Manģosa a Khotso ea Bomolimo a Phatlalatsoa e le a Thabileng
“Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong.”—ESAIA 35:10.
1. Lefatše le hloka eng ka matla?
KAJENO ho feta leha e le neng pele, moloko oa batho o hloka lenģosa la litaba tse molemo. Ho na le tlhokahalo e potlakileng ea hore ho be le motho ea bolelang ’nete e mabapi le Molimo le merero ea hae, paki e sa tšabeng e tla lemosa ba khopo ka timetso e tlang le ho thusa ba lipelo li lokileng ho fumana khotso ea bomolimo.
2, 3. Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae e tlalehiloeng ho Amose 3:7 joang tabeng ea Baiseraele?
2 Mehleng ea Baiseraele, Jehova o ile a tšepisa hore o tla fana ka manģosa a mofuta oo. Qetellong ea lekholo la borobong la lilemo B.C.E., moprofeta Amose o ile a re: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.” (Amose 3:7) Makholong a lilemo a ileng a latela phatlalatso ena, Jehova o ile a etsa liketso tse ngata tse matla. Ka mohlala, ka 607 B.C.E., o ile a otla batho ba hae ba khethiloeng ka matla hobane e ne e le bafetoheli ba bile ba le molato oa mali. Hape o ile a khalemela lichaba tse neng li le haufi tse ileng tsa thaba ka lebaka la mahlomola a Baiseraele. (Jeremia, khaolo ea 46-49) Joale, ka 539 B.C.E., Jehova o ile a etsa hore ’muso oa lefatše o matla oa Babylona o oe, phello ea e-ba hore ka 537 B.C.E., masala a Baiseraele a khutlele naheng ea habo ’ona ho ea tsosolosa tempele.—2 Likronike 36:22, 23.
3 Tsena e ne e le liketsahalo tsa bohlokoa haholo, ’me tumellanong le mantsoe a Amose, Jehova o ile a li senola esale pele ho baprofeta ba neng ba sebeletsa e le manģosa, a lemosa Baiseraele ka se neng se tla tla. Bohareng ba lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., o ile a hlahisa Esaia. Bohareng ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., o ile a hlahisa Jeremia. Joale, ho ea qetellong ea lekholo leo la lilemo, o ile a hlahisa Ezekiele. Baprofeta bana le ba bang ba tšepahalang ba ile ba fana ka bopaki bo feletseng mabapi le merero ea Jehova.
Ho Khetholla Manģosa a Molimo Kajeno
4. Ke eng se bontšang hore moloko oa batho o hloka manģosa a khotso?
4 Kajeno teng? Ba bangata lefatšeng ba na le boikutlo bo matla ba hore ho tla etsahala ntho e ’ngoe e tšabehang ha ba bona ho senyeha ha mokhatlo oa batho. Ba ratang ho loka ba hlile ba utloa bohloko ha ba bona boikaketsi le bokhopo bo totobetseng ba Bokreste-’mōtoana. Joalokaha Jehova a ile a bolela esale pele ka Ezekiele, baa ‘feheloa le ho bobola ka baka la manyala ’ohle a etsoang har’a bona.’ (Ezekiele 9:4) Leha ho le joalo, ba bangata ha ba hlokomele hore na merero ea Jehova ke efe. Ho hlokahala hore ba bolelloe.
5. Jesu o bontšitse joang hore ho ne ho tla ba le manģosa mehleng ea rōna?
5 Na kajeno ho na le motho leha e le ofe ea buang ka moea oa ho hloka tšabo oa Esaia, Jeremia le Ezekiele? Jesu o ile a bontša hore ba bang ba ne ba tla etsa joalo. Ha a bolela esale pele ka liketsahalo tsa mehleng ea rōna, o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Boprofeta boo bo phethahatsoa ke mang kajeno, ea sebeletsang e le lenģosa, ’moleli oa litaba tse molemo? Ho tšoana ho pakeng tsa mehla ea rōna le mehla ea Iseraele ea boholo-holo ho re thusa ho araba potso eo.
6. (a) Pheta liphihlelo tsa “Iseraele ea Molimo” nakong ea ntoa ea pele ea lefatše. (b) Ezekiele 11:17 e phethahetse joang ho Iseraele ea boholo-holo?
6 Mehleng ea lefifi ea Ntoa ea I ea Lefatše, batho ba Jehova ba kajeno, masala a batlotsuoa ba “Iseraele ea Molimo,” ba ile ba ea botlamuoeng bo tšoanang le ba Baiseraele Babylona. (Bagalata 6:16) Ba ile ba e-ba botlamuoeng ba moea Babylona e Moholo, molubalube oa lefatše oa malumeli a bohata, ao ho ’ona Bokreste-’mōtoana e leng bona bo hlaheletseng ka ho fetisisa le bo molato ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, mantsoe a Jehova ho Ezekiele a ile a bontša hore ba ne ba sa furalloa. O itse: “Ke tla le phutha lichabeng, ke le bokelle linaheng tseo le qhalanyelitsoeng ho tsona, ’me ke tla le nea lefatše la Iseraele.” (Ezekiele 11:17) E le hore a phethahatse tšepiso eo ho Iseraele ea boholo-holo, Jehova o ile a hlahisa Cyruse, Mopersia, ea ileng a hlōla ’Muso oa Lefatše oa Babylona ’me a bula tsela ea hore masala a Baiseraele a khutlele naheng ea habo ’ona. Empa kajeno teng?
7. Ke ketsahalo efe e etsahetseng ka 1919 e ileng ea bontša hore Jesu o ne a nkile bohato khahlanong le Babylona e Moholo? Hlalosa.
7 Mathoasong a lekholo lena la lilemo, ho bile le bopaki bo matla ba hore Cyruse e Moholoanyane oa sebetsa. E ne e le mang? Hase mang kapa mang haese Jesu Kreste ea bileng teroneng ho tloha ka 1914 ’Musong oa leholimo. Ka selemo sa 1919, Morena enoa e moholo o ile a bontša mohau ho barab’abo ba tlotsitsoeng lefatšeng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba lokolloa botlamuoeng ba moea ’me ba khutlela ‘naheng’ ea habo bona ea moea. (Esaia 66:8; Tšenolo 18:4) Kahoo Ezekiele 11:17 e bile le phethahatso ea kajeno. Mehleng ea boholo-holo ho ile ha hlokahala hore Babylona e oe e le hore ho ka buloa tsela ea hore Baiseraele ba khutlele naheng ea habo bona. Kajeno ho tsosolosoa ha Iseraele ea Molimo e ne e le bopaki ba hore Babylona e Moholo e lihiloe ke Cyruse e Moholoanyane. Ho oa hona ho ile ha phatlalatsoa ke lengeloi la bobeli la Tšenolo khaolo ea 14, ha le ne le hooa: “Babylona e Moholo o oele, ea ileng a noesa lichaba tsohle veine ea bohale ba bohlola ba hae!” (Tšenolo 14:8) Ke bomalimabe bo bokaakang bakeng sa Babylona e Moholo, haholo-holo Bokreste-’mōtoana! ’Me ke tlhohonolofatso e kaakang bakeng sa Bakreste ba ’nete!
8. Buka ea Ezekiele e hlalosa thabo ea batho ba Molimo ka mor’a ho lokolloa ha bona joang ka 1919?
8 Ho Ezekiele 11:18-20, re bala tlhaloso ea moprofeta ea thabo ea batho ba Molimo ka mor’a ho tsosolosoa ha bona. Phethahatso ea pele ea mantsoe a hae e ne e bolela ho hloekisoa ha Iseraele mehleng ea Esdrase le Nehemia. Phethahatso ea kajeno e ne e bolela ntho e ’ngoe e tšoanang le eo. A re boneng hore na joang. Jehova o re: “Ba tla tla teng [naheng ea habo bona], ba tlose liila tsohle tsa teng le manyala ’ohle a teng.” Feela joalokaha ho profetiloe, ho tloha ka 1919, Jehova o ile a hloekisa batho ba hae le ho boela a ba matlafatsa hore ba mo sebeletse. Ba ile ba qala ka hore tikolohong ea bona ea moea ba tlose mekhoa le lithuto tsohle tsa motheo tsa Babylona tse neng li ba silafatsa mahlong a hae.
9. Jehova o ile a fa batho ba hae mahlohonolo afe a maholo ho tloha ka 1919?
9 Joale, ho latela temana ea 19, Jehova o tsoela pele ho re: “Ke tla ba nea pelo e le ’ngoe, ke be ke bee moea o mocha ka hare ho bona; ke tla ntša pelo ea lejoe nameng ea bona, ’me ke ba nee pelo ea nama.” Tumellanong le mantsoe ana, ka 1919, Jehova o ile a kopanya bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng, ka puo ea tšoantšetso, a ba neha “pelo e le ’ngoe,” e le hore ba mo sebeletse “mahetla a bapile.” (Sofonia 3:9, NW) Ho feta moo, Jehova o ile a fa batho ba hae moea o halalelang ho ba matlafatsa mosebetsing oa bopaki le ho hlahisa ka ho bona litholoana tse molemo tse hlalositsoeng ho Bagalata 5:22, 23. ’Me ho e-na le lipelo tse sa utloeng, tse kang majoe, Jehova o ile a ba neha lipelo tse bonolo, tse tenyetsehang, lipelo tse mamelang, lipelo tse neng li tla arabela thatong ea hae.
10. Ke hobane’ng ha Jehova a hlohonolofalitse batho ba hae ba tsosolositsoeng ho tloha ka 1919 ho ea pele?
10 Ke hobane’ng ha a ile a etsa see? Jehova ka boeena oa hlalosa. Ho Ezekiele 11:20 rea bala: “Hore ba tle ba tsamaee ka likomelo tsa ka, ba boloke melao ea ka, ba e etse; e tle e be sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona.” Iseraele ea Molimo e ile ea ithuta ho mamela molao oa Jehova ho e-na le ho latela maikutlo a eona. E ile ea ithuta ho etsa thato ea Molimo e sa tšabe motho. Kahoo, e ile ea ema e khethollehile ho Bakreste ba maiketsetso ba Bokreste-’mōtoana. E ne e le batho ba Jehova. Ba le joalo, Jehova o ne a loketse ho ba sebelisa e le manģosa a hae, “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47.
Thabo ea Manģosa a Molimo
11. Buka ea Esaia e hlalosa thabo ea batho ba Jehova joang?
11 Na u ka inahanela thabo ea bona ha ba ne ba elelloa hore na ba thabela boemo bo nang le litokelo tse kaakang? E le sehlopha, ba ile ba pheta mantsoe a Esaia 61:10: “Ke tla ithabela ho Jehova, moea oa ka o nyakalle ho Molimo oa ka.” Tšepiso ea Esaia 35:10 e ile ea phethahala ho bona: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.” Thabo ea manģosa a khotso ea bomolimo a Jehova e bile joalo morao koo ka 1919 ha a ne a qala ho bolella moloko oohle oa batho litaba tse molemo. Ho tloha nakong eo ho theosa ho tla fihlela kajeno, ha aa ka a khaotsa ho etsa mosebetsi ona, ’me thabo ea ’ona e eketsehile. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba phehellang khotso, kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” (Matheu 5:9, NW, botlaaseng ba leqephe) Masala a “bara ba Molimo” ba tlotsitsoeng a ’nile a latsoa bonnete ba polelo eo ho tloha ka 1919 ho fihlela kajeno.
12, 13. (a) Ke bo-mang ba ileng ba sebeletsa Jehova hammoho le Iseraele ea Molimo, ’me ba ile ba etsa mosebetsi ofe? (b) Bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ’nile ba latsoa thabo efe e khōlō?
12 Ha lilemo li ntse li feta, palo ea Iseraele ea Molimo e ile ea eketseha ho fihlela ka bo-1930 ha ho bokelloa ha masala a batlotsuoa ho ne ho le haufi le ho phethoa. Na keketseho ea palo ea baboleli ba litaba tse molemo e ile ea emisa ka nako eo? Le hanyenyane. Bongata bo boholo ba Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng bo ne bo se bo qalile ho hlaha, ’me bana ba ile ba sebetsa hammoho le barab’abo bona ba tlotsitsoeng mosebetsing oa ho bolela. Moapostola Johanne o ile a bona bongata bona bo boholo ponong, ’me tsela eo a bo hlalosang ka eona ea ikhetha: ‘Ba ka pel’a terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.’ (Tšenolo 7:15) E, bongata bo boholo bo ile ba tšoareha ho sebeletseng Molimo. Ka lebaka leo, ka mor’a 1935, ha palo ea batlotsuoa e qala ho fokotseha, metsoalle ena e tšepahalang e ile ea ntšetsa pele mosebetsi oa ho paka ka lebelo le eketsehileng.
13 Ka tsela ena Esaia 60:3, 4 e ile ea phethahala: “Lichaba li tla tla tsamaea leseling la hao, marena a tle khanyeng ea mahlaseli a hao. Tsamaisa mahlo kahohle, ’me u talime! Ba bōkana kaofela ho tla ho uena; bara ba hao ba tla, ba e-tsoa hole, barali ba hao ba pepiloe mahlakoreng.” Thabo eo liphetoho tsena li ileng tsa e tlisetsa Iseraele ea Molimo e hlalosoa ka bokhabane ho Esaia 60:5, moo re balang: “Ka ho bona hoo, u tla thaba, pelo ea hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ea leoatle e lebile ho uena, le maruo a lichaba a ea tla ho uena.”
Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Tsoela Pele
14. (a) Ezekiele o ile a bona pono efe ea lintho tsa leholimo, ’me o ile a fumana taelo efe? (b) Batho ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ile ba lemoha eng, ’me ba ile ba ikutloa ba e-na le boikarabelo bofe?
14 Ka 613 B.C.E., ponong Ezekiele o ile a bona mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o kang koloi o tsoela pele. (Ezekiele 1:4-28) Ka mor’a moo, Jehova o ile a re ho eena: “Mor’a motho, tsamaea, u ee ho ba ntlo ea Iseraele, u bue le bona ka mantsoe a ka.” (Ezekiele 3:4) Selemong sena sa 1997, re lemoha hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o ntse o tsoela pele o sa khaotse ho phetha merero ea Molimo. Kahoo, re sa ntse re ikutloa re susumelletseha ho bolella ba bang ka merero eo. Mehleng ea hae, Ezekiele o ile a bua mantsoe a neng a bululetsoe ke Jehova ka ho toba. Kajeno, re bua mantsoe a tsoang Lentsoeng la Jehova le bululetsoeng, Bibele. ’Me buka eo e na le molaetsa o tsotehang hakaakang bakeng sa moloko oa batho! Le hoja ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso, Bibele e bontša hore ho hobe haholoanyane—’me ka nako e tšoanang, ho molemo haholoanyane—ho feta kamoo ba nahanang kateng.
15. Ke hobane’ng ha kajeno maemo a mpefetse ho feta kamoo ba bangata ba nahanang kateng?
15 Ho hobe haholoanyane hobane joalokaha re ithutile lihloohong tse fetileng, Bokreste-’mōtoana le malumeli a mang ’ohle a bohata bo tla tloha bo timetsoa ka ho feletseng joalokaha ho ile ha timetsoa Jerusalema ka 607 B.C.E. Ho feta moo, tsamaiso eohle ea lefatše ea lipolotiki, eo bukeng ea Tšenolo e tšoantšitsoeng le sebata se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome, e tla tloha e timetsoa, joalokaha ho ile ha timetsoa baahelani ba Jerusalema ba bangata ba bahetene. (Tšenolo 13:1, 2; 19:19-21) Mehleng ea Ezekiele Jehova o ile a hlalosa ka ho hlakileng tšabo e ileng ea bakoa ke timetso ea Jerusalema e neng e atamela. Empa mantsoe a hae a tla ba le moelelo o moholoanyane ho feta moo ha batho ba lemoha timetso ea lefatše lena e atamelang. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Ha e le uena, mor’a motho, u bobole joalo ka ea theka le robehileng, u feheloe habohloko pel’a bona. Etlare ha ba re ho uena: U fehelloa’ng? u tla re: Ke fehelloa litaba tse tlang; hobane lipelo tsohle li tla qhibiliha, matsoho ’ohle a fokole; meea eohle e tla akheha, mangole ’ohle a fetohe metsi; bonang, taba lia tla, li se li tlile: ho bolela Morena Jehova.” (Ezekiele 21:6, 7; Matheu 24:30) Liketsahalo tse susumetsang tšabo li haufi le ho etsahala. Kameho ea rōna e tebileng ka batho ba bang e re susumelletsa ho fana ka temoso, ho bolela “litaba” tsa bohale ba Jehova bo tlang.
16. Ho ba bonolo, ke hobane’ng ha maemo a le molemo ho feta kamoo ba bangata ba nahanang kateng?
16 Ka nako e tšoanang, lintho li molemo haholoanyane ho ba bonolo ho feta kamoo batho ba bangata ba nahanang kateng. Ka tsela efe? Ka hore Jesu Kreste o shoetse libe tsa rōna ’me joale o busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. (1 Timothea 1:15; Tšenolo 11:15) Mathata a moloko oa batho a bonahalang eka a ke ke a rarolleha a tla tloha a rarolloa ka ’Muso oo oa leholimo. Lefu, ho kula, tšenyeho, tlala le tlōlo ea molao li tla be li fetile, ’me ’Muso oa Molimo o tla busa holim’a lefatše la paradeise o se na bohanyetsi. (Tšenolo 21:3, 4) Moloko oa batho o tla thabela khotso ea bomolimo—kamano ea khotso le Jehova Molimo le har’a oona ka booona.—Pesaleme ea 72:7.
17. Ke keketseho efe e tlisang thabo lipelong tsa manģosa a khotso ea bomolimo?
17 Likarolong tse ling tsa lefatše, matšoele-tšoele a batho ba bonolo a arabela molaetseng ona oa khotso ea bomolimo. Ha re bolela mehlala e seng mekae feela, selemong se fetileng, Ukraine e tlalehile keketseho ea bahoeletsi ea karolo ea 17 lekholong. Mozambique e tlalehile keketseho ea karolo ea 17 lekholong, Lithuania ea karolo ea 29 lekholong. Russia e bile le keketseho ea karolo ea 31 lekholong, ha Albania e bile le keketseho ea bahoeletsi ea karolo ea 52 lekholong. Keketseho ena e emela batho ba lipelo li tšepahalang ba likete tse mashome ba batlang ho thabela khotso ea bomolimo le ba emelang ho loka. Khōlo e potlakileng joalo e tlisetsa mokhatlo oohle oa bara ba motho ba Bakreste thabo.
18. Ebang batho baa mamela kapa che, re tla itšoara joang?
18 Na moo u lulang teng batho ba arabela ka potlako joalo? Haeba ho joalo, re thaba le uena. Leha ho le joalo, masimong a mang ho nka lihora tse ngata haholo tsa mosebetsi o boima pele ho ka fumanoa motho leha a le mong ea thahasellang. Na ba sebetsang masimong a joalo baa khoehlisa kapa baa nyahama? Che. Lipaki tsa Jehova li hopola mantsoe a Molimo ho Ezekiele ha A ne a roma moprofeta eo e monyenyane ka lekhetlo la pele hore a e’o bolella Bajuda ba habo: ‘Leha ba ka mamela, kapa ho seng joalo, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi, ba tla tseba hoba moprofeta o bile teng har’a bona.’ (Ezekiele 2:5) Joaloka Ezekiele, re tsoela pele ho bolella batho ka khotso ea bomolimo ebang baa arabela kapa che. Haeba ba mamela, rea thaba. Haeba ba re furalla, ba re soma, ba bile ba re hlorisa, rea mamella. Re rata Jehova, ’me Bibele e re: “Lerato . . . le mamella lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:4, 7) Kaha re bolela ka mamello, batho baa tseba hore na Lipaki tsa Jehova ke bo-mang. Ba tseba molaetsa oa rōna. Ha bofelo bo fihla, ba tla tseba hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa leka ho ba thusa hore ba thabele khotso ea bomolimo.
19. Joaloka bahlanka ba Molimo oa ’nete, re nka tokelo efe e khōlō e le ea bohlokoa?
19 Na ho na le tokelo leha e le efe e fetang ea ho sebeletsa Jehova? Che! Thabo ea rōna e khōlō ka ho fetisisa e tsoa kamanong ea rōna le Molimo le tsebong ea hore re etsa thato ea hae. “Ho thaba batho ba tsebang mohoo oa thabo. Jehova, ba tsoela pele ho tsamaea leseling la sefahleho sa hao.” (Pesaleme ea 89:15, NW) E se eka ka linako tsohle re ka nka thabo ea ho ba manģosa a khotso a Molimo ho moloko oa batho e le ea bohlokoa. E se eka ka mafolofolo re ka phetha karolo ea rōna mosebetsing ona ho fihlela Jehova a re o phethiloe.
Na U sa Hopola?
◻ Manģosa a khotso a Molimo ke bo-mang kajeno?
◻ Re tseba joang hore Babylona e Moholo e ile ea oa ka 1919?
◻ Kameho e ka sehloohong ea “bongata bo boholo” ke efe?
◻ Ke hobane’ng ha bokamoso bo nyahamisa ho feta kamoo boholo ba batho bo nahanang kateng kajeno?
◻ Bakeng sa ba pelo li lokileng, ke hobane’ng ha bokamoso bo ka ba molemo ho feta kamoo ba nahanang kateng?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ha ba bona ho senyeha ha mokhatlo oa batho, ba bangata ba na le boikutlo bo matla ba hore ho tla etsahala ntho e ’ngoe e tšabehang
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Manģosa a khotso ea bomolimo ke batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng kajeno