Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
“Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho [bonngoeng, NW]!”—PESALEME EA 133:1.
1. Malapa a mangata a boemong bofe kajeno?
LELAPA le maqakabetsing kajeno. Malapeng a mangata, litlamo tsa lenyalo li mothating oa ho khaoha. Tlhalo e ntse e tloaeleha haholoanyane, ’me bana ba bangata ba banyalani ba hlalaneng ba masoabing a maholo. Malapa a limilione ha aa thaba ebile a arohane. Empa ho na le lelapa le le leng le latsoang thabo ea ’nete le bonngoe ba sebele. Ke lelapa la bokahohleng la Jehova Molimo. Ka hare ho lona, limiriade tsa mangeloi a sa bonahaleng li etsa mesebetsi eo li e abetsoeng tumellanong le thato ea Molimo. (Pesaleme ea 103:20, 21) Empa na ho na le lelapa leha e le lefe holim’a lefatše le thabelang bonngoe bo joalo?
2, 3. (a) Ke bo-mang bao hona joale e leng karolo ea lelapa la Molimo la bokahohleng, ’me re ka tšoantša Lipaki tsa Jehova kaofela le eng kajeno? (b) Re tla tšohla lipotso life?
2 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke khumamela Ntate, eo lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le nang le lebitso ka lebaka la hae.” (Baefese 3:14, 15) Leloko le leng le le leng lefatšeng le na le lebitso ka lebaka la Molimo hobane ke ’Mōpi. Le hoja ho se na malapa a batho leholimong, ka puo ea tšoantšetso Molimo o nyalane le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo, ’me Jesu o tla kopanngoa le monyaluoa oa moea maholimong. (Esaia 54:5; Luka 20:34, 35; 1 Bakorinthe 15:50; 2 Bakorinthe 11:2) Batlotsuoa ba tšepahalang lefatšeng hona joale ke karolo ea lelapa la Molimo la bokahohleng, ’me “linku tse ling” tsa Jesu, tse nang le tšepo ea lefatšeng, ke litho tsa lona tsa nako e tlang. (Johanne 10:16; Baroma 8:14-17; Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqephe la 31) Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova kaofela kajeno li ka tšoantšoa le lelapa la lefatše lohle le kopaneng.
3 Na u karolo ea lelapa le hlollang la machaba la bahlanka ba Molimo? Haeba ho joalo, u thabela e ’ngoe ea litlhohonolofatso tsa bohlokoahali tseo mang kapa mang a neng a ka ba le tsona. Ba limilione ba tla paka hore lelapa la Jehova la lefatše lohle—mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang—ke sebaka se sireletsehileng sa khotso le bonngoe lehoatateng la lefatše la lintoa le la karohano. Bonngoe ba lelapa la Jehova la lefatše lohle bo ka hlalosoa joang? ’Me ke mabaka afe a khothalletsang bonngoe bo joalo?
Ho Hotle, ho Monate Hakaakang!
4. Ka mantsoe a hao, u ne u ka hlalosa joang seo Pesaleme ea 133 e se buang ka bonngoe ba bara ba motho?
4 Mopesaleme Davida o ne a ananela bonngoe ba bara ba motho ka ho teba. O ile a ba a susumeletseha ho bina ka bona! Ak’u nahane ka eena a tšoere harepa ea hae ha a ntse a bina: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho [bonngoeng, NW]! Ho joalo ka ole e hlokoang, e tšèloang hloohong, e qhitsetsang litelung, litelung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong oa seaparo sa hae. Ho joalo ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 133:1-3.
5. Motheong oa Pesaleme ea 133:1, 2, Baiseraele ba ka bapisoa joang le bahlanka ba Molimo ba kajeno?
5 Mantsoe ao a ne a sebetsa bonngoeng ba bara ba motho bo neng bo thabeloa ke batho ba Molimo ba boholo-holo, Baiseraele. Ha ba ne ba le Jerusalema bakeng sa mekete ea bona e meraro ka selemo, ba ne ba hlile ba lula hammoho bonngoeng. Le hoja ba ne ba e-tsoa melokong e sa tšoaneng, e ne e le lelapa le le leng. Ho ba ha bona hammoho ho ne ho e-ba le phello e molemo ho bona, e kang ea oli e tlotsang e khathollang e monko o monate. Ha oli e joalo e ne e tšolleloa hloohong ea Arone, e ne e qhitsetsa litelung tsa hae ’me e qhitsa ho ea fihla mosehong oa seaparo sa hae. Ho Baiseraele, ho ba hammoho ho ne ho e-ba le tšusumetso e molemo e neng e phallela ho batho kaofela ba bokaneng. Liqabang li ne li rarolloa, ’me ho ne ho khothalletsoa bonngoe. Bonngoe bo tšoanang bo teng lelapeng la Jehova la lefatše lohle kajeno. Ho ba hammoho kamehla ho na le tšusumetso ea moea lithong tsa lona. Liqabang leha e le life kapa mathata lia tlosoa ha keletso ea Lentsoe la Molimo e sebelisoa. (Matheu 5:23, 24; 18:15-17) Batho ba Jehova ba ananela haholo khothatsano e hlahisoang ke bonngoe ba bona ba bara ba motho.
6, 7. Bonngoe ba Baiseraele bo ne bo tšoana le phoka ea Thaba ea Hermone joang, ’me tlhohonolofatso ea Molimo e ka fumanoa hokae kajeno?
6 Ho lula ha Baiseraele hammoho bonngoeng ho ne ho boetse ho tšoana le phoka ea Thaba ea Hermone joang? Ha e le hantle, kaha tlhōrō ea thaba ena e bophahamo ba limithara tse fetang 2 800 ka holim’a leoatle, e lula e koahetsoe ke lehloa hoo e ka bang selemo sohle. Tlhōrō ea Hermone e lehloa e etsa hore mouoane oa bosiu o hoame ’me kahoo o hlahisa phoka e ngata e bolokang limela li phela nakong ea selemo e telele ea ha le baletse. Moea o batang, o fokang o e-tsoa mokolokong oa lithaba tsa Hermone o ka isa mouoane o joalo hōle ka boroa ho ea fihla Jerusalema, moo o fetohang phoka. Ka hona mopesaleme o ile a bua ka nepo ka “phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione.” Ke khopotso e ntle hakaakang ea tšusumetso e khathollang e khothalletsang bonngoe ba lelapa la barapeli ba Jehova!
7 Pele phutheho ea Bokreste e thehoa, Sione kapa Jerusalema, e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Kahoo, ke hona moo Molimo a neng a laela hore tlhohonolofatso e be teng. Kaha Mohloli oa litlhohonolofatso tsohle, ka tšoantšetso o ne o le sehalalelong se Jerusalema, litlhohonolofatso li ne li tla tsoa moo. Kaha borapeli ba ’nete ha bo sa lekanyelitsoe sebakeng leha e le sefe se le seng, ka hona, tlhohonolofatso, lerato le bonngoe ba bahlanka ba Molimo li ka fumanoa lefatšeng lohle kajeno. (Johanne 13:34, 35) Ke mabaka afe a susumelletsang bonngoe boo?
Mabaka a Susumelletsang Bonngoe
8. Re ithuta eng ka bonngoe ho Johanne 17:20, 21?
8 Bonngoe ba barapeli ba Jehova bo thehiloe tabeng ea ho iphaphatha le Lentsoe la Molimo le utloisisoang ka nepo, ho akarelletsa le lithuto tsa Jesu Kreste. Ka hore Jehova a romele Mora oa hae lefatšeng ho pakela ’nete le ho shoa lefu la sehlabelo, tsela e ile ea buleha bakeng sa ho thehoa ha phutheho ea Bokreste e kopaneng. (Johanne 3:16; 18:37) Hore ho ne ho tla ba le bonngoe ba sebele har’a litho tsa eona ho ile ha hlakisoa ke ha Jesu a ne a rapela: “Ke etsa kōpo, eseng malebana le bana feela, empa hape malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe la bona; e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le kopanong le ’na le ’na ke le kopanong le uena, e le hore le bona ba ka ba kopanong le rōna, e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.” (Johanne 17:20, 21) Balateli ba Jesu ba ile ba fela ba finyella bonngoe bo tšoanang le bo leng teng pakeng tsa Molimo le Mora oa hae. Sena se ile sa etsahala hobane ba ne ba iphaphatha le Lentsoe la Molimo le lithuto tsa Jesu. Boikutlo bo tšoanang ke lebaka le ka sehloohong la bonngoe ba lelapa la Jehova lefatšeng lohle kajeno.
9. Moea o halalelang o phetha karolo efe bonngoeng ba batho ba Jehova?
9 Lebaka le leng le kopanyang batho ba Jehova ke hore re na le moea o halalelang oa Molimo kapa matla a sebetsang. O re nolofaletsa ho utloisisa ’nete ea Lentsoe la Jehova e senotsoeng e le hore re ka mo sebeletsa re kopane. (Johanne 16:12, 13) Moea o re thusa ho qoba mesebetsi ea nama e arolang e kang ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale le ho rata likhang. Ho e-na le hoo, moea oa Molimo o hlahisa ka ho rōna litholoana tse kopanyang tsa lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.—Bagalata 5:19-23.
10. (a) Ke ho tšoana hofe ho ka bontšoang pakeng tsa lerato le teng lelapeng la batho le kopaneng le lerato le bonahalang har’a ba inehetseng ho Jehova? (b) Setho se seng sa Sehlopha se Busang se ile sa hlalosa maikutlo a sona joang ka ho kopana le barab’abo rōna ba moea?
10 Litho tsa lelapa le kopaneng lia ratana li bile li thabela ho ba hammoho. Ha ho bapisoa, ba leng ka lelapeng le kopaneng la barapeli ba Jehova baa mo rata, ba rata Mora oa hae le barapeli-’moho le bona. (Mareka 12:30; Johanne 21:15-17; 1 Johanne 4:21) Feela joalokaha lelapa la sebele le lerato le thabela ho ja hammoho, ba inehetseng ho Molimo ba thabela ho ba teng libokeng tsa Bokreste, likopanong tse nyenyane le tse khōlō hore ba rue molemo bolekaneng bo molemo le lijong tsa moea tse molemohali. (Matheu 24:45-47; Baheberu 10:24, 25) Setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se kile sa re: “Ho ’na, ho kopana le barab’abo rōna ke e ’ngoe ea lintho tse tlisang thabo e fetisisang bophelong le mohloli oa khothatso. Ke rata ho ba har’a ba fihlang pele Holong ea ’Muso, ’me ke tlohe le ba ho qetela, haeba ho khoneha. Ke ikutloa ke thabile ka ho tebileng ha ke bua le batho ba Molimo. Ha ke le har’a bona ke ikutloa ke phutholohile lelapeng leso.” Na eo ke tsela eo u ikutloang ka eona?—Pesaleme ea 27:4.
11. Lipaki tsa Jehova li thabisoa haholo-holo ke mosebetsi ofe, ’me ho etsa tšebeletso ea Molimo mosebetsi o ka sehloohong bophelong ba rōna ho fella ka eng?
11 Lelapa le kopaneng le thabisoa ke ho etsa lintho hammoho. Ka ho tšoanang, ba leng ka lelapeng la barapeli ba Jehova ba thabisoa ke ho etsa mosebetsi oa bona oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa ba kopane. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ho kopanela ho oona kamehla ho re atametsa haufi le Lipaki tse ling tsa Jehova. Ho etsa tšebeletso ea Molimo mosebetsi o ka sehloohong bophelong ba rōna le ho tšehetsa mesebetsi eohle ea batho ba hae le hona ho ntšetsa pele moea oa lelapa har’a rōna.
Taolo ea Puso ea Molimo ea Hlokahala
12. Lelapa le thabileng le le kopaneng le na le litšobotsi life, ’me ke tokisetso efe e neng e khothalletsa bonngoe phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo?
12 Lelapa le nang le boeta-pele bo matla empa bo bile bo le lerato hape le laolehile, ho ka etsahala hore le kopane le be le thabe. (Baefese 5:22, 33; 6:1) Jehova ke Molimo oa taolo e nang le khotso, ’me bohle ba ka lelapeng la hae ba mo nka e le “Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Daniele 7:18, 22, 25, 27, NW; 1 Bakorinthe 14:33) Hape ba hlokomela hore o khethile Mora oa hae, Jesu Kreste, mojalefa oa lintho tsohle ’me o mo abetse matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng. (Matheu 28:18; Baheberu 1:1, 2) Kaha Kreste ke Hlooho ea eona, phutheho ea Bokreste e laolehile, ke mokhatlo o hlophisitsoeng o kopaneng. (Baefese 5:23) Bakeng sa ho laola mosebetsi liphuthehong tsa lekholo la pele la lilemo, ho ne ho e-na le sehlopha se busang se entsoeng ka baapostola le ‘banna ba bang ba baholo’ ba hōlileng tsebong. Liphutheho ka bomong li ne li e-na le balebeli kapa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethiloeng. (Liketso 15:6; Bafilippi 1:1) Ho mamela ba etellang pele ho ne ho khothalletsa bonngoe.—Baheberu 13:17.
13. Jehova o hula batho joang, ’me see se fella ka eng?
13 Empa na taolo ee eohle e bolela hore bonngoe ba barapeli ba Jehova bo ka amahanngoa le boeta-pele bo matla, bo se nang botsoalle? Le hanyenyane! Ha ho letho le hlokang lerato mabapi le Molimo kapa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Jehova o hula batho ka ho bontša lerato, ’me selemo ka seng ba makholo a likete ka ho rata le ka thabo e ba karolo ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng ka ho kolobetsoa tšoantšetsong ea boinehelo ba bona ba pelo eohle ho Molimo. Moea oa bona o tšoana le oa Joshua, ea ileng a phehella Baiseraele ba habo: “Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa . . . Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.
14. Ke hobane’ng ha re ka re mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng ke oa puso ea Molimo?
14 Re le karolo ea lelapa la Jehova, hase feela hore re thabile empa hape re sireletsehile. Ho joalo hobane mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ke oa puso ea Molimo. ’Muso oa Molimo ke puso ea Molimo (e tsoang lentsoeng la Segerike the·osʹ, molimo, le kraʹtos, puso). Ke puso ka Molimo, e lokiselitsoeng le ho thehoa ke eena. “Sechaba se halalelang” sa Jehova se tlotsitsoeng se ikokobeletsa puso ea hae ’me ka lebaka leo se boetse se busoa ka puso ea Molimo. (1 Petrose 2:9) Kaha re na le ’Musi oa Puso ea Molimo e Moholo, Jehova, e le Moahloli oa rōna, Monehi-Molao oa rōna le Morena, re na le mabaka ’ohle a ho ikutloa re sireletsehile. (Esaia 33:22) Empa, ho thoe’ng haeba ho ne ho ka hlaha khang ’me ea sokela thabo ea rōna, tšireletseho le bonngoe?
Sehlopha se Busang se Nka Bohato
15, 16. Ke khang efe e ileng ea hlaha lekholong la pele la lilemo, hona hobane’ng?
15 E le hore bonngoe ba lelapa bo ka bolokoa, ho ka ’na ha hlokahala hore ka linako tse ling ho lokisoe likhang. Joale, nka hore bothata bo itseng bo amang litaba tsa moea bo ne bo tlameha ho rarolloa ho boloka bonngoe ba lelapa la barapeli ba Molimo lekholong la pele la lilemo C.E. Joale ke’ng se neng se lokela ho etsoa? Sehlopha se busang se ne se nka bohato, se etsa liqeto litabeng tsa moea. Re na le tlaleho ea Mangolo ea bohato bo joalo.
16 Hoo e ka bang ka 49 C.E., sehlopha se busang se ile sa kopana Jerusalema ho rarolla bothata bo tebileng e le hore ka tsela eo se boloke bonngoe ba “lelapa la Molimo.” (Baefese 2:19) Lilemo tse ka bang 13 pejana, moapostola Petrose o ne a ile a bolela ho Kornele, ’me Balichaba ba pele, kapa batho ba lichaba, ba ile ba fetoha balumeli ba kolobelitsoeng. (Liketso, khaolo ea 10) Leetong la Pauluse la pele la boromuoa, Balichaba ba bangata ba ile ba amohela Bokreste. (Liketso 13:1–14:28) Ha e le hantle, phutheho ea Bakreste ba Balichaba e ne e thehiloe Antioke, Syria. Bajuda ba bang ba Bakreste ba ne ba ikutloa hore basokolohi ba Balichaba ba lokela ho bolotsoa le ho boloka Molao oa Moshe, empa ba bang ba ne ba hana. (Liketso 15:1-5) Khang ena e ka be e ile ea fella ka karohano e feletseng, esita le ho isa ho thehoeng ha liphutheho tse arohaneng tsa Bajuda le tsa Balichaba. Ka lebaka leo sehlopha se busang se ile sa nka bohato hang-hang ho boloka bonngoe ba Bokreste.
17. Ke mehato efe ea puso ea Molimo e lumellanang e hlalositsoeng ho Liketso khaolo ea 15?
17 Ho latela Liketso 15:6-22, “baapostola le banna ba baholo ba bokana hammoho ho bona taba ena.” Ho ne ho boetse ho le teng ba bang, ho akarelletsa le moifo o tsoang Antioke. Petrose o ile a qala ka ho hlalosa hore ‘ka molomo oa hae batho ba lichaba ba utloile lentsoe la litaba tse molemo ’me ba lumetse.’ Joale “letšoele lohle” le ile la mamela ha Barnabase le Pauluse ba pheta “lipontšo le limakatso tse ngata tse bontšang se tlang tseo Molimo a ileng a li etsa ka bona har’a lichaba,” kapa Balichaba. Hamorao Jakobo o ile a bontša kamoo bothata bona bo ka rarolloang kateng. Ka mor’a hore sehlopha se busang se etse qeto, re bolelloa hore: “Baapostola le banna ba baholo hammoho le phutheho eohle ba bona ho le molemo ho romela banna ba khethiloeng har’a bona Antioke hammoho le Pauluse le Barnabase.” “Banna ba khethiloeng” bao—Judase le Silase—ba ile ba nka lengolo le khothatsang le eang ho balumeli-’moho le bona.
18. Sehlopha se busang se ile sa etsa qeto efe mabapi le Molao oa Moshe, ’me see se ile sa ama Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba joang?
18 Lengolo le neng le bolela qeto ea sehlopha se busang le ne le qala ka mantsoe ana: “Baapostola le banna ba baholo, barab’abo rōna, ho barab’abo rōna Antioke le Syria le Silisia ba tsoang lichabeng: Litumeliso!” Ba bang ba ile ba ba teng sebokeng sena sa bohlokoahali, empa ho bonahala hore sehlopha se busang se ne se entsoe ka “baapostola le banna ba baholo.” Moea oa Molimo o ile oa ba tataisa, hobane lengolo lena le re: “Moea o halalelang le rōna ka borōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.” (Liketso 15:23-29) Ho ne ho sa hlokahale hore Bakreste ba bolotsoe le ho boloka Molao oa Moshe. Qeto ena e ile ea thusa Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ho etsa le ho bua ka tumellano. Liphutheho li ile tsa thaba ’me bonngoe ba bohlokoa bo ile ba tsoela pele, esita le joalokaha ho le joalo lelapeng la Molimo la lefatše lohle kajeno tlas’a tataiso ea moea ea Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.—Liketso 15:30-35.
Sebeletsa Bonngoeng ba Puso ea Molimo
19. Ke hobane’ng ha bonngoe bo ile ba hōla ka lelapeng la barapeli ba Jehova?
19 Bonngoe boa hōla ha litho tsa lelapa li sebelisana. Se tšoanang ke ’nete lelapeng la barapeli ba Jehova. Kaha ba ne ba lumela pusong ea Molimo, baholo le ba bang phuthehong ea lekholo la pele la lilemo ba ne ba sebeletsa Molimo ba sebelisana ka ho feletseng le sehlopha se busang ’me ba ne ba amohela liqeto tsa sona. Ka thuso ea sehlopha se busang, baholo ‘ba ne ba bolela lentsoe’ ’me litho tsa phutheho ka kakaretso li ‘ne li bua ka tumellano.’ (2 Timothea 4:1, 2; 1 Bakorinthe 1:10) Ka hona linnete tsa tšoanang tsa Mangolo li ne li tsebahatsoa tšebeletsong le libokeng tsa Bokreste, ebang ke Jerusalema, Antioke, Roma, Korinthe kapa sebakeng se seng sesele. Bonngoe bo joalo ba puso ea Molimo bo teng kajeno.
20. Re tlameha ho etsa’ng, ho boloka bonngoe ba rōna ba Bokreste?
20 Ho boloka bonngoe ba rōna, kaofela ha rōna bao re leng karolo ea lelapa la Jehova la lefatše lohle re lokela ho sebeletsa ho bonahatsa lerato la puso ea Molimo. (1 Johanne 4:16) Ho hlokahala hore re sebetse tumellanong le thato ea Molimo le ho bontša tlhompho e tebileng bakeng sa “lekhoba le tšepahalang” le Sehlopha se Busang. Joaloka tabeng ea boinehelo ba rōna ho Molimo, ho hlakile hore ho mamela ha rōna ke ha boithatelo le ho etsoang ka thabo. (1 Johanne 5:3) Mopesaleme o ile a amahanya thabo le ho mamela ka ho loketseng hakaakang! O ile a bina: “Bokang Jehova! Ho [thabile, NW] motho ea tšabang Jehova, ea ithabelang litaelong tsa hae haholo.”—Pesaleme ea 112:1.
21. Re ka ipaka re le ba lumelang pusong ea Molimo joang?
21 Jesu, Hlooho ea phutheho, o lumela pusong ea Molimo ka ho feletseng ’me kamehla o etsa thato ea Ntate oa hae. (Johanne 5:30) Ka lebaka leo, a re lateleng ’Mehi-Mohlala oa rōna ka hore ka tsela ea puso ea Molimo le ka ho ba ba kopaneng re etse thato ea Jehova re sebelisana ka ho feletseng le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng. Joale ka thabo le teboho e tlohang pelong, re ka bina pina ea mopesaleme: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho [bonngoeng, NW]!”
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Bonngoe ba rōna ba Bokreste bo ka amahanngoa joang le Pesaleme ea 133?
◻ Ke mabaka afe a mang a susumelletsang bonngoe?
◻ Ke hobane’ng ha taolo ea puso ea Molimo e hlokahala bakeng sa bonngoe ba batho ba Molimo?
◻ Sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo se ile sa etsa’ng ho boloka bonngoe?
◻ Ho sebeletsa bonngoeng ba puso ea Molimo ho bolela’ng ho uena?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Sehlopha se busang se ne se nka bohato ho boloka bonngoe