Ho Sebeletsa Joaloka Manģosa a Khotso ea Bomolimo
“A matle hakakang lithabeng maoto a . . . ba bolelang khotso.”—ESAIA 52:7.
1, 2. (a) Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 52:7, ke litaba life tse molemo tse lokelang ho phatlalatsoa? (b) Mantsoe a Esaia a boprofeta a ne a bolela’ng tabeng ea Baiseraele ba boholo-holo?
HO NA le litaba tse molemo tse lokelang ho boleloa! Ke litaba tsa khotso—khotso ea sebele. Ke molaetsa oa poloko o amanang le ’Muso oa Molimo. Khale-khale, moprofeta Esaia o ile a ngola ka oona, ’me mantsoe a hae re a boloketsoe ho Esaia 52:7, moo re balang: “A matle hakakang lithabeng maoto a ba tlisang litaba tse molemo, ba bolelang khotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Molimo oa hao oa busa!”
2 Jehova o ile a bululela moprofeta oa hae Esaia hore a tlalehe molaetsa oo molemong oa Baiseraele ba boholo-holo le molemong oa rōna kajeno. O bolela eng? Nakong eo ka eona Esaia a neng a ngola mantsoe ao, ho ka etsahala hore ebe ’muso oa Iseraele o ka leboea o ne o se o isitsoe botlamuoeng ke Baassyria. Hamorao, baahi ba ’muso oa Juda o ka boroa, ba ne ba tla isoa botlamuoeng Babylona. Ao e ne e le matsatsi a masisa-pelo le pherekano sechabeng hobane batho ba ne ba sa ka ba mamela Jehova ’me ka lebaka leo ba ne ba se khotsong le Molimo. Joalokaha Jehova a ile a ba bolella, boitšoaro ba bona ba boetsalibe bo ne bo baka karohano pakeng tsa bona le Molimo oa bona. (Esaia 42:24; 59:2-4) Leha ho le joalo, Jehova o ile a bolela esale pele ka Esaia hore ka nako e loketseng likeiti tsa Babylona li ne li tla buleha. Batho ba Molimo ba ne ba tla lokoloha hore ba khutlele naheng ea habo bona, ’me moo ba e’o haha tempele ea Jehova bocha. Sione e ne e tla tsosolosoa, ’me borapeli ba Molimo oa ’nete bo ne bo tla boela bo ntšetsoe pele Jerusalema.—Esaia 44:28; 52:1, 2.
3. Tšepiso ea tsosoloso ea Baiseraele e ne e boetse e le boprofeta ba khotso joang?
3 Tšepiso ena ea topollo e ne e boetse e le boprofeta ba khotso. Ho tsosolosetsoa naheng eo Jehova a neng a e file Baiseraele e ne e tla ba bopaki ba mohau oa Molimo le ho baka ha bona. Ho ne ho tla bontša hore ba ne ba le khotsong le Molimo.—Esaia 14:1; 48:17, 18.
“Molimo oa Hao oa Busa!”
4. (a) Ke ka kutloisiso efe ka 537 B.C.E. ho neng ho ka boleloa hore ‘Jehova oa busa’? (b) Jehova o ile a tsamaisa litaba joang molemong oa batho ba hae lilemong tse latelang?
4 Ha Jehova a etsa topollo ena ka 537 B.C.E., ka nepo ho ne ho ka tsebisoa Sione: “Molimo oa hao oa busa!” Ka sebele, Jehova ke “Morena oa bosafeleng.” (Tšenolo 15:3) Empa ho lopolloa hona ha batho ba hae e ne e le pontšo e ncha ea bobusi ba hae. Ho bontšitse ka mokhoa o tsotehang bophahamo ba matla a hae holim’a ’muso oa motho o neng o le matla ka ho fetisisa ho fihlela ka nako eo. (Jeremia 51:56, 57) Ka lebaka la ho sebetsa ha moea oa Jehova, merero e meng ea bolotsana khahlanong le batho ba hae e ile ea nyopisoa. (Esthere 9:24, 25) Khafetsa, Jehova o ile a kenella ka litsela tse sa tšoaneng ho etsa hore marena a Medo-Persia a sebelisane tabeng ea ho phethahala ha thato ea hae e phahameng ka ho fetisisa. (Zakaria 4:6) Liketsahalo tse babatsehang tse ileng tsa etsahala matsatsing ao re li tlalehetsoe libukeng tsa Bibele tsa Esdrase, Nehemia, Esthere, Haggai le Zakaria. ’Me ho li hlahloba ho matlafatsa tumelo hakaakang!
5. Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tseo Esaia 52:13–53:12 e lebisang tlhokomelo ho tsona?
5 Leha ho le joalo, se etsahetseng ka 537 B.C.E. le ka mor’a moo e ne e le qalo feela. Hang-hang ka mor’a boprofeta boo ba tsosoloso khaolong ea 52, Esaia o ile a ngola ka ho tla ha Mesia. (Esaia 52:13–53:12) Ka Mesia, ea ileng a ipaka e le Jesu Kreste, Jehova o ne a tla fana ka molaetsa oa topollo le khotso tsa bohlokoa le ho feta se ileng sa etsahala ka 537 B.C.E.
Lenģosa la Khotso la Jehova le Leholohali
6. Lenģosa la khotso la Jehova le leholohali ke mang, ’me ke thōmo efe eo le ileng la re e sebetsa ho lona?
6 Jesu Kreste ke lenģosa la khotso la Jehova le leholohali. Ke Lentsoe la Molimo, ’Muelli oa Jehova ka boeena. (Johanne 1:14) Tumellanong le sena, nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe Nōkeng ea Jordane, Jesu o ile a ea synagogeng Nazaretha ’me a bala ka lentsoe le phahameng thōmo ea hae ho Esaia khaolo ea 61. Thōmo eo e ile ea hlakisa hore seo a neng a rometsoe ho se bolela se ne se akarelletsa “tokollo” le ‘ho bona hape,’ hammoho le monyetla oa ho fumana kamohelo ea Jehova. Empa, Jesu o ile a etsa ho fetang ho bolela molaetsa oa khotso. Molimo o ne a boetse a mo rometse ho fana ka motheo oa khotso e tšoarellang.—Luka 4:16-21.
7. Ke’ng e tlisoang ke khotso le Molimo e finyelloang ka Jesu Kreste?
7 Nakong ea tsoalo ea Jesu, mangeloi a ne a ile a hlaha ho balisa haufi le Bethlehema, a rorisa Molimo ’me a re: “Khanya bophahamong bo holimo ho Molimo, le lefatšeng khotso har’a batho bao a khahloang ke bona.” (Luka 2:8, 13, 14) E, ho ne ho tla ba le khotso bakeng sa bao Molimo a khahloang ke bona hobane ba sebelisitse tumelo tokisetsong eo a neng a e etsa ka Mora oa hae. Seo se ne se tla bolela’ng? Se ne se tla bolela hore le hoja batho ba hlahetse sebeng, ba ne ba ka fumana ho ba boemong bo hloekileng le Molimo, ba ba kamanong e amohelehang le eena. (Baroma 5:1) Ba ne ba ka thabela khutso, khotso e tebileng e ke keng ea fumaneha ka tsela e ’ngoe. Ka nako e khethiloeng ke Molimo, ho ne ho tla ba le tokollo liphellong tsohle tsa sebe se futsitsoeng ho Adama, ho akarelletsa le tokollo ho kuleng le lefung. Batho ba ne ba ke ke ba hlola ba foufala kapa e e-ba lithōlō kapa lihole. Mefokolo e ferekanyang le ho kula kelellong ho utloisang bohloko li ne li tla felisetsoa ruri. Ho thabela bophelo ka ho sa feleng phethehong ho ne ho tla khoneha.—Esaia 33:24; Matheu 9:35; Johanne 3:16.
8. Khotso ea bomolimo e fuoa bo-mang?
8 Khotso ea bomolimo e fuoa bo-mang? E fuoa bohle ba sebelisang tumelo ea ’nete ho Jesu Kreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore ‘Molimo o ile a bona ho le molemo hore ka Kreste a boelanye lintho tse ling tsohle le eena ka ho etsa khotso ka mali ao Jesu a ileng a a tšolla thupeng ea tlhokofatso.’ Moapostola o ile a phaella ka hore poelano ena e ne e tla akarelletsa “lintho tse maholimong”—ke hore, bao e neng e tla ba majalefa le Kreste leholimong. E ne e tla boetse e akarelletsa “lintho tse lefatšeng”—ke hore, ba neng ba tla hauheloa ka monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lena ha le tlisoa boemong bo feletseng ba Paradeise. (Bakolose 1:19, 20) Ka lebaka la ho itšebelisetsa bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu le ka lebaka la ho mamela ha bona Molimo ho tloha pelong, bana kaofela ba ne ba ka thabela botsoalle bo mofuthu le Molimo.—Bapisa le Jakobo 2:22, 23.
9. (a) Khotso le Molimo e susumetsa likamano life tse ling? (b) Ke matla afe a ho laela ao Jehova a ileng a a neha Mora oa hae ka morero oa ho tlisa khotso e tšoarellang hohle?
9 Khotso e joalo le Molimo ke ea bohlokoahali hakaakang! Haeba ho se na khotso le Molimo, ho ke ke ha e-ba le khotso e tšoarellang kapa e nang le morero kamanong efe kapa efe e ’ngoe. Khotso le Jehova ke motheo bakeng sa khotso ea ’nete lefatšeng. (Esaia 57:19-21) Ka ho loketseng, Jesu Kreste ke Khosana ea Khotso. (Esaia 9:6, NW) Enoa eo ka eena batho ba ka boelanngoang le Molimo, Jehova o boetse o mo tšepetse matla a ho laela a bobusi. (Daniele 7:13, 14) ’Me mabapi le liphello tsa puso ea bohosana ea Jesu holim’a moloko oa batho, Jehova oa tšepisa: ‘Khotso e ke ke ea fela.’—Esaia 9:7; Pesaleme ea 72:7.
10. Jesu o ile a beha mohlala joang mabapi le ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo oa khotso?
10 Molaetsa oa Molimo oa khotso o hlokoa ke moloko oohle oa batho. Jesu ka boeena ka cheseho o ile a beha mohlala ha a o bolela. O ile a etsa joalo sebakeng sa tempele Jerusalema, mosikong oa thaba, tseleng, ho mosali oa Mosamaria selibeng le malapeng a batho. Hohle moo ho neng ho e-na le batho, Jesu o ile a bula menyetla ea ho bolela ka khotso le ka ’Muso oa Molimo.—Matheu 4:18, 19; 5:1, 2; 9:9; 26:55; Mareka 6:34; Luka 19:1-10; Johanne 4:5-26.
Ho Rutoa ho Tsamaea Mehatong ea Kreste
11. Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae mosebetsi ofe?
11 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho bolela molaetsa oa Molimo oa khotso. Feela joalokaha Jesu e ne e le “paki e tšepahalang le ea ’nete” ea Jehova, ba ile ba hlokomela hore le bona ba ne ba e-na le boikarabelo ba ho paka. (Tšenolo 3:14; Esaia 43:10-12) Ba ile ba talima ho Kreste e le Moeta-pele oa bona.
12. Pauluse o ile a bontša bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela joang?
12 Moapostola Pauluse o ile a beha mabaka ka bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela, a re: “Lengolo le re: ‘Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.’” Ke hore, ha ho le ea mong ea sebelisang tumelo ho Jesu Kreste joaloka Moemeli ea ka Sehloohong oa Jehova oa pholoho ea tla soetseha. Ha ho semelo sa motho sa morabe seo e leng lebaka la hore a se ke a tšoaneleha, hobane Pauluse o ile a eketsa: “Ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle, ea ruileng ho bohle ba ipiletsang ho eena. Etsoe ‘e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.’” (Baroma 10:11-13) Empa batho ba ne ba tla ithuta joang ka monyetla oo?
13. Ho ne ho hlokahala eng hore batho ba utloe litaba tse molemo, ’me Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba arabela joang tlhokahalong eo?
13 Pauluse o ile a sebetsana le tlhokahalo eo ka ho botsa lipotso tseo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a lokelang ho nahana ka tsona. Moapostola enoa o ile a botsa: “Ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang? Hape, ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe?” (Baroma 10:14, 15) Tlaleho ea Bokreste ba pele e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore banna le basali, ba banyenyane le ba baholo, ba ile ba arabela mohlaleng oo Kreste le baapostola ba hae ba ileng ba o beha. E ile ea e-ba baboleli ba chesehang ba litaba tse molemo. Ba etsisa Jesu, ba ile ba bolela ho batho hohle moo ba neng ba ka ba fumana teng. Ba e-na le takatso ea ho se hlokomolohe leha a le mong, ba ile ba tsoela pele tšebeletsong ea bona libakeng tsa phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.—Liketso 17:17; 20:20.
14. Ho ile ha ipaka e le ’nete joang hore “maoto” a ba bolelang litaba tse molemo a ne a le “matle”?
14 Ho hlakile hore hase e mong le e mong ea ileng a amohela baboleli ba Bakreste ka mosa. Leha ho le joalo, seo Pauluse a ileng a se qotsa ho Esaia 52:7 se ile sa ipaka e le ’nete. Ka mor’a ho botsa, “Ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe?” o ile a eketsa: “Feela joalokaha ho ngoliloe: ‘A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’” Boholo ba rōna ha re nahane ka maoto a rōna e le a matle kapa a khahlehang. Ka hona, he, see se bolela’ng? Ka tloaelo ke maoto a tsamaisang motho ha a e-tsoa a il’o bolela ho ba bang. Maoto a joalo ka sebele a emela motho. ’Me re ka kholiseha hore ho ba bangata ba ileng ba utloa litaba tse molemo ho baapostola le ho barutuoa ba bang ba Jesu Kreste ba lekholong la pele la lilemo, ka sebele Bakreste bana ba pele ba ne ba shebahala hantle. (Liketso 16:13-15) Ho feta moo, e ne e le ba bohlokoa mahlong a Molimo.
15, 16. (a) Bakreste ba pele ba ile ba bontša joang hore ke manģosa a khotso e le kannete? (b) Re ka thusoa ke eng hore re tsoele pele ka tšebeletso ea rōna ka tsela e tšoanang le eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba etsa ka eona?
15 Molaetsa oa balateli ba Jesu e ne e le oa khotso, ’me ba ne ba o aba ka tsela ea khotso. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tsena: “Kae kapa kae moo le kenang ka tlung le re pele, ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’ ’Me haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lōna e tla lula holim’a hae. Empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lōna.” (Luka 10:5, 6) Sha·lohmʹ, kapa “khotso,” ke tumeliso e tloaelehileng ea Sejuda. Leha ho le joalo, litaelo tsa Jesu li ne li akarelletsa ho hongata ho feta sena. Joaloka “manģosa a emeng bakeng sa Kreste,” barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ba ile ba khothalletsa batho: “Boelanang le Molimo.” (2 Bakorinthe 5:20) Tumellanong le litaelo tsa Jesu, ba ile ba bua le batho ka ’Muso oa Molimo le seo o neng o ka se bolela ho bona e le batho ka bomong. Ba ileng ba mamela ba ile ba fumana tlhohonolofatso; ba ileng ba hana molaetsa ba ile ba lahleheloa.
16 Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ka tšebeletso ea tsona ka tsela e tšoanang kajeno. Litaba tse molemo tseo li li isang ho batho hase tsa tsona; ke tsa Ea li romileng. Mosebetsi oa tsona ke ho li aba. Haeba batho ba li amohela, ba ipeha moleng oa mahlohonolo a babatsehang. Haeba ba li hana, ba hana khotso le Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste.—Luka 10:16.
Ba na le Khotso Lefatšeng le Mabifi
17. Esita leha re tobane le batho ba hlekefetsang, re lokela ho itšoara joang, hona hobane’ng?
17 Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, ke habohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba hopole hore ke manģosa a khotso ea bomolimo. Batho ba lefatše ba ka ’na ba ngangisana ka bohale ’me ba bonahatsa bohale ba bona ka lipuo tse hlabang kapa ka ho tjolietsa ba ba khopisang. Mohlomong ba bang ba rōna ba ne ba etsa seo linakong tse fetileng. Leha ho le joalo, haeba re apere botho bo bocha, ’me hona joale re se karolo ea lefatše, re ke ke ra etsisa litsela tsa bona. (Baefese 4:23, 24, 31; Jakobo 1:19, 20) Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba itšoara joang, re tla sebelisa keletso ena: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
18. Re lokela ho arabela joang ha mohlanka oa ’muso a re halefela, hona hobane’ng?
18 Tšebeletso ea rōna ka linako tse ling e ka re isa ka pel’a bahlanka ba ’muso. E le ho bontša matla a bona a ho laela, ba ka ’na ‘ba re batla’ tlhaloso mabapi le hore na ke hobane’ng ha re etsa lintho tse itseng kapa hore na ke hobane’ng ha re hana ho kenella litšebeletsong tse ling tse itseng. Ba ka ’na ba batla ho tseba lebaka leo re bolelang molaetsa oo re o bolelang ka lona—molaetsa o pepesang bolumeli ba bohata le o bolelang ka bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. Ho hlompha ha rōna mohlala o behiloeng ke Kreste ho tla re susumelletsa ho bontša maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng. (1 Petrose 2:23; 3:15) Hangata, bahlanka ba joalo ba ’muso ba tlas’a khatello e tsoang ho baruti kapa mohlomong ho baokameli ba bona. Karabo e bonolo e ka ’na ea ba thusa ho utloisisa hore tšebeletso ea rōna ha e kotsi ho bona kapa khotsong ea sechaba. Karabo e joalo e hlahisa moea oa tlhompho, tšebelisano le khotso ho ba e amohelang.—Tite 3:1, 2.
19. Lipaki tsa Jehova le ka mohla ha li kopanele mesebetsing efe?
19 Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng ka bophara e le batho ba se nang seabo lintoeng tsa lefatše. Ha li kenelle likhohlanong tsa lefatše tsa morabe, bolumeli kapa lipolotiki. (Johanne 17:14) Kaha Lentsoe la Molimo le re laela hore re “ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,” ho hang re ne re ke ke ra nahana ho kopanela liketsong tsa ho se mamele ’muso tsa ho ipelaetsa ka maano a ’muso. (Baroma 13:1) Le ka mohla Lipaki tsa Jehova ha li e-s’o kenelle mokhatlong leha e le ofe oo sepheo sa oona e leng ho ketola ’muso. Ka lebaka la litekanyetso tse behiloeng ke Jehova bakeng sa bahlanka ba hae ba Bakreste, ho kopanela ha bona tšollong ea mali kapa pefong ea mofuta leha e le ofe e ka ba mohlolo! Bakreste ba ’nete ha ba bue ka khotso feela; ba phela tumellanong le seo ba se bolelang.
20. Mabapi le khotso, Babylona e Moholo e entse tlaleho ea mofuta ofe?
20 Ho fapana le Bakreste ba ’nete, ba emelang mekhatlo ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana ha baa ka ba ipaka ho ba manģosa a khotso. Malumeli a Babylona e Moholo—likereke tsa Bokreste-’mōtoana le malumeli ao e seng a Bokreste ka ho tšoanang—a lumeletse, a tšehelitse, kapa a eteletse pele lintoa tsa lichaba. Hape a hlohlelelitse mahloriso esita le polao ea bahlanka ba Jehova ba tšepahalang. Ka lebaka leo, ka Babylona e Moholo, Tšenolo 18:24 e re: “Ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng ka mabifi lefatšeng.”
21. Ba bangata ba pelo li tšepahalang ba arabela joang ha ba bona phapang pakeng tsa boitšoaro ba batho ba Jehova le ba ba kopanelang bolumeling ba bohata?
21 Ho fapana le malumeli a Bokreste-’mōtoana le Babylona e Moholo kaofela, bolumeli ba ’nete ke matla a sebele, a kopanyang. Ho balateli ba hae ba ’nete, Jesu Kreste o ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Leo ke lerato le fenyang meeli ea bochaba, kahisano, moruo le morabe tseo hona joale li arolang moloko oohle oa batho. Kaha ba hlokometse sena, batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba re ho bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23.
22. Re talima mosebetsi oa ho paka joang oo ho sa ntseng ho hlokahala hore o etsoe?
22 Re le batho ba Jehova, re thabela haholo se finyeletsoeng, empa mosebetsi ona ha o e-s’o phethoe. Ka mor’a ho jala peō le ho hlaola tšimo ea hae, molemi ha a khaotse ho sebetsa. O tsoela pele ho sebetsa, haholo-holo sehlohlolong sa nako ea kotulo. Nako ea kotulo e hloka boiteko bo tsoelang pele le bo matla. ’Me hona joale kotulo ea barapeli ba Molimo oa ’nete e khōloanyane ho feta leha e le neng pele. Ena ke nako ea thabo. (Esaia 9:3) Ke ’nete hore re tobana le khanyetso le boiphapanyo. Re le batho ka bomong, e ka ’na eaba re leka ka tieo ho sebetsana le ho kula ho tebileng, maemo a thata a lelapa kapa bothata ba moruo. Empa ho rata Jehova ho re susumelletsa ho tiisetsa. Molaetsa oo Molimo a o behileng tlhokomelong ea rōna ke oo ho hlokahalang hore batho ba o utloe. Ke molaetsa oa khotso. Ka sebele ke molaetsa oo Jesu ka boeena a ileng a o bolela—litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Esaia 52:7 e ile ea phethahala joang ho Baiseraele ba boholo-holo?
◻ Jesu o ile a ipaka ho ba lenģosa la khotso le leholohali joang?
◻ Moapostola Pauluse o ile a amahanya Esaia 52:7 le mosebetsi oo Bakreste ba kopanelang ho oona joang?
◻ Ho ameha eng ho beng manģosa a khotso mehleng ea rōna?
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Joaloka Jesu, Lipaki tsa Jehova ke manģosa a khotso ea bomolimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Lipaki tsa Jehova li lula li e-na le khotso ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang molaetseng oa ’Muso