Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
JOALOKAHA HO BOLETSE LAMBROS ZOUMBOS
Ke ne ke tobane le khetho ea bohlokoa ka ho fetisisa: ho amohela memo ea rangoane oa ka oa morui ea ho ba mookameli khoebong ea hae e khōlō ea litša le mehaho—ka mokhoa o joalo ke rarolla mathata a lichelete a lelapa leso—kapa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Jehova Molimo. E re ke hlalose mabaka a ileng a susumetsa hore ke etse qeto eo ke qeteletseng ke e entse.
KE HLAHETSE toropong ea Volos, Greece, ka 1919. Ntate o ne a rekisa liphahlo tsa banna, ’me re ne re thabela katleho ea lintho tse bonahalang. Empa ka lebaka la khatello ea moruo ho ea qetellong ea bo-1920, Ntate o ile a qobelleha ho tlohela khoebo ea hae ’me lebenkele la hae la koaloa. Ke ne ke utloa bohloko kamehla ha ke bona ho hloka tšepo ho sefahlehong sa Ntate.
Ka nakoana lelapa leso le ile la phela bofumeng bo otlang pelo. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke tloha sekolong hora pele se e-tsoa e le hore ke eme moleng oa ho ea phaka lijo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bofuma ba rōna re ile ra thabela bophelo bo khutsitseng ba lelapa. E ne e le takatso ea ka e khōlō ho ba ngaka, empa ke ile ka tlameha ho tlohella sekolo ha ke le bohareng ba lilemo tsa bocha ’me ka qala ho sebetsa e le hore ke thuse lelapa leso ho tsoela pele le ntse le phela.
Joale, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Majeremane le Mataliana a ile a hapa Greece, ’me tlala ea e-ba ea boja-likata. Ke ne ke atisa ho bona metsoalle le batho bao ke ba tsebang ba shoella literateng ke tlala—pono e tšosang eo nke keng ka hlola ke e lebala! Ka nako e ’ngoe, lelapa leso le ile la qeta matsatsi a 40 le se na bohobe, sejo se tloaelehileng sa Greece. Ho tsoela pele re phela, ’na le moholoane oa ka re ne re e-ea metsaneng e haufi ’me re fumane litapole ho metsoalle le ba seng.
Ho Kula ho Fetoha Tlhohonolofatso
Mathoasong a 1944, ke ile ka kula haholo ke tšoeroe ke lefu la matšoafo. Nakong ea likhoeli tse tharo tseo ke li qetileng sepetlele, Motsoala o ile a ntlisetsa libukana tse peli ’me a re: “Bala mona; kea tšepa u tla li thabela.” Libukana, Who Is God? le Protection, li ne li hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ka mor’a ho li bala, ke ile ka buisana le bakuli-’moho le ’na ka boitsebiso bo ka hare ho tsona.
Hoba ke tsoe sepetlele, ke ile ka qala ho kopanela le Phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea Volos. Le hoja ke ile ka qeta khoeli ke kulela hae, ka lihora tse tšeletseng ho isa ho tse robeli ka letsatsi, ke ne ke bala litokollo tsa Molula-Qhooa tsa nako e fetileng hammoho le likhatiso tse ling tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka lebaka leo, khōlo ea ka moeeng e ile ea e-ba e potlakileng haholo.
Ho Phonyoha ka Soba-la-nale
Ka letsatsi le leng bohareng ba 1944, ke ne ke lutse bencheng phakeng ea Volos. Ka tšohanyetso sehlopha se hlometseng sa masole a tšehetsang khapo ea mabotho a Majeremane se ile sa pota-pota sebaka seo ’me sa tšoara e mong le e mong ea teng moo. Ba ka bang 24 ba rōna ba ile ba qhojoa seterateng ho isoa ntlo-khōlō ea Gestapo, e sebakeng sa polokelo ea koae.
Ka mor’a metsotsoana e se mekae, ke ile ka utloa motho e mong a bitsa lebitso la ka le la motho eo ke neng ke ntse ke buisana le eena ha re le ka phakeng. Ofisiri ea lebotho la Magerike e ile ea re bitsa ’me ea re bolella hore e mong oa beng ka ’na ha a re bona re khannoa ke masole, o ile a e bolella hore re ba bang ba Lipaki tsa Jehova. Joale ofisiri eo ea Mogerike e ile ea re bolella hore re lokolohile re ka ikela hae, ’me e ile ea re fa karete ea eona ea molao hore re e sebelise haeba mohlomong re ka ra boela ra tšoaroa.
Letsatsi le latelang re ile ra fumana hore Majeremane a bolaile boholo ba bao re neng re tšoeroe le bona e le boiphetetso bakeng sa ho bolaoa ha masole a mabeli a Majeremane ke baloaneli ba tokoloho ba Magerike. Ntle le hore mohlomong ke ile ka pholosoa lefung, ke ile ka ithuta ketsahalong eo bohlokoa ba ho se nke lehlakore ha Bokreste.
Bofelong ba 1944, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Lehlabuleng le latelang, Lipaki li ile tsa etsa litokisetso tsa hore ke kopanele le Phutheho ea Sklithro holimo lithabeng, moo ke neng ke tla boela ke fumana bophelo bo botle. Ntoa ea lehae e ileng ea latela ka mor’a khapo ea Majeremane e ne e loana Greece. Ho ile ha etsahala hore ebe motsana oo ke neng ke lula ho oona o ne o sebeletsa e le motebo oa mabotho a likhukhuni. Moprista oa sebaka seo le monna e mong ea lonya tjena ba ile ba nqosa ka hore ke sehloela sa mabotho a ’muso ’me ba nkisa ho ea hlongoa lipotso ke lekhotla le ikhethileng la likhukhuni.
Ba neng ba le teng nyeoeng ea lekhotla leo la maiketsetso e ne e le moeta-pele oa likhukhuni sebakeng seo. Ha ke qeta ho hlalosa lebaka leo ke lulang motsaneng moo ka lona le ho bontša hore joaloka Mokreste, ha ke nke lehlakore ka ho feletseng ntoeng ea lehae, moeta-pele eo o ile a re ho ba bang: “Haeba motho leha e le ofe a ka khathatsana le motho enoa, o tla ntseba!”
Hamorao ke ile ka khutlela motseng oa heso oa Volos ke matlafetse tumelong ho feta nameng.
Tsoelo-pele Moeeng
Kapele ka mor’a moo ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa lichelete phuthehong ea sebaka seo. Ho sa tsotellehe mathata a bakiloeng ke ntoa ea lehae—ho kopanyelletsa ho tšoaroa ka makhetlo ka lebaka la liqoso tsa ho sokolla batho tse susumelitsoeng ke baruti—ho kopanela mosebetsing oa Bokreste ho ile ha ntlisetsa thabo e khōlō hammoho le phutheho ka kakaretso.
Joale, mathoasong a 1947, re ile ra fumana ketelo ea molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Ena e ne e le ketelo ea pele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ka nako eo phutheho ea rōna e hōlang ea Volos e ile ea aroloa ho etsa tse peli, ’me ke ile ka khetheloa ho ba molebeli ea okamelang ho e ’ngoe ea liphutheho tseo. Lebotho la sesole le mekhatlo ea bochaba e ne e jala tšabo bathong. Baruti ba ile ba sebelisa monyetla oa boemo boo. Ba ile ba etsa hore ba boholong ba fetohele Lipaki tsa Jehova ka ho jala mashano a hore ke Makomonisi kapa batšehetsi ba lihlopha tsa mahana-puso.
Ho Tšoaroa le ho Kenngoa Teronkong
Ka 1947, ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a ka bang leshome ’me ka qosoa hararo ka lekhotleng. Nako le nako ke ne ke fumanoa ke se na molato. Nakong ea selemo ka 1948, ke ile ka ahloleloa likhoeli tse ’ne teronkong ka lebaka la ho sokolla batho. Ke ile ka sebetsa nako eo teronkong ea Volos. Nakong eo palo ea baboleli ba ’Muso phuthehong ea rōna e ile ea imena habeli, ’me nyakallo le thabo tsa tlala lipelong tsa barab’abo rōna.
Ka October 1948, ha ke ntse ke tšoere seboka le ba bang ba tšeletseng ba neng ba etelletse pele phuthehong ea rōna, mapolesa a mahlano a ile a fihla a itšohlometsa ka tlung ’me a re tšoara a se a re supile ka lithunya. A ile a re isa seteisheneng sa mapolesa ntle le ho re hlalosetsa lebaka la ho tšoaroa ha rōna, ’me ha re fihla moo ra shapuoa. Ke ile ka tetekoa sefahlehong ke lepolesa leo e kileng ea e-ba ralitebele. Ra ntan’o akheloa ka seleng.
Ka mor’a moo ofisiri e ikarabellang e ile ea mpitsetsa ofising ea eona. Ha ke bula monyako, e ile ea mpetsa ka botlolo ea enke, e ileng ea mphosa ’me ea pshatleha leboteng. E ne e etsa sena ho leka ho ntšosa. Eaba e mpha sekhechana sa pampiri le pene ’me ea laela: “Ngola mabitso ’ohle a Lipaki tsa Jehova tse Volos, ’me u ntlisetse lethathamo leo hosesane hoseng. Haeba u sa etse joalo, u tseba se u letetseng!”
Ha kea ka ka araba, empa eitse hoba ke khutlele seleng, ’na le barab’eso ka kakaretso re ile ra rapela Jehova. Ke ile ka ngola lebitso la ka ke le mong pampiring ’me ka emela ho bitsoa. Empa ha kea ka ka hlola ke utloela letho ka ofisiri eo. Nakong ea bosiu, mabotho a lireng a ile a fihla, ’me e ne e etelletse pele banna ba eona ho ea a loantša. Qhoebeshanong e ileng ea latela, e ile ea ntšoa likotsi tse mpe, ’me le leng la maoto a eona la tlameha ho khaoloa. Qetellong, nyeoe ea rōna e ile ea buuoa, ’me re ile ra qosoa ka ho tšoara seboka se seng molaong. Kaofela ha rōna ba supileng re ile ra ahloleloa lilemo tse hlano teronkong.
Kaha ke ile ka hana ho kopanela ’Miseng oa Sontaha teronkong, ke ile ka romelloa seleng eo motho a koalloang a le mong ho eona. Letsatsing la boraro ke ile ka kōpa ho bua le mookameli oa teronko. Ke ile ka re ho eena: “Ka tlhompho eohle e u lokelang, ke bona ho sa utloahale ho hlokofatsa motho ea ikemiselitseng ho qeta lilemo tse hlano teronkong ka lebaka la tumelo ea hae.” O ile a nahana sena ka ho teba, ’me qetellong a re: “Ho tloha hosesane, u tla be u sebetsa mona pel’a ka ka ofising ea ka.”
Qetellong, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba motlatsi oa ngaka teronkong. Ka lebaka leo, ke ile ka ithuta ho hongata ka tlhokomelo ea bophelo, e leng ho ipakileng ho ba thuso e khōlō lilemong tse latelang. Ha ke ntse ke le teronkong, ke ne ke e-na le menyetla e mengata ea ho etsa mosebetsi oa boboleli, ’me batho ba bararo ba ile ba arabela ’me ba fetoha Lipaki tsa Jehova.
Ka mor’a ho sebetsa lilemo tse ka bang ’ne teronkong, ke ile ka qetella ke lokollotsoe ka ho fanyehoa ha kahlolo ka 1952. Hamorao, ke ile ka tlameha ho hlaha khotla Korinthe ka lebaka la boemo ba ho se nke lehlakore. (Esaia 2:4) Moo ke ile ka kena teronkong ea sesole nakoana, eaba ho qaleha letoto le leng la tšoaro e mpe. Liofisiri tse ling li ne li rata ho iqapela litšokelo, li re: “Ke tla ntša pelo ena ea hao litsekana ka thipa e bohale,” kapa, “U se ke ua nka hore u tla shoa kapele, kaha u tla shoa butle.”
Mofuta o Fapaneng oa Teko
Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ke ile ka khutlela hae, ka boela ka sebeletsa Phuthehong ea Volos ’me ka etsa mosebetsi oa nakoana oa boipheliso. Ka letsatsi le leng, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le Athene, le ’memelang ho ea koetlisong ea libeke tse peli le ho qala ho etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ke le molebeli oa potoloho. Ka nako e tšoanang, Rangoane, ea neng a se na ngoana ’me a na le khoebo e khōlō ea litša le mehaho, o ile a nkōpa ho mo hlokomella letlotlo la hae. Lelapa leso le ne le ntse le phela bofumeng, ’me ho hiroa hona ho ne ho tla rarolla mathata a lona a moruo.
Ke ile ka chakela Rangoane ho ea mo hlalosetsa kananelo ea ka bakeng sa memo ea hae, empa ka mo tsebisa hore ke ne ke se ke rerile ho amohela kabelo e ikhethang tšebeletsong ea Bokreste. Ha a utloa seo o ile a phahama, a nqekotsa a khutsitse, ’me a tsoa hang-hang ka kamoreng. O ile a khutla le mpho ea chelete eo a fanang ka eona bakeng sa ho tšehetsa lelapa leso ka eona likhoeli li se kae. O ile a re: “Nka mona, ’me u etse kamoo u ratang ka eona.” Ho fihlela kajeno, ke sitoa ho hlalosa boikutlo boo ke bileng le bona ka motsotso oo. Ho bile joalokaha eka ke utloa lentsoe la Jehova le mpolella hore, ‘U entse khetho e nepahetseng. Ke na le uena.’
Ka tlhohonolofatso ea lelapa leso, ke ile ka tloha ho ea Athene ka December 1953. Le hoja e le ’Mè feela ea ileng a fetoha Paki, litho tse ling tsa lelapa ha lia ka tsa hanyetsa mosebetsi oa ka oa Bokreste. Ha ke fihla ofising ea lekala Athene, ntho e ’ngoe e makatsang e ne e nkemetse. Ho ne ho e-na le thelekramo e tsoang ho morali’eso, e ntsebisa hore hona letsatsing lona leo boikitlaetso ba Ntate bo nkileng lilemo tse peli ba ho fumana penshene bo atlehile. Ke’ng hape seo ke neng nka se kōpa? Ke ile ka utloa eka ke na le mapheo, ke loketse ho fofela holimo tšebeletsong ea Jehova!
Ho Sebelisa Temoho
Lilemong tse qalang tsa mosebetsi oa ka oa potoloho, ke ne ke lokela ho ba hlokolosi haholo hobane Lipaki tsa Jehova li ne li hlorisoa haholo ke baeta-pele ba bolumeli le bo-ralipolotiki. E le hore ke chakele barab’abo rōna ba Bakreste, haholo-holo ba lulang litoropong tse nyenyane le metsaneng, ke ne ke tsamaea lihora tse ngata bosiu. Barab’eso, ba neng ba ipeha kotsing ea ho tšoaroa, ba ne ba bokana ’me ba nkemele ka mamello ntlong eo ke neng ke fihlela ho eona. Maetong ao re ne re fapanyetsana khothatsano e ntle hakaakang kaofela ha rōna!—Baroma 1:11, 12.
E le ho qoba ho fumanoa, ka linako tse ling ke ne ke ikhakanya. Ka nako e ’ngoe, ke ile ka apara joaloka molisa e le hore ke fete har’a mapolesa a neng a thibile tsela ho ea fihla sebokeng sa barab’eso ba hlokang kaloso ea moea haholo. Ka lekhetlo le leng, ka 1955, ’na le Paki e ’ngoe re ile ra ikhakanya eka re barekisi ba konofolo e le ho qoba ho tsosa pelaelo ea mapolesa. Kabelo ea rōna e ne e le ho kopana le barab’abo rōna ba bang ba Bakreste ba neng ba se ba sa tsoe kamehla toropong e nyenyane ea Árgos Orestikón.
Re ile ra beha thepa ea rōna e rekisoang kantle ’marakeng oa sechaba. Leha ho le joalo, lepolesa le leng le lecha le neng le le mosebetsing oa ho lebela sebakeng seo le ile la belaela, ’me lekhetlo le leng le le leng ha le feta, le re sheba ka mokhoa o bontšang pelaelo. Qetellong, le ile la re ho ’na: “Ha u shebahale joaloka morekisi oa konofolo.” Ka oona motsotso oo, basali ba bang ba bararo ba bacha ba ile ba atamela ’me ba bontša thahasello ea ho reka konofolo. Ke supile thepeng eo ke e rekisang, ke ile ka hooa: “Lepolesa lena le lecha le ja konofolo e kang ena, ’me bona feela kamoo le koenneng ebileng le leng le letle kateng!” Basali bao ba ile ba sheba lepolesa leo ’me ba tšeha. Le lona la tšeha ’me la itsamaela.
Ke ile ka sebelisa monyetla oa ha le tsamaea ho ea lebenkeleng le leng leo barab’abo rōna ba moea ba neng ba rōkela ho lona. Ke ile ka kōpa e mong hore a rokelle konopo ea baki ea ka eo ke neng ke e ntšitse. Ha a ntse a etsa joalo, ke ile ka itšetleha ka eena ’me ka mo nyenyeletsa: “Ke tsoa ofising ea lekala ho tla le bona.” Qalong barab’abo rōna ba ile ba tšoha, kaha ba ne ba e-s’o ka ba kopana le Lipaki tse ling ka lilemo tse ngata. Ke ile ka ba khothatsa ka hohle kamoo nka khonang ’me ka etsa litokisetso tsa ho kopana le bona hamorao setšeng sa mabitla a motse bakeng sa ho ntšetsa pele puo ea rōna. Ka lehlohonolo, leeto leo e bile le khothatsang, ’me ba ile ba boela ba ba mafolo-folo mosebetsing oa Bokreste.
Ho Fumana Molekane ea Tšepahalang
Ka 1956, lilemo tse tharo ka mor’a ho qalisa mosebetsi oa potoloho, ke ile ka kopana le Niki, moroetsana oa Mokreste ea nang le lerato le leholo bakeng sa mosebetsi oa boboleli ’me a lakatsa ho qeta nako ea bophelo bohle ba hae a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Re ile ra ratana ’me ra nyalana ka June 1957. Ke ne ke ipotsa hore na Niki o tla khona ho thulana le liteko tsa mosebetsi oa potoloho tlas’a maemo a tletseng bora ho Lipaki tsa Jehova a neng a atile Greece. Ka thuso ea Jehova o ile a khona, kahoo ea e-ba mosali oa pele oa ho tsamaea le monna oa hae mosebetsing oa potoloho Greece.
Re ile ra tsoela pele hammoho mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse leshome, re sebeletsa liphutheho tse ngata tsa Greece. Hangata re ne re apara ka ho ikhakanya ’me, re nkile lisutuk’heise ka matsoho, re ne re tsamaea lihora tse ngata bosiu e le hore re fihle phuthehong e ’ngoe. Ho sa tsotellehe khanyetso e matla eo hangata re neng re tobana le eona, re ile ra thabela ho bona ka mahlo keketseho e hlollang ea lenane la Lipaki.
Tšebeletso ea Bethele
Ka January 1967, ’na le Niki re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele, kamoo ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e bitsoang kateng. Memo eo e ile ea re makatsa ka bobeli, empa re ile ra e amohela, re kholisehile hore Jehova o ne a tsamaisa litaba. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra qala ho utloisisa ka ho feletseng hore na ke tokelo e kaakang ho sebeletsa mona setsing sa tšebeletso ea puso ea Molimo.
Likhoeli tse tharo ka mor’a ho kenela tšebeletso ea Bethele, lekhotla la sesole le ile la nka puso, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona ka sekhukhu. Re ile ra qala ho kopana ka lihlotšoana tse nyenyane, ra tšoarela likopano tsa rōna ka merung, ra etsa mosebetsi oa boboleli ka masene, ’me ra hatisa le ho aba likhatiso tsa Bibele ka lekunutu. Ho ne ho se thata ho ikamahanya le maemo ana, kaha re ne re mpa feela re tsosolosa mekhoa ea ho ntšetsa pele mosebetsi oa rōna, eo re neng re kile ra e sebelisa lilemong tse fetileng. Ho sa tsotellehe lithibelo, lenane la Lipaki le ile la eketseha ho tloha ka tlaasana ho 11 000 ka 1967 ho ea ho ba ka holimo ho 17 000 ka 1974.
Ka mor’a lilemo tse ka bang 30 re le tšebeletsong ea Bethele, ’na le Niki re ntse re tsoela pele ho thabela litlhohonolofatso tsa moea, ho sa tsotellehe mefokolo ea bophelo le boqheku. Ka lilemo tse fetang leshome, re ile ra lula mehahong ea lekala e Kartali Street, Athene. Ka 1979 lekala le lecha le ile la nehelanoa Marousi motseng o ka thōko ho Athene. Empa ho tloha ka 1991 re ile ra thabela mehaho e mecha ea lekala e bulehileng Eleona, lik’hilomithara tse 60 ka leboea ho Athene. Mona ke sebeletsa lefapheng la Bethele ea rōna la tlhokomelo ea ba hōlileng le ba kulang, moo koetliso eo ke ileng ka e fumana ha ke ne ke le motlatsi oa ngaka teronkong e ipakang ho ba e molemo haholo.
Nakong ea lilemo tse fetang 40 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, le ’na ho tšoana le Jeremia, ke ile ka qala ho hlokomela ’nete ea tšepiso ea Jehova: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.” (Jeremia 1:19) E, ’na le Niki re ’nile ra thabela litlhohonolofatso tse khaphatsehang tse tsoang ho Jehova. Kamehla re thabisoa ke kameho ea hae e khōlō e lerato le mosa oa hae o sa tšoanelang.
Khothatso ea ka ho bacha ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ke hore ba hahamalle tšebeletso ea nako e tletseng. Ka tsela ena ba amohela memo ea Jehova ea ho leka ho bona hore na o tiea tšepisong ea hae ea ho ‘thibolla liphororo tsa leholimo, a be a re tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.’ (Malakia 3:10) Ka phihlelo ea ka, nka le tiisetsa lōna bacha hore ka sebele Jehova o tla le hlohonolofatsa lōna bohle ba mo tšepileng ka ho feletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lambros Zoumbos le mosali oa hae, Niki