Tšepo e Molemo Bakeng sa Moea
MASOLE a Roma a ne a sa lebella sena. Ha a futuhela thaba ea qhobosheane ea Masada, seqhobo sa ho qetela sa mabotho a bafetoheli ba Bajuda, a ile a itokisetsa ho hlasela lira tsa ’ona ka mabifi, ho hooa ha bahlabani, ho meketsa ha basali le bana. Ho e-na le hoo, ba ile ba utloa ho tloatloatsa ha malakabe feela. Ha ba hlahloba qhobosheane eo e tukang, Baroma ba ile ba hlokomela ’nete e tšosang: lira tsa bona—batho ba ka bang 960—ba ne ba se ba shoele! Bahlabani ba Bajuda ba ne ba qalile ka ho bolaea malapa a bona pele, ’me ba qetella ka ho bolaeana. Monna oa ho qetela o ile a ipolaea.a Ke eng se ileng sa ba etsa hore ba bolaee letšoele le lekaale ka tsela e tšabehang tjee, esita le ho ipolaea?
Ho latela rahistori Josephus ea phetseng nakong eo, sesosa se ka sehloohong e bile tumelo ea hore moea ha o shoe. Moeta-pele oa Mazealot a Masada, Eleazar Ben Jair, o ne a ile a qala ka ho leka ho kholisa banna ba hae hore ho ipolaea ho ne ho tla hlompheha ho feta ho bolaoa kapa ho ba makhoba tlas’a bolaoli ba Baroma. Ha a ba bona ba tsila-tsila, o ile a qala ho bua ka cheseho ka moea. O ile a ba bolella hore ’mele e mpa e le tšitiso, teronko ea moea. O ile a tsoela pele: “Empa ha o lokolohile khatellong ena e o tutlelang fatše le e o koaletseng, moea o khutlela sebakeng sa oona, ’me bonneteng, o ba le matla a hlohonolofalitsoeng le a sa beheloang meeli, o lula o sa bonahale mahlong a batho joaloka Molimo ka Boeena.”
Karabelo e ile ea e-ba efe? Josephus o tlaleha hore ka mor’a hore Eleazar a bue ka tsela ena ka mokhoa o pharaletseng, “bamameli ba hae kaofela ba ile ba mo kena hanong ’me ka cheseho e tsoileng taolong ba potlakela ho ea etsa ketso.” Josephus oa phaella: “Ba ile ba tutumolotseha joalokaha eka ba kenoe ke moea, monna e mong le e mong a laba-labela ho etsa ka potlako ho feta e mong, . . . ba ne ba kenoe ke takatso e matla a ke keng a thijoa ea ho bolaea basali ba bona, bana ba bona le bona ka bobona.”
Mohlala ona o nyarosang o thusa ho bontša kamoo ka ho tebileng thuto ea bolumeli ea hore moea ha o shoe e ka fetolang pono e tloaelehileng ea motho kateng mabapi le lefu. Ba e lumelang ba rutoa ho talima lefu, e se sera se tšabehang ka ho fetisisa sa motho, empa ba le talime feela joaloka monyako o lokollang moea hore o thabele bophelo bo phahameng haholoanyane. Empa ke hobane’ng ha Mazealot ao a Bajuda a ile a lumela ka tsela ee? Ba bangata ba ne ba tla nka hore mangolo a bona a halalelang, Mangolo a Seheberu, a ruta hore motho o na le moea o falimehileng ka hare ho eena, moea o pholohang le ho phela ka mor’a lefu. Na ka sebele ho joalo?
Moea ka Mangolong a Seheberu
Ka bokhutšoanyane, che. Hona bukeng e qalang feela ea Bibele, Genese, re bolelloa hore moea hase ntho eo u nang le eona, ke ntho eo u leng eona. Re bala tjena ka ho bōptjoa ha motho oa pele Adama: “Motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Lentsoe la Seheberu leo mona le sebelisitsoeng e le moea, neʹphesh, le hlaha ka makhetlo ao ha e le hantle a fetang 700 Mangolong a Seheberu, ’me ha ho mohla le kileng la fetisa maikutlo a karolo ea motho e arohileng, e sa bonahaleng, ea moea. Ho fapana le hoo, moea oa tšoareha, oa bonahala, o na le ’mele.
Bibeleng ea hao, hlahloba litemana tse latelang tse bontšitsoeng mona, kaha lentsoe la Seheberu neʹphesh le fumaneha ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. Li bontša ka ho hlakileng hore moea o ka tobana le kotsi, tsietsi esita le ho utsuoa (Deuteronoma 24:7; Baahloli 9:17; 1 Samuele 19:11); o ka ama lintho (Jobo 6:7); o ka koalloa litšepeng (Pesaleme ea 105:18); o ka lakatsa ho ja, oa hlokofatsoa ke ho itima lijo, ’me oa tepeletsoa ke tlala le lenyora; le ho utloisoa bohloko ke lefu le bolaeang kapa esita le ho hlobaela ka lebaka la ho sareloa. (Deuteronoma 12:20; Pesaleme ea 35:13; 69:10; 106:15; 107:9; 119:28) Ka mantsoe a mang, kaha moea oa hao ke uena, uena ka bouena, moea oa hao o kopanela ntho leha e le efe eo u ka fetang tlas’a eona.b
Joale, na seo se bolela hore ha e le hantle moea o ka shoa? Ho joalo. Ho e-na le ho bua ka oona o sa shoe, ka Mangolong a Seheberu ho buuoa ka meea ea batho e ‘khaoloa’ kapa e ahloloa ka lebaka la ho etsa phoso, e khakhatheloa lefu, e bolaoa, e senngoa le ho tsekolloa likoto. (Exoda 31:14; Deuteronoma 19:6; 22:26; Pesaleme ea 7:2) Ezekiele 18:4 e re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” Ka ho hlakileng, lefu ke qetello e tloaelehileng ea meea ea batho, kaha kaofela ha rōna re etsa sebe. (Pesaleme ea 51:5) Motho oa pele Adama, o ile a bolelloa hore kotlo ea sebe ke lefu—e seng ho fallisetsoa sebakeng sa moea le ho se shoe. (Genese 2:17) ’Me eitse ha a etsa sebe, ho ile ha phatlalatsoa kahlolo: “Hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Ha Adama le Eva ba e-shoa, habonolo feela ba ile ba fetoha seo hangata Bibele e se bitsang ‘meea e shoeleng.’—Numere 5:2, NW; 6:6, NW.
Ha ho makatse ha The Encyclopedia Americana e bolela tjena ka moea Mangolong a Seheberu: “Testamente ea Khale e na le khopolo ea motho e le ntho e le ’ngoe, e seng ho kopana ha moea le ’mele.” Ea phaella: “Nefesh . . . le ka mohla ha ho moo ho lekantsoeng e ka sebetsa ka ntle ho ’mele.”
Kahoo, Bajuda ba tšepahalang ba ne ba lumela hore lefu ke eng? Ha e behoa habonolo feela, ba ne ba lumela hore lefu ke se fapaneng le bophelo. Pesaleme ea 146:4 (NW) e re bolella se etsahalang ha moea, kapa matla a bophelo, o fela ho motho: “Moea oa hae oa tsoa, o khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, mehopolo ea hae e fela kannete.”c Ka ho tšoanang, Morena Solomone o ile a ngola hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5.
Ka hona, ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo, ba kang Mazealot a Masada, ba ne ba kholisehile hakaale hore moea ha o shoe?
Tšusumetso ea Magerike
Bajuda ba ile ba fumana khopolo ena ho Magerike, e seng ka Bibeleng. Bohareng ba lekholo la bosupa le la bohlano la lilemo B.C.E., khopolo eo e ile ea bonahala e nama ho tloha lihlotšoaneng tse makatsang tsa borapeli tsa Magerike ho ea filosofing ea Segerike. Khopolo ea bophelo ba ka mor’a lefu moo meea e mebe e neng e tla fumana moputso o hlokofatsang e ’nile ea khahla batho ka nako e telele, ’me khopolo eo e ile ea tsitsa ’me ea jaleha. Bo-rafilosofi ba ile ba pheha khang ka ho sa feleng mabapi le hore na hantle-ntle moea ke eng. Homer o ile a bolela hore nakong ea lefu, moea o fetela sebakeng se seng ka potlako, o bobola ka mokhoa o utloahalang, o etsa mololi o kang oa nonyana, kapa molumo o sheshang. Epicurus o ile a re ha e le hantle moea o na le boima, ’me ka hona, ke ’mele o monyenyane haholo.d
Empa, ka mohlomong ’muelli ea ka sehloohong oa hore moea ha o shoe e ne e le rafilosofi oa Mogerike Plato, ea phetseng lekholong la bone la lilemo B.C.E. Tlhaloso ea hae malebana le lefu la tichere ea hae, Socrates, e hlakisa tumelo e tšoanang haholo le ea Mazealot ane a Masada makholo a lilemo hamorao. Joalokaha setsebi Oscar Cullmann se bolela, “Plato o re bontša kamoo Socrates a shoang ka khotso e feletseng le ka khutso ea kelello. Lefu la Socrates ke lefu le babatsehang. Ha ho bonoe letho le ka tšajoang ka lefu mona. Socrates a ke ke a tšaba lefu, kaha ka sebele le re lokolla ’meleng. . . . Lefu ke motsoalle oa hlooho ea khomo oa moea. Ke kamoo a rutang kateng; ’me joale, tumellanong e tsotehang le thuto ea hae, oa shoa.”
Ka ho hlakileng, e bile mehleng ea Maccabees, lekholong la bobeli la lilemo pele ho Kreste, moo Bajuda ba ileng ba qala ho amohela thuto ena ho Magerike. Lekholong la pele la lilemo C.E., Josephus o re bolella hore Bafarisi le Baessene—lihlopha tse matla tsa bolumeli tsa Bajuda—li ile tsa khomarela thuto ena ea bolumeli. E ’ngoe ea lithoko tseo e ka ’nang eaba li ngotsoe ka nako eo, e bonahatsa tumelo e tšoanang.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Jesu Kreste? Na eena le balateli ba hae ka ho tšoanang ba ile ba ruta khopolo ee e tsoang bolumeling ba Magerike?
Pono ea Bakreste ba Pele Malebana le Moea
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa talime moea joalokaha Magerike a ne a o talima. Ka mohlala, nahana ka lefu la motsoalle oa Jesu, Lazaro. Haeba Lazaro a ne a ile a ba le moea o sa shoeng o ileng oa fetela sebakeng se seng ka potlako, o neng o lokolohile le ho thaba nakong ea lefu, na tlaleho ea Johanne khaolo ea 11 e ne e ke ke ea baleha ka mokhoa o fapaneng haholo? Ka sebele, Jesu a ka be a ile a bolella balateli ba hae haeba Lazaro a ne a phela, a le hantle, ’me a falimehile leholimong; empa ho fapana le moo, o ile a bua se tumellanong le Mangolo a Seheberu ’me a ba bolella hore Lazaro o robetse, ha aa falimeha. (Temana ea 11) Ka sebele Jesu a ka be a ile a thaba haeba motsoalle oa hae a ne a thabela bophelo bo bocha bo tsotehang; empa ho e-na le hoo, re fumana a lla phatlalatsa ka lebaka la lefu leo. (Temana ea 35) Kannete, haeba moea oa Lazaro o ne o bile leholimong, o nyakaletse thabong ea ho se shoe, Jesu a ka be a sa ka a ba le bokhopo bo bokaalo ba hore a mo khutlisetse ho tla phela lilemo tse seng kae tse eketsehileng “teronkong” ea ’mele oa nama o sa phethahalang, har’a moloko oa batho o kulang le o shoang.
Na Lazaro o ile a khutla lefung a e-na le litlaleho tse thabisang tsa matsatsi a hae a mane a hlollang ao a neng a fetohile sebōpuoa sa moea se lokolohileng, sa ’mele o arohaneng le moea? Che, ha aa ba le tsona. Ba lumelang hore moea ha o shoe ba tla arabela ka hore ke ka lebaka la hobane phihlelo ea monna eo e ne e sa khone ho hlaloseha. Empa lebaka leo le hlōleha ho kholisa; ha e le hantle, na Lazaro a ka be a ntse a sa bolella baratuoa ba hae bonyanenyana boo—ba hore o bile le phihlelo e hlollang hoo a sitoang ho e hlalosa? Ho e-na le hoo, Lazaro ha aa ka a bua letho ka phihlelo leha e le efe eo a bileng le eona ha a shoele. Nahana—ho thōla ka taba eo e leng eona eo batho ba lebisitseng thahasello ea bona ho eona ho feta taba leha e le efe e ’ngoe: hore na lefu ke ntho e joang! Ho thōla hoo ho ka hlalosoa ka tsela e le ’ngoe feela. Ho ne ho se seo a ka se bolelang. Bafu ba robetse, ha baa falimeha.
Kahoo, na Bibele e hlahisa lefu e le motsoalle oa moea, mokhoa feela oa ho feta pakeng tsa methati e fapaneng ea bophelo? Che! Ho Bakreste ba ’nete ba joaloka moapostola Pauluse, lefu e ne e se motsoalle; e ne e le “sera sa ho qetela.” (1 Bakorinthe 15:26) Bakreste ha ba talime lefu e le tlhaho, empa ba le talima le tšabeha, e se tlhaho, kaha ke phello e tobileng ea sebe le ho fetohela Molimo. (Baroma 5:12; 6:23) Le ka mohla ha e e-s’o ho ka e e-ba karolo ea morero oa pele oa Molimo bakeng sa moloko oa batho.
Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba na le tšepo tabeng ea ho shoa ha moea. Ho tsosoa ha Lazaro bafung ke e ’ngoe ea litlaleho tsa Bibele tseo ka ho hlakileng li re bontšang tšepo ea ’nete, ea Mangolo ka meea e shoeleng—tsoho ea bafu. Bibele e ruta ka mefuta e ’meli e fapaneng ea tsoho ea bafu. Bakeng sa boholo ba batho ba robetseng mabitleng, ebang ke ba lokileng kapa ba sa lokang, ho na le tšepo ea tsoho ea bafu e isang bophelong bo sa feleng Paradeiseng, mona lefatšeng. (Luka 23:43; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ho sehlotšoana seo Jesu a buang ka sona e le “mohlape o monyenyane” oa hae, ho na le tsoho ea bafu e isang bophelong ba ho se shoe e le libōpuoa tsa moea leholimong. Bana ba akareletsang baapostola ba Kreste, ba tla busa le Kreste Jesu holim’a moloko oa batho ’me ba o khutlisetse phethehong.—Luka 12:32; 1 Bakorinthe 15:53, 54; Tšenolo 20:6.
Ka hona, ke hobane’ng ha re fumana likereke tsa Bokreste-’mōtoana li sa rute ka tsoho ea bafu, empa li ruta ka hore moea oa motho ha o shoe? Nahana ka likarabo tse fanoeng ke moruti oa thuto ea bolumeli, Werner Jaeger, ho The Harvard Theological Review, morao koana ka 1959: “Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea thuto ea motheo ea Bokreste e bile ea hore ntate oa thuto ea bolumeli ea Bokreste, Origen, e ne e le rafilosofi oa habo Plato, sekolong sa Alexandria. O ile a kenyelletsa thuto e pharaletseng ea hore moea ha o shoe thutong ea Bokreste, eo a neng a e nkile ho Plato.” Kahoo, kereke e ile ea etsa se tšoanang hantle le seo Bajuda ba neng ba se entse makholong a lilemo pejana! Ba ile ba lahla lithuto tsa Bibele ka lebaka la ho rata filosofi ea Magerike.
Mehloli ea Sebele ea Thuto Ena ea Bolumeli
Joale, ba bang ha ba buella thuto ena ea bolumeli ea ho se shoe ha moea, ba ka ’na ba botsa, Ke hobane’ng ha thuto ee e tšoanang e rutoa ke malumeli a mangata hakaale a lefatše, leha ekaba ka mekhoa e fapaneng? Mangolo a fana ka lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha thuto ena e atile hakana mekhatlong ea bolumeli ea lefatše lena.
Bibele e re bolella hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo” ’me ka ho khetheha e tsebahatsa Satane e le “’musi oa lefatše lena.” (1 Johanne 5:19; Johanne 12:31) Ka ho hlakileng, malumeli a lefatše ha aa lokoloha tšusumetsong ea Satane. Ho fapana le moo, a tlatselelitse haholo likhathatsong le lintoeng tsa lefatše la kajeno. ’Me tabeng ea moea, ho bonahala a bontša maikutlo a Satane ka ho hlakileng haholoanyane. Ka tsela efe?
Hopola leshano la pele le kileng la boleloa. Molimo o ne a ile a bolella Adama le Eva hore ba ne ba tla shoa haeba ba mo siteloa. Empa Satane o ile a kholisa Eva: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” (Genese 3:4) Ke ’nete hore Adama le Eva ba ile ba shoa; ba ile ba khutlela lerōleng joalokaha Molimo a ne a boletse. Le ka mohla Satane, “ntate oa leshano,” ha aa ka a lahla leshano la hae. (Johanne 8:44) Malumeling a se nang palo a khelohang thuto ea Bibele kapa a e hlokomolohang ka ho toba, ho ntse ho jaloa khopolo e tšoanang: ‘Ha e le ho shoa u ke ke ua shoa. ’Mele oa hao o ka ’na oa timela, empa moea oa hao o tla tsoela pele o phela ka ho sa feleng—joaloka Molimo!’ Ka ho thahasellisang, Satane le eena o ne a ile a bolella Eva hore o tla “ba joaloka Molimo”!—Genese 3:5, NW.
Ho molemo hakaakang ho ba le tšepo e thehiloeng ’neteng, ho e-na le e thehiloeng mashanong kapa lifilosofing tsa batho. Ho molemo hakaakang ho kholiseha hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ha baa falimeha lebitleng, ho e-na le ho ngongoreha ka hore na meea e meng e sa shoang e hokae! Ho robala hona ha bafu ha hoa lokela ho re tšosa kapa ho re nyahamisa. Ho ea bohōleng bo itseng, re ka talima bafu e le ba sebakeng se sireletsehileng sa ho phomola. Hobane’ng se sireletsehileng? Hobane Bibele e re tiisetsa hore bafu ba ratoang ke Jehova baa phela ka kutloisiso e khethehileng. (Luka 20:38) Baa phela mohopolong oa hae. Eo ke khopolo e tšelisang ka ho feletseng kaha mohopolo oa hae ha oa lekanyetsoa. O thahasella ho khutlisetsa limilione tse se nang palo tsa batho ba ratoang bophelong, ’me a li nehe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Bapisa le Jobo 14:14, 15.
Letsatsi le khanyang la tsoho ea bafu le tla tla, joalokaha litšepiso tsohle tsa Jehova li lokela ho phethahatsoa. (Esaia 55:10, 11) Ak’u nahane feela ka boprofeta bona bo tla phethahala: “Empa bafu ba hao baa phela, ’mele ea bona e tla tsoha hape. Ba robetseng lefatšeng ba tla tsoha ’me ba hooe ka thabo; hobane phoka ea hao ke phoka ea ho phatsima ha leseli, ’me lefatše le tla boela le tsoale ba ileng ba shoa khale.” (Esaia 26:19, The New English Bible) Kahoo, bafu ba robetseng lebitleng ba sireletsehile joalokaha ngoana a sireletsehile ka pōpelong ea ’mè oa hae. Ba se ba le haufi le ho “tsoaloa,” ho khutlisetsoa bophelong lefatšeng la paradeise!
Ke tšepo efe e ka bang molemo ho feta eo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka tlaleho, basali ba babeli le bana ba bahlano ba ile ba pholoha ka ho ipata. Basali bao hamorao ba ile ba bolela se etsahetseng ho bahapi ba bona ba Baroma.
b Ha e le hantle, joalokaha mantsoe a mangata a ka sebelisoa ka mekhoa e fapa-fapaneng, lentsoe neʹphesh le lona le na le meelelo e meng. Ka mohlala, le ka bolela motho oa ka hare, haholo-holo ha le supa maikutlo a tebileng. (1 Samuele 18:1, NW) Le ka boetse la bolela bophelo boo motho a bo thabelang e le moea.—1 Marena 17:21-23.
c Lentsoe la Seheberu bakeng sa “moea,” ruʹach, le bolela “phefumoloho” kapa “moea o fokang.” Mabapi le batho, ha le bolele motho oa moea ea falimehileng, empa ho e-na le hoo, joalokaha The New International Dictionary of New Testament Theology e beha taba, le bolela “matla a bophelo a motho.”
d E ne e se oa ho qetela oa ho nahana ka tsela ena e batlang e sa tloaeleha. Qalong ea lekholo lena la lilemo, ka sebele rasaense e mong o ile a bolela hore o lekantse boima ba meea ea batho ba fapaneng ka hore hang ka mor’a hore ba shoe, ka potlako a tlose tekanyo ea boima ba bona ba ’mele ho eo ba neng ba e-na le eona pele ba e-shoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mazealot a Bajuda a Masada a ne a lumela hore lefu le ne le tla lokolla meea ea bona