Jehova e Lokela ho ba Tšepo ea Rōna
“Jehova e tla ba tšepo ea hao.”—LIPROVERBIA 3:26.
1. Le hoja ba bangata ba bolela hore ba tšepa Molimo, ke’ng se bontšang hore hase kamehla ba etsang joalo?
LEPETJO le reng “Re Tšepile Molimo” le hlaha cheleteng ea United States of America. Empa na bohle ba sebelisang chelete ee, naheng eo kapa libakeng tse ling, ba hlile ba tšepile Molimo? Kapa na ba tšepa chelete ka boeona haholoanyane? Ho tšepa chelete ea naha eo kapa ea naha leha e le efe e ’ngoe ka tsela eo ho ke ke ha boleloa e le ho lumellanang le ho tšepa Molimo ea matla ’ohle ea lerato, eo ho seng mohla a sebelisang matla a hae hampe le ea seng meharo ka tsela leha e le efe. Ha e le hantle, o nyatsa meharo pepenene.—Baefese 5:5.
2. Bakreste ba ’nete ba na le boikutlo bofe ka matla a maruo?
2 Bakreste ba ’nete ba tšepile Molimo, eseng maruo, a nang le “matla a thetsang.” (Matheu 13:22) Baa hlokomela hore matla a chelete a ho tlatsetsa thabong le a ho boloka bophelo a lekanyelitsoe haholo. Ha ho joalo ka matla a Molimo ea Matla ’Ohle. (Sofonia 1:18) Ka lebaka leo, keletso ee ke e bohlale hakaakang: “Mokhoa oa lōna oa bophelo a e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla’”!—Baheberu 13:5.
3. Taba e potolohileng Deuteronoma 31:6 e khantša leseli joang mantsoeng ao Pauluse a a qotsitseng temaneng ee?
3 Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Baheberu mantsoe a ka holimo, o ile a qotsa litaelo tseo Moshe a ileng a li fa Baiseraele nakoana pele ho lefu la hae: “Ipheng matla, ’me le tiee lipelo; se tšabeng, ’me le se ke la ba tšoha, hobane Jehova, Molimo oa hao, ke eena ea tsamaeang le uena; a ke ke a u tlohela, a ke ke a u lahla.” (Deuteronoma 31:6) Taba e potolohileng e bontša hore Moshe o ne a khothalletsa ho tšepa Jehova ho neng ho fetela ka nģ’ane ho ho tšepa feela hore o tla ba fa lintho tse bonahalang tseo ba li hlokang. Ka tsela efe?
4. Molimo o ile a pakela Baiseraele joang hore a ka tšeptjoa?
4 Lilemong tse 40 tseo ka tsona Baiseraele ba neng ba tlameha ho lelera lefeelleng, Molimo o ne a tšepahala tabeng ea ho ba fa lintho tseo ba li hlokang bophelong. (Deuteronoma 2:7; 29:5) O ile a boela a lokisetsa boeta-pele. Pontšo e ’ngoe ea sena e ne e le leru motšehare le mollo bosiu, tse neng li etella Baiseraele pele ho ea “naheng e kollang lebese le linotši.” (Exoda 3:8; 40:36-38) Ha nako e fihla ea hore ba hle ba kene Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a khetha Joshua hore e be mohlahlami oa Moshe. Ho ne ho ka lebelloa hore baahi ba naha ena ba ne ba tla ba hanyetsa. Empa Jehova o ne a tsamaile le batho ba hae ka mashome a lilemo, ka hona ho ne ho sa hlokahale hore ba be le tšabo. Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka a utloahalang a ho tseba Jehova e le Molimo ea ka tšeptjoang!
5. Ke joang boemo ba Bakreste kajeno bo tšoanang le ba Baiseraele pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng?
5 Kajeno Bakreste ba ’nile ba tsamaea ho pholletsa le lefeella la lefatše la kajeno le khopo ha ba le tseleng e eang lefatšeng le lecha la Molimo. Ba bang ba bona ba ’nile ba tsamaea tseleng ena ka nako e fetang lilemo tse 40. Joale ba eme moeling oa lefatše le lecha la Molimo. Empa, lira li sa ntse li eme tseleng, li ikemiselitse ho sitisa mang kapa mang ho kena ho se tla tšoana le Naha e Tšepisitsoeng, e khanyang ho feta ea boholo-holo e neng e kolla lebese le mahe a linotši. Ka hona ho Bakreste kajeno, mantsoe a Moshe ke a loketseng hakaakang, joalokaha a phetoa ke Pauluse: “Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla”! Bohle ba lulang ba le matla ba bile ba le sebete, ba tletse tumelo, ba tšepile Jehova, ruri ba tla fumana moputso.
Tšepo e Thehiloeng Tsebong le Botsoalleng
6, 7. (a) Ke’ng se ileng sa beha tšepo ea Abrahama ho Jehova tekong? (b) E ka ’na eaba Abrahama o ile a ikutloa joang ha a etela sebakeng seo ho sona a neng a lokela ho etsa Isaka sehlabelo?
6 Ka nako e ’ngoe moholo-holo oa Baiseraele Abrahama o ile a laeloa hore a etse mora oa hae Isaka sehlabelo e le nyehelo e chesitsoeng. (Genese 22:2) Ke’ng se ileng sa nolofalletsa ntate enoa ea lerato ho ba le tšepo e sa sisinyeheng ho Jehova hoo ntle ho tikatiko a neng a ikemiselitse ho mamela? Baheberu 11:17-19 ea araba: “Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, ’me monna ea neng a amohetse litšepiso ka nyakallo a leka ho nyehela mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, le hoja ho ne ho itsoe ho eena: ‘Se tla bitsoa “peō ea hao” se tla ba ka Isaka.’ Empa o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa esita le bafung; ’me ho tloha moo a fela a mo amohela hape ka tsela ea tšoantšetso.”
7 Hopola hore ho ile ha nka Abrahama le Isaka matsatsi a mararo ho fihla sebakeng seo sehlabelo se neng se lokela ho etsetsoa ho sona. (Genese 22:4) Ho ne ho e-na le nako e ngata bakeng sa hore Abrahama a nahane hape ka seo a neng a kōpiloe ho se etsa. Na re ka inahanela hore na o ne a ikutloa joang? Tsoalo ea Isaka e ne e bile sesosa se sa lebelloang hakaakang sa thabo! Bopaki boo ba ho kenella ha Molimo bo ile ba tebisa tlamahano eo Abrahama le mosali oa hae Sara, eo pele e neng e le nyōpa, ba neng ba e-na le eona le Molimo. Ka sebele ka mor’a moo ba ile ba lula ba lebeletse seo bokamoso bo neng bo se tšoaretse Isaka le litloholo tsa hae. Na litoro tsa bona li ne li tla fela ka tšohanyetso, joalokaha ho ne ho ka ’na ha bonahala ho le joalo ka lebaka la seo joale Molimo a neng a se kōpa?
8. Ke joang tšepo ea Abrahama ho Molimo e neng e fetela ka nģ’ane ho ho lumela hore O ne a ka tsosa Isaka?
8 Ho ntse ho le joalo, Abrahama o ne a e-na le tšepo e thehiloeng ho tsebaneng ha metsoalle e ntšanang se inong. E le “motsoalle oa Jehova,” Abrahama “o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me o ile a balloa hoo e le ho loka.” (Jakobo 2:23) Tšepo ea Abrahama ho Jehova e ne e fetela ka nģ’ane ho ho lumela feela hore Molimo o ne a ka tsosa Isaka. Abrahama o ne a kholisehile ka ho tšoanang hore seo Jehova a neng a mo kōpa hore a se etse e ne e le se loketseng, le hoja Abrahama a ne a sa tsebe linnete tsohle. O ne a se na lebaka la ho belaela hore Jehova o lokile ha a etsa kōpo ena. Joale, tšepo ea Abrahama e ile ea matlafatsoa ha lengeloi la Jehova le kenella ho thibela hore Isaka a hle a bolaoe e le sehlabelo.—Genese 22:9-14.
9, 10. (a) Abrahama o ne a ile a tšepa Jehova neng pejana? (b) Re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa ho Abrahama?
9 Abrahama o ne a ile a bontša eona tšepo ea mofuta ona mabapi le ho loka ha Jehova lilemong tse ka bang 25 pejana. Ha a lemosoa hore Sodoma le Gomora li ne li tla timetsoa, joalokaha ho ka lebelloa, o ne a amehile ka boiketlo ba batho leha e le bafe ba lokileng ba neng ba lula moo, ho akarelletsa le Lota, mora oa mor’abo. Abrahama o ile a ipiletsa ho Molimo ka mantsoe ana: “Oho! u se ke ua etsa taba e joalo le hanyenyane, ua bolaea ea lokileng hammoho le ea bolotsana, hore ea lokileng a hlaheloe ke ntho e le ’ngoe le molotsana. Taba eo e be hole le uena! Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?”—Genese 18:25.
10 Mopatriareka Abrahama o ne a kholisehile hore ha ho mohla Jehova a etsang ntho leha e le efe e sa lokang. Hamorao mopesaleme o ile a bina: “Jehova o lokile litseleng tsa hae tsohle, o mohau liketsong tsa hae tsohle.” (Pesaleme ea 145:17) Ke hantle ha re ipotsa: ‘Na ke amohela seo Jehova a lumellang hore ke fete ho sona ke sa belaelle ho loka ha hae? Na ke kholisehile hore eng kapa eng eo a e lumellang e tla ba molemong oa ka esita le molemong oa ba bang?’ Haeba re ka araba ka e, re ithutile thuto e molemo ho Abrahama.
Ho Bontša Tšepo ho ba Khethiloeng ke Jehova
11, 12. (a) Ke tšobotsi efe ea tšepo e ’nileng ea hlokahala ho bahlanka ba Molimo? (b) Ke bothata bofe boo re ka ’nang ra ba le bona ka linako tse ling?
11 Ba talimang Jehova e le tšepo ea bona ba boetse ba tšepa banna bao Jehova a khethang ho ba sebelisa ho phethahatseng merero ea hae. Ho Baiseraele, sena se ne se bolela ho tšepa Moshe ’me hamorao mohlahlami oa hae, Joshua. Ho Bakreste ba pele, se ne se bolela ho tšepa baapostola le banna ba hōlileng ba phutheho ea Jerusalema. Ho rōna kajeno, se bolela ho tšepa “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethetsoeng ho re fa “lijo tsa [rōna tsa moea] ka nako e tšoanetseng,” hammoho le karolo ea lona e bōpang Sehlopha se Busang.—Matheu 24:45.
12 Ha e le hantle, ho tšepa ba etellang pele ka phuthehong ea Bokreste ho molemong oa rōna. Rea bolelloa: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse lisoule tsa lōna joaloka ba tla fana ka tlaleho; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheberu 13:17.
Qoba ho Nyatsa ba Khethiloeng ke Jehova
13. Re na le lebaka lefe la ho tšepa ba khethetsoeng ho etella pele?
13 Bibele e re thusa hore re be ba leka-lekaneng ha re bontša ho tšepa ba etellang pele har’a batho ba Jehova. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ho na le mohla Moshe a kileng a etsa liphoso? Na kamehla baapostola ba ne ba bontša boikutlo bo kang ba Kreste boo Jesu a neng a batla hore ba be le bona?’ Likarabo li totobetse. Jehova o khethile ho sebelisa banna ba tšepahalang le ba inehetseng hore ba tataise batho ba hae, le hoja e le batho ba sa phethahalang. Tumellanong le hoo, le hoja kajeno baholo ba sa phethahala, re sa ntse re lokela ho ba talima e le ba “[behiloeng ke] moea o halalelang [hore e be] balebeli . . . ho lisa phutheho ea Molimo.” Re lokela ho ba tšehetsa le ho ba hlompha.—Liketso 20:28.
14. Ke eng e hlokomelehang ka ho khetha ha Jehova Moshe ho e-na le ho khetha Arone kapa Miriame e le moeta-pele?
14 Arone o ne a siea Moshe ka lilemo tse tharo, empa ka bobeli ba ne ba le banyenyane ho khaitseli ea bona, Miriame. (Exoda 2:3, 4; 7:7) ’Me kaha Arone o ne a bua ha phollatsi ho feta Moshe, o ile a khetheloa ho sebeletsa e le ’muelli oa moen’ae. (Exoda 6:29–7:2) Empa, bakeng sa ho etella Baiseraele pele, Jehova ha aa ka a khetha e moholo ho bona kaofela, Miriame, kapa ea buang ha phollatsi ka ho fetisisa, Arone. O ile a khetha Moshe a hlokomela ka ho feletseng linnete tsohle le litlhoko tsa nako eo. Ha ka nakoana ba haelloa ke temohisiso ena e hlakileng, Arone le Miriame ba ile ba belaela: “Na Jehova o buile ka Moshe feela a le mong? Na ha aa bua le ka rōna?” Miriame, eo ho ka etsahalang hore e ne e le eena mohlohlelletsi ea ka sehloohong, o ile a otleloa boitšoaro bona bo bontšang ho se hlomphe eo Jehova a mo khethileng, eo eena le Arone ba neng ba lokela ho mo ela hloko e le ea “bonolo ka ho fetisisa ho batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.”—Numere 12:1-3, 9-15, NW.
15, 16. Kalebe o ile a paka joang hore o tšepa Jehova?
15 Ha lihloela tse 12 li ne li romeloa ho ea hloela Naha e Tšepisitsoeng, tse 10 li ile tsa khutla ka tlaleho e nyahamisang. Li ile tsa kenya tšabo lipelong tsa Baiseraele ka ho bua ka “banna ba boholo bo sa tloaelehang” ba Kanana. Eaba sena se etsa hore Baiseraele ba ‘korotlele Moshe le Arone.’ Empa hase lihloela tsohle tse ileng tsa bontša ho se tšepe Moshe le Jehova. Rea bala: “Kalebe a khutsisa sechaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlōla.” (Numere 13:2, 25-33; 14:2, bapisa le NW.) Joshua, e leng sehloela-’moho le Kalebe, o ile a ema a tiile hammoho le eena. Ka bobeli ba ile ba bontša hore ba ne ba tšepile Jehova ha ba ne ba re: “Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši. Feela . . . le se ke la tšaba batho ba naha eo . . . Jehova o na le rōna; le se ke la ba tšaba.” (Numere 14:6-9) Ho tšepa Jehova ka tsela ena ho ile ha putsoa. Molokong oa batho ba baholo ba neng ba phela ka nako eo, ke Kalebe, Joshua le Balevi ba itseng feela ba ileng ba e-ba le tokelo ea ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.
16 Lilemo tse itseng hamorao Kalebe o ile a re: ‘Empa ’na ka latela Jehova, Molimo oa ka, kahohle. . . . Joale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, joalo ka ha a na a boletse, ha e sa le Jehova a bolella Moshe taba ena, ha ba-Iseraele ba ne ba ntse ba tsamaea lefeelleng; ’me le ka bona, kajeno ke na le lilemo tse mashome a robileng meno e le ’meli a nang le metso e mehlano. Leha ho le joalo, ke sa le matla le kajeno, joalo ka mohla Moshe a nthomang; joalo ka ha matla a ka a na a le joalo mohlang oo.’ (Joshua 14:6-11) Hlokomela maikutlo a nepahetseng a Kalebe, botšepehi ba hae le matla a hae a ’mele. Empa, Jehova o ne a sa khetha Kalebe hore e be mohlahlami oa Moshe. Tokelo ena e ile ea fuoa Joshua. Re ka kholiseha hore Jehova o ne a e-na le mabaka bakeng sa khetho eo a ileng a e etsa, ’me e ne e le khetho e molemohali.
17. Kamoo ho bonahalang kateng, ke’ng se neng se ka ’na sa etsa hore Petrose a se ke a tšoaneleha bakeng sa boikarabelo?
17 Moapostola Petrose o ile a latola Monghali oa hae ka makhetlo a mararo. Hape ka lepotlapotla o ne a ile a inkela molao matsohong, a hlatha tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng a e tlosa. (Matheu 26:47-55, 69-75; Johanne 18:10, 11) Ba bang ba ka ’na ba bolela hore Petrose e ne e le motho ea boi, ea sa leka-lekanang, ea sa tšoaneleheng ho thabela litokelo tse khethehileng. Empa, ke mang ea neng a filoe linotlolo tsa ’Muso, a filoe tokelo ea ho bulela lihlopha tse tharo tsela ea pitso ea leholimo? E ne e le Petrose.—Liketso 2:1-41; 8:14-17; 10:1-48.
18. Ke phoso efe e boletsoeng ke Jude eo re batlang ho e qoba?
18 Mehlala ena e bontša hore re lokela ho ba hlokolosi mabapi le ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle. Haeba re tšepa Jehova, re ke ke ra belaella bao a ba khethileng. Le hoja phutheho ea hae ea lefatšeng e entsoe ka batho ba sa phethahalang, ba sa ipoleleng e le ba sa foseng, o ba sebelisa ka tsela e matla. Jude, mor’abo Jesu ka ’m’a bona, o ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka batho ‘ba hlokomolohang borena le ba buang ka ho nyefola ka ba khanyang.’ (Jude 8-10) Le ka mohla ha rea lokela ho tšoana le bona.
19. Ke hobane’ng ha re se na lebaka la ho nyatsa ba khethiloeng ke Jehova?
19 Kamoo ho bonahalang kateng, boikarabelo bo itseng Jehova o bo khethela batho ba nang le litšoaneleho tse itseng tse hlokahalang ho tataisa batho ba hae tseleng eo a batlang hore ba tsamaee ka eona ka nako eo. Re lokela ho leka ka matla ho ela hloko ’nete ena, re se ke ra nyatsa ba khethiloeng ke Molimo, empa re khotsofalle hore ka boikokobetso re sebeletse moo Jehova a re behileng teng ka bomong. Ka tsela eo re bontša hore re tšepile Jehova.—Baefese 4:11-16; Bafilippi 2:3.
Ho Bontša Tšepo ho Lokeng ha Jehova
20, 21. Ke eng seo re ka ithutang sona tseleng eo Molimo a ileng a sebetsana le Moshe ka eona?
20 Haeba ka linako tse ling re e-ba le tšekamelo ea ho itšepa ho tlōlisa ’me re sa tšepe Jehova hakaalo, a re ithuteng ho Moshe. Ha a le lilemo li 40, o ile a itherela ho ea lokolla Baiseraele botlamuoeng Egepeta. Ha ho pelaelo hore boiteko ba hae bo ne bo etsoa ka sepheo se setle, empa ha boa ka ba fella ka ho lopolloa ha Baiseraele ka nako le motsotso, leha e le hona hore bo ile ba ntlafatsa boemo ba hae. Ha e le hantle, o ile a tlameha ho baleha. Ke feela ka mor’a ho feta koetlisong e matla ea lilemo tse 40 naheng esele a ileng a tšoanelehela ho khetheloa ho etsa seo a neng a batlile ho se etsa pejana. Lekhetlong lena o ne a ka kholiseha hore Jehova o mo tšehelitse hobane joale lintho li ne li etsoa ka tsela ea Jehova, ka nako e lumellanang le kemiso ea Hae ea nako.—Exoda 2:11–3:10.
21 E mong le e mong oa rōna a ka ipotsa: ‘Na ka linako tse ling ke etella Jehova le baholo ba khethiloeng ka phuthehong pele, ke leka ho potlakisa lintho kapa ke etsa lintho ka tsela ea ka? Ho e-na le ho ba le boikutlo ba hore ke tlōlisoa mahlo holimo bakeng sa litokelo tse itseng, na ka boithaopo ke amohela nako ea ka ea ho koetlisoa e tsoelang pele?’ Ha e le hantle, na re ithutile thuto ea bohlokoa ho Moshe?
22. Ho sa tsotellehe ho lahleheloa ke tokelo e khōlō, Moshe o ne a ikutloa joang ka Jehova?
22 Ho feta moo, re ka ithuta thuto e ’ngoe ho Moshe. Numere 20:7-13 e re bolella ka phoso eo a ileng a e etsa, e ileng ea mo tlisetsa tahlehelo e khōlō. O ile a lahleheloa ke tokelo ea ho etella Baiseraele pele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Na joale o ile a arabela ka hore qeto ea Jehova tabeng ena e ne e le e hlokang toka? Na o ile a itšehla thajana, kamoo ho ka boleloang kateng, a hlonama hobane Molimo a ne a mo tšoere hampe haholo? Na Moshe o ile a felloa ke tšepo ho lokeng ha Jehova? Re ka fumana likarabo mantsoeng ao Moshe ka boeena a ileng a a bua ho Baiseraele pejana ho lefu la hae. Ha a bua ka Jehova, Moshe o itse: “Mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Ka sebele Moshe o ile a lula a tšepile Jehova ho fihlela qetellong. Ho thoe’ng ka rōna? Na ka bomong re nka mehato ea ho matlafatsa tšepo ea rōna ho Jehova le ho lokeng ha hae? Re ka etsa seo joang? A re boneng.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka afe a ho tšepa Jehova?
◻ Mabapi le tšepo, ho ka ithutoa eng ho Abrahama?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho nyatsa ba khethiloeng ke Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho tšepa Jehova ho akarelletsa ho hlompha ba etellang pele ka phuthehong
[Setšoantšo se leqepheng la 14]