Ba Lefatšeng Empa Hase Karolo ea Lona
“Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . lefatše lea le hloea.”—JOHANNE 15:19.
1. Bakreste ba na le kamano efe le lefatše, empa lefatše le ba talima joang?
BOSIUNG ba ho qetela Jesu a e-na le barutuoa ba hae, o ile a ba bolella: “Ha le karolo ea lefatše.” O ne a bua ka lefatše lefe? Na pejana o ne a sa ka a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng”? (Johanne 3:16) Ho ne ho hlakile hore barutuoa bana e ne e le karolo ea lefatše leo hobane e bile bona ba pele ba ileng ba sebelisa tumelo ho Jesu bakeng sa bophelo bo sa feleng. Ke hobane’ng he, ha joale Jesu a re barutuoa ba hae ba ne ba arohile lefatšeng? ’Me ke hobane’ng ha a ile a boela a re: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . ka lebaka lena lefatše lea le hloea”?—Johanne 15:19.
2, 3. (a) Bakreste ba ne ba lokela ho se be karolo ea “lefatše” lefe? (b) Bibele e re’ng ka “lefatše” leo Bakreste e seng karolo ea lona?
2 Karabo ke hore Bibele e sebelisa lentsoe “lefatše” (ka Segerike, koʹsmos) ka litsela tse sa tšoaneng. Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, ka linako tse ling ka Bibeleng “lefatše” le bolela moloko oa batho ka kakaretso. Lena ke lefatše leo Molimo a le ratileng le leo Jesu a le shoetseng. Leha ho le joalo, The Oxford History of Christianity e re: “‘Lefatše’ e boetse ke lentsoe leo Bokresteng le sebelisetsoang ntho e itseng e arohileng ho Molimo le eo e leng sera sa hae.” See ke ’nete joang? Mongoli oa K’hatholike Roland Minnerath, bukeng ea hae Les chrétiens et le monde (Bakreste le Lefatše), oa hlalosa: “Ha le nkoa ka kutloisiso e fosahetseng, ka tsela eo lefatše le bonoa e le . . . sebaka seo mebuso eo e leng lira tsa Molimo e etsang mesebetsi ea eona ho sona le se iketsang ’muso oa sera o laoloang ke Satane ka ho hanyetsa puso ea Kreste e hlōlang.” “Lefatše” lena ke letšoele la batho le arohileng ho Molimo. Bakreste ba ’nete hase karolo ea lefatše lena, ’me le ba hloile.
3 Ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, Johanne o ne a nahanne ka lefatše lena ha a ne a ngola: “Le se ke la ba ba ratang leha e le lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Johanne 2:15, 16) O ile a boela a ngola: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Jesu ka boeena o ile a re Satane ke “’musi oa lefatše lena.”—Johanne 12:31; 16:11.
Ho Hōla ha Mebuso ea Lefatše
4. Mebuso ea lefatše e bile teng joang?
4 Lefatše la moloko oa batho la joale le arohileng ho Molimo le hlahile kapele ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, ha litloholo tsa Noe tse ngata li khaotsa ho rapela Jehova Molimo. Ea neng a hlaheletse mehleng ea pele e ne e le Nimrode, ea ileng a haha motse ebile e le “setsomi se matla khahlanong le Jehova.” (Genese 10:8-12, NW) Mehleng eo karolo e khōlō ea lefatše lena e ne e hlophisitsoe ka mebuso e menyenyane ea metse, eo nako le nako e neng e ikopanya le ho loantšana. (Genese 14:1-9) Mebuso e meng ea metse e ile ea busa e meng hoo e ileng ea fetoha mebuso ea libaka. Mebuso e meng ea libaka e ile ea qetella e hōtse hoo e ileng ea fetoha mebuso ea lefatše e meholo.
5, 6. (a) Mebuso ea lefatše e supileng ke efe historing ea Bibele? (b) Mebuso ee ea lefatše e tšoantšetsoa joang, ’me matla a eona a tsoa hokae?
5 Ha ba latela mohlala oa Nimrode, babusi ba mebuso ea lefatše ha ea ka ea e-ba barapeli ba Jehova, e leng ’nete e ileng ea bonahala liketsong tsa bona tse khopo le tse mabifi. Ka Mangolong mebuso ena ea lefatše e tšoantšetsoa ke libata ’me ho theosa le makholo a lilemo, Bibele e khetholla e tšeletseng ho eona e bileng le tšusumetso e matla bathong ba Jehova. Ena e ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. Ka mor’a Roma, ho ile ha profetoa hore ’muso oa lefatše oa bosupa o ne o tla hlaha. (Daniele 7:3-7; 8:3-7, 20, 21; Tšenolo 17:9, 10) Ona o ile oa ipaka ho ba ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, o entsoeng ka ’Muso oa Brithani le motsoalle oa oona United States, eo qetellong e ileng ea ba le matla a fetang a Brithani. ’Muso oa Brithani o hlahile ka mor’a hore qetellong moneketsela oa ho qetela oa ’Muso oa Roma o fele.a
6 Bukeng ea Tšenolo mebuso ea lefatše e supileng e latellanang e tšoantšetsoa ke lihlooho tsa sebata se lihlooho li supileng se hlahang leoatleng la batho ba se nang botsitso. (Esaia 17:12, 13; 57:20, 21; Tšenolo 13:1) Ke mang ea fang sebata see se busang matla? Bibele ea araba: “Drakone ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le matla a maholo a ho laela.” (Tšenolo 13:2) Drakone hase mang kapa mang haese Satane Diabolose.—Luka 4:5, 6; Tšenolo 12:9.
Puso e Tlang ea ’Muso oa Molimo
7. Bakreste ba tšepela ho eng, ’me see se ama kamano ea bona le mebuso ea lefatše joang?
7 Ka lilemo tse ka bang 2000, Bakreste ba ’nile ba rapela: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:10) Lipaki tsa Jehova lia tseba hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka tlisang khotso ea sebele lefatšeng. Kaha li shebela boprofeta ba Bibele haufi-ufi, li kholisehile hore thapelo ena e tla tloha e arajoa le hore ’Muso o tla tloha o laola litaba tsa lefatše. (Daniele 2:44) Ho tšehetsa ha tsona ’Muso ona ka botšepehi ho etsa hore li se jele paate litabeng tsa mebuso ea lefatše.
8. Mebuso e itšoara joang mabapi le puso ea ’Muso oa Molimo, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Pesaleme ea 2?
8 Lichaba tse ling li bolela hore li boloka melao-motheo ea bolumeli. Ho ntse ho le joalo, ka liketso li hlokomoloha ’nete ea hore Jehova ke ’Musi oa Bokahohle le hore o behile Jesu teroneng e le Morena oa leholimo ea nang le matla a ho laela lefatšeng. (Daniele 4:17; Tšenolo 11:15) Pesaleme ea boprofeta e re: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bōkanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa hae [Jesu] matla? Ba re: A re khaoleng litlamo tsa bona, re koele mehala ea bona.” (Pesaleme ea 2:2, 3) Mebuso ha e amohele “litlamo” kapa “mehala” tsa bomolimo tse neng li tla lekanyetsa puso ea eona holim’a lichaba. Kahoo, Jehova o re ho Jesu, Morena oa hae ea khethiloeng: “Kōpa ho ’na, ’me ke tla u fa lichaba e be lefa la hao, le lipheletso tsa lefatše e tle e be leruo la hao. U tla li thumakanya ka molamu oa tšepe, u li silakanye joalo ka pitsa ea letsopa.” (Pesaleme ea 2:8, 9) Leha ho le joalo, lefatše la moloko oa batho leo Jesu a le shoetseng le ke ke la ‘thumakanngoa’ ka ho feletseng.—Johanne 3:17.
Ho Qoba “Letšoao” la “Sebata”
9, 10. (a) Re lemosoa ka eng bukeng ea Tšenolo? (b) Ho ba le ‘letšoao la sebata’ ho tšoantšetsa eng? (c) Bahlanka ba Molimo ba amohela matšoao afe?
9 Tšenolo e fumanoeng ke moapostola Johanne e ile ea hlokomelisa hore lefatše la moloko oa batho le arohileng ho Molimo le ne le tla batla lintho tse eketsehileng pejana ho bofelo ba lona, ho “qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makhoba, hore bana ba fuoe letšoao matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona, le hore ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao.” (Tšenolo 13:16, 17) See se bolela’ng? Letšoao le ka letsohong le letona ke pontšo e loketseng ea tšehetso e mafolofolo. Ho thoe’ng ka letšoao le phatleng? The Expositor’s Greek Testament e re: “Polelo ena eo ha e le hantle e leng ea tšoantšetso e mabapi le tloaelo ea ho tšoaea masole le makhoba ka mongolo o totobetseng kapa lebitso o cheselelitsoeng letlalong . . . ; kapa, ho amohelehang haholoanyane ke hore e mabapi le tloaelo ea bolumeli ea ho roala lebitso la molimo e le thatho.” Batho ba bangata ka liketso tsa bona le mantsoe, ka tšoantšetso ba na le letšoao lena, ba ikhetholla e le “makhoba” kapa “masole” a “sebata.” (Tšenolo 13:3, 4) Mabapi le bokamoso ba bona, Theological Dictionary of the New Testament e re: “Lira tsa Molimo li lumela hore [letšoao] la sebata, palo ea sephiri e nang le lebitso la sona, le hatisoe liphatleng tsa tsona le letsohong le leng. Sena se li fa menyetla e meholo ea ho tsoela pele moruong le khoebong, empa se li tlisetsa bohale ba Molimo ’me se li thibela ho kena ’musong oa lilemo tse sekete, Tšen. 13:16; 14:9; 20:4.”
10 Ho hlokahala sebete se eketsehileng le mamello ho hlōla khatello ea ho amohela “letšoao.” (Tšenolo 14:9-12) Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba na le matla a joalo, ’me ka lebaka lena, hangata baa hlouoa le ho buuoa hampe. (Johanne 15:18-20; 17:14, 15) Ho e-na le ho ba le letšoao la sebata, Esaia o itse, ka tsela ea tšoantšetso ba ne ba tla ngola sena matsohong a bona, “Ke oa Jehova.” (Esaia 44:5) Ho feta moo, kaha baa ‘feheloa le ho bobola’ ka lebaka la lintho tse nyonyehang tse etsoang ke bolumeli ba bokoenehi, ba amohela letšoao la tšoantšetso liphatleng tsa bona le ba khethollang e le ba tšoanelehelang ho sireletsoa ha ho lihuoa likahlolo tsa Jehova.—Ezekiele 9:1-7.
11. Ke mang ea lumellang mebuso ea batho ho busa ho fihlela ’Muso oa Molimo o busa lefatše?
11 Molimo o lumella mebuso ea batho ho busa ho fihlela ha ’Muso oa Kreste oa leholimo o busa ka ho feletseng lefatšeng lena. Moprofesa Oscar Cullmann, o bua ka taba ena ea ho mamella ha Molimo mebuso ea lipolotiki bukeng ea hae The State in the New Testament. Oa ngola: “Mohopolo ona o rarahaneng oa hore Mebuso ea Lipolotiki ke ea ‘nakoana’ ke lebaka leo ka lona maikutlo a Bakreste ba pele mabapi le Mebuso ea Lipolotiki a sa lumellaneng, empa ho e-na le hoo a bonahalang a loantšana. Ke hatisa hore ho bonahala ho le joalo. Ho hlokahala feela hore re bue ka Baroma 13:1, ‘Motho e mong le e mong a a ipehe tlas’a mebuso e leng teng . . . ,’ ha e bapisoa le Tšenolo 13: Mebuso ea Lipolotiki e le sebata se tsoang mohohlong.”
“Sebata” le “Sesare”
12. Lipaki tsa Jehova li na le pono efe e leka-lekaneng ka mebuso ea batho?
12 E ne e tla ba ho fosahetseng ho etsa qeto ea hore batho bohle ba nang le matla a ho busa ke likofuto tsa Satane. Ba bangata ba ipakile e le batho ba lemaletseng ho boloka melao-motheo e nepahetseng, ba kang motsamaisi oa profinse Sergiase Paulase eo ka Bibeleng a hlalosoang e le “monna ea kelello.” (Liketso 13:7) Babusi ba bang ka sebete ba sirelelitse litokelo tsa lihlopha tse nyenyane, ba tataisoa ke letsoalo leo ba le filoeng ke Molimo esita leha ba ne ba sa tsebe Jehova le merero ea hae. (Baroma 2:14, 15) Hopola, Bibele e sebelisa lentsoe “lefatše” ka litsela tse peli tse sa tšoaneng: lefatše la moloko oa batho, leo Molimo a le ratang le leo re lokelang ho le rata, le lefatše la batho ba arohileng ho Jehova, leo Satane e leng molimo oa lona le leo re lokelang ho ikarola ho lona. (Johanne 1:9, 10; 17:14; 2 Bakorinthe 4:4; Jakobo 4:4) Kahoo, bahlanka ba Jehova ba na le boikutlo bo leka-lekaneng mabapi le puso ea motho. Ha re jele paate litabeng tsa lipolotiki kaha re sebeletsa re le manģosa kapa baemeli ba ’Muso oa Molimo ’me bophelo ba rōna bo nehetsoe ho Molimo. (2 Bakorinthe 5:20) Ka lehlakoreng le leng, tumellanong le letsoalo re ipehile tlas’a ba nang le matla a ho laela.
13. (a) Jehova o talima mebuso ea batho joang? (b) Mokreste o ikokobelletsa mebuso ea batho ho ea bohōleng bofe?
13 Katamelo ena e leka-lekaneng e bontša pono ea Jehova Molimo ka boeena. Ha mebuso ea lefatše, kapa esita le Linaha tse nyenyane, e sebelisa matla a eona a ho laela hampe, e hatella batho ba eona, kapa e hlorisa ba rapelang Molimo, ka sebele e tšoaneloa ke tlhaloso ea boprofeta ea hore ke libata tse sehlōhō. (Daniele 7:19-21; Tšenolo 11:7) Leha ho le joalo, ha mebuso ea lichaba e sebetsa tumellanong le morero oa Molimo mabapi le ho boloka molao le taolo ka toka, o e nka e le ‘bahlanka ba hae sechabeng.’ (Baroma 13:6) Jehova o lebeletse batho ba hae ho hlompha mebuso ea batho le ho ipeha tlas’a eona, empa boikokobetso ba bona bo na le meeli. Ha batho ba batla hore bahlanka ba Molimo ba etse lintho tse haneloang ke molao oa Molimo kapa ha ba ba hanela ho etsa lintho tseo Molimo a hlokang hore bahlanka ba hae ba li etse, bahlanka ba hae ba etsisa baapostola, ’me ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
14. Jesu o hlalositse boikokobetso ba Bokreste mebusong ea batho joang? Pauluse eena?
14 Jesu o itse balateli ba hae ba ne ba tla ba le boikarabelo ho mebuso le ho Molimo ha a ne a re: “Ka hona, le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela . . . Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero a jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe. Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna. Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho.” (Baroma 13:1, 4-6) Ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E. ho tla fihlela kajeno, Bakreste ba ’nile ba tlameha ho hlahloba se batloang ke Mebuso ea Lipolotiki. Ho ’nile ha hlokahala hore ba lemohe hore na ho sebetsa tumellanong le lintho tseo tse batloang ho ne ho tla lebisa ho sekisetseng borapeli ba bona kapa hore na lintho tse joalo tse batloang li ne li lumeletsoe ka molao ’me li lokela ho etsoa tumellanong le letsoalo.
Baahi ba Sebetsang Tumellanong le Letsoalo
15. Lipaki tsa Jehova li lefa Sesare seo li se kolotang joang tumellanong le letsoalo?
15 Bo-ralipolotiki “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ke “mosebeletsi” oa Molimo ha ba phetha karolo eo ba e filoeng ke Molimo, e akarelletsang matla a “ho fana ka kotlo ho baetsi ba bobe empa ho rorisa baetsi ba se molemo.” (1 Petrose 2:13, 14) Bahlanka ba Jehova ka letsoalo le letle ba lefa Sesare seo a se batlang tumellanong le molao ka mokhoa oa makhetho ’me ba ea bohōleng boo matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele a tla ba lumella hore ba ee ho bona tabeng ea “ho mamela mebuso le ba nang le matla a ho laela e le babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (Tite 3:1) ‘Mosebetsi o molemo’ o akarelletsa ho thusa ba bang, joaloka ha ho hlaha likoluoa. Ba bangata ba fane ka bopaki mabapi le mosa o bontšitsoeng ke Lipaki tsa Jehova ho batho ba bang maemong a joalo.—Bagalata 6:10.
16. Lipaki tsa Jehova li etsetsa mebuso le batho ba bang mesebetsi efe e metle tumellanong le letsoalo?
16 Lipaki tsa Jehova li rata batho ba bang ’me li ikutloa hore mosebetsi o molemohali oo li ka ba etsetsang oona ke ho ba thusa ho ba le tsebo e nepahetseng ea morero oa Molimo oa ho tlisa “maholimo a macha le lefatše le lecha” tsa ho loka. (2 Petrose 3:13) Kaha ba ruta melao-motheo e phahameng ea Bibele ea boitšoaro le ho e sebelisa, ke letlotlo mokhatlong oa batho, ba pholosa ba bangata botlokotsebeng. Bahlanka ba Jehova ba utloa melao ’me ba hlompha matona a ’muso, liofisiri, baahloli le ba nang le matla a ho laela metseng, ba hlompha ‘ba batlang tlhompho.’ (Baroma 13:7) Ka thabo batsoali ba Lipaki ba sebelisana le matichere a bana ba bona ’me ba thusa bana ba bona ho ithuta hantle, e le hore hamorao ba ka khona ho iphelisa ’me e se ke ea e-ba moroalo sechabeng. (1 Bathesalonika 4:11, 12) Ka har’a liphutheho tsa tsona, Lipaki li loantša leeme la morabe le khethollo ea lihlopha, ’me li nka ho matlafatsa bophelo ba lelapa e le habohlokoa haholo. (Liketso 10:34, 35; Bakolose 3:18-21) Ka lebaka leo, ka liketso tsa tsona, li bontša hore liqoso tsa hore li khahlanong le malapa kapa ha li na thuso sechabeng ke bohata. Kahoo, mantsoe a moapostola Petrose a ipakile e le ’nete: “Etsoe ke kamoo thato ea Molimo e leng kateng, hore ka ho etsa se molemo le ka khutsisa puo e hlokang tsebo ea batho ba se nang kahlolo e molemo.”—1 Petrose 2:15.
17. Bakreste ba ka tsoela pele ho “tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle” joang?
17 Ka hona le hoja balateli ba Kreste ba ’nete ‘e se karolo ea lefatše,’ ba ntse ba le lefatšeng la mokhatlo oa batho ’me ba tlameha ho tsoela pele ho “tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle.” (Johanne 17:16; Bakolose 4:5) Hafeela Jehova a ntse a lumeletse ba phahameng ba nang le matla a ho laela ho ba mosebeletsi oa hae, re tla ba bontša tlhompho e loketseng. (Baroma 13:1-4) Re ntse re sa jele paate lipolotiking, re rapella “marena le bohle ba boemong bo phahameng,” haholo-holo ha ba biletsoa ho etsa liqeto tse neng li ka ama bolokolohi ba borapeli. Re tla tsoela pele ho etsa sena “e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo ho feletseng,” e le hore “mefuta eohle ea batho e pholohe.”—1 Timothea 2:1-4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, khaolo ea 35, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Bakreste ke karolo ea “lefatše” lefe, empa e ke ke ea e-ba karolo ea “lefatše” lefe?
◻ “Letšoao” la “sebata” le letsohong la motho kapa phatleng ea hae le tšoantšetsa eng, ’me bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba na le matšoao afe?
◻ Bakreste ba ’nete ba na le pono efe e leka-lekaneng mabapi le mebuso ea batho?
◻ Lipaki tsa Jehova li tlatsetsa boiketlong ba mokhatlo oa batho ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bibele e khetholla mebuso ea batho e le mohlanka oa Molimo ebile e le sebata
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ka lebaka la ho bontša kameho e lerato bakeng sa ba bang, Lipaki tsa Jehova ke letlotlo lichabeng tsa habo tsona