Ho Phelela Kano ea Hao ea Lenyalo!
LETSATSI la lechato ke letsatsi le thabisang. Hape ke ketsahalo e tebileng haholo. Monyaluoa le monyali ba etsa tšepiso e tiileng e tla ama bophelo bohle ba bona. Ba leng teng lechatong e le baeti ke lipaki tsa tšepiso ena e tiileng, empa Jehova Molimo ke Paki e ka sehloohong.
Bibele ha e hloke mekhoa e khethehileng kapa mofuta o khethehileng oa tšebeletso ea lenyalo. Empa, ka ho lumela hore le simolotsoe ke Molimo, lenyalo ka tloaelo le tiisoa ka hore ho etsoe likano tsa lenyalo nakong ea tšebeletso ea bolumeli. Ka lilemo tse itseng Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa kano ena ea lenyalo: “’Na—— ke nka uena—— hore u be (mosali/monna) oa ka eo ke mo chatileng, ke tla u rata le ho u hlokomela (Monyaluoa: le ho u hlompha ka ho tebileng) tumellanong le molao oa Molimo kamoo o behiloeng Mangolong a Halalelang bakeng sa (basali/banna) ba Bakreste, hafeela ’na le uena re ntse re phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.”a
Ntho eo ho ka Nahanoang ka Eona
Haeba u nahana ka lenyalo, ho ne ho tla ba molemo haholo ho nahana ka ho teba ha kano ena le moelelo oa eona pele ho letsatsi la lechato. Salomone o itse: “U se ke ua potlakisa molomo oa hao, pelo ea hao e se ke ea akofa ho bua taba pel’a Molimo.” (Moeklesia 5:2) Ho thoe’ng haeba u se u kene lenyalong? Joale u ne u tla rua molemo ka ho thuisa ka bohlokoa ba tšepiso ena e tiileng eo u e entseng ka pel’a Jehova. Na ua e phelela? Bakreste ba nka litšepiso tsa bona ka ho teba. Salomone o ile a tsoela pele: “Phetha kano ee u e entseng. Ho leng molemo ke ho se etse kano, ho e-na le ho e etsa, u sa e phethe. U se ke ua lesela molomo oa hao ho u isa, u se ke ua bolela pel’a lenģosa la Molimo, ua re: Ke ne ke bua feela!”—Moeklesia 5:4-6.
Ha ho pelaelo hore ho hlahloba polelo ka ’ngoe ea kano ena ea lenyalo ho tla ntlafatsa kutloisiso ea hao ea tšepiso ena e tiileng.
“’Na—— ke nka uena”: Ana ke mantsoe a qalang a kano ena. A totobatsa hore u nka boikarabelo ba botho bakeng sa qeto ea hao ea ho kena lenyalong.
Tlas’a tokisetso ea Bokreste, ha ho na tlamo ea Mangolo ea ho kena lenyalong. Jesu Kreste ka boeena o ile a lula a sa nyala ’me o khothalelitse bosooa bakeng sa ba ka bo “etsetsang sebaka.” (Mattheu 19:10-12, NW) Ka lehlakoreng le leng, boholo ba baapostola ba Jesu e ne e le banna ba nyetseng. (Luka 4:38; 1 Ba-Korinthe 9:5) Ho hlakile hore qeto ea ho nyala ke ea botho. Ha ho motho eo Mangolo a mo lumellang ho qobella e mong ho kena lenyalong.
Ka hona, ua ikarabella bakeng sa ho khetha ho kena lenyalong. Mohlomong, u ikhethetse eo u nyalanang le eena. Ha u etsa kano ea lenyalo, u re, ‘Ke nka uena——,’ u nka motho eo kapa u mo amohela hammoho le litšoaneleho tsa hae tse ntle—empa hape u mo amohela le mefokolo ea hae.
Qetellong u tla hlokomela mekhoa eo u neng u sa hopole hore molekane oa hao o na le eona. Ka linako tse ling u tla soetseha. Bibele e re “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Ka hona ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng e le hore u tšoanelane le molekane oa hao. Sena se ka ’na sa e-ba thata, ’me ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa eka ua tela. Empa hopola, kano ea lenyalo e etsoa moo Jehova a leng teng. A ka u thusa hore u atlehe.
“Hore u be (mosali/monna) oa ka eo ke mo chatileng”: Lechatong la pele feela, ha Eva a ne a fuoa Adama hore a mo nyale, Jehova Molimo o ile a re “e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24; Mattheu 19:4-6) Kahoo kopano ea lenyalo ke kamano e haufi ho feta leha e le efe e ka bang teng pakeng tsa batho ba babeli. Lenyalo le u kenya kamanong e ncha. U amohela motho e mong hore e be ‘mosali eo u mo chatileng’ kapa ‘monna eo u mo chatileng.’ Le fapane le kamano leha e le efe e ’ngoe. Liketso tse bakang kotsi e nyenyane likamanong tse ling li ka ’na tsa khopisa ka ho tebileng tokisetsong ea lenyalo.
Ka mohlala, nahana ka keletso ea Mangolo e fumanoang ho Ba-Efese 4:26. Lengolong leo Bibele e re: “Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona.” Mohlomong hase kamehla u ’nileng ua rarolla mathata a hao le beng ka uena le metsoalle kapele kamoo u neng u lokela ho etsa kateng. Empa molekane oa hao o haufi ho feta mong ka uena leha e le ofe kapa motsoalle. Ho hlōleha ho rarolla mathata kapele le molekane oa hao ho ka ’na ha pepesetsa kamano ena e khethehileng e pakeng tsa lōna kotsi.
Na u lumella ho se lumellane ho itseng pakeng tsa hao le molekane oa hao hore ho fetohe mohloli oa matšoenyeho kapa khalefo? Na ho se utloane le maemo a khopisang li lula monahanong oa hao ka matsatsi a mangata? E le hore u ka phelela kano ea hao, ha mathata a hlaha u se ke ua lumella letsatsi hore le fete u sa etse khotso le molekane oa hao. Sena se bolela ho tšoarela le ho lebala esita le ho hlokomela mefokolo ea hao le liphoso.—Pesaleme ea 51:5; Luka 17:3, 4.
“Ke tla u rata”: Eo e tla ba monna o ikanela ‘ho rata le ho hlokomela’ monyaluoa oa hae. Lerato lena le akarelletsa lerato la ho nkeha maikutlo leo e ka ’nang eaba le ba kopantse hammoho. Empa lerato la ho nkeha maikutlo ha lea lekana. Lerato leo Mokreste a ikanang hore o tla le bontša molekane oa hae le tebile haholoanyane ebile le pharaletse haholoanyane.
Ba-Efese 5:25 e re: “Banna, ratang basali ba lōna, joalo ka ha Kreste le eena a ratile Kereke.” Ka sebele lerato la Jesu bakeng sa phutheho ha le tšoane le lerato la ho nkeha maikutlo pakeng tsa batho ba bong bo sa tšoaneng. Mantsoe “ratang” le “ratile” a sebelisitsoeng lengolong lena a tsoa ho lentsoe a·gaʹpe, le bolelang lerato le tataisoang ke melao-motheo. Lengolong lena Bibele e laela banna ho bontša basali ba bona lerato la kamehla, le sa sisinyeheng, le mamellang.
Hase feela mofuta oa ho nkeha maikutlo oa “kea u rata hobane ua nthata.” Monna o eteletsa boiketlo ba mosali oa hae pele esita le ka pele ho ba hae, ’me mosali o rata monna oa hae ka tsela e tšoanang. (Ba-Filippi 2:4) Ho hlaolela lerato le tebileng bakeng sa molekane oa hao ho tla u thusa ho phelela kano ea hao ea lenyalo.
“Ho u hlokomela”: Ho latela dikishinari e ’ngoe, ‘ho hlokomela’ ho bolela ‘ho tšoara ka lerato, ho ba le boikutlo kapa ho bontša kameho e lerato bakeng sa ntho e itseng.’ U tlameha ho bontša lerato la hao ka mantsoe le ka liketso! Ka ho khetheha mosali o hloka hore monna oa hae kamehla a etse liketso tse bontšang hore oa mo rata. Monna oa hae a ka ’na a mo hlokomela hantle nameng, empa sena ha sea lekana. Ho na le basali ba nang le lijo tse lekaneng le lehae le letle empa ba sa thabang ka ho sisimosang hobane balekane ba bona ba lenyalo ba ba hlokomolohile.
Ka lehlakoreng le leng, mosali ea tsebang hore oa ratoa le ho hlokomeloa ka sebele o na le mabaka ’ohle a ho thaba. Ho hlakile hore ho ka boleloa se tšoanang ka monna. Lerato la ’nete le eketsoa haholo ke lipolelo tse tiileng tsa lerato. Ho Sefela sa Lifela, moratani eo e leng molisana oa bolela: “Lipolelo tsa hao tsa lerato li ipiletsa hakaakang, Khaitseli ea ka, monyaluoa oa ka! Lipolelo tsa hao tsa lerato li molemo hakaakang ho feta veine le monko oa lioli tsa hao ho feta mefuta eohle ea litlolo tse nkhang hamonate!”—Sefela sa Lifela 4:10, NW.
“Le ho u hlompha ka ho tebileng”: Ho theosa le makholo a lilemo ho bile le banna ba ’nileng ba hlekefetsa basali le ho ba nyenyefatsa. Esita le kajeno, ho latela makasine ea World Health, “pefo khahlanong le basali e etsahala naheng e ’ngoe le e ’ngoe le sehlopheng se seng le se seng sechabeng le moruong. Litsong tse ngata, ho otloa ha basali ho nkoa e le tokelo ea monna.” Banna ba bangata ba ka ’na ba se be molato oa boitšoaro bo joalo. Ho ntse ho le joalo, ho bonahala eka banna ba bangata ba hlōleha ho bontša thahasello ea sebele litabeng tse amanang le basali. Ka lebaka leo, basali ba bangata ba se ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka banna. Ho ’nile ha utluoa basali ba bangata ba re, “Ke rata monna oa ka, empa ke sitoa ho mo hlompha!”
Leha ho le joalo, Jehova Molimo o babatsa mosali ea lekang ka matla ho hlompha monna oa hae—esita leha nako le nako a sitoa ho finyella seo a lebeletseng hore a se etse. O hlokomela hore o na le kabelo eo a e filoeng ke Molimo, kapa boemo. (1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:23) Kahoo, tlhompho e tebileng bakeng sa monna oa hae ke karolo ea borapeli ba hae le ea ho utloa Jehova. Molimo ha a hlokomolohe kutlo ea basali ba mo tšabang.—Ba-Efese 5:33; 1 Petrose 3:1-6; bapisa le Ba-Heberu 6:10.
Tlhompho lenyalong e tlameha ho bontšanoa, ’me e lokela ho fumanoa ka ho sebeletsoa ho e-na le hore feela ho lebelloe kapa ho batloe hore e bontšoe. Ka mohlala, puo e phoqang kapa e nyefolang ha e na sebaka tokisetsong ea lenyalo. E ne e ke ke ea e-ba ho bontša lerato kapa tlhompho ho bua lipolelo tse nyelisang monna kapa mosali oa hao. Ha ho letho le molemo le ka fumanoang ka ho pepesa mefokolo ea molekane oa hao ho ba bang kapa ho bua ka eona phatlalatsa. Esita le ka ho soasoa feela motho a ka bontša ho hloka tlhompho ho tebileng karolong ena. Mantsoe a Ba-Efese 4:29, 32 a sebetsa ho monna le mosali. Lengolong leo Bibele e re: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso . . . Le rekolohelane, le hauhelane.”
“Tumellanong le molao oa Molimo kamoo o behiloeng Mangolong a Halalelang”: Molimo o batla hore re thabele bolokolohi ba ho ikhethela le ba ho etsa lintho. Ha a re imetse ka letoto la melao e khathatsang e laolang bophelo ba lenyalo. Empa, molemong oa rōna o behile ka ho hlaka melao e tataisang.
Kajeno, lefatšeng ho na le lingoliloeng tse ngata tse sa tšoaneng tse hatisitsoeng mabapi le lenyalo, ’me batho ba bangata ba na le lifilosofi tsa bona. Empa hlokomela! Tabeng ea lenyalo, boitsebiso bo bongata bo ajoang bo hanyetsa Bibele.
Hape hlokomela hore maemo a fapana ho ea ka banyalani. Ka tsela e itseng, banyalani ba tšoana le lithollo tsa lehloa; li ka ’na tsa bonahala li tšoana ha u li shebile u le hōle, empa ha e le hantle e ’ngoe le e ’ngoe ea ikhetha, ha e tšoane le tse ling tsohle. Botho ba hao ha bo kopana le ba molekane oa hao ha bo tšoane le ba banyalani leha e le bafe lefatšeng. Ka hona u se ke ua potlakela ho amohela maikutlo a botho a ba bang. Ha ho na molao o entsoeng ke motho o sebetsang lenyalong le leng le le leng!
Ho fapana le hoo, litaelo tsohle tsa Bibele ke ’nete ’me lia sebetsa. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea.” (2 Timothea 3:16; Pesaleme ea 119:151) Haeba u bala Bibele u bile u amohela lithuto tsa eona e le tse ka u tataisang bophelong ba letsatsi le letsatsi, u tla khona ho phelela kano ea hao ea lenyalo.—Pesaleme ea 119:105.
“Hafeela ’na le uena re ntse re phela hammoho lefatšeng”: Sena se lebisa tlhokomelo tabeng ea ho ba hammoho ka nako e telele. Molimo o laela hore “monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae.” (Genese 2:24) Jehova o batla hore le be hammoho. Le sebeletse Molimo hammoho. Le ithute Lentsoe la hae hammoho. Le be le nako ea ho tsamaea hammoho, le lule hammoho, le je hammoho. Le thabele bophelo hammoho!
Banyalani ba bang ba etsa boiteko ba ho behella ka thōko nako ea hore feela ba buisane letsatsi le leng le le leng. Esita le ka mor’a lilemo tse ngata tsa lenyalo, ho ba hammoho hona ke habohlokoa thabong ea lenyalo.
“Ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo”: Lenyalo ke mpho e tsoang ho Jehova Molimo, ea thehileng tokisetso ea lenyalo. (Liproverbia 19:14) Ho hlōleha ho latela tokisetso ea hae ha ho na ho beha thabo ea lōna ea lenyalo feela kotsing empa hape ho tla beha kotsing kamano ea lōna le ’Mōpi. Ka lehlakoreng le leng, ha monna le mosali ba hlaolela kamano e ntle le Jehova, e bontšoang ka kutlo litokisetsong tsa hae, ba tla ba le likamano tsa khotso le ba bang, ho akarelletsa le bona, e mong ho e mong.—Liproverbia 16:7.
Le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova ke Paki e ka sehloohong kanong ea hao ea lenyalo. Tsoela pele ho phelela tšepiso ena e tiileng, ’me lenyalo la hao e tla ba mohloli oa thoriso le khanya ho Jehova Molimo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libakeng tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore ho fetoloe mantsoe a kano ena e le hore a lumellane le melao ea libaka tseo. (Mattheu 22:21) Leha ho le joalo, linaheng tse ngata banyalani ba Bakreste ba sebelisa kano e ka holimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Ka tsela e itseng, banyalani ba tšoana le lithollo tsa lehloa. Kaofela ha tsona li ka ’na tsa bonahala li tšoana ha u li shebile u le hōle, empa ha e le hantle banyalani ba bang le ba bang baa ikhetha
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Snow Crystals/Dover