hore na e senola eng ka Jehova, morero oa hae, tsela eo a etsang lintho ka eona; kamoo e lokelang ho ama bophelo ba hao; kamoo u ka e sebelisang kateng ho thusa e mong.
(3) U sebelisa chate e reng “Main Events of Jesus’ Earthly Life” e hatisitsoeng tlas’a sehlooho se reng “Jesus Christ” ho Insight on the Scriptures e le tataiso (le “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”), bala litlhaloso tse bapileng le karolo ka ’ngoe ea Likosepele, ka ho latellana. Tlatsetsa sena ka ho hlahloba likarolo tse tšoanang le tseo bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.
(4) Ha u bala tlaleho ea bophelo le tšebeletso ea Pauluse ho Liketso tsa Baapostola, bala le mangolo a mang a bululetsoeng a amanang le eona. Kahoo, ha ho buuoa ka metse e sa tšoaneng kapa libaka tseo Pauluse a ileng a bolela ho tsona, emisa ’me u bale mangolo ao hamorao a ileng a a ngolla Bakreste-’moho le eena libakeng tseo. Hape hoa thusa ho ela hloko maeto a hae ’mapeng, joaloka o leqepheng le ka hare ho sekoahelo se kamorao sa New World Translation.
(5) Ha u ntse u bala Exoda ho ea ho Deuteronoma, bala lengolo le eang ho Baheberu ho fumana tlhaloso ea liketsahalo tse ngata tsa boprofeta. Tlas’a “Law” ho Insight on the Scriptures, hlahloba chate eo sehlooho sa eona se reng “Some Features of the Law Covenant.”
(6) Ha u bala libuka tsa boprofeta, nka nako u hlahloba semelo sa histori se amanang le tsona ka Bibeleng. Ka mohlala, ha u bala buka ea Esaia, hlahloba likarolong tse ling u bone se builoeng ka marena Oziase, Jothame, Akaze, le Ezekiase, bao ho builoeng ka bona ho Esaia 1:1. (2 Marena, khaolo ea 15-20; 2 Likronike, khaolo ea 26-32) Kapa ha u bala Haggai le Zakaria, nka nako u hlahloba se fumanoang bukeng ea Esdrase.
(7) Khetha buka ea Bibele, bala karolo e itseng ea eona (mohlomong khaolo), ebe u etsa patlisiso, u sebelisa Watch Tower Publications Index kapa Watchtower Library e kentsoeng tsamaisong ea computer haeba e fumaneha ka puo ea hao. Sebelisa boitsebiso boo bophelong ba hao. Bo sebelise lipuong le tšebeletsong ea tšimo. Ebe u tsoela pele ho bala karolo e ’ngoe.
(8) Haeba ho na le sengoliloeng sa Watch Tower se hlalosang buka e itseng ea Bibele kapa karolo ea eona, se hlole khafetsa ha u ntse u bala karolo eo ea Bibele. (Ka mohlala: bakeng sa Sefela sa Lifela, The Watchtower ea December 1, 1957, maqepheng a 720-34; bakeng sa Ezekiele, “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How?; bakeng sa Daniele, “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng” kapa Our Incoming World Government—God’s Kingdom; bakeng sa Haggai le Zakaria, Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!; bakeng sa Tšenolo, Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!)
(9) Ha u ntse u bala, sheba litšupiso tse bontšang moo boitsebiso bo tšoanang le boo u bo balang bo hlahang teng likarolong tse ling. Hlokomela likarolo tse 320 Mangolong a Seheberu tse qotsitsoeng ka ho toba Mangolong a Segerike a Bokreste le makholo-kholo a likarolo tse ling tseo ho builoeng ka tsona, esita le tšebeliso e fanoeng. Litšupiso tse bontšang moo boitsebiso bo tšoanang bo hlahang likarolong tse ling li supa ho phethahaleng ha boprofeta bo tlalehiloeng ka Bibeleng, makolopetsong a mabapi le batho le jeokrafi, le likhopolo tse tšoanang tse ka ’nang tsa hlakisa lipolelo tseo ho ka ’nang ha ba thata ho li utloisisa.
(10) Ha u sebelisa Khatiso ea New World Translation e nang le Litšupiso, haeba e fumaneha ka puo ea hao, hlahloba mongolo o botlaaseng ba maqephe le lihlooho tsa sehlomathiso tse amanang le seo u se balang. Tsena li bontša motheo oa liphetolelo tse sebelisitsoeng le litsela tse ling tseo ka tsona lipolelo tsa bohlokoa li ka fetoleloang. Hape u ka ’na ua rata ho bapisa ho fetoleloa ha litemana tse itseng liphetolelong tse ling tsa Bibele.
(11) Ka mor’a ho bala khaolo ka ’ngoe, ngola kakaretso e khutšoanyane haholo ea khopolo ea sehlooho khaolong eo. E sebelise e le motheo oa tlhahlobo le ho thuisa tseo u tla li etsa hamorao.
(12) Ha u ntse u bala Bibele, tšoaea litemana tseo u li khethileng tseo ka ho khetheha u batlang ho li hopola, kapa u li kopiletse likareteng le ho li beha moo u tla li bona letsatsi le letsatsi. Li tšoare ka hlooho; thuisa ka tsona; li sebelise. Se leke ho tšoara tse ngata haholo ka hlooho ka nako e le ’ngoe, mohlomong e le ’ngoe kapa tse peli beke ka ’ngoe; ebe u khetha tse eketsehileng nakong e tlang ha u bala Bibele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Na u bala Bibele kapa u mamela lik’hasete tsa “audio” tsa eona letsatsi le leng le le leng?